Most Searched
Featured Works
ما لا يسع أطفال المسلمين جهله
Ke tsela e bobebe e phethahetseng bolumeling ba pelo, kutloisisong ea tumelo, nalaneng ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe ho Eena), maits'oarong, tlhalosong ea Korʼāne, lipolelong tsa Moporofeta (khotso ea Allah ebe le Eena) limelong tse babatsehang, boikhopotsong ba Allah 'me tsela ena e loketse bana, batho ba lilemo tsohle le ba bacha tumelong ea Islamo. Eona tsela ena e fanoe malapeng, likolong tsa likonyana, litsing tsohle tsa thuto molemong oa ho e tsepamisa khopolong ea booko le ho e manolla. Tsena tsohle ke li lokolisitse ho latela litsebo tse fapaneng, ka ba ka li beha ka mokhoa oa…
These files are generated automatically from the book's text; their layout may differ from the printed edition.
Ke tsela e bobebe e phethahetseng bolumeling ba pelo, kutloisisong ea tumelo, nalaneng ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe ho Eena), maits'oarong, tlhalosong ea Korʼāne, lipolelong tsa Moporofeta (khotso ea Allah ebe le Eena) limelong tse babatsehang, boikhopotsong ba Allah 'me tsela ena e loketse bana, batho ba lilemo tsohle le ba bacha tumelong ea Islamo. Eona tsela ena e fanoe malapeng, likolong tsa likonyana, litsing tsohle tsa thuto molemong oa ho e tsepamisa khopolong ea booko le ho e manolla. Tsena tsohle ke li lokolisitse ho latela litsebo tse fapaneng, ka ba ka li beha ka mokhoa oa potso le karabo ea teng hobane ke mokhoa o betlehileng sebakeng sa kelello, o netefatsang ho tsepama khopolong ea booko. Morupelli o tla hloka ho sebelisa mokhoa o nepahetseng thupellong ea hae ho latela lilemo le kutloisiso ea bao a ba rupellang.
Sena se phetiloe ke At-Tirmidhee le Ahmad.
Se qotsitsoe ho tsoa sengoloeng sa Abi Zaid Al-Qayrawaani (leqephe:5).
*****
Eseng lefela la mafela kapa hona ho bapala.
Sena se fetisitsoe ke Abu Dawood.
Karabo-
Sena se tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
Sena se fetisitsoe ke Abu Dawood, Tirmidhi le ba bang.
Karolo ea Fiqh
*******
Sena se tlalehilloe ke Muslim.
2- Siwaak: ke ho hloekisa lehano ka thupa e hloekisang. Kapa borashe ba meno.
«Phapano lipakeng tsa rona le bona (bahetene) ke thapelo, ea e tlohelang ke mohetene (kaffir).»
4- Boikemisetso ba pelo.
5- Ha nako ea salaah e fihlile.
9- Ho talima mabapi le qiblah.
Potso ea 21- bolela lits’iea tsa salaah le palo ea tsona?
Karabo-
7- Ho tsamaea ka maoto ho ea Masjid.
E tlalehiloe ke Muslim le Ahmad le ba bang.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le ba bang.
3- Ho nyahlatsa tumelo ea Islamo. E tsoa bukeng ea Abu Dawood le ba bang.
E tsoa bukeng ea Muslim.
Eo ho lumellanoeng holim’a bonnete ba eona (Bukhari le Muslim).
Bukhari le Muslim
*******
E tsoa bukeng ea Bukhari le ba bang.
E tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
<<Ha ho ea lumetseng har'a lona ha feela ke se ea ratehang ho eena ho feta motsoali oa hae, ngoan'a hae le batho ka kakaretso>> E tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
<<Ha ho ea lumetseng har'a lona ha feela a sa ratele ngoan'abo (ka tumelo) seo a ithatelang sona>> E tsoa bukeng ea Muslim.
<<Ke ikana ka Eo bophelo baka bo leng matsohong a Hae! efela e (Surah Al-Ikhlaas) ka lekants'oa le bonngoe borarong ba Kor'ane>>
<<Ha ho bokhoni 'me ha ho matla ntle le ka Allah, (polelo ena) ke letlotlo ho tsoa matlotlong a Leholimo>>
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi ea ileng a re: "Hadith e lokileng e nepahetseng".
<<Eo polelo ea hae ea bofelo lefats'eng lena e leng: 'ha ho molimo ntle ho Allah' ; o tla kena Leholimong>>
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
<<Ha se molumeli nyefolang kapa ea rohakanang kapa ea buang mantsoe a sa lokang kapa ea buang puo e lits'ila>>
E hlahisitsoe ke Bukhari le Muslim.
E tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
<<Ea balang senoko bukeng ea Allah o thola moputso oa botle ke seo, moputso oa botle o le mong o menoa ha leshome, ha ke bolele hore: alif laam meem ke senoko, empa alif ke senoko se ikemetseng, ka ho ts'oana laam ke senoko, le meem ke senoko>>
E tsoa bukeng ea Bukhari.
E tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
E tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi le ba bang.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
Karabo-
5- Ke lumelletsoe ho ka kena matlong ao ho sa pheleng batho ho ona joaloka: kamore ea booki kapa ntlo ea khoebo, tsena nka kena ntle le tumello ho tsona.
Karabo-
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi le Ahmad.
E tsoa bukeng ea Ahmad.
Ho fapaneng le ts’enyo ke: bokhonatha: bona ke ho se sebelise leruo moo ho hlokahalang hore le sebelisoe teng.
E tsoa bukeng ea Muslim.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona (Bukhari le Muslim)
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi le Ibn Maajah.
Karabo- (U fetisa litumeliso ho Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena)
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E hlahisitsoe ke Muslim.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Bukhari.
E tsoa bukeng ea Bukhari.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Bukhari le Muslim.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea Muslim.
Ngoan’abo a arabe a re: << Le ho lona e be khotso, mohau le tlhohonolofatso tsa Allah>>
E tsoa bukeng ea Muslim.
Karabo-
Karabo-
Karabo-
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi le Ibn Hibban.
E tsoa bukeng ea Bukhari.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi le Ibn Maajah.
E qotsitsoe ho Bukhari le Muslim.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le At-Tirmidhi le ba bang ntle ho bona.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le ba bang ntle ho eena.
E hlahisitsoe ke Muslim.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E tsoa bukeng ea Muslim.
Bukhari.
E tsoa bukeng ea Bukhari.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E hlahisitsoe ke Abu Dawood le At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le Ibn Maajah le ba bang.
E hlahisitsoe ke Muslim.
E tsoa bukeng ea Bukhari.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le At-Tirmidhi le ba bang.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood le At-Tirmidhi.
Ha a khutlile o bala se ts’oanang, a eketse ka ho re: Re ba ananelang, ba etsang pako, ba rapelang ba tlotlisang le ho rapela Mookameli oa rona>> E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea Ahmad le Ibn Maajah.
E tsoa bukeng ea Ahmad le At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi le Ibn Maajah.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood.
E hlahisitsoe ke Al-Haakim le ba bang.
Saheeh Al-Jaami’e.
Ho tsoa ho At-Tirmidhi le Abu Dawood le ba bang.
Bukhari.
Bukhari le Muslim.
Abu Dawood le Ibn Maajah.
Muwatta’a Maalik.
E tsoa bukeng ea At-Tirmidhi.
E hlahisitsoe ke Ahmad le Ibn Maajah le ba bang.
Ke eo ho lumellanoeng ka eona.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea Muslim.
E tsoa bukeng ea Abu Dawood.
E hlahisitsoe ke Bukhari le Muslim.
SEO BANA BA MAMOSELEME BA TLAMEHANG HO SE TSEBA
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Lereko
Selelekela
Ka lebitso la Allah, lithoriso li lebisoe ho Allah; ka ho latela:
Lihlooho tsena ke tsa seo bana ba Mamoseleme ba tlamehang ho se tseba ka tumelo e tsoang ho Allah Ea Tlotlehang Ea Holimo-limo, ke kahoo se tlamang bo-ntate ho ruta le ho rupela bana ba bona ho tloha bonyaneng.
Ke kopa Allah hore A tataise ka mosebetsi ona 'me A o amohele
Motso oa sena: ke polelo ea Allah Ea Holimo-limo:
(Oho lona ba lumelang, sirelletsang meea ea lona le ea maloko a lona mollong oo libeso tsa ona eleng batho le majoe, kaholim'a ona ke Mangeloi a bohale a sa kheloheng taelong e tsoang ho Allah a etsang kamoo a laeloang.) (6) [Surah At-Tahreem:6]
Le polelo ea Abdullah mor'a Abbas eka Allah A ka thabisoa ke bona ha a re: ka letsatsi le leng ke ne ke le kamor'a Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) ha a re: <<Uena mohlankana, ke u ruta mantsoe ana: Sirelletsa Allah O tla u sirelletsa, sirelletsa Allah u tla mo thola A u talimile ka linako tsohle, ha u kopa u kope ho Allah, ha u batla thuso e batle ho Allah, tseba hore: Ha batho bohle ba ka ikopanya ho u tsoela molemo ka se seng ba ke ke ba u tsoela molemo ntle le seo Allah A u ngolletseng sona, ka ho ts'oana ha ba ka ikopanya ho u hlokofatsa ka se seng ba ke ke ba u hlokofatsa ntle le seo Allah A u ngolletseng sona, lipene li phahamisitsoe maqephe a omme>>
Bohlokoa ba thuto ea bana ba banyane:
Ke hobane ke setlamo ho ruta bana seo ba hlokang ho se tseba ka tumelo ea bona, hore ba tle ba hole ele batho ba phethahetseng ho latela semelo sa Islamo, tseleng ea tumelo eo ba qollang 'Mopi A inots'i borapeling.
Imaam mor'a Abi Zaid Al-Qayrawaani, Allah A mo hauhele, o re: "Ho re fihletse hore ba (bana) laeloe ho rapela ha ba le lilemo tse supileng, ba shapeloe ho se rapele ha ba le lilemo tse leshome, ba arohanyoe mesemeng moo ba robalang, kahoo ho lokela hore ba rutoe seo Allah a se laetseng batho lipolelong le liketsong pele ba fihlela lilemo tsa bocha e le hore nakong eo ba kenang bocheng tsena tsohle li be li thopothetse lipelong tsa bona ebile e se e le tloaelo le semelo meeeng le 'meleng ea bona".
Karolo ea bolumeli ba pelo
Potso ea 1: Ke mang Molimo (Mookameli) oa hau?
Karabo- Molimo oaka ke Allah Ea mphelisang Ea phelisang libopuoa tsohle ka melemo ea Hae.
Bopaki ke: polelo ea Allah Ea Holimo-limo: (Tlotla e be ho Allah Molimo (Mookameli) oa libopuoa tsohle 2) [Surah Al-Faatiha: 2]
Potso ea 2: Ke efe tumelo ea hau?
Karabo- Tumelo eaka ke Islamo 'me eona ke: boinehelo ho Allah ka ho Mo qolla borapeling, boikokobetso ho Eena ka ho Mo latela le ho itlhotlholla borapeling ba melingoana e meng ntle le Allah le bao ba e rapelang.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Ruri tumelo e amohelehileng ho Allah ke Islamo (feela)...) [Khaolo ea Al-Imran: 19].
Potso ea 3: Ke mang Moporofeta oa hau?
Karabo- Muhammad (Khotso ea Allah ebe le eena).
Allah Ea Holimo-limo A re: (Muhammad ke Moromuoa oa Allah...) [Surah Al-Fat'hu: 29]
Potso ea 4: Hopola u fane ka lentsoe la bonngoe (Tawhid) le hore na le bolelang?
Karabo- lentsoe la bonngoe ke "Ha ho Molimo ntle ho Allah" le bolela: Ha ho sebopuoa se ts'oaneloang ke ho rapeloa ka 'nete le tokelo ntle ho Allah.
Potso ea 5: O kae Allah Ea Phahameng?
Allah O Maholimong ka holim'a Arsh (Terone) e kaholim'a tsohle tse bopiloeng, Ea Phahameng A re: ( "Ea Mohau o Moholo O phahame holim'a Terone ('Arsh) ea Hae ka mokhoa o loketseng boholo ba Hae.) (5) [Surah Taha: 5]
A re: (Ke Eena Ea Matla Ohle holim'a makhabunyane a Hae, ke Eena Ea Bohlale Ea Tsebang tsohle) (18) [Surah An'am: 18]
Potso ea 6: Bopaki ba hore kannete Muhammad (Khotso ea Allah ebe le eena) ke moromuoa oa Allah bo bolelang?
Karabo- Bo bolela hore: Ruri Allah O mo rometse mafats’eng ohle le ho libopuoa tsohle e le ea fetisang molaetsa oa litaba tse monate ebile e le ea hlokomelisang ka kotlo e boima ho ba sa lateleng molaetsa.
Ke kahoo ho lokelang hore:
1- A lateloe ho sohle seo a laelang ka sona.
2- Ho netefatsoe sohle seo a se fetiselitseng sechabeng.
3- Ho qoba ho kheloha tataisong ea hae.
4- Allah A rapeloe feela ka mokhoa oo a laetseng ka ona eleng bolateli mohlaleng oa Moromuoa (khotso ea Allah ebe le Eena) le ho tlohela boiqapelo litabeng tsa tumelo.
Allah A re: (Ea latelang Moromuoa o latetse Allah...) [Surah An-Nisaa: 80], Ea Tlotlehang A pheta A re: (Ha a bue seo a ithatelang feela 3 Ruri efela e le ts’enolelo ea e senoletsoeng 4)
[Surah An-Najm: 3 - 4]
Ea Phahameng haholo A re: (Kannete ho tsoa ho Moromuoa oa Allah le fumana mohlala o babatsehang oa ho lateloa ke mang kapa mang ea labalabelang (mohau oa) Allah le letsatsi la bofelo a bile a phetsa a hopola Allah hangata-ngata 21) [Surah Al-Ahzaab: 21]
Potso ea 7: Ke lebaka lefeng leo Allah Ea Holimo-limo A re bopileng ka lona?
Karabo- O re bopetse ho Mo rapela Eena feela A le Nots’i re sa mo kopanye borapeling boo ba Hae le mang kapa mang.
Ea holimo-limo A re: (Ha kea hlola li-jinni (masabonoeng) le batho ntle le hore bohle ba nthapele 56) [Surah Al-Dhaariyaat: 56]
Potso ea 8: borapeli ke eng?
Karabo- ke lebitso le akaretsang sohle seo Allah A se ratang A se thabelang lipolelong le liketsong tse siretseng le tse hlahelletseng.
Tse hlahelletseng: ho ts’oana le boikhopotso ba Allah ka leleme joaloka lithoriso, litlotliso le ho phahamisa lebitso la Allah le thapelo le leeto la bolumeli la hajj.
Tse siretseng: ho ts’oana le ts’epo e tiileng ho Allah liketsong tsa rona, ts’abo le tabatabelo.
Potso ea 9: ke eng setlamo se seholo-holo holim’a rona?
Karabo- Setlamo se seholo se ka sehloohong ke: bonngoe ba Allah Ea Holimo-limo (ho rapela Eena A le Mong Feela).
Potso ea 10: Ke afeng makala a bonngoe ba Allah?
Karabo- 1- Bonngoe ba Allah bookameling ba Hae: ho lumela hore Allah ke Eena Feela ‘Mopi Ea abang tsohle, Morena Ea tsamaisang tsohle A le inots’i Ea senang mothusi.
2- Bonngoe ba Allah bomolimong ba Hae: ke ho qolla le ho khetholla Allah ka borapeli, ha ho ea rapeloang ntle ho Allah Ea Holimo-limo.
3- Bonngoe ba Allah mabitsong le mekhabong ea Hae: ke ho lumela ho mabitso le mekhabo (boleng) ea Allah Ea holimo-limo tse hlahang bukeng (Kor'ane) le mehlaleng ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) tse senang papiso, khakanyo kapa khanyetso.
Bopaki ba makala a bonngoe ba Allah a mararo: ke polelo ea Ea Holimo-limo: (Mookameli oa Maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona, kahoo mo rapele u mamelle tsohle borapeling ba hae, ana o teng eo u mo tsebang a ts’oanang le Eena) (65) [Surah Mariam: 65].
Potso ea 11: Ke se fe sebe se seholo-holo?
Karabo- Ke ho kopanya Allah (borapeling) le melingoana.
Allah A re: (Ruri Allah ha A ts’oarele ea Mo kopanyang le melingoana ea bohata, ntle le sena tsohle A ka li ts’oarela sebakeng sa emong le emong ea Mo ratang empa ea Mo kopanyang le melingoana ke ea iqapetseng sebe se seholo-holo 48) [Surah An-Nisaa: 48]
Potso ea 12: Hlalosa ho kopanya Allah le melingoana le mefuta ea teng?
Karabo- Ho kopanya Allah le melingoana: ke ho lebisa mofuta ofe kapa ofe mefuteng ea borapeli ho sebopuoa se seng ntle (le ho bo lebisa) ho Allah Ea Holimo-limo.
Mefuta ena ke:
Ho kopanya Allah le ba bang borapeling ka mokhoa o moholo."; joaloka: ho biletsa ho emong ntle ho Allah Ea holimo-limo kapa ho rapela emong ntle le Eena kapa ho nehela sehlabelo ho emong ntle ho Eena.
