Books
Books
Litsela tse molemo tsa bophelo bo thabileng
Buka “Litsela tse Molemo bakeng sa Bophelo bo Thabileng” e ngotsoeng ke Sheikh Abdur-Rahman bin Nasser Al-Saʼdi e bua ka mabaka a thabo ea ’nete ho latela pono e tebileng ea tumelo. E tataisa ’mali ho fihlela khotso ea kahare ka tumelo le mesebetsi e metle, ho hopola Molimo, ho khotsofala, ho nahana ka litlhohonolofatso, mosa, ho itšetleha ka Molimo, mamello, le ho ananela litaba, ka mokhoa o motle o u fang ’mapa oa bophelo bo khutsitseng, bo lekantsoeng le bo thabileng leha bophelo bo na le ho phahama le ho theoha.
الإسلام - نبذة موجزة عن الإسلام (مشتملة على الأدلة)
Islam Tlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta Buka e bohlokoa e nang le tlhaloso e khutšoane ea Islam e bontšang qaleho ea eona, lithuto le melemo ho tsoa mehloling ea eona ea pele e leng Qur’an le Sunnah ea Moporofeta. Buka ena e ngoletsoe bohle bao ka molao ba nang le bokhoni ba boikarabello, e le Mamoseleme kapa e se Mamoseleme ka ho tšoana, ka lipuo tsa bona ka ho fapana, ka linako tsohle le libaka tsohle, ho sa tsotellehe phetoho ea maemo. (Sengoliloeng se fanang ka “bopaki” bo tsoa ho Qur’an e Halalelang le Sunnah ea Moporofeta) 1- Islam ke molaetsa oa…
Tlhaloso e khuts'oane ea Aqeedah (Tumelo) ea Islam
Buka ena e hlalosa metheo ea tumelo (Usūl al-Īmān) e kenyeletsang ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho Barumuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho Qetela, le ho Al-Qadar (taelo le qeto ea Allah e tlileng pele ho popo). E boetse e hlahisa melao-theo ea bohlokoa eo Mamoseleme a lokelang ho e lumela le ho sebetsa ka eona bophelong ba bona. Sengoliloe sena se totobatsa bohlokoa ba ho matlafatsa kamano pakeng tsa motho le Allah ka ho utloisisa ʼAqeedah ea Islam ka botebo le ka kutloisiso e nepahetseng.
Lithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka Kakaretso.
Buka 'Lithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka kakaretso' ea Sheikh Abdul Aziz bin Abdullah bin Baz (Molimo A mo hauhele) ke molaetsa o mokhuts'oanyane o nang le molemo o moholo. Moetapele enoa o e ngotse hore e be phepelo ea tsebo bakeng sa Mamoseleme ohle, moo a ts'ohlileng metheo ea bolumeli le lits'iea tsa bona—ho tloha ho Tumelo ea Molimo A Le Mong (Tawhīd), Tumelo (Imān) le Islām. E akaretsa melao ea bohloeki (Tahārah) le thapelo (Salāh), mekhoa e metle ea boits'oaro ea Islam le ho hlakisa litemoso khahlanong le borapeli ba lits'oants'o (Shirk) le libe. E ngotsoe ka tsela e bonolo le e…
Tsela eo Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah [ʼMopi] li be le eena) a neng a rapela ka eona.
Buka ea tlhaloso ea thapelo ea Moporofeta khotso ea Allah ebe le Eena. Mohlomphehi Abdul Aziz bin Bazz Mohau oa Allah o be le Eena, o hlalositse mokhoa oa thapelo ka bokhutšoanyane le ka tsela e bonolo le ka tsela e tebileng ebile a itšetlehile Ka bopaki Bo nepahetseng ho tsoa ho Quran le Sunnah ele tsela ea Moporofeta, e le tataiso ho Lemosleme thapelong ea hae, o hlalositse litšiea tsa thapelo le liketso le mantsoe a ho rapela le mekhoa ea teng ho Tloha ho wudhu (boitlhoekiso) pele ho thapelo ho fihlella thapelo e fela, ebile tlhalosong ea hae o kopantse bopaki le tlhaloso, o etsa sena…
Ho netefatsa le ho hlakisa lintho tse ngata tse amanang le Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qurʼan le Sunnah
Buka ena e hlalosa melao ea Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qur’an le Sunnah. E bonts'a mesebetsi e tlamang ea Hajj le Umrah, lintho tse thibetsoeng nakong ea ihram le mekhoa e metle ea ho etela Masjid oa Moporofeta hape e lemosa ka bid’ah (mekhoa e mecha ea boiqapelo e seng thuto ea bolumeli) liketsong tsena tsa borapeli
Ke mang ea entseng bokahohle? ʼMe ke bopiloe ke mang? Hobane’ng?