Kopanyo ea Allah ka mokhoa o mo nyane; joaloka: ho hlapanya ka lebitso le leng ntle le la Allah kapa (tamaa’imu) ke sohle se fasoang ‘meleng bakeng sa ho tlisa molemo kapa ho thibela bobe kapa ho etsa liketso tse itseng sebakeng sa ho hohela mahlo a batho ho ts’oana le motho a ntlafatsang le ho natefisa thapelo ea hae ha a hlokomela hore mahlo a batho a ho Eena.
Potso ea 13: Na hona le ea tsebang tse sa bonoeng ntle le Allah Ea Holimo-limo?
Ha ho ea tsebang tse sa bonoeng ntle le Allah A le Mong.
Allah A re: (Ere (Muhammad), ha ho ea tsebang tse sa bonoeng ho bohle ba Maholimong le lefats’eng ntle le Allah ebile ha ba tsebe hore ba tla tsosoa neng) (65) [Surah An-Naml: 65].
Potso ea 14: lits’iea tsa bolumeli li kae ka palo?
Karabo- 1- Bolumeli ho Allah Ea Holimo-limo.
2- Bolumeli ho mangeloi a Hae.
3- Bolumeli libukeng tsa Hae.
4- Bolumeli baromuoeng ba Hae.
5-Bolumeli letsatsing la bofelo.
6- Bolumeli ho tse hloliloeng ke Allah e le tse ntle kapa tse mpe.
Bopaki: ke puo ea Gabariele (Khotso ea Allah ebe ho eena) e tsebahalang bukeng ea Muslim, moo teng Gabariele (khotso ea Allah ebe le eena) a reng ho Moporofeta (Khotso ea Allah e be le eena): << Ak’u ntjoetse ka bolumeli, A araba a re: ke ho lumela ho Allah, ho mangeloi a Hae, ho libuka tsa Hae, ho baromuoa ba Hae, ho letsatsi la bofelo le ho lumela ho taolo e loaotsoeng; botle ba eona ekasita le bobe ba eona>>.
Potso ea 15: Hlalosa lits’iea tsa bolumeli?
Karabo- Bolumeli ho Allah Ea holimo-limo: Ke ho lumela hore Allah ke Eena Ea Bopang Ea Abelang bohle, Morena Ea tsamaisang tsohle A le Mong molemong oa tsohle tse hloliloeng. Ke Eena Feela Ea rapeloang, kahoo haho ea rapeloang ka toka le tokelo ntle le Eena.
Ke Eena Ea Moholo-holo Ea phethehileng Ea lokeloang ke tlotla eohle. Mabitso ohle a babatsehang le mekhabo e phahameng ke ea Hae. Ha A na molekane kapa se ka hokanyoang le Eena, tlotla eohle e khutlele ho Eena.
Bolumeli ho Mangeloi: Ona ke libopuoa tseo Allah A li hlolileng ka khanya, lebakeng la borapeli ba Hae le boikokobetso bo phethahetseng melaong ea Hae.
A mang a ona ke Gabariele (khotso ea Allah e be le Eena), ea tsebahalang ka ho theohela baporofeteng ka ts'enolelo ho tsoa ho Allah.
Bolumeli ho Libuka: Ke libuka tseo Allah A li theoletseng baromuoeng ba Hae.
- Joaloka Kor'ane: e theoletsoeng ho Muhammad (Khotso ea Allah e be le eena)
- Injeel (Evangeli) : e theoletsoeng ho Jesu (Khotso ea Allah e be le eena).
- Taurah: e theoletsoeng ho Moshe (Khotso ea Allah e be ho eena).
- Zaboor: e theoletsoeng ho Davida (Khotso ea Allah ebe ho eena).
- Lingoloa tsa Abrahama le Moshe: tse theoletsoeng ho Abrahama le Moshe (khotso ea Allah ebe le bona).
Bolumeli ho baromuoa: Ke bao Allah A ba romileng sechabeng sa Hae ho se ruta ka Eena, ho se khothatsa ka litaba tse monate le leholimo le ho se elellisoa ka bobe le mollo oa lihele.
- Ba ka sehlohlolong ho bona ke: ba tsebahalang ka (ba tiileng phethahatsong)
Nooe (Khotso ea Allah ebe ho eena).
Abrahama (Khotso ea Allah ebe le eena).
Moshe (Khotso ea Allah ebe le eena).
Jesu (Khotso ea Allah ebe le eena).
Muhammad (Khotso ea Allah ebe le eena)
Bolumeli ho letsatsi la bofelo: Ke bophelo ba kamor’a lefu ho tloha ka lebitleng ho isa letsatsing la kahlolo eleng letsatsi la tsoho ea bafu bohle sebakeng sa kahlolo ea bohle. Moo teng ba abetsoeng leholimo ba tla phela teng ka hosafeleng ka tsela e ts'oanang ba lahletsoeng mollong ba tla phela teng ka hosafeleng.
Bolumeli ho tse laotsoeng, botle ba tsona le bobe ba tsona.
Bolumeli taolong: ke ho lumela hore Allah O tseba tsohle tse etsahalang Maholimong le lefats’eng ‘me ke Eena Ea ngotseng liketsahalo tsena tsohle kahar’a letlapa le sirellelitsoeng, O ratile boteng ba tsona ebile O li hlolile.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Ruri ke Rona ba hlolileng tsohle ka taolo) (49) [Surah Al-Qamar 49].
- Ke holim’a mekhahlelo e mene:
Oa pele: ke tsebo ea Allah Ea Holimo-limo, ke hona moo tsebo ea Hae e etelletseng pele tsohle, pele li etsahala le kamor'a ho etsahala.
Bopaki ba sena: ke polelo ea Ea Holimo-limo: (Ruri Allah ke Eena Feela Ea tsebang nako ea (Letsatsi la bofelo). O theolela pula (lefats’eng). O tseba se ka lipopelong. Ha ho mang ea tsebang seo a tlang ho se fumana hosane kapa ea tsebang hore na ke lefats’eng lefeng moo a tla shoella teng. Ruri Allah ke Ea nang le tsebo eohle Ea tsebang lintho ka botebo.) (34) [Surah Luqmaan: 34].
Oa bobeli: Ruri Allah O ngotse tsena tsohle letlapeng le sirellelitsoeng, sohle se etsahetseng le se tla etsahala kaofela li ngotsoe bukeng e ho Eena.
Bopaki ba sena: ke polelo ea Ea Holimo-limo: (Ke Eena Feela Ea nang le linotlolo tsa lisabonoeng, haho ea li tsebang ntle le Eena, O tseba se lefats’eng le se metsing a leoatle, ha ho lekhasi la sefate le oelang ntle le hore O tsebile kapa peo botebong ba lefifi la lefats’e kapa mongobo kapa komello ‘me kaofela li (ngotsoe) bukeng e hlakileng.) (59) [Surah Al-An’am: 59].
Oa boraro: ke hore kannete tsohle li etsahala ka thato ea Allah, ha ho se etsahalang ho tsoa ho Eena kapa ho tsoa lihloliloeng tsa Hae ntle le ka thato ea Hae Eena Ea Holimo-limo.
Bopaki ba sena: Ke polelo ea Ea Holimo-limo: (Sebakeng sa ea ratang har’a lona ho ka topalla (tseleng e nepahetseng) (28) Ha ho kamoo le ka ratang ntle le hore Allah A rate, Eena Mookameli Oa Mafats’e ohle.) (29) [Surah At-Takweer: 28 - 29].
Oa bone: Ke bolumeli ba hore tsohle liketsahalo ke lihloliloeng tsa Allah, O hlolile boleng ba tsona, mekhabo ea tsona le metsamao ea tsona le tsohle tse li potapotileng.
Bopaki ba sena: Ke polelo ea Ea Holimo-limo: (Ke Allah Ea le bopileng le tsohle tseo le li etsang.) (96) [Surah As-Swaafaat: 96].
Potso ea 16: Ho boleloang ka Kor'ane?
Karabo- Ke mantsoe a Allah Ea Holimo-limo, ha se sehloliloeng.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Ha emong oa bahetene (ba kopanyang Allah borapeling) a u kopa ts'ireletso mo sireletse hore a tle a qetelle a utloile mantsoe a Allah...) [Surah At-Taubah: 6]
Potso ea 17: Tsela ea bophelo ba Moporofeta (khotso ea Allah e be le eena) e bolelang?
Karabo- ke lipolelo, liketso, sohle seo a se lumelletseng, sebopeho sa boleng ba Moporofeta (Khotso ebe le eena) kapa mekhabo ea hae.
Potso ea 18: ke eng boiqapelo tumelong? Na rea bo amohela?
Karabo- Boiqapelo tumelong ke sohle se secha seo batho ba se qapileng kahar’a tumelo, se hloka motheo ho tsoa nakong ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) le balumeli ba nako ea hae.
* Chee boiqapelo ha bo amohelehe tumelong ebile rea bo hana.
Sena ke ho latela polelo ea Moporofeta (Khotso ea Allah e be le eena): <<boiqapelo bohle tumelong ke kheloho (tahleho)>>
Mohlala oa boiqapelo: Ke ho eketsa se secha merapelong, joaloka ho eketsa ha ho etsoa wudhu ebe motho o hlapa makhetlo a mane a fetisa lenane le tsebahalang le ho keteka letsatsi la tlhaho la Moporofeta (khotso ebe le eena) eleng se secha tumelong hoba ha ho kamoo e amahanngoang le Moporofeta (Khotso ebe le eena) le balumeli ba nako ea hae.
Potso ea 19: Hlalosa bolumeli ba selekane le karohano?
Karabo- selekane: Ke lerato la balumeli le thusano pakeng tsa bona.
Allah A Holimo-limo O re: (Banna le basali ba balumeli ke metsoalle (ba thusanang)...) [Surah At-Taubah 71].
Karohano: ke lehloeo le bora khahlanong le bahetene (kuffar le mushrikuna).
Allah Ea Holimo-limo O re: (Le na le mohlala o motle ka Abrahama (khotso ea Allah e be le eena) le ba neng ba na le eena ha ba re ho sechaba sa bo bona; Ruri rona re hole le lona le seo le se rapelang ntle ho Allah, re ikarohanya le lona, kahoo bora le lehloeo ke tsona tse hlakileng lipakeng tsa rona le lona ka hosafeleng ntle feela le ha le ka lumela ho Allah A le Mong) [Surah Al-Mumtahinah: 4].
Potso ea 20: Ana Allah O amohela tumelo e ‘ngoe ntle ho Islamo?
Karabo- Allah ha A amohele tumelo ntle ho Islamo.
Allah A Holimo-limo O itse: (Ea batlang tumelo ntle ho Islamo e ke ke ea amoheloa ho tsoa ho eena ‘me o tla ba ho ba lahlehetsoeng bophelong bo tlang.) (85) [Surah Ali-Imran 85].
Potso ea 21: Bohanyetsi tumelong ekaba ka lipolelo kapa liketso kapa ka bolumeli bo lipelong le ka ho ts’oana le tsena?
Karabo- mohlala oa lipolelo: Thohako Ea Allah Ea Tlotlehang kapa Moromuoa oa Hae (khotso ea Allah e be le eena).
Mohlala oa liketso: Ho hlompholla buka ea Korʼāne kapa ho rapela emong ntle ho Allah Ea Holimo-limo.
Mohlala oa bolumeli bo pelong: bolumeli ba hore hona le emong ntle ho Allah Ea holimo-limo ea lokeloang ke borapeli kapa hona le emong ea bopang joaloka Allah Ea Holimo-limo.
Potso ea 22: Boikaketsi (Nifaaq) ke eng le likarolo tsa bona?
1- Boikaketsi bo boholo: ke ho pata bohanyetsi ba tumelo bo pelong le ho bonts’a bolumeli mahlong a batho.
Bona bo nts’a motho tumelong ea Islamo kaha e le bohanyetsi ba tumelo bo boholo.
Allah Ea Holimo-limo O re: (Ruri Baikaketsi ba boemong bo tlaase-tlaase mollong ‘me ba ke ke ba thola mothusi.) (145) [Surah An-Nisaa 145].
2- Boikaketsi bo bonyane: Joaloka: leshano le ho se phethahatse lits’episo le ho tsoa litumellano fats’e.
Bona ha bo nts’e motho Islamong empa ke sebe seo mong’a sona a ka iphumanang a tjametsoe ke kotlo.
Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Mats’oao a boikaketsi a mararo: ha a qoqa o bua leshano, ha a ts’episitse ha a phethahatse, ha a beuoe bolebeling ka tumellano o tsoa tumellano fats’e>>
Potso ea 23: ke mang mokoallo oa baporofeta le baromuoa?
Karabo- Ke Muhammad (khotso ea Allah e be le eena).
Allah Ea Holimo-limo O re: (Muhammad ha a tloha e le ntate oa e mong oa banna ba lona empa ke moromuoa oa Allah le mokoallo oa baporofeta...) [Surah Al-Ahzaab 40].
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ke nna mokoallo oa baporofeta ha hona moporofeta kamor’aka>>
Potso ea 24: Mohlolo ke eng?
Karabo- Mohlolo: Ke sohle seo Allah A se abetseng baporofeta ba Hae ho tsoa mehlolong e tloaelehileng sebakeng seo ba phelang ho sona e le sesupo se netefatsang molaetsa oa bona, joaloka:
- Ho arola khoeli ka likoto tse peli ha Moporofeta (Khotso ea Allah e be le eena).
- Ho arola leoatle ha Moshe (Khotso ea Allah ebe le eena) le ho khanngoa ke metsi ha Faro (Fir'aun) le mabotho a hae.
Potso ea 25: Ke bo mang balumeli ba nako ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena)? Ke ts'oanelo eaka ho ba rata kapa che?
Karabo- Molumeli oa nako ea Moporofeta: Ke ea kopaneng le Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) a nt'o lumela ho eena a ba a hlokahala a ntse a lumela.
- Re ts'oanela ho ba rata le ho itataisa ka mehlala ea bona hobane ke batho ba ka sehloohong papisong kamor'a baporofeta.
Ba ka sehloohong ho bona ke balateli pusong ba bane kamor'a lefu la Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena):
Abu Bakr (ese eka Allah A ka thabisoa ke eena).
Umar (ese eka Allah A ka thabisoa ke eena).
Uthman (ese eka Allah A ka thabisoa ke eena).
Ali (ese eka Allah A ka thabisoa ke eena).
Potso ea 26: Ke bo mang Bo-'m'e ba balumeli?
Karabo- Bona ke mafumahali a Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena).
Ea Holimo-limo A re: (Moporofeta o tla pele maphelong a balumeli 'me basali ba hae ke bo-'m'e ho bona) [Surah Al-Ahzaab: 6].
Potso ea 27: Ke efeng tokelo ea ba ntlo ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe ho eena) ho rona?
Karabo- Re ts'oanela ho ba rata, ho ba ahela selekane, ho hloea ba ba hloileng, re se ba rorise ho feta maemo a bona. Bona ke mafumahali a Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena), litloholo le litloholoana tsa hae, ba leloko la Haashim le bana ba Muttalib bao eleng balumeli ho bona.
Potso ea 28: Ts'oanelo ea rona ke efe mabapi le baetelli-pele ba balumeli?
Karabo- Ts'oanelo ea rona: ke ho ba hlompha, ho ba utloa le ho ba latela ha feela ele tseleng e nepahetseng eseng sebeng, ho ba kopela tataiso ho Allah le ho ba eletsa lekunutung.
Potso ea 29: Ke efeng tulo ea balumeli?
Karabo- Ke leholimong, Ea Holimo-limo A re: (Ruri Allah O tla kenya ba lumetseng, ba etsa tse lokileng Maholimong ao teng linoka li phallang ka tlas'a ona...) [Surah Muhammad: 12].
Potso ea 30: Ke efeng tulo ea bahetene (Kaffirun)?
Karabo- Ke Mollo, Ea Holimo-limo O re: (Ts'abang Mollo oo libeso tsa ona eleng batho le majoe, o lokiselitsoeng bahanyetsi tumelong.) (24) [Surah Al-Baqarah: 24].
Potso ea 31: Ts'abo ke eng? Ts'epo ke eng? Bopaki ke bofeng?
Karabo- Ts'abo: ke ts'abo ea Allah le kotlo ea Hae.
Ts'epo: Ke ts'epo ea moputso oa Allah, ts'oarelo le mohau oa Hae.
Bopaki: Polelo ea Ea Holimo-limo: (Bao ba hoelehetsang ho bona (ntle ho Allah), ke bona ba labalabelang tsela e ba tataisetsang ho Allah hore na ke mang a tla Mo (Allah) atamela haholo. Ba ts'epetse mohaung oa Hae ba bile ba ts'aba kotlo ea hae, hobane kannete kotlo ea Mookameli oa hau e ea ts'osa.) (57) [Surah Al-Isra: 57].
Ea Holimo-limo A re: (Hlokomelisa bahlanka baka hore ruri Ke 'Na Ea Ts'oarelang Ea Lereko. (49) Le hore ruri kotlo Eaka ke kotlo e bohloko-hloko.) (50) [Surah Al-Hijr: 49 - 50].
Potso ea 32: Ak'o bolele a mang a mabitso a Allah le boleng ba Hae?
Karabo- Ke Allah, Mookameli, Ea Mosa, Ea Utloang tsohle, Ea Bonang tsohle, Ea Tsebang tsohle, Ea Abelang, Ea Phelang, Ea Moholo-holo...ho isa ho a mang a mabitso a Hae a babatsehang le boleng bo phahameng.
Potso ea 33: Hlalosa mabitso ana?
Karabo- Allah: le bolela Molimo Ea lokeloang ke borapeli ka toka, Eena A le Inots'i Ea senang molekane.
Mookameli: Ke 'Mopi, Morena Ea Abelang libopuoa tsohle, Ea tsamaisang tsohle A le inots'i tlotla e khutlele ho Eena.
Ea Utloang tsohle: Ke Eo kutlo ea Hae e okametseng tsohle, O utloa mantsoe ohle ka ho fapana le ho khetholoha ha ona.
Ea Bonang tsohle: Ke Ea Bonang tsohle, O bonesisa tsohle ho tloha ho se senyane-nyane ho isa ho se seholo-holo.
Ea Tsebang tsohle: Ke Eo tsebo ea Hae e okametseng tsohle, tse fetileng, tse etsahalang hajoale le tse tlang ho etsahala.
Ea Mosa: Ke Eo mohau oa Hae o pharalletseng ho potoloha le libopuoa tsohle tse phelang, bahlanka kaofela le lihloliloeng tsohle li ka tlas'a mohau oa Hae ka linako tsohle.
Ea Abelang: Ke Ea fepang libopuoa, ekaba batho kapa libopuoa tsa masabonoeng le liphoofolo tsohle.
Ea Phelang: Ke Ea Phelang A sa shoeng, ho fapana le lihloliloeng (libopuoa) tse shoang kaofela.
Ea Moholo-holo: Ke Ea phethahetseng Eo ho phethahala hohle ho bonahalang mabitsong a Hae, mekhabong ea Hae le liketsong tsa Hae.
Potso ea 34: Ke efeng ts'oanelo ea rona malebana le ba etellang pele balumeli tumelong ka ho khetholoha?
Karabo- Re ts'oanela ho ba rata, re khutlele ho bona sebakeng sa tataiso ka lipotso le liketsahalo tse ncha tse pota-potileng maphelo a rona le tsela tsa tsamaiso tsa tumelo, re bue feela ka tse ntle tseo re fumanang molemo ho tsoa ho bona, eseng tse mpe tse ba nyenyefatsang hobane ea etsang joalo ke ea khelohileng tseleng.
Ea Holimo-limo A re: (Allah O phahamisa ba lumetseng har'a lona, ba abetsoeng tsebo bona ba holimo ka mekhahlelo. Allah ke Ea Tsebang tsohle tseo le li etsang.) (11) [Surah Al-Mujaadalah 11]
Potso ea 35: Ke bo mang metsoalle ea Allah Ea Holimo-limo?
Karabo- Ke balumeli ba phelang ba le hlokolosi melaong ea Allah ka linako tsohle ebile ba ts'aba Allah. Ea Holimo-limo A re: (Tseba hore metsoalle ea Allah ha ea lokela ho ts'aba kapa ho siama, (62) bona ke ba lumetseng eaba ba phela ka ho ela hloko melao ea Allah le ho ts'aba Allah.) (63) [Surah Yunus: 62 - 63].
Potso ea 36: Na bolumeli ke lipolelo le liketso?
Karabo- Bolumeli bo netefatsoa ka lipolelo, liketso le bolumeli ba pelo.
Potso ea 37: Na bolumeli bo ka eketseha kapa ba fokotseha?
Karabo- Bolumeli bo eketseha ka ho latela melao, bo fokotseha ka ho kena sebeng.
Ea Holimo-limo A re: (Kannete-nete balumeli ke bao ha lebitso la Allah le phatlalatsoa lipelo tsa bona li nyarohang ke ts'abo, ha ba balloa mantsoe a Allah bolumeli bo ea eketseha lipelong tsa bona, ba ts'epela mohaung oa Mookameli oa bona.) (2) [Surah Al-Anfal: 2].
Potso ea 38: Ihsaan (ho phethisisa botle) ke eng?
Karabo- Ke ho rapela Allah joalokaha eka u ea Mo bona le haeba u sa Mo bone, tseba hore Eena O ntse A u bona.
Potso ea 39: Liketso li amoheleha neng mahlong a Allah Ea Tlotlehang?
Karabo- Ke ka tlas'a lipehelo tse peli:
1- Ha feela ketso eno e etsoa sebakeng sa kananelo ea Allah Ea Holimo-limo.
2- Ha feela ketso eno e entsoe ho latela mohlala le tsela ea Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena).
Potso ea 40: Ho beha ts'epo taolong ea Allah ho bolelang?
"Karabo: Ke ho beha ts'epo eohle ho Allah Ea Phahameng ka ho Fetisisa bakeng sa ho fumana melemo le ho itebela khahlanong le likotsi, re ntse re nka mehato e tloaelehileng e laetsoeng ke molao."
Allah Ea Holimo-limo A re: (Mang kapa mang ea ts'epetseng ho Allah, Allah Ke pheletso ea hae...) [Surah At-Talaq: 3].
(pheletso ea hae): e bolela ho mo lekana.
Potso ea 41: Ke eng e tlamang ho khothalletsa se nepahetseng le ho hanela se fosahetseng?
Karabo- se nepahetseng: ke ho khothaletsa bolateli bohle ba melao ea Allah, se fosahetseng: ke ho ts'ehetsa sohle se khelohang bolateling ba melao ea Allah.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Ke lona moloko o khethehileng ka botle har'a lichaba hobane le khothalletsa se nepahetseng le hanana le se fosahetseng le bile le lumela ho Allah...) [Surah Aal-Imran 110].
Potso ea 42: Ke bo mang batho ba kopano ea bolateli ba mehlala ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe ho eena) ?
Karabo- ke bao ba its'etlehileng ka sohle seo Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) a neng a se phela le balumeli ba nako ea hae, ele lipolelong, liketsong le bolumeling ba pelo.
Ba bitsoa ba bolateli ba mehlala: hobane ba latela mehlala ea Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena), ba hana boiqapelo tumelong.
Ke kopano: hobane ba ikopantse holim'a 'nete ba sa ikarohanye 'neteng.
Potso ea 1: Hlalosa bohloeki?
Karabo: ke ho tlosa lits’ila tse sesane le ho tlosa lits’ila tsohle tse re pota-potileng.
Bohloeki ba lits’ila tse re potapotileng: ke ha molumeli (lemoseleme) a tlosa lits’ila tse ‘meleng, tse liaparong kapa letheba le sa hloekang kapa ts'ila e sebakeng seo ho rapelloang ho sona.
Bohloeki ba lits’ila tse sesane: ke bohloeki boo ho tlosoang lits'ila ka wudhu (bohloeki ba pele ho thapelo) le ghusl (bohloeki ba ‘mele kaofela ka metsi feela) ka metsi a hloekileng kapa tayamum (ts’ebeliso ea mobu) ho ea hlokileng (fumanang) metsi kapa ea sitoang ho a sebelisa ka lebaka le utloahalang.
Potso ea 2: Se amehileng ke ts’ila se ka hloekisoa joang?
Karabo- Ke ka ho hlatsoa ka metsi ho fihlela e hloekile. - Haele se nyekiloeng ke ntja, se hlatsuoa makhetlo a supileng, lekhetlo la pele ele ka mobu.
Potso ea 3: Ke bofeng bokhabane ba wudhu?
Karabo- Moporofeta (khotso le mahlohonolo a Allah a be le eena) o itse: - << Ha mohlanka oa lemoseleme kapa molumeli a etsa wudhu ebe o hlatsoa sefahleho sa hae, ho tloha sebe sohle seo a se talimileng ka mahlo, se tloha le metsi ana kapa lerotholi la ho qetela>> - << ha a hlatsoa matsoho a hae, ho tloha le metsi a phallang sebe sohle seo a se entseng ka ho ts’oara ka letsoho leo la hae>> - << ha a hlatsoa maoto a hae, ho tloha le metsi a phallang sebe sohle seo a se entseng ka ho tsamaea ka maoto ao a hae>> - << ho fihlela a qeta a tsoa a hloekile sebeng sohle>>
Potso ea 4: U ka etsa wudhu joang?
Karabo- ho hlatsoa matsoho makhetlo a mararo. Ho itsukunya, ho kenya le ho nts’a metsi ka linkong, tsena tsohle li etsoa ka makhetlo a mararo.
Ho itsukunya: ho kenya metsi ka hanong, ho a mathisa ka hanong le ho a ts’oela kamorao.
Ho kenya metsi ka linkong: ke ho hula ka moea metsi a ka letsohong le letona ho isa kahare ka linkong.
Ho nts’a metsi ka linko: ke ho nts’etsa kantle metsi a ka linkong kamor’a ho a hulela kahar'a linko ka letsoho le lets’ehali.
Ho hlatsoa sefahleho makhetlo a mararo.
Ho hlatsoa matsoho ho fihlela litsung makhetlo a mararo.
Ho mathisa matsoho a metsi hloohong ho a tlosa phatleng ho ea ka sekotlong le ho tloha ka sekotlong ho khutlela phatleng, ebe ho hloekisa litsebe ka ona matsoho ao.
Ebe u hlatsoa maoto ho fihlela maqaqailaneng ka makhetlo a mararo.
Ona ke mokhoa o phethehileng o tlalehiloeng ka Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) ho tsoa liketsong le lipolelong tsa hae, tsena tsohle li hlaha bukeng tsa Bukhari le Muslim, ba li tlaleha ho tsoa ho Uthman le Abdullah mor'a Zaid le ba bang. Ho bile ho tlalehiloe hape ka eena bukeng ea Bukhari le ba bang: " hore linakong tse ling ha a etsa wudhu o ne a etsa ha 'ngoe kapa ha beli" ho bolela hore o ne a hlatsoa setho se seng le se seng ho tsoa lithong tsa wudhu lekhetlo le le leng kapa makhetlo a mabeli.
Potso ea 5: Tse tlamang mekhahlelong ea wudhu ke lifeng le palo ea tsona?
Karabo- ke tseo ha lemoseleme le siile e 'ngoe ea tsona wudhu ea hae e fosahetseng.
1- Ho hlatsoa sefahleho le ho itsukunya ka metsi kapa ho a kenya le ho a nts'a ka linkong ho hloekisa.
2- Ho hlatsoa matsoho ho fihlela litsung.
3- Ho phumula (pholla) hlooho ka matsoho a metsi le litsebe.
4- Ho hlatsoa maoto ho fihlela maqaqailaneng.
5-Ho lokolisa ka eona tsela e tsebahalang hoa litho tsena, joalokaha ho qaloa ka ho hlatsoa sefahleho, ebe matsoho, ebe ho phumula hlooho, ebe ho hlatsoa maoto.
6- Tatelisano- ke ho etsa wudhu nakong ele 'ngoe ho sena likheo pakeng tsa nako eo, hore setho se seng sa litho tsa wudhu se se omelle pele ho qetoa ho etsoa wudhu. - Joaloka ho etsa wudhu ho fihlela bohareng, ebe o tlo qetela nakong e 'ngoe e fapaneng, sena se etsa hore wudhu e fosahale.
Potso ea 6: ke lifeng li-sunnah tsa wudhu, tsona li kae ka palo?
Karabo- li-sunnah tsa wudhu: ke tseo ha li entsoe, motho o ekelletsoa moputso empa ha a sa li etsa, ha ho sebe holim'a hae, wudhu ea hae e nepahetse.
1- At-tasmiya: eleng ho re: ka lebitso la Allah.
3- Ho hlatsoa matsoho.
4- Ho fetisa metsi lipakeng tsa menoana.
5- Ho hlatsoa makhetlo a mararo kapa a mabeli litho tsa wudhu.
6- Ho qala ka lehlakore le letona.
7- Boikhopotso ka litlotliso tsa Allah kamor'a wudhu. - Eleng ho re, <<ke phatlalatsa hore ha ho molimo (ea lokeloang ke ho rapeloa) ntle le Allah, Eena Ea Mong Ea Senang molekane, ke phatlalatsa hore Muhammad ke mohlanka le moromuoa oa Hae>>.
8- Likoto tse peli tsa thapelo kamor'a wudhu.
Potso ea 7: Ke li fe lintho tse senyang wudhu?
Karabo- sohle se tsoang likarolong tse peli tsa 'mele tsa ho ithusa ele karalo e kapele kapa e kamorao, ele mosese kapa mantle kapa moea oa bosulu.
Boroko, bohlanya kapa ho lahleheloa ke kelello nakoana ke bokulo.
Ho ja nama ea kamele.
Ho ts'oara bokapele kapa bokamorao ka letsoho le senang sethibela lipakeng.
Potso ea 8: tayammum ke eng?
Karabo- ke ho sebelisa lepoqo le tse ling ho tsoa mebung ea lefats'e, sebakeng sa metsi ekaba bohloking ba ona kapa ho se khone ho a sebelisa ka lebaka le utloahalang.
Potso ea 9: tayammum e etsoa joang?
Karabo- ho otla ha 'ngoe mobung ka bokahare ba matsoho, ebe ho pholla sefahleho le bokantle ba matsoho ha 'ngoe.
Potso ea 10: Ke eng se silafatsang tayammum?
Karabo- ke tsohle tse silafatsang wudhu.
Hang ha metsi a tholahala.
Potso ea 11: Ke eng khuffain le jaorabain? Na ho ka phumuloa holim'a tsona?
Karabo- khuffain: ke se roaloang leotong se entsoeng ka letlalo eleng likausi tsa letlalo.
Jaorabain: ke sohle se roaloang leotong se sa etsoang ka letlalo eleng likausi.
Ho laetsoe ho phumula holim'a tsona sebakeng sa ho hlatsoa maoto.
Potso ea 12: Bolela lebaka la bohlokoa la ho phumula holim'a khuffain?
Karabo- ke ho nolofaletsa le ho bebofaletsa balumeli ba Allah, ka ho khetholoha nakong ea serame mariha le leetong hobane ho imela motho ha a ntse a rola tse maotong a hae.
Potso ea 13: ke lifeng lipehelo tsa ho phumula holim'a khuffain?
Karabo 1 - A roale khuffain a le bohloeking, ho bolela kamor'a ho etsa wudhu.
2- Khuff ebe ele e hloekileng hobane ha ho ea lumelloa ho phumula holim'a ts'ila.
3- Khuff e khone ho koaela sebaka se tlamehang ho hlatsuoa (leoto kaofela ho fihla ka holim'a maqaqailana) ha ho etsoa wudhu.
4- Ho phumula ho se fete nako e behiloeng e tsebahalang, ho ea sa eteng ke letsatsi le bosiu ba lona, ho ea etang ke matsatsi a mararo le masiu a ona.
Potso ea 14: Ke efeng tsela e nepahetseng ea ho phumula holim'a khuffain?
Karabo- Tsela ea ho phumula ke: ho beha menoana ea matsoho a hae a metsi holim'a menoana ea maoto a hae ebe o tsamaisa menoana ea matsoho holim'a ea maoto ho fihlela leqaqailaneng, a phumula leoto le letona ka letsoho le letona, leoto le lets'ehali ka letsoho le lets'ehali a arohantse menoana eo ea matsoho a sa phete ho feta lekhetlo leo le le leng.
Potso ea 15: ke eng e silafatsang ho phumula holim'a khuffain?
Karabo- 1- Ho fela hoa nako ea ho phumula, ha ho lumelloe ho phumula kamor'a nako e behiloeng ka molao eleng letsatsi le bosiu ho ea sa eteng, matsatsi le masiu a mararo ho ea etang.
2- Ho rola khuffain, ha motho a ka rola khuffain kapa khuff e le 'ngoe kamor'a ho e phumula, ho phumula ho felloa ke nako.
Potso ea 16: salaah (thapelo) e bolelang?
Karabo- salaah: ke borapeli ho Allah ka lipolelo le liketso tse khethehileng, tse buloang ka takbeer (ho re Allahu Akbar), li koaloa ka tasleem (ho re Assalamu alaikum wa rahmatullah) .
Potso ea 17: boemo ba salaah?
Karabo- Salaah ke setlamo holim'a balumeli bohle ba mamoseleme.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Ruri salaah e tlamme balumeli ka linako tsa eona tse behiloeng.) (103) [Surah An-Nisa: 103].
Potso ea 18: Maemo a ho tlohela Salaah ke eng?
Karabo- Ho tlohella salaah ke ho tlohella (ho lahla) tumelo, Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Potso ea 19 - Ke lithapelo tse kae tseo Lemoseleme le ts'oanelang ho li etsa ka letsatsi le ka bosiu? 'Me ke likarolo (rak'ah) tse kae ho thapelo e 'ngoe le e 'ngoe?
Karabo- Li-salaah tse hlano ka letsatsi le bosiu, tsona ke salatul fajr: e likarolo li peli, salatud Dhuhr: e likarolo li 'ne, salatul Asr: e likarolo li 'ne, salatul Maghrib: e likarolo li tharo, salatul Isha; e likarolo li 'ne.
Potso ea 20: bolela lipehelo tsa salaah?
Karabo- 1- Islamo; (Thapelo) ha e amoheloe ho tsoa ho eo eseng molumeli oa Islamo.
2- Kelello e phethahetseng, (Thapelo) ha e amoheloe ho tsoa ho lehlanya.
3- Ea khonang ho khetholla le ho arola; (Thapelo) ha e amoheloe ho tsoa ho ngoana eo tlhalohanyo ea hae e so topalle.
6- Bohloeki ba ho tlosa lits'ila."
7- Ho hloekisa lits’ila tse teng.
8- Ho koaela likarolo tsa botho tsa ‘mele tse khothallelitsoeng.