Buka ena e bua ka tšimoloho ea bokahohle le motho, e hatisa hore ho na le ’Mōpi e moholo, Molimo, ea behileng melao e laolang bophelo. E hlalosa litšoaneleho tsa Molimo le bohlokoa ba ho lumela ho barumouoa le libuka tsa leholimo, ‘me e tiisa hore Islam ke bolumeli ba ‘nete bakeng sa ho fumana thabo lefatšeng lena le ka morao ho bophelo.
Islam ke tumelo ea Baromuoa ba Allah
Buka ena e akaretsa Islam ka botlalo ba eona e le bolumeli bo hloekileng ba 'Mopi A le Mong bo lumelang ho Molimo A le mong feela, le ho Muhammad (khotso e be ho eena) e le moporofeta oa ho qetela. E theha litekanyetso tsa toka le tekano, e lumela ho Mangeloi le Letsatsi la Tsoho ea bafu, 'me ke bolumeli ba tlholeho le mabaka a biletsang ho boikokobetso bo felletseng ho Molimo, ka hona ho fihlella thabo ea lefatše.
Kakaretso e khutšoanyane e molemo bakeng sa Lemosleme
Buka ena e shebane le lintlha tse ka sehloohong tsa tumelo ea Islam ka mokhoa o mo khuts'oane o hlakileng, ho hlalosetsa babali motheo o nepahetseng oa borapeli le moelelo oa ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho libuka tsa Hae, ho Barumuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho qetela le ho al-Qadar (se raliloeng le pele motho a boptjoa). Buka e qala ka ho hlalosa mpho ea Islam le bohlokoa ba ho tseba Allah, litšobotsi tsa Hae le Mabitso a Hae a Matle (Asmaa’ul-Husnaa). Ka mor’a moo e fetela puisanong ea Litšiea tse Hlano tsa Islam, le Litšiea tsa Imaan, hape e hlalosa moelelo oa Ihsaan le phello ea…
Tlholoso ea Umrah
Bukana “Tlhaloso ea Umrah” ea Sheikh Abdul-Aziz bin Baz (Allah A mo hauhele) e hlalosa mekhoa le melao ea Umrah ka tsela e hlakileng le e bonolo, e le hore e be tataiso e sebetsang e thusang Lemoseleme ho etsa Umrah ea hae ka boikokobetso (khushuʿ) le boiketlo. E boetse e tsamaea le lithapeli (duʿaa) le likhopotso (adhkaar) tse tlalehiloeng ho etsoa karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea Umrah.
Tumelo ea Islam ke bolumeli ba Morena Oa Mafats'e (Oa lintho tsoile)
Buka “Islam ke Bolumeli ba Morena Oa Mafatše” e tiisa hore Islam ke bolumeli ba Molimo A le Mong, bo bitsetsang batho ho Mo rapela A le Mong feela, 'me bo thehiloe tumelong ho lumela ho baporofeta, Qurʼan, le liketso tse lokileng. E tšepisa Paradeise bakeng sa ba lokileng le Lihele bakeng sa ba sa lumeleng, 'me ke eona feela tsela ea katleho bophelong bona le Bophelong bo Tlang.
Islam ke bolumeli ba tlhaho, kelello le thabo
Buka ena e bontša hore Islam e tsamaisana le tlhaho ea motho le kelello, e fana ka tsela e isang thabong bophelong bona le bophelong ba kamoso. E hlakisa hore tumelo ho Molimo le borapeli ho Eena feela ke morero oo A bopileng batho ka oona, 'me e hatisa hore liketso tse lokileng le tumelo ke motheo oa phapang har'a batho.
Melemo le mekhoa e metle ea Al-Masjid an-Nabawi le melao ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona).
Buka ena e hlalosa melemo ea Al-Masjid an-Nabawi le mekhoa e metle ea ho e etela. E boetse e bonts'a mekhoa ea ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli (Eka Allah a ka khahlisoa ke bona), e hlakisa bohlokoa, seriti, bohloeki le ho qoba liketso tse ncha tsa boiqapelo (tse sa lumelloang) nakong ea ketelo.