Karabo- Li leshome le metso e mene, ka tsela e latelang:
Ea pele ea tsona: ho ema haele salaah ea setlamo ho ea khonang ho ema.
Takbeer e bulang salaah, ke ho re: “Allahu Akbar”
Ho bala khaolo ea pula-maliboho (Al-Fatiha).
Ruku’u, ke ho otlolla mokokotlo ka ho inama (tonama), le ho beha hlooho ea hae e bapile le ona.
Ho phahama ho tsoa ho ruku’u.
Ho iketla le ho phomola nakong eo motho a emang.
Sujood (Ho otla ka sefahleho fats’e), ka ho thetsisa phatla fats’e, nko, matsoho, mangole le bokatlaase ba menoana ea maoto sebakeng sa moo a itihelang ka phatla thapelong.
Ho phahama ho tsoa moo sujood.
Ho lula lipakeng tsa sujood tse peli.
Sunnah: ke ho lula holim’a leoto le lets’ehali, ebe u emisa ka menoana leoto le letona, a le shebisitse qiblah.
Boiketlo, ke ho imamela lithong tsohle tsa ‘mele.
Tashahhud ea ho qetela.
Ho lula sebakeng sa tashahhud.
Litumeliso tse peli, ke ho re: "khotso ebe le lona le mohau oa Allah ".
Ho lokolisa lits'iea tsena ka tatellano- joalokaha ho se ho boletsoe- mohlala, ha motho a ka etsa sujood pele a etsa ruku'u ka maikemisetso, thapelo ea hae e fosahatse, ha e se ka maikemisetso e le ka bolebali teng o tlameha a khutle a etse ruku'u a nt'o etsa sujood.
Potso ea 22: bolela tse tlamang tsa salaah?
Karabo- Tse tlamang tsa salaah (Wajibaat As-Salaat) li robeli, ka tatellano e tjena:
1- Li-takbeer ntle ho takbeer e bulang thapelo.
2- Polelo e reng: <<Allah o utloile ea mo rorisang>> ekaba moetapele thapelong ea sehlopha kapa ea ithapellang a le mong.
3- Polelo e reng: <<Mookameli oa rona tlotla eohle e khutlela ho Uena>>.
4- Polelo e reng: <<ho rorisoe Mookameli Oaka Ea Moholo-holo>> ha 'ngoe ha a etsa ruku'u.
5- Polelo e reng: <<ho rorisoe Mookameli Oaka Ea Holimo-limo>> ha 'ngoe ha a etsa sujood.
6- Polelo e reng: <<Mongaka ak'o nts'oarele>> lipakeng tsa li-sujood tse peli.
7- Tashahhud ea pele.
8- Ho lula sebakeng sa tashahhud ea pele.
Potso ea 23: Ke lifeng li-sunnah tsa salaah?
Karabo- Li leshome le motso o le mong, ka tatellano ea tsona ke:
1- Polelo ea motho kamor'a takbeer e bulang thapelo e reng, "Ho rorisoe Uena oho Molimo le tlotla eohle e lebisoe ho Uena, lebitso la Hau le tlotlisoe, boholo ba Hau bo phahamisoe, ha ho molimo ntle ho Uena" e bitsoa: Du'a al-istiftah (kopo le thapeli e bulang thapelo).
2- Ta'awwudh (ho kopa ts'ireletso ho Allah).
3- Basmalah (ho re: bismillah).Ka lebitso la Allah
4- Polelo e reng: Ameen (oho Allah Ak'u amohele)
5- Ho bala khaolo e 'ngoe kamor'a ho bala khaolo e bulang (al-faatihah).
6- ho balla holimo ha Imam (moeta-pele oa Thapelo)
7- Polelo kamor'a tahmeed (polelo ha motho a phahama boemong ba ruku'u) e reng: "e tletse Maholimo, e tletse lefats'e, e tletse hohle kamoo U ratileng".
8- Lekhetlo kapa makhetlo a eketsoang ho lekhetlo la pele la tasbeeh (ho re: subhaana rabbiyal adheem) ea ruku'u. ho bolela ho re: tasbeeh ea bobeli le ea boraro, le ho fetisa moo.
9- ho fetisa lekhetlo le le leng ho tasbeeh ea sujood (ho re: subhaana rabbiyal a'alaa).
10- Ho fetisa lekhetlo le le leng polelong e lipakeng tsa sujood tse peli e reng: <<Oho Morena Oaka Ak'o nts'oarele>>.
11- Thapeli e etsoang ho tashahhud ea ho qetela e lebisoang ho Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) le lelapa la hae le tlhohonolofatso ho eena (khotso ea Allah ebe le eena) le lelapa la hae, le likopo tse latelang.
Ntlha ea bone: li-sunnah tsa liketso, li bitsoa tsa litho:
1- Ho phahamisa matsoho nakong ea takbeer e bulang salaah.
2- Ho phahamisa matsoho le nakong ea ruku'u.
3- Ho phahamisa matsoho ha motho a phahama ho tloha ruku'u.
4- Kamor’a moo, u a behe.
5- Ho beha letsoho le letona holim'a le lets'ehali.
6- Ho tsepamisa mahlo a hae sebakeng seo a etsang sujood holim'a sona.
7- Ho arola maoto ha a eme thapelong.
8- Ho ts'oara mangole ka matsoho ka menoana e arohaneng le ho otlolla mokokotlo ha a iname a bapisitse hlooho le ona ha a etsa ruku'u.
9- Ho thetsisa litho tsohle tse hlokahalang fats'e ha a etsa sujood, litho tsena li le sebakeng sa sujood.
10- Ho arohanya litsu tsa matsoho a hae le mahlakore a 'mele le mpa ea hae le lirope le lirope tsa hae le lirethe tsa maoto le ho arohanya mangole a hae le ho emisa maoto a hae a beha bokahare ba menoana ea hae fats'e e arohane, ho beha matsoho a hae a bapile le mahetla a otlolohile, menoana ea matsoho e kopane.
11- Iftiraash (molulo oo 'mele o its'etlehang holim'a leoto le lets'ehali) ha motho a lula lipakeng tsa sujood tse peli, le ha a etsa tashahhud ea pele, empa ha a etsa tashahhud ea bobeli o etsa tawarruk (molulo oo 'mele o its'etlehang holim'a serope se sets'ehali) .
12- Ho beha matsoho holim'a lirope a otlolohile ka menoana e kopaneng lipakeng tsa sujood tse peli, ka mokhoa o ts'oanang nakong ea tashahhud ntle le hore mona teng o kobela kahare monoana o monyane le o o hlahlamang, ebe o leketlisa monoana o moholo le o mahareng, a nt'o phahamisa le ho supa ka monoana o supang ha a bitsa lebitso la Allah.
13- Ho sheba ka lehlakoreng le letona le le lets'ehali ka tatellano nakong ea tasleem (litumeliso).
Potso ea 24: bolela palo ea lintho tsa etsang hore salaah e fosahale?
Karabo- (1) Ho siea ts’iea kapa e ‘ngoe ea lipehelo tsa salaah.
(2) Ho bua ka maikemisetso ha motho a ntse a etsa salaah.
(3) Ho ja le ho noa ha motho a ntse a rapela.
(4) Ho solasola hangata ka makhetlo a latellaneng ka har’a thapelo.
(5) Ho tlohella e ‘ngoe ea tse tlamang tsa salaah ka maikemisetso.
Potso ea 25: Lemoseleme le rapela joang?
Karabo- Tsela ea ho etsa thapelo (As-Salaah ):
1- Ho talima qiblah ka litho tsohle tsa ‘mele, ntle le ho solasola kapa ho sheba koana le koana.
2- Ebe o etsa maikemisetso a ho etsa salaah eo a batlang ho e rapela ka pelong ea hae a sa bue maikemisetso ka molomo.
3- Ebe o etsa takbeer e bulang salaah a re: (Allahu Akbar), a phahamisa matsoho ho fihlela mahetleng nakong eo a etsang takbeer.
4- Ebe o beha letsoho le letona holim’a le lets’ehali le lets’ehali holim'a sefuba.
5- Ebe o bula thapelo ka du'a a re: <<Oho Allah Ak’u ntsamaise hole le libe tsaka joaloka bohole bo teng lipakeng tsa bochabela le bophirima, oho Allah Ak’u ntlhoekise libeng tsohle tsaka kamoo phahlo e ts’oeu e hloekang ho tsoa leroleng, oho Allah Ak’u ntlhatsoe libeng tsaka ka metsi le lehloa le sefako.>>.
Kapa a re: <<lithoriso li lebisoe ho Uena oho Allah le tlotla eohle ke ea Hau, lebitso la Hau le tlotloe le boholo ba Hau, ha ho molimo ntle ho Uena>>.
6- Ebe o kopa ts’ireletso o re: <<Ke kopa ts’ireletso ho Allah khahlanong le Shaitaan ea lelekiloeng>>.
7- Ebe o etsa basmalah a nt’o bala khaolo ea pula-maliboho a re: (Ka lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau 1 Litlotliso tsohle li lebisoe ho Allah Mookameli Oa mafats’e ohle 2 Ea Mosa Ea Mohau 3 Morena oa Letsatsi la Kahlolo 4 Ke Uena feela Eo re Mo rapelang, Ke Uena feela Eo re kopang thuso ho Eena 5 Re tataisetse tseleng e nepahetseng 6 Tsela eo U tataiselitseng bao U ba ratang ho eona, eseng bao U ba halefetseng le ba khelohileng tseleng e nepahetseng 7) [Surah Al-Faatiha: 1-7].
Ebe o re: (Ameen) e bolelang: Oho Allah Ak’u arabe.
8- Ebe o bala se seng le se seng seo a khonang ho se bala bukeng ea Kor'ane, a bale se selelele thapelong ea meso.
9- Ebe o etsa ruku’u, ho bolela: o koba mokokotlo oa hae e le sesupo sa ho ananela boholo ba Allah, a etse takbeer ha a phahama ruku’u, a phahamise matsoho a hae ho fihlela a bapile le mahetla. Sunnah ke : ho otlolla mokokotlo oa hae a iname a bapise hlooho le ona. A behe matsoho a hae mangoleng menoana e arohane.
10- A re ha a le ruku’u: <<subhaana rabbiyal adheem>> ka makhetlo a mararo le ha a ka eketsa ho feta moo: <<subhaanaka llahumma wa bihamdika, Allahumma ighfir lee>> e ntse e lokile.
11- Ebe o phahamisa hlooho ho tsoa ruku’u a ntse a re: <<samia llahu liman hamidah>>, joale a phahamise matsoho a hae ho fihlela mahetleng. Ea etelloang pele ha a re: <<samia llah liman hamidah>>, hona le ho cho joalo eena o re: <<rabbana wa lakalhamd>>.
12- Ebe o re ha a qeta ho phahama: <<rabbana wa laka lhamd, mil'u samawaat wal alr'dhi, mil'u maa shi'ita min shay'in>> (Mookameli Oa rona tlotla eohle ke ea Hau, ho tlala Maholimo le lefats'e, ho tlala hohle kamoo o ratang le ho feta).
13- Ebe o etsa sajdah (ho oa fats'e ka phatla) ea pele a re: << Allahu Akbar>> (Allah O Moholo-holo), o etsa sajdah ka litho tse supileng eleng: phatla le nko, matsoho a mabeli, mangole a mabeli, lintlha tsa maoto, a arohanye mesifa, matsoho le mahlakore a 'mele oa hae, dhira'a (letsoho ho tloha manonyeletsong ho isa setsung) li sa thetse fats'e ka bobeli, menoana ea matsoho e shebile malebana le qiblah.
14- Ebe o re ha a le sujood: <<subhaana rabbiyal a'alaa>> (lithoriso li lebisoe ho Mookameli Oaka Ea holimo-limo) ka makhetlo a mararo, ha a ka eketsa ka: <<subhaanaka llahumma rabbanaa wa bihamdika, Allahumma ghfirlee>> (lithoriso tsohle ke tsa Hau oho Allah Uena Mookameli Oa rona, U lokeloa ke tlotla, oho Allah Ak'u nts'oarele) ho ntse ho lokile.
15- Ebe o phahamisa hlooho ho tsoa sujood a ntse a re: <<Allahu Akbar>>.
16- Ebe o lula lipakeng tsa sujood tse peli holim'a leoto le lets'ehali, a kobile menoana ea le letona, a behe letsoho le letona qetellong ea serope sa hae se setona holim'a lengole la hae, a fupare monoana o monyane le o o latelang a phahamise monoana o supang a ntse a o tsamaisa ha a etsa du'a ea hae, a kopanye ntlha ea monoana o motona le o lipakeng ho fihlela ho hlaha sebilikoe lipakeng tsa menoana ena, a behe letsoho la hae le lets'ehali qetellong ea serope se sets'ehali pel'a lengole, menoana ea letsoho a e kopantse.
17- Ebe o re ha a lutse lipakeng tsa sujood tse peli: << Rabbighfir lee, wa Warhamni, wahdnee, warzuqnee, wajbirinee, wa a'afinee>> (Mongaka Ak'u nts'oarele, U nkhauhele, U ntataise, U mphepe, U ntokise, U nteballe mefokolo>>.
18- Ebe o etsa sajdah ea bobeli joaloka ea pele ka tsohle tse baloang le tse etsoang, a nt'o etsa takbeer ha a etsa sujood.
19- Ebe o phahama ho sajdah sa bobeli a re: <<Allahu Akbar>> ebe o rapela sekoto sa bobeli sa thapelo joaloka sa pele kamoo a balileng le tseo a li entseng, ntle le hore ha a sa etsa du'a e bulang thapelo.
20- Ebe o lula fats'e kamor'a sekoto sena sa bobeli a re: (Allahu Akbar), a lule kamoo a neng a lutse lipakeng tsa sajdah tse peli.
21- Ebe o bala tashahhud ha a lutse, a re: <<At-tahiyaatu lillahi wa salawaatu wa tayyibaatu, as-salaamu alaika ayyuhan nabiyi wa rahmatu-llahi wa barakaatuh, as-salaamu alaina wa alaa ibaadi-llahi saaleheen, ash-hadu an laa ilaha illallahu wa ash-hadu anna Muhammadan abduhu wa rasooluh, Allahumma salli alaa Muhammad wa alaa aali Muhammad kama salleita alaa Ibraaheem wa ala aali Ibraaheem, innaka hameedum majeed wa baarik alaa Muhammad wa alaa aali Muhammad, kama baarakta alaa Ibraaheem wa alaa aali Ibraaheem, innaka hameedum majeed. a'uudhu bi-llahi min adhaabi jahannam, wa min adhaabil qabr, wa min fitnatil mah'yaa wal mamaat, wa min fitnatil maseehi-dajjal>> , Litumeliso tsohle ke tsa Allah le lithapelo tsohle le lintho tsohle tse ntle. Khotso e be holim'a hao, oho uena Moporofeta le mohau oa Allah le litlhohonolofatso tsa Hae. Khotso e be holim'a rona le holim'a bahlanka ba Allah ba lokileng. Ke paka hore ha ho molimo ea lokeloang ke borapeli ntle le Allah, 'me ke paka hore Muhammad ke mohlanka le Moromuoa oa Hae. Allah, romela litlhohonolofatso ho Muhammad le ho ba lelapa la Muhammad, joalokaha U ile Ua romela litlhohonolofatso ho Ibrahim le ho ba lelapa la Ibrahim. Ruri, Uena U Lokeloa ke Thoriso, U Tlotlehile. Hape hlohonolofatsa Muhammad le ba lelapa la Muhammad, joalokaha U ile Ua hlohonolofatsa Ibrahim le ba lelapa la Ibrahim. Ruri, Uena U Lokeloa ke Thoriso, U Tlotlehile. Ke kopa ts'ireletso ho Allah khahlanong le kotlo ea Jahannam le kotlo ea lebitla le liteko tsa bophelo le lefu le teko ea Masīḥ ad-Dajjāl. Ebe o etsa likopo ho 'Mookameli Oa hae ka tsohle tseo a li batlang tse ntle tsa lefats'e le bokamoso.
22- Ebe o etsa litumeliso a qala ka lehlakoreng le letona a re: <<as-salaamu alaikum wa rahmatullah>> le ka ho le lets'ehali joalo feela.
23- Empa haeba salaah e le e likoto li tharo kapa tse 'ne; o emisa ha a fihla qetellong ea tashahhud ea pele, ka ho re: Ash-hadu an laa ilaaha illallah, wa ash-hadu anna Muhammadan abduhu wa rasooluh>>
24- Eaba o ema a otlolohile a re: “Allāhu Akbar,” ebe ka nako eo o phahamisa matsoho a hae ho fihla boemong ba mahetla a hae.
25- Ebe o tsoela pele ho phethela karolo e setseng ea thapelo ea hae ka mokhoa o ts'oanang le oa raka‘ah ea bobeli, ntle le hore o lekanyetsa ho bala Sūrat al-Fātiḥah feela..
26- Ebe o lula molulo oa tawarruk, a emisa leoto le letona ka menoana, a nt'o hlahisa leoto le lets'ehali ka tlaas'a 'moomo o motona, a tsepamise bolulo ba hae fats'e, a behe matsoho a hae holim'a lirope tsa hae kamoo a entseng ka tashahhud ea pele.
27- Molulong ona a bale tashahhud kaofela e felletse.
28- Ebe o etsa litumeliso ka letsohong le letona a re: <<as-salaamu alaikum wa rahmatullah>> le ka ho le lets'ehali ka mokhoa o ts'oanang.
Potso ea 26: U re'ng har'a likhopotso (adhkār) kamor'a ho fana ka salām ha u qeta thapelo?
Karabo- <<Astaghfirullah>> ka makhetlo a mararo.
- <<Allahumma anta salaam wa minka salaam, tabaarakta yaa dhal jalaali wal ikraam>>, (Oho Allah ke Uena khotso, khotso e tsoa ho Uena, U ea halalelang Oho Uena Ea babatsehang Ea hlomphehang).
- <<Subhaanallah>> (Khanya eohle e lebisoe ho Allah) ka makhetlo a mashome a mararo a metso e meraro.
<<Alhamdulilah>> (Liteboho tsohle li lebisoe ho Allah) ka makhetlo a mashome a mararo a metso e meraro.
<<Allahu Akbar>> ka makhetlo a mashome a mararo a metso e meraro.
Ebe o re ha a finyeletsa lekholo: << laa ilaaha illallahu wahdahu laa shareeka lah, lahul mulku wa lahul hamd, wa huwa alaa kulli shay'in qadeer>> ( (Ha ho molimo ntle ho Allah Ea Inots'i Ea senang molekane, borena bohle ke ba Hae le tlotla eohle, Eena Ea khonang ho phethahatsa tsohle kamoo a batlang)
- A bale khaolo ea Ikhlaas le likhaolo tse kopang ts'ireletso, makhetlo a mararo kamor'a thapelo ea fajr le ea maghrib, lekhetlo le le leng kamor'a lithapelo tse ling tsohle.
- A bale temana ea kursi ha 'ngoe.
Potso ea 27: ke lifeng lithapelo tse etsoang pele kapa kamor'a lithapelo tsa setlamo? molemo oa tsona ke ofeng?
Karabo- Likoto tse peli tsa pele ho thapelo ea fajr.
Likoto tse 'ne pele ho thapelo ea dhuhr.
Likoto tse peli kamor'a thapelo ea dhuhr.
Likoto tse peli kamor'a thapelo ea maghrib.
Likoto tse peli kamor'a thapelo ea isha.
Molemo oa tsona: Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o na re: <<Ea rapetseng likoto tse leshome le metso e 'meli tsa boithaopo Allah O tla mo hahela ntlo leholimong>>
Potso ea 28: ke lefeng letsatsi le molemo ho feta a mang matsatsing a beke?
Karabo- ke letsatsi la Labohlano, Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Kannete har'a matsatsi a lona a molemo ka ho fetisisa ke letsatsi la Labohlano. Ke lona leo Adama a ileng a boptjoa ka lona, a boela a hlokahala ka lona. Ke lona leo terompeta e tla letsoa ka lona, hape ke lona leo batho bohle ba tla felloa ke maphelo ka lona. Ka hona, eketsang ho nthapella (ho nthomella litumeliso le litlhohonolofatso) ka lona, hobane lithapelo tsa lona li hlahisoa ho 'na.>>. A re: ba Ile ba re oho Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) lithapelo tsa rona li tla nyolleloa ho uena joang u hlokahetse?- ba bolela: U se u bolile- a ba araba a re: << Ruri Allah O laetse lefats'e ho se pate 'mele ea baporofeta>>
Potso ea 29: Maemo a molao a thapelo ea Labohlano ke a fe?
Karabo- ke setlamo mothong e motona oa Lemoseleme ea holileng ea kelello e phetseng ea seng leetong.
Allah Ea Holimo-limo O itse: ( Oho lona ba lumelang, ha khoelehetso ea thapelo (adhaan) e etsoa ka letsatsi la Labohlano. Tatelange boikhopotsong ba Allah le lese ho rekisa, sena ke se molemohali sebakeng sa lona hoja lea tseba.) (9) [Surah Al-Munaafiqun: 9].
Potso ea 30: Likoto tsa thapelo ea jumu'a li kae ka palo?
Karabo- Palo ea likoto tsa thapelo ea jumu'a li peli, moetelli-pele o itokisetsa ho bala hore batho ba utloe, thapelo ena e etelloa pele ka khutbah (puo / thuto) tse peli tse tsebahalang.
Potso ea 31: Na ho lumelletsoe ho nyahlatsa thapelo e ea jumu'a?
Karabo- Ha ho ea lumelloa hore motho a tlohele ho ea thapelong ea Labohlano (Jumu‘ah) ntle le haeba a ena le lebaka le amohelehang ho ea ka Molao oa Islamo (Shari‘ah). Moprofeta ﷺ o itse: << Ea nyahlatsang thapelo tse tharo tsa Jumu'ah (tse latellaneng) ntle le lebaka le utloahalang; Allah O beha lesira le foufatsang pelong ea hae >>
Potso ea 32: Bolela li-Sunnah tsa letsatsi la Jumu'ah?
1- Ho hlapa 'mele kaofela.
2- Ho sebelisa lintho tse nkhisang hamonate.
3- Ho apara liphahlo tse ntle ka ho fetisisa.
4- Ho tatela ho ea Masjid (ntlo ea thapelo).
5- Ho phetha-phethaka ho romela lithapelo le litumeliso ho Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena).
6- Ho bala khaolo ea Kahf (lehaha).
8- Ho tsomana le nako eo likopo li amoheloang Ka eona.
Potso ea 33: Bolela molemo oa thapelo e etsoang ka phutheho?
Karabo- ho tsoa ho Abdullah bin umar (eka Allah A ka thabisoa ke bona), o fetisitse hore Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Thapelo ea Lemoseleme phuthehong e bohlokoa ho feta thapelo eo a e rapelang a le mong ka maemo a mashome a mabeli a metso e supileng >>
Potso ea 34: ke eng boikokobetso thapelong?
Karabo- ke ho atametsa pelo thapelong le boikhutso ba litho tsa 'mele thapelong.
Allah Ea Holimo-limo A re: ( Ruri balumeli ba atlehile 1 (Ba ikokobetsang lithapelong tsa bona 2) [Surah Al-Mu'uminun: 1 - 2]
Potso ea 35: Zakaah e bolelang?
Karabo- Ke ts'oanelo e tlamang ho nts'oa leruong le khethehileng ho sehlopha se khethehileng nakong e khethehileng.
- Ke ts’iea har'a lits’iea tsa Islamo, monehelo oa setlamo o nts’oang leruong la morui, o fetisetsoe ho mohloki.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Nts’ang monehelo [Zakaah]) [Surah Al-Baqarah: 43].
Potso ea 36: Ke o feng monehelo oa boithaopo?
Karabo- Ke mefuta eohle ea menehelo ntle le Zakaah joaloka: ho nehela ka ntho efeng kapa efeng linthong tse ntle nako eohle.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Le fane ka sadaqah (monehelo) ea lona tseleng ea Allah.) [Surah Al-Baqarah: 195].
Potso ea 37: Swiyaam (boitimo) e bolelang?
Karabo- Ke ho pakahatsa bolumeli ho Allah ka ho itima tse molaong ho tloha nakong eo fajr e qalang ho isa nakong eo letsatsi le likelang, ka maikemisetso pelong, e na le mefuta e ‘meli:
Swiyaam ea setlamo: ho ts’oana le boitimo ba khoeli ea Ramadhan, ke ts’iea har’a lits’iea tsa Islamo.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Oho lona ba lumelang ho behiloe boitimo e le molao holim’a lona joalokaha ho ne ho behiloe holim’a ba tlileng pele ho lona, e le hore le tle le ts’abe Allah.) (183) [Surah Al-Baqarah: 183].
Boitimo ba boithaopo: joaloka boitimo ba ‘Mantaha le Labone bekeng le boitimo ba matsatsi a mararo khoeling e ‘ngoe le e ‘ngoe, a molemo ho fetisisa e le a (13,14 ,15) khoeling tsohle tsa Islamo.
Potso ea 38: Bolela molemo oa boitimo ba khoeli ea Ramadhan?
Karabo- Ho tsoa ho Abi Hurairah (eka Allah A ka thabisoa ke eena), o boletse hore Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Ea itimang khoeling ea Ramadhan ka bolumeli le ts’epo; o tla ts’oareloa libe tsohle tseo a li entseng>>
Potso ea 39: bolela molemo oa boitimo ba boithaopo ntle ho Ramadhan?
Karabo- ho tsoa ho Abi Saeed Al-Khudree (eka Allah A ka thabisoa ke eena) o itse: Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena ) o itse: <<Ha ho mohlanka ea itimang leha ele letsatsi feela molemong oa thato ea Allah, ntle le hore Allah O tsamaisa sefahleho sa hae hole le mollo o mekhahlelo e mashome a supileng ka lebaka feela la letsatsi leo le le leng>>
- Moelelo oa << mekhahlelo e mashome a supileng>> e bolela: lilemo tse mashome a supileng.
Potso ea 40: bolela lintho tse khaolang boitimo?
Karabo- 1- Ho ja le ho noa ka maikemisetso.
2- Ho hlatsa ka maikemisetso.
Potso ea 41: Ke lifeng li-sunnah tsa boitimo?
Karabo- 1- Ho roba boitimo kapele.
2- Ho lieha ho ja ka Suhoor.
3- Ho eketsa liketso tse ntle le merapelo.
4- Puo ea motho ea itimmeng ha a rohakoa: Ruri nna ke itimme.
5- Ho etsa du’a ka nako ea ho roba boitimo.
6- Ho roba boitimo ka liteitsi tse mongobo kapa tse ommeng, ha li sa tholahale, ka metsi.
Potso ea 42: Hajj (Leeto la bolumeli) ke eng?
Karabo- Hajj ke: phatlalatso ea bolumeli ka ho nka leeto ho leba ntlong e halalelang (Kaaba) ho etsa liketso tse khethehileng nakong e khethehileng.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Ke taelo ea Allah ho batho ho etela Ntlo (ho etsa Hajj), ho batho feela ba khonang ho etsa joalo, ea khahlanong le seo kannete Allah Ha A hloke letho bathong.) (97) [Surah Ali-Imraan: 97]
Potso ea 43: bolela lits’iea tsa Hajj?
Karabo- 1- ihraam (seaparo se aparoang Hajj)
2- Ho ema Arafah.
Tawaaf (ho potoloha ntlo e halalelang ka makhetlo a supileng) Al-ifaadhah.
4- Ho tsamaea ka matla lipakeng tsa Swafa le Mar’wah.
Potso ea 44: molemo oa Hajj ke o fe?
Karabo- Ho tsoa ho Abi Hurairah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) o itse: ke utloile Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) a re: <<Ea etsang Hajj a lebelletse kananelo ea Allah, ebe teng ha a etse thobalano eseng malaong ha a etse likhathatso; o khutlela hae joaloka letsatsi leo ‘m'ae a neng a mo beleha>>
- <<Joaloka letsatsi leo ‘m'ae a mo belehileng ka lona>>: ho bolela a hloekile a sena sebe.
Potso ea 45: Umrah ke eng?
Karabo- Umrah: ke borapeli ho Allah ka ho etela Ntlo e halalelang le ho etsa liketso tse khethehileng moo teng nakong efe kapa efe.
Potso ea 46: bolela lits’iea tsa umrah?
Karabo- 1- Ihraam (lesela le lesoeu)
2- Tawaaf (ho potapota Ntlo e halalelang).
3- Ho tsamaea ka matla lipakeng tsa Swafa le m Mar’wah.
Potso ea 47: Ho ithokhobetsa molemong oa Allah (Jihad fi sabilillah) ho bolelang?
Karabo- Ke ho etsa boikitlaetso bohle bo matleng kamoo ho khonahalang ho pharalatsa tumelo ea Allah le ho e sireletsa ho ba nang le bora ho eona le balateli ba eona le ho loants’a sera se loants’ang tumelo ena le balateli ba eona.
Allah Ea Holimo-limo A re: (Le ikitlaetse ka maruo a lona le maphelo a lona tumelong ea Allah. Sena se molemo ho ho lona hoja feela le ne le tseba.) (41) [Surah At-taubah: 41]
Karolo ea nalane ea Moporofeta (khotso ea Allah ebe le ena)
Potso ea 1: Moporofeta oa rona Muhammad (khotso ea Allah ebe le eena) ke oa leloko la mang?
Karabo- Ke Muhammad mor’a Abdullah mor’a Abdul-Muttalib mor’a Haashim ho tsoa ho Quraish (Kedar), Quraish o tsoa Ma-Arabong, Ma-arabo a tsoa litloholong tsa Ishmaele, Ishmaele mor’a Abrahama (khotso le lithapelo li be ho bona) 'moho le Moporofeta oa rona ea loketsoeng ke hore a rapelloe le ho lumelisoa.
Potso ea 2: lebitso la ‘m'e oa Moporofeta oa rona (khotso ea Allah ebe le eena) ke mang?
Karabo- Ke Aaminah bint Wahb.
Potso ea 3: Ntate oa Hae (khotso ea Allah ebe le eena) o hlokahetse neng?
Karabo- Ntata’e o hlokahalletse Madinah nakong eo ‘M'e oa hae a ntseng a mo imme pele a hlaha.
Potso ea 4: Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o tsoetsoe neng?
Karabo- Ka selemo sa tlou, letsatsing la Mantaha khoeling ea rabee’al-awwal.
Potso ea 5: O (khotso ea Allah ebe le eena) hlahetse naheng efeng?
Karabo- O hlahetse Makkah.
Potso ea 6: Ke bo mang basali ba mo anyesitseng ba mo holisa ntle le ‘m'e oa hae?
Karabo- Mothusi oa ntata’e Ummu Aiman.
- Mothusi oa moholoane oa ntate oa hae Abi Lahab, eleng Thuwaibah.
- Halimah As-Sa’adiyyah.
Potso ea 7: ‘M'e oa hae (khotso ea Allah ebe le eena) o hlokahetse neng?
Karabo- ‘M'e oa Hae o hlokahetse ha a le lilemo tse ts’eletseng, ntata’e moholo a nt’o nka boikarabello ba hae a mo holisa.
Potso ea 8: Ke mang ea ileng a nka boikarabello ba hae kamor’a lefu la ntata’e moholo Abdul-Muttalib?
Karabo- Ntata’e moholo o hlokahetse ha a le lilemo tse robeli, moholoane oa ntate oa hae Abu Taalib a nt’o nka boikarabello ba kholiso ea hae.
Potso ea 9: O ile a nka leeto le moholoane oa ntate oa hae neng ho ea Shaam (Syria)?
Karabo- O etile le moholoane oa ntate oa hae ho ea Shaam ha a le lilemo tse leshome le metso e ‘meli.
Potso ea 10: Leeto la hae la bobeli le bile neng?
Karabo- Leeto la hae la bobeli ebile leeto la khoebo ka chelete ea Khadijah (eka Allah A ka thabisoa ke eena), ha a khutla teng ke moo a ileng a (khotso ea Allah ebe le eena) mo nyala, o ne a le lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano.
Potso ea 11: Lelapa la Quraish le qalile neng ho tsosolosa moaho oa ka’abah?
Karabo- Ba-Quraish ba qalile ho tsosolosa moaho oa ka’abah ha Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) a le lilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano.
Ba mo khethela ho kena lipakeng ha ba hanyetsana hore ke mang ea tla beha lejoe le lets’o, eena a nt’o le beha phahlong ea hae, a laela hore ba maloko ohle ba ts’oare ntlhana phahlong eo, ene ele ba maloko a mane, ha ba se ba e phahamiselitse holimo o ile a nka lejoe leo a le beha sebakeng sa lona ka letsoho la hae; lithapelo le khotso li be le eena.
Potso ea 12: Lilemo tsa hae li ne li le kae nakong eo a fuoang thomo (boporofeta)? O ronngoe ho mang?
Karabo- Lilemo tsa Hae li ne li le mashome a mane, o ronngoe bathong bohle ele ea ba tlisetsang litaba tse monate a bile a ba hlokomelisa.
Potso ea 13: Ke eng ea pele e qalileng ho mo fihlela ea ts’enolo?
Karabo- Litoro tse phethahalang, seo a se lorang se ne se phethahala joaloka ho totobala ha mahlaseli a letsatsi hoseng.
Potso ea 14: Bophelo ba hae pele ho ts’enolo bo ne bo le joang?
Karabo- O ne a rapela Allah lehaheng la Hiraah, a nka mofao ha ea teng.
Ts’enolo ea mo fihlela a le lehaheng a ntse a rapela.
Potso ea 15: Ke eng ea pele e mo fihletseng ho tsoa ho Kor'ane?
Karabo- Polelo ea Allah A Holimo-limo: (Bala ka lebitso la Mookameli oa Hau Ea bopileng 1 O bopile motho ka lehloele 2 Bala (hobane) Mookameli oa Hau ke Ea lereko le fetisisang 3 Eena Ea rutileng ka pene 4 (A ruta motho seo a sa se tsebeng 5 [Surah Al-Alaq: 1- 5]
Potso ea 16: Ke mang oa pele oa ho lumela thomong ea Hae?
Karabo- Banneng ke: Abu Bakr As-sidiq, basaling ke: Khadijah morali oa Khuwailid, Baneng ke: Ali mor'a Abi Taalib, bathusing ke: Zaid mor]a Haarithah, makhobeng ke: Bilal Al-Habashee (eka Allah A ka thabisoa ke bona) le ba bang.
Potso ea 17: Memo tumelong ea Islamo ene ele joang?
Karabo- Memo ene ele ea lekunutu nakong ea lilemo tse tharo tsa pele, ho tloha moo Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o ile a laeloa ka memo ea phatlalatsa.
Potso ea 18: Maemo a Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) le ba lumetseng a ile a ba joang kamor'a ho etsa memo e phatlalatsa?
Karabo- Bahetene (mushrikuna) ba sa lumelang ba ile ba hlekefetsa Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) le balumeli hampe haholo, ho fihlela balumeli ba lokolloa ho fallela ho morena Najaashi lefats'eng la Habasha (Ethiopia).
Mushrikuna ba ile ba ikopanya ho hlekefetsa le ho bolaea Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) empa Allah O ile A mo sireletsa A mo beha ka tlas'a bolebeli le ts'ireletso ea moholoane oa ntate oa hae Abu Taalib.
Potso ea 19: Ke mang ea ileng a hlokahala selemong sa leshome sa thomo ea Hae?
Karabo- Ke moholoane oa ntate oa hae Abu Taalib le mofumahali oa hae Khadijah (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
Potso ea 20: Leeto la bosiu (Al-Isra) le la ho nyolohela Maholimong (Al-Mieraj) a bile neng?
Karabo- E ne ele ha a le lilemo tse mashome a mahlano, ke moo teng a filoeng lithapelo tse hlano tsa letsatsi le bosiu.
Leeto la bosiu: Ho tloha Masjidul Haram (Makkah) ho leba Masjidul Aqswa (Jerusalema).
Nyolohelo ea Maholimong: ho tloha Masjidul Aqswa ho leba leholimong ho fihlela Sidratul Muntaha (moeli oo Mangeloi a fellang ho ona).
Potso ea 21: Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o ne a memela batho tumelong joang kantle ho Makkah?
Karabo- O ile a mema baahi ba Twaaif, o ne a itlhahisa likopanong tsa batho, ho fihlela a kopana le baahi ba Madinah ba ileng ba lumela ba ikana ka ho mo thusa tumelong le ho mo sireletsa.
Potso ea 22: Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o nkile nako e kae Makkah a ntse a memela thomong ea Hae?
Karabo- O nkile lilemo tse leshome le metso e meraro.
Potso ea 23: O (khotso ea Allah ebe le eena) ile a fallela kae?
Karabo- O ile a tloha Makkah a fallela Madinah.
Potso ea 24: O phetse lilemo tse kae Madinah?
Karabo- Lilemo tse leshome.
Potso ea 25: Ke efeng melao eo a ileng a e fuoa ea tumelo?
Karabo- Ho nts'a zakaah, ho itima ka khoeli ea Ramadhan, ho phetha leeto la hajj, ho matlafatsa le ho sireletsa tumelo, mokhoa o khethehileng oa ho bitsetsa Mamoseleme thapelong le tse ling tsa melao ea tumelo ea Islamo.
Potso ea 26: Ke li feng lintoa tse ka sehlohong tseo a (khotso ea Allah ebe le eena) li loanneng?
Karabo- Ntoa ea Badr e kholo.
Ntoa ea Uhud.
Ntoa ea merabe e ikopantseng.
Ntoa ea pulo ea Makkah.
Potso ea 27: Ke e feng ts'enolo ea ho qetela e mo fihletseng ea Korʼāne?
Karabo- Polelo ea Allah A Holimo-limo: (Ts'abang Letsatsi leo le tla khutlisetsoa ho Allah, ebe emong le emong o putsoa ho latela mesebetsi ea hae, ha ho ea tla hanyapetsoa 281) [Surah Al-Baqarah: 281].
Potso ea 28: Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o hlokahetse neng? A le lilemo li kae?
Karabo- O hlokahetse khoeling ea rabi'al-awwal, selemong sa leshome le motso o le mong sa ho falla, a le lilemo tse mashome a ts'eletseng le metso e meraro.
Potso ea 29: Bolela basali ba Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) ?
Karabo- 1- Khadijah bint Khuwailid (eka Allah A Ka thabisoa ke eena).
2- Saudah bint Zam'ah (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
3- Aishah bint Abu Bakr (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
4- Hafswah bint Umar (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
5- Zainab bint Khuzaimah (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
6- Ummu Salmah Hind bint Abi Umaiyyah (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
7- Ummu Habibah Ramlah bint Abi sufyaan (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
8- Juwairiyah bint Al-Haarith (eka Allah A ka thabisoa ke eena ).
9- Maimunah bint Al-Harith (eka Allah A ka thabisoa ke eena)
10- Swafiyyah bint Huyay (eka Allah A ka thabisoa ke eena).
11- Zainab bint Jahsh (eka Allah A ka thabisoa ke eena.
Potso ea 30: Ke bo mang bana ba hae (khotso ea Allah ebe le eena)
Karabo-Ba bararo ke bashanyana:
Al-Qaasim, o (khotso ea Allah ebe le eena ) ne a reneketsoa ka eena.
Le Abdullah.
Le Ibrahim.
Ba banana ke:
Fatimah.
Ruqayyah.
Ummu Kulthum.
Zainab.
Bana bohle ba hae ba tsoa ho Khadijah ntle ho Ibrahim, kaofela ba hlokahetse pele ho eena ntle ho Fatimah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) ea ileng a hlokahala likhoeli tse ts'eletseng kamor'a hae.
Potso ea 31: Bolela a mang a makhabane a semelo sa Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) ?
Karabo- E ne ele motho a mahareng banneng, a se mokhuts'oane a se molelele a le lipakeng feela. O ne a le mosoeu bo kopaneng le bofubelu (khotso le mahlohonolo a Allah a be le eena), a na le litelu tse ngata, mahlo a hae a le matenya, molomo o moholo o pharaletseng, moriri o mots'o haholo, mahetla a batsi a maholo, A nkha hamonate haholo le e meng ea mekhabo ea hae e khahlehang (khotso ea Allah ebe le eena).
Potso ea 31: Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o siile sechaba sa hae ka eng?
Karabo- O ba siile holim'a tsela e hlakileng, eo bosiu ba eona ekang lets'eare la eona, ha ho ea ka khelohang ho eona ntle ho ea lahlehileng 'me ha a (khotso ea Allah ebe le eena) siea letho la botle ntle le hore o tataiselitse ho bona kapa bobe ntle le hore o hlokomelisitse khahlanong le bona.
*******
Karolo ea Tafsir
Potso ea 1: Bala khaolo ea pula-maliboho u nt'o e hlalosa?
Karabo- khaolo ea pula-maliboho le tlhaloso ea eona:
(Ka lebitso La Allah Ea Mosa (Lereko) Ea Mohau 1 Lithoriso li lebisoe ho Allah 'mopi oa mafats’e ohle 2 Ea Mosa Ea Mpha 3 Morena Oa Letsatsi la Kahlolo 4 Ke Uena Eo re Mo rapelang ‘me ke Uena Eo re kopang thuso ho Eena 5 Re tataisetse tseleng e nepahetseng 6 Tsela ea bao U ba hlohonolofalitseng, eseng ba ka tlas’a khalefo ea Hau kapa ba lahlehileng 7) [Surah Al-Fatiha: 1-7]
Tlhaloso:
E bitsoa khaolo ea pula-maliboho hobane Allah O butse le ho qala buka ea Hae ka eona.
(Allah) ho bolela: Ea loketsoeng ke ho rapeloa, ha ho ea bitsoang ka lona lebitso lena ntle ho Eena.
(Ea Mosa) ho bolela: Ea nang le mohau o pharalletseng ho akaretsa lintho tsohle.
(Ea Mohau) ho bolela: Ea hauhelang balumeli.
Ho khothalelitsoe hore motho a re kamor’a ho e bala: (Ameen) ho bolela: Ak’u re arabe.
Potso ea 2: Bala khaolo ea Zalzalah u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Zalzalah le tlhaloso ea eona.
(Ha lefats’e le reketla ka ho reketla hoa ho qetela 1 Le ha lefats’e le utulla meroalo eohle ea lona 2 Teng motho o tla botsa a re: ke eng ka lona (lefats’e) 3 Letsatsing leo le tla bolela litaba tsohle tsa lona 4 Hobane Mookameli Oa hau O tla le senolela 5 Letsatsing leo batho ba tla hlahella ka mekhahlelo ho bonts’oa liketso tsa bona 6 Ea etsang botle ba boima ba kokonyana o tla bo bona 7 Ea etsang bobe ba boima ba kokonyana o tla bo bona 8) [Surah Az-Zalzalah: 1-8].
Tlhaloso:
Potso ea 3: Bala khaolo ea Al-Aadiyaat u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Aadiyaat le tlhaloso ea eona.
(Ka lipitsi tse mathang tse hemeselang 1 Tseo maotong a tsona ho qhomang litlhase 2 Tse tsometsang tlhaselo ka matjeke 3 Li ntse li tsosa lerole khabong 4 Li parola lebotho la lira ka lehare ele ngatana- ngoe 5 Ruri motho o hloka teboho ho Mookameli Oa hae 6 Ebile ke paki holim'a seo 7 O lehala leratong la leruo 8 Na ha a tsebe hore mohlang ho hlahellang pooaneng tse ka mabitleng 9 Ho utulloe tse ka lifubeng (tsa batho) 10 Ruri letsatsing leo Mookameli oa bona O tlabe A tseba tsohle tsa bona 11 [Surah Al-Aadiyaat: 1-11].
Tlhaloso:
Potso ea 4: Bala khaolo ea Al-Qaari'ah?
Khaolo ea Al-Qaari'ah le tlhaloso ea teng:
(Hora ea koluoa! 1 Ke eng hora ea koluoa 2 Ebe ke eng se tla le tsebisa ka hora ea koluoa 3 Ke letsatsi leo batho ba tla hasana joaloka lirurubele 4 Lithaba li tla ba joaloka boea bo phophomang 5 Eo sekala sa hae sa liketso tse ntle se tlang ho ba boima 6 O tla phela bophelo ba nyakallo 7 Empa eo sekala sa hae sa liketso tse ntle se tlang ho fokola (ka bobebe) 8 Lehae la hae ke lihele 9 Ebe ke eng e tla le tsebisa hore na hantle ke eng 10 Ke mollo o hlenneng 11 [Khaolo ea Al-Qaari'ah: 1-11].
Tlhaloso:
7- (O tla phela bophelo ba nyakallo 7) : O tla iphumana a le bophelong bo khotsofetseng boo a tlang ho bo thola leholimong.
Potso ea 5: Bala khaolo ea At-Takathur u e hlalose?
Karabo- khaolo ea At-Takathur le tlhaloso ea eona:
(Ho qothisana lehlokoa ka ho pokello ea maruo le menate ea lefats'e ho le khelositse. 1) (Ho fihlela le etela mabitla 2) (Che! Ese khale le tla tseba 3) (Che! ehlile ese khale le tla tseba 4) (Che! hoja le tseba ka tsebo e topileng (e hlakileng) 5) (Kannete le tla bona mollo oa lihele 6) (Ebe ruri le tla o bona ka mahlo a tiisetso e felletseng. 7) (Ebe ka letsatsi leo! ruri le tla botsoa ka mahlohonolo ao le ileng la a fuoa. 8) [Khaolo ea At-Takathur: 1-8].
Tlhaloso:
Potso ea 6: Bala khaolo ea Al-Asr u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Asr le tlhaloso ea eona:
(Ka nako 1) (Ruri motho o tahlehong 2) (Ntle le ba lumelang, ba etsang mesebetsi e lokileng, ba khothatsanang ho ema le ’nete, ba bile ba khothatsanang ho ba le mamello. 3) [Khaolo ea Al-Asr: 1-3].
Tlhaloso:
Potso ea 7: Bala khaolo ea Al-Humazah u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Humazah le tlhaloso ea eona:
(Ho malimabe motho emong le emong ea lulang a nyefola batho le ho ba senya ka lipuo 1) (Ea bokelletseng leruo, a bile a lula a le bala le ho le bokella ka makhetlo, a ikakhetse ka setotsoana ho lona. 2) (O nahana hore maruo a hae a tla mo phelisa ka hosafeleng 3) (Che! Le ha nyane. Ruri o tla akheloa kahar’a Mollo o bitsoang Al-Ḥuṭamah (o pshatlang le ho silakanya tsohle). 4) (Ke eng e tla le tsebisa ka mollo o pshatlang le ho silakanya tsohle? 5) (Ke mollo oa Allah o hotelitsoeng 6) (O qhomelang holim'a lipelo tsa batho 7) (Ruri o tla ba kupetsa 8) (Kahar'a lits'iea tse otlolohileng 9) [Khaolo ea Al-Humazah: 1-9].
Tlhaloso:
Potso ea 8: Bala Khaolo ea Al-Fil u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Fil le tlhaloso ea eona:
(Ha u ea bona kamoo Mookameli oa hau a sebelitseng beng ba tlou 1) (Ha A nyopisa morero oa bona na 2) ('Me A romela holim’a bona linonyana ka lihlopha tse latellanang. 3) (Ho ba furuletsa ka majoe a thatafetseng ho tsoa Sijjil 4) ('Me A ba etsa joaloka mahlaku a lijalo a jeoeng le ho silakanngoa ke liphoofolo. 5) [Khaolo ea Al-Feel:1- 5].
Tlhaloso:
Potso ea 9: Bala khaolo ea Al-Quraish u e hlalose?
Karabo- khaolo ea Al-Quraish le tlhaloso ea eona:
(Ka lebaka la selekane sa sechaba sa Quraysh (le tloaelo ea sona ea ho tsamaea le ho etsa khoebo ka polokeho). 1) (Ka lebaka la ho tloaela ha bona maeto a mariha le a lehlabula 2) (Ka hona, ba lokela ho rapela Mong’a Ntlo ena e Halalelang (Ka‘abah), (eleng Eena Ea ba fileng mahlohonolo ana ohle.) 3) (Ea ba fepang tlaleng le ho ba sireletsa matsoalong a bona 4) [Khaolo ea Al-Quraish: 1- 4].
Tlhaloso:
Potso ea 10: Bala khaolo ea Al-Maa'un le tlhaloso ea eona?
Karabo- Khaolo ea Al-Maa'un le tlhaloso ea eona:
(Na u bone ea latolang Letsatsi la Kahlolo 1) (Ke eena eo ea sutumetsang khutsana ka sehloho (a sa mo fe tokelo ea hae) 2) (Ea sa khothaletseng ho feptjoa ha mafutsana 3) (Ka hona, timelo le kotlo e bohloko li holim'a ba etsang thapelo. 4) (Ba sa tsotelleng lithapelo tsa bona 5) (Ba etsetsang ho bonoa 6) ("Ba hana ho alimana kapa ho fana ka lintho tse nyane tse thusang ba bang." 7) [khaolo ea Al-Maa'un: 1-7].
Tlhaloso:
3- (Ea sa khothaletseng ho feptjoa ha mafutsana 3) : Ha a ikhothaletse Eena kapa a khothaletse e mong ho fepa mafutsana.
Potso ea 11: Bala khaolo ea Al-Kauthar u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Kauthar le tlhaloso ea eona:
(Ruri Re u nehile Al-Kauthar 1) (Kahoo, rapela Mookameli Oa hau u etse mahlabelo 2) (Ruri, ea u hloileng ke eena ea tla khaoloa, a hloke molemo le khopotso e ntle. 3) [Khaolo ea Al-Kauthar: 1- 3].
Tlhaloso:
Potso ea 12: Bala khaolo ea Al-Kafirun u e hlalose?
Karabo- khaolo ea Al-Kafirun le tlhaloso ea eona:
(E re: Oho lona ba sa lumeleng 1) (Ha ke rapele seo le se rapelang 2) (Le lona ha le rapele seo ke se rapelang 3) (Ha nke ke ka rapela seo le se rapelang 4) (Etsoe le ke ke la rapela seo ke se rapelang 5) ( Tumelo ea lona ke ea lona 'me eaka ke eaka 6) [Khaolo ea Al-Kauthar: 1- 6].
Tlhaloso:
3- (Le lona ha le rapele seo ke se rapelang 3) : le lona ha le rapele seo 'na ke se rapelang, eleng Allah Ea inots'i.
5- (Etsoe le ke ke la rapela seo ke se rapelang 5) : le lona ha le rapele seo 'na ke se rapelang, e leng Allah Ea inots'i.
Potso ea 13: Bala khaolo ea An-Nasr u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea An-Nasr le tlhaloso ea eona:
(Ha thuso ea Allah le tlhōlo li fihla 1) (U bona lichaba li inehela tumelong ea Allah ka bongata-ngata 2) (Uena keteka lithoriso tsa Mookameli Oa hau, u kope ts'oarelo, hoba ke Eena Ea amohelang boinyatso ka pako Ea ts'oarelang 3) [Khaolo ea An-Nasr: 1- 3].
Tlhaloso:
Potso ea 14: Bala khaolo ea Al-Masad u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Masad le tlhaloso ea eona:
(Matsoho a Abi Lahab a timele, le eena a timele ka ho ts'oana 1) (Maruo a hae le bana ba hae ha ba mo tsoele molemo ka letho 2) (O tla fihla mollong o khanare ea lelakabe 3) (Le mosali oa hae, ea roallang patsi (ea hlohlelletsang bora le kotsi khahlanong le Moromuoa ﷺ).4) (Molaleng oa hae ke thapo e entsoeng ho tsoa sefateng sa palema e haretsoeng 5) [Khaolo ea Al-Masad: 1- 5].
Tlhaloso:
Potso ea 15: Bala khaolo ea Al-Ikhlaas u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Ikhlaas le tlhaloso ea eona:
(E re: Ke Allah, Ea Inots'i 1) (Allah Ea sa hlokeng letho). 2) (Ha A tsoale, ebile Ha A tsoaloa 3) (’Me ha ho le ea mong ea ts'oanang le Eena kapa ea ka lekanang le Eena. 4) [Khaolo ea Al-Ikhlaas: 1- 4].
Tlhaloso:
Potso ea 16: Bala khaolo ea Al-Falaq u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea Al-Falaq le tlhaloso ea eona:
(E re: ke kopa ts'ireletso ho Mong'a meso 1) (Khahlanong le bobe boo A bo hlolileng 2) (Le khahlanong le bobe bo tlang le lefifi 3) (Le khahlanong le bobe ba baloi ba bolulang ka mafitong 4) (Le khahlanong le bobe ba batho ba mona ha ba monela 5) [Khaolo ea Al-falaq: 1-5].
Tlhaloso:
Potso ea 17: Bala khaolo ea An-Naas u e hlalose?
Karabo- Khaolo ea An-Naas le tlhaloso ea eona:
(E re: ke kopa ts’ireletso ea Allah Mookameli Oa batho 1) (Morena Oa batho 2) (Molimo Oa batho 3) (Khahlanong le bobe ba lits’ebelo tsa satane 4) (Eena ea sebelang ka lifubeng tsa batho 5) (Ho libopuoeng tsa masabonoeng le batho 6) [Khaolo ea An-Naas: 1- 6].
Tlhaloso:
*******
Karolo ea Hadith
*Hadith ea pele:
Potso ea 1: Qetela hadith ena: <<Ruri liketso ke ka maikemisetso...>> , u bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho moeta-pele oa balumeli Abi hafs Umar bin Khattab (eka Allah A ka thabisoa ke eena) ea itseng: ke utloile Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) A re: <<Ruri liketso ke ka maikemisetso, efela batho bohle ba le holim'a seo ba ikemiselitseng sona, motho eo leeto la hae el Ioeng sebakeng sa Allah le Moromuoa oa Hae; efela leeto la hae e le ho Allah le Moromuoa oa Hae, eo leeto la hae eleng sebakeng sa molemo oa lefats'e oo a lakatsang ho o una kapa mosali eo a batlang ho mo nyala; efela leeto la hae le tla ba ho latela seo a se etetseng>>
Melemo ea hadith:
1- Ketso e 'ngoe le e 'ngoe e tlameha ho ba le maikemisetso, joalaka thapelo, boitimo, leeto la borapeli (hajj) le tse ling tsa liketso.
2- Maikemisetso a tlameha a hloeke a be sebakeng sa ho thabisa Allah A Inots'i.
*Hadith ea bobeli:
Potso ea 2: Qetela hadith ena <<Ea iqapelang litabeng tse tsa rona...>> , U bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho 'Mabalumeli 'm'e oa Abdullah Aishah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) ea ileng a re: Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena ) O itse: <<Ea iqapelang litabeng tse tsa rona se hlahang ka thoko, se tla latoloa se khutlisetsoe ho eena>>
Melemo ea hadith:
1- Ho hanana le boiqapelo (bid'ah) ka litsela tsohle litabeng tsa tumelo.
2- Liketso tsa boiqapelo li tla latoloa hobane ha li ea amoheleha tumelong ea rona.
*Hadith ea boraro:
Potso ea 3: Qetela hadith ena (Ha ntse re lutse le Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena ...) , U bolele melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Umar bin Khattab (eka Allah A ka thabisoa ke eena) ea ileng a re: Ha ntse re lutse le Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) ka le leng la matsatsi, ho ile ha hlaha ho rona monna ea apereng liaparo tse ts'oeu haholo feela, a moriri o mots'o haholo, ho sa bonahale ho eena sesupo sa motho ea tsamaileng leeto le le lelele, ho se ea mo tsebang har'a rona, eaba o lula mabapi le Moporofeta oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena), a atametsa mangole a hae pel'a mongole a hae (khotso ea Allah ebe le eena), a beha matsoho a hae holim'a lirope tsa hae (khotso ea Allah ebe le eena), a nt'o re: <<Oho Muhammad ak'u ntjoetse ka Islamo>>, a mo araba a re: <<Islamo: Ke ho phatlalatsa boinehelo ba hore ha ho molimo ea lokeloang ke ho rapeloa ntle ho Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Hae le ho etsa lithapelo, le ho fana ka Zakaah le ho itima ka khoeli ea Ramadhan le ho etela Ntlo ka hajj ho ea nang le bokhoni>>, a nt'o re: <<U nepile>>, re ile ra mo makalla hore o ntse a botsa ebile o ts'oaea ho nepa ka nako e ts'oanang, a botsa a re: <<Ntjoetse ka bolumeli ba lipelo>>, a mo araba a re: <<Ke ho lumela ho Allah le Mangeloi a Hae le Libuka tsa Hae le Barumuoa ba Hae le Letsatsi la Bofelo le taolo ea tsamaiso ea tsohle; botle ba tsona le bobe ba tsona>>, a boela a re: <<U nepile>>, a botsa a re: <<Ntjoetse ka botle bo hloekileng (Ihsaan)>>, a araba a re: <<Ke ho rapela Allah joalokaha eka u ntse u 'Mona leha u sa 'Mone tseba hore Eena O ntse A u bona>>, a tsoela pele a re: <<Ntjoetse ka hora ea ho qetela>>, a araba a re: <<Tabeng ena ea botsoang ha a tsebe ho feta ea botsang>>, a botsa a re: <<Ntjoetse ka mats'oao a eona (hora) >>, a araba a re: <<Ke ha mohlanka a tsoala mookameli oa hae, ke ha u bona balisana ba linku ba sotlehileng ba aparetsoeng ke tlhobolo ba qala ba se ba qothisana lehlokoa ka ho aha meaho e mekato e melelele>> eaba o ea nyamela, a nka nakoana, a (khotso ea Allah ebe le eena) nt'o botsa a re: <<Hela Umar! ana u ea tseba hore na ke mang ea ntseng a mpotsa lipotso?>> ka araba ka re: "Allah le Moromuoa oa hae ke bona ba tsebang>>, a nt'o re: <<Efela e ne e le Khabariele, o tlile ho tlo le ruta tumelo ea lona>>
Melemo e meng ea hadith:
1- Ho boletsoe lits'iea tse hlano tsa Islamo, eleng:
Phatlalatso ea boineheno ba hore ha ho molimo a lokeloang ke ho rapeloa ntle ho Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena).
Le ho etsa lithapelo (As-Salaat).
Le ho fana ka Zakaah.
Le ho itima ka khoeli ea Ramadhan.
Le ho etela ntlo ea Allah e halalelang ka Hajj.
2- Ho boletsoe lits'iea tsa bolumeli, eleng tsena tse ts'eletseng:
Ho lumela ho Allah.
Le ho Mangeloi a Hae.
Le ho Libuka tsa Hae.
Le ho Baromuoa ba Hae.
Le ho Letsatsi la Bofelo.
Le ho taolo ea tsamaiso ea tsohle, ekaba botle ba tsona kapa bobe ba tsona.
Ho boletsoe ts'iea ea botle bo hloekileng, eona e 'ngoe, ke ho rapela Allah joalokaha eka u ea 'Mona leha u sa 'Mone u tsebe hore Eena O ntse A u bona.
4- Nako ea hora ea tsoho, ha ho ea e tsebang ntle ho Allah ea Holimo-limo.
Hadith ea bone:
Potso ea 4: Qetela hadith ena <<Ea phethahetseng har'a balumeli ka bolumeli ke...>>, U bolele melemo e meng ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Abu Hurairah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) ea itseng: Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ea phethahetseng har'a balumeli ka bolumeli ke: ea maits'oaro a babatsehang ho feta ba bang>>.
Melemo e tsoang ho Hadith:
1- Ho khothaletsa boits'oaro bo babatsehang.
2- Le hore ho phethahala ha boits'oaro ke sesupo sa ho phethahala ha bolumeli.
3- Le hore bolumeli bo ea eketseha ebile bo ea fokotseha.
Hadith ea bohlano:
Potso ea 5: Qetela hadith ena: <<Ea ikanang ntle le ka lebitso la Allah...>>, u bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Umar (eka Allah A ka thabisoa ke eena) hore Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ea ikanang ntle le ka lebitso la Allah; o phatlalalitse bohanyetsi ba tumelo kapa o ikhethetse melimo ea bohata>>.
Melemo ea Hadith:
- Ho ikana ntle le ka lebitso la Allah ha ho amohelehe.
- Ho ikana ka emong ntle le Allah Ea Holimo-limo ke ho kopanya Allah borapeling le melingoana, ke Shirk e nyane.
Hadith ea bots'elela:
Potso ea 6: Qetela hadith ena: <<Ha ho ea lumetseng har'a lona ha feela ke se ea ratehang ho eena...>>, u bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Anas (eka Allah A ka thabisoa ke eena), Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
- Lerato ho Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) le tlameha ho okamela lerato ho batho bohle.
- Sena ke sona bolumeli bo phethahetseng.
Hadith ea bosupa:
Potso ea 7: Qetela Hadith ena: <<Ha ho ea lumetseng har'a lona ha feela a sa ratele ngoan'abo (ka tumelo)...>>, u bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Anas (eka Allah A ka thabisoa ke eena), Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Molumeli o tlamehile ho ratela balumeli ba bang sohle se setle seo a ithatelang sona.
- Sena ke sesupo sa bolumeli bo phethahetseng.
Hadith ea borobeli:
Potso ea 8: Qetela Hadith ena: <<Ke ikana ka Eo bophelo baka bo leng matsohong a Hae! ...>>, u bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Sa'id (eka Allah A ka thabisoa ke eena), hore Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Boemo ba khaolo ea Al-Ikhlaas.
2- Le hore e lakana le bonngoe borarong ba Kor'ane.
Hadith ea borobong:
Potso ea 9: Qetela Hadith ena <<Ha ho bokhoni 'me ha ho matla ntle le ka Allah...>>, u bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Abu Moosa (eka Allah A ka thabisoa ke eena), Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Molemo o ka sehlohong oa mantsoe ana ke hore ke letlotlo ho tsoa matlotlong a Leholimo.
2- Mohlanka o hlobola bokhoni le bohlale ba hae, e be o its’etleha ka Allah Ea Holimo-limo A inots’i ka sohle.
*Hadith ea leshome:
Potso ea 10: Qetela hadith ena <<Kannete-nete 'meleng ho na le setho sa nama...>> U bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Nu'maan bin Bashir (eka Allah A ka thabisoa ke eena) ea itseng: ke utloile Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) a re:
Melemo ea Hadith:
1- Ho hloeka ha pelo ho netefatsa ho hloeka ha bokantle le bokahare.
2- Ho ela hloko le ho netefatsa ho hloeka ha pelo kaha e le ho hloeka ha motho.
Hadith ea leshome le motso o mong:
Potso ea 11: Qetela hadith ena: <<Eo polelo ea hae ea bofelo lefats'eng lena e leng: 'ha ho molimo ntle ho Allah'...>>, U bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Mua'adh bin Jabal (eka Allah A ka thabisoa ke eena) moo a reng: Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Boemo bo phahameng ba polelo ; ha ho molimo ntle ho Allah le hore mohlanka a ka kena Leholimong ka ho bua le ho latela (ka liketso) polelo ena.
2- Le boemo bo phahameng ba motho eo polelo ea hae ea bofelo lefats'eng eleng ; ha ho molimo ntle ho Allah.
*Hadith ea leshome le metso e 'meli:
Potso ea 12: Qetela hadith ena: Ha se molumeli ea nyefolang kapa ea rohakanang,...>>, U bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Abdullah bin Mas'ud (eka Allah A ka thabisoa ke eena) moo a itseng: Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Ho thibeloa ha lipuo tsohle tse lekunutung tsa lits'ebo, tse mpe tse hlohlonts'ang litsebe.
- Sebopeho sa molumeli se tsejoa ka lipolelo le lipuo tsa hae.
Hadith ea leshome le metso e meraro:
Potso ea 13: Qetela Hadith ena <<Se seng se bonts'ang ho phethahala ha Islamo ea motho ke...>> U bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Abu Hurairah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) moo a itseng: Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Ho tlohela se sa ameng motho litabeng tsa tumelo le tse ling tsa bophelo ba lefats'eng mona.
2- Ho tlohela se sa mo ameng ke sesupo sa ho phethahala ha Islamo ea hae.
Hadith ea leshome le metso e mene:
Potso ea 14: Qetela Hadith ena: <<Ea balang senoko bukeng ea Allah...>> , U bolele e meng ea melemo ea eona?
Karabo- Ho tsoa ho Abdullah bin Mas'ud (eka Allah A ka thabisoa ke eena): hore Moporofeta oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse:
Melemo ea Hadith:
1- Boemo bo phahameng ba ho bala Kor'ane.
2- Senoko se seng le se seng se na le moputso oa botle ka ho se bala.
*******
Karolo ea Maits'oaro a Islamo
Boits'oaro malebana le Allah Ea Holimo-limo:
Potso ea 1- ? “Motho o ba le boitšoaro bo botle joang ho Allah Ea Holimo-limo?”
Karabo- 1- Ka ho tlotlisa boholo ba Hae ka linako tsohle Eena Ea Holimo-limo ka lithoriso.
2- Ka ho Mo rapela le ho lumela ho Eena A le Inots'i, a sa Mo kopanye le melingoana ea bohata.
3- Ho ikobela melao le lipehelo tsa Hae.
4- Ho phema ho roba melao ea Hae.
5- Ho Mo leboha, le ho Mo tlotlisa ka lineo le matlotlo a ke keng a baloa Eena Ea Babatsehang Ea Phahameng.
6- Ho mamella liketsahalo tsohle tseo A li laotseng holim'a hae maphelong.
Boits'oaro malebana le Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) :
Potso ea 2: Motho o lokela ho ba le mekhoa efe ea tlhompho le boits'oaro bo botle ho Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena)?
Karabo- 1- Ho mo latela le ho ipapisa le mokhoa oa semelo sa hae.
2- Ho ikobela melao le likeletso tsa hae.
3- Ho phema ho roba melao le likeletso tsa hae.
4- Ho lumela ho sohle seo a se boletseng.
5- Ho phema boiqapelo kapa ho eketsa ho Sunnah (lithuto, litloaelo, meetlo le mekhoa ea hae ea bophelo) ea hae.
6- Ho mo rata ho feta mang kapa mang.
7- Ho mo hlomphela boemo bo phahameng ba hae tumelong le sechabeng le ho mo thusa ka litsela tsohle joaloka ho thusa ho phatlalatsa mekhoa ea bophelo ba hae tumelong.
Potso ea 3: Motho o lokela ho ba le mekhoa efe ea tlhompho le boits'oaro bo botle ho batsoali?
Karabo- 1- Ho ikobela litaelo tsa bona ha feela li se khahlanong le tsa Allah.
2- Ho sebeletsa batsoali.
3- Ho ba thusa ka tsohle tseo ba li hlokang.
4- Ho phethahatsa litlhoko tsa bona.
5- Ho rapella batsoali.
6- Ho bua le bona ka boikokobetso; polelo email ha e ea lumella malebana le bona: "achee!", ena ke e fokolang ka boima har'a lipuo le lipolelo (tse mpe tse bohloko tseo re ka li lebisang ho bona).
7- Ho lula re kopana le bona ka lifahleho tse elileng eseng tse soentseng tse hlokang khotso.
8- Ho se ba phahamisetse lentsoe ha re bua le bona, ho ba khahlisa, ho se ba time puo nako e telele, ho se ba bitse ka mabitso a bona, ke mpe ke re: 'M'e le Ntate.
9- Ke kopa tumello ea ho kena ho bona pele ke kena ka phaposing ea bona.
10- Ho ba meta matsoho le hlooho e le ho bonts'a lerato le tlhompho.
Boits’oaro mabapi le kaho ea likamano:
Potso ea 4: Nka aha likamano tsa baamani ka mokhoa ofeng?
Karabo- 1- Ho etela baamani ba akhang abuti kapa ausi oaka, malome kapa ‘mangoane oaka, rangoane kapa rakhali oaka le baamani ba bang.
2- Ho sebetsana le bona ka mofuthu lipolelong le liketsong le ho ba thusa moo ke khonang.
3- Joaloka ho ba teela mohala hore ke utloe na maphelo a bona a ntse a le boemong bofeng.
Boits’oaro malebana le lerato la boena tumelong ea Allah Ea Holimo-limo:
Potso ea 5: Ke tsela efeng eo ke tlamehang ho sebetsana le bana beso tumelong le metsoalle eaka?
Karabo- 1- Ke tlameha ho rata le ho ikamahanya le batho ba lokileng.
2- Ke its’eke thajana metsoalleng le bathong ba sa lokang.
3- Ke tlameha ho lumelisa metsoalle eaka ke ba ts’oare ka matsoho ha re lumelisana.
4- Ke ba etele ha ba kula ke ba kopele pholo.
5- Ke arabele motho ea thimolang.
6- Ke arabele memo ea hae ha a ‘memela ho mo etela.
7- Ke mo eletse ha a hloka likeletso.
8- Ke mo sireletse ha a hlokofatsoa, ke mo thibele ho hlokofatsa ba bang.
10- Ke ratele ngoaneso tumelong seo ke ithatelang sona.
11- Ke mo thuse moo a hlokang thuso eaka.
12- Ke se mo hlekefetse, ka lipolelo kapa liketso.
13- Ke boloke lekunutu la hae.
14- Ke se mo rohake kapa ho bua ka mefokolo ea hae bosieong ba hae, ke se mo khelle fats’e, ke se mo monele, ke se batlane le likoli tsa hae, ke se mo qhekelle.
Boits’oaro malebana le moahisane:
Potso ea 6: Eka khona boits’oaro malebana le moahisane e be bofeng?
Karabo- 1- Ke sebelisane ‘moho le moahisane ka lipolelo le liketso tse hantle, ke mo thuse ha a hloka thuso eaka.
2- Ke mo lakalletse katleho le mahlohonolo ha a thabile ka nako ea mekete le menyakoe kapa ka lenyalo le tse ling tsa ho keteka.
3- Ke mo etele ha a kula, ke mo khothatse ha a hlahetsoe ke litaba tse bohloko.
4- Ke mo arolele sejo seo ke se phehileng kamoo ke khonang ka teng.
Ke se mo hlekefetse ka tsela efeng kapa efeng, ekaba ka lipolelo kapa ka liketso.
6- Ke se mo hlokise khotso ka lerata le phahameng kapa ho tsomana le likoli le mefokolo ea hae, ke mamelle e meng ea mefokolo ea hae.
Boits'oaro malebana le kamohelo ea baeti:
Potso ea 7: Boits'oaro malebana le kamohelo e nepahatseng ea baeti ke bofeng?
Karabo- 1- Ke amohele pitso ea ea nkopang hore ke mo etele.
2- Ha ke batla ho etela motho e mong ke qale pele ka ho kopa tumello ho eena le ho beha letsatsi la ketelo.
3- Ke kope tumello pele ke kena ka tlung.
4- ke se liehe nakong e behiloeng ea ketelo.
5- Ke qobe ho sheba mahlong beng ba lelapa ('m'e le barali).
6- Ke amohele moeti ka kamohelo e mofuthu, ka sefahleho se elileng le ka mantsoe a monate a kamohelo.
7- Ke abele moeti sebaka se khethehileng sa ho lula.
8- Ke mo amohele ka lijo le lino.
Mekhoa e metle le boits'oaro bo loketseng nakong ea ho kula:
Potso ea 8: Bolela mekhoa e metle le boits'oaro bo loketseng nakong ea ho kula le ha u etela ba kulang.
Karabo- 1- Ha ke utloa bohloko, ke beha letsoho la ka le letona sebakeng seo ke utloang bohloko ho sona, ebe ke re: «Ka Lebitso la Allah» makhetlo a mararo. Kamor’a moo ke re: «Audhu bi-Izatillahi wa qutratihi min sharri maa ajed wa uhaadhir» makhetlo a supileng.
2- Ke amohele boemo bo Allah A mpehileng ka tlas'a bona, e be kea mamella.
3- Ke tatele ho etela ngoaneso ea kulang, ke mo kopele pholo, ke se nke nako e telele haholo ke lutse le eena.
4- Ke mo phahamise ntle le hore eena a kope hore ke mo phahamise.
5- Ke mo eletse ka ho mamella le ho kopa ka lithapelo le ho boloka bohloeki ho latela kamoo a khonang.
6- Thapelo ea ho kopela mokuli pholo ke: «As-alullahal adoim Rabbal Arshil adoim ay yashfik» e bolelang <<Ke kopa Allah Ea Moholo-holo Mookameli Oa terone e kholo A u folise>> ka makhetlo a supileng.
Boits’oaro malebana le ho batlana le tsebo:
Potso ea 9: Bolela hore boits’oaro malebana le ho batlana le tsebo ke bofeng.
Karabo- 1- Ho ikemisetsa ho khahlisa Allah Ea Matla Ohle A Inots’i.
2- Ke sebelise tsebo e ke ithutileng ka nepo.
3- Ke hlomphe morupeli boteng ba hae le bosieong ba hae.
4- Ke lule kapel’a hae ka boitlhompho.
5- Ke mo mamele ka hloko ha a ntse a ruta ke se mo kene hanong.
6- Ke mo botse lipotso ka hlompho.
7- Ke se mo hoelehetse ka lebitso la hae.
Boits’oaro malebana le tulo ea kopano.
Boits’oaro tulong ea kopano ke eng?
Karabo- 1- Ke lumelise bohle ba tulong ea kopano.
2- Ke lule moo tulo ea kopano e fellang, ke se emise emong tulong ea hae kapa ke kene lipakeng tsa batho ba babeli ntle le tumello ea bona.
3- Ke bule sebaka hore emong a fihlang a khone ho lula.
4- Ke se kenelle puo e tulong ea kopano ha ke fihla.
5- Ke kope tumello ke be ke lumelise pele ho tsoa tulong ea kopano.
6- Nakong eo tulo ea kopano e qhalanang ke etse thapelo, ke kopele mohau le ts’oarelo bohle ba teng. (Ka tsela e latelang) : <<Khanya ebe ho Uena Oho Allah! Ke ikana ka hore ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa ntle ho Uena, ke kopa ts’oarelo ho Uena ebile ke khutlela ho Uena ka Pako.>>
Boits’oaro malebana le boroko (ho robala):
Potso ea 11: Bolela mekhoa e metle ea ho robala.
Karabo- 1- Ke robale kapele (ka nako).
2- Ke robale ke le bohloeking.
3- Ke se robale ke paqame ka mpa.
4- Ke robale ka lehlakore le letona ke behile letsoho le letona tlas’a lerama le letona.
5- Ke tlhotlhore likobo le mealo pele ke robala.
6- Ke bale lithapelo tsa pele ho robaloa tse kenyelletsang temana ea Setulo (Ayatul Kursi), khaolo ea Al-Ikhlaas (makhetlo a mararo) le likhaolo tse peli tsa ho qetela tsa Kor'ane (tsa kopo ea ts’ireletso) ka makhetlo a mararo khaolo ka 'ngoe. Ke re: <<Ka Lebitso la Hau Oho Allah kea shoa ebile kea phela>>
7- Ke tsohe ke itokisetse ho rapela thapelo ea Al-Fajr.
8- Hang ha ke tsoha borokong ke re: <<Liteboho li lebisoe ho Allah, Ea re tsositseng kamor’a lefu le lenyane ‘me ho Eena ke moo re khutlelang>>.
Mekhoa e metle ea lijo:
Potso ea 12: Ke o fe mokhoa o motle oa lijo?
1- Ke ikemisetse pelong eaka hore ka lijo le lino ke batla ho imatlafatsa hore ke khone ho phethisa melao ea Allah Ea Matla Ohle.
2- Ke hlatsoe matsoho ka bobeli pele ke ja.
3- E be ke re: “Ka lebitso la Allah”, joale ke je ka letsoho le letona lijo tse sebakeng se ka pel’aka, ke se je lijo tse bohareng ba sekotlolo sa batho ba jang le 'na kapa hona ho ja ka pel’a emong.
4- Ha ke ile ka lebala ho bitsa lebitso la Allah qalong ha ke ja ke re: “ Ka lebitso la Allah qalong le qetellong ea tsohle”.
5- Ke ananele lijo tse teng, ke se nyelise lijo, ha li nkhahla ke li je empa ha li sa nkhahle ke li lesele.
6- Ke je ka likhaohano tse nyane hantle, ke se je haholo.
7- Ke se hemele ka lijong kapa ka linong, ke li emele ho fihlela li theoha mocheso ke nt’o ja ke noe.
8- Ke je le ba bang ekaba ba lelapa leso kapa baeti.
9- Ke se qale ho ja pele ho motho e moholo ho 'na.
10- Ke bitse lebitso la Allah ha ke noa ‘me ke noe ke lutse fats’e ka mekhahlelo e meraro.
11- Ke lebohe Allah ha ke qetile ho ja.
Mokhoa oa kaparo:
Potso ea 13: Ke mekhoa e mekae ea ho apara?
Karabo- 1- Ke qala ho apara phahlo eaka ka lehlakoreng le letona, ke lebohe Allah ka seaparo sena.
2- Ha ke hohobise seaparo saka ka tlas'a maqaqailana.
3- Bana ba bashanyana ha ba tents’oe liaparo tsa banana le banana ha ba tents’oe liaparo tsa bashanyana.
4- Ho qoba ho its’oants’a le batho ba sa lumeleng tumelong ea Islamo (Kaffirun) le ba etsang liketso tse hlabisang lihlong (Faasiqun).
5- Ho bitsa lebitso la Allah nakong eo ke hlobolang liaparo.
6- Ho qala ka leoto le letona ha ke roala lieta le lets’ehali ha ke rola lieta.
Mokhoa oa ho palama:
Potso ea 14: Bolela mokhoa oa ho palama hore ke ofeng?
Karabo- 1- Ke re: <<Ka lebitso la Allah, liteboho li be ho Allah,>> (Khanya le tlotla ke tsa Allah, Ea re nolofalelitseng sena, athe re ne re ke ke ra khona ho se laola ka matla a rona 13 [khaolo ea Az-Zukhrufah:13,14]
2- Ha ke fetana le Lemoseleme, ke mo lumelise.
Boits’oaro ba tseleng.
Potso ea 15: Bolela mekhoa e metle ea ho its'oara tseleng?
Karabo- 1- Ke tsamaee ka khutso ke imametse, ke tsamaee ka letsohong le letona la tsela.
2- Ke lumelise bohle bao ke kopanang le bona.
3- Ke laole pono le mahlo aka, ke se hlekefetse mang kapa mang.
4- Ke khothaletse se nepahetseng, ke be khahlanong le se fosahetseng.
5- Ke hleke fats’e sohle se kotsi.
Mokhoa oa ho kena le ho tsoa ntlong:
Potso ea 16: Bolela mokhoa o motle oa ho kena le ho tsoa ntlong?
Karabo- 1- Ke tsoe ka leoto le lets’ehali ke re: (Ka Lebitso la Allah ke ts’epetse ho Allah, ha ho bokhoni le matla ntle le ka Allah, Oho Allah ke kopa ts’ireletso ho Uena hore ke se khelohe kapa ka khelosa, ke se thelle (phosong) kapa ka thellisa ba bang (phosong), ke se hanyapetse kapa ka hanyapetsa ba bang, ke se hloke kutloisiso kapa ka hlokisa ba bang kutloisiso.
2- Ke kena ka ntlong ka leoto le letona ke re: Ka lebitso la Allah re ts’abetse ho Eena, ka lebitso la Allah re tsoile, re lula re ts’epetse ho Mookameli Oa rona.
3- Ke qale ke hlatsoe meno e be ke lumelisa ba ntlo eaka.
Boits’oaro malebana le ho ithusa mohlabaneng:
Potso ea 17: Bolela hore na boits’oaro malebana le ho ithusa mohlabaneng ke bofeng?
Karabo- 1- Ke kena ka ntloaneng ea ho ithusa ka leoto le lets’ehali.
2- Pele ke kena ke re: <<Ka lebitso la Allah, Oho Allah! Ruri ke kopa ts’ireletso ea Hau khahlanong le lisatane tsa matloaneng tse ts’ehali le tse tona.>>
3- Ha ke kenye letho le ngotsoeng lebitso la Allah ka ntloaneng.
4- Ke its’ireletsa mahlong a batho ha ke ithusa.
5- Ha ke bue letho ha ke le sebakeng sa ho ithusa.
Ke se shebe qiblah kapa ho e furalle nakong eo ke ithusang ka mekhoa eohle.
7- Ke sebelisa letsoho laka le lets’ehali ho itlhoekisa lits’ila, ke se sebelise le letona.
8- Ke se ithusetse tseleng moo batho ba fetang kapa meriting moo ba phomolang.
9- Ke hlatsoe matsoho kamor’a ho ithusa.
10- Ke tsoe ntloaneng ka leoto le letona ke re: ke kopa ts’oarelo ho Uena (Allah).
Boits’oaro malebana le Masjid (ntlo ea thapelo) :
Potso ea 18: Bolela boits’oaro malebana le Masjid?
Karabo- 1- Ke kena Masjid ka leoto laka le letona ke re: <<ka lebitso la Allah, Oho Allah Ak’u mpulele mamati a mohau oa Hau>>.
2- Ke se lule fats’e pele ke rapela likoto tse peli tsa thapelo.
3- Ke se fete ka pel’a batho ba rapelang, ke se hoelehetse, ke se botse ka phoofolo eaka e lahlehileng, ke se rekise kapa ho reka ka Masjid.
4- Ke tsoe ka leoto le lets’ehali ha ke tsoa ka Masjid ke re: <<Oho Allah ke ikopela matlotlo a Hau>>.
Boits’oaro malebana le tumeliso (ea khotso):
Potso ea 19: Bolela boits’oaro malebana le tumeliso ea khotso?
Karabo- 1- Ha ke kopana le Lemoseleme ke qale pele ka tumeliso ke re: <<Khotso, mohau Le mahlohonolo a Allah li be le lona>> eseng ntle ho tumeliso kapa ho mo phahamisetsa letsoho feela.
2- Ke lumelise ka sefahleho se khanyang khotso.
3- Ke mo lumelise ke mo ts’oare ka letsoho le letona.
4- Ha ke lumelisitsoe ke arabe ka tumeliso e fetang kapa ka e lekanang le eo ke lumelisitsoeng ka eona.
5- Ha ke qale ho lumelisa motho eo eseng Lemoseleme ka tumeliso ea Salam empa haeba a ntumelisa, ke araba tumeliso ea hae ka e ts'oanang.
6- Ea monyane a lumelise a moholo, ea palameng a lumelise ea tsamaeang ka maoto, ea tsamaeang a lumelise ea lutseng fats’e, sehlopha se senyane se lumelise se seholo.
Mekhoa ea ho kopa tumello ea ho kena:
Potso ea 20- Bolela mekhoa ea ho kopa tumello ea ho kena?
Karabo- 1- Ke kopa tumello pele ke kena sebakeng.
2- Ke kopa tumello makhetlo a mararo e be kea tsamaea ha ke sa lumelloe ho kena.
Ke kokota monyako ka bobebe, ke se eme ka pel’a lemati, ke eme ka letsohong le letona kapa le lets’ehali.
4- Ke se kene ka kamoreng ea batsoali baka kapa motho e mong ke sa kopa tumello, haholo-holo pele ho thapelo ea Fajr le nakong ea phomolo kamor’a thapelo ea Dhuhr le kamor’a thapelo ea Isha.
Mekhoa ea ho ts'oara liphoofolo ka mosa le ka bonolo:
Potso ea 21: Bolela mekhoa ea ho ts'oara liphoofolo ka mosa le ka bonolo?
Karabo- 1- Ke fepe liphoofolo lijo le metsi.
2- Mohau le kutloelo-bohloko liphoofolong, le ho nena ho li imetsa ho feta matla le bokhoni ba tsona.
3- Ke se hlokofatse phoofolo ka mofuta ofeng kapa ofeng oa tlhokofatso kapa kotlo.
Boits'oaro malebana le boikoetliso ba 'mele:
Potso ea 22: Bolela hore ke efeng mekhoa e me tle ea boikoetliso?
Karabo- 1- Ke itherisetse ho matlafatsa 'mele ka boikoetliso lebakeng la ho latela melao le thato ea Allah ka bobebe.
2- Re emise papali ka nako ea thapelo.
3- Bashanyana ba se ikoetlise le banana.
4- Ke apare seaparo sa boikoetliso se patang likarolo tsa botho baka (aurah).
5- Ke nene boikoetliso le lipapali tse sa nepahalang, joaloka tse otlanang sefahlehong le tse behang pooaneng aurah ea motho.
Boits'oaro malebana le bosoasi le metlae:
Potso ea 23: Bolela hore ke mekhoa e fe e nepahetseng ea bosoasi le metlae?
Karabo- 1- Ho bua 'nete nakong ea bosoasi le metlae eseng leshano.
2- Bosoasi le metlae e senang ho kobisa, ho ts'ehisa ka batho, ho nyefola le ho hlokisa khotso.
3- Ho se etse metlae ka linako tsohle.
Boits'oaro malebana le ho thimola:
Potso ea 24: Bolela hore ke bofeng boits'oaro bo botle malebana le ho thimola?
Karabo- 1- Ho beha letsoho, phahlo kapa lesela molomong ha ke thimola.
2- Ke tlotlise Allah kamor'a ho thimola ke re: <<Alhamdulillah (liteboho li lebisoe ho Allah)>>.
3- Ea pel'a hae a arabe a re: <<yarhamuka-llah (Allah A u hauhele)>>.
Kamor'a moo ea thimotseng a khutle a re: <<yahdeekumu-llah wa yus'lih baalakum (Allah A u tataise A lokise litaba tsa hau)>>.
Boits'oaro malebana le ho ilimola:
Potso ea 25: Ke bofeng boits'oaro bo nepahetseng malebana le ho ilimola?
Karabo- 1- Ho leka ka litsela tsohle ho thibela ho ilimola.
2- Ho se phahamise lentsoe ka ho re: "Aahh" Aahh".
3- Ho beha letsoho holim'a molomo.
Mokhoa oa ho bala Kor'ane e Halalelang:
Potso ea 26: Bolela boits'oaro bo nepahetseng malebana le ho bala Kor'ane?
Karabo- 1- Ho bala Kor'ane ka bohloeki kamor'a Wudhu.
2- Ho lula fats'e ka hlompho le boikokobetso.
3- Ke kope ts'ireletso ho Allah khahlanong le Shaitan (satane) ha ke qala ho bala.
4- Ke bale ka kutloisiso le bohlokolosi.
*******
Karolo ea Boits'oaro
Potso ea 1: Bolela hore ke eng molemo oa mekhoa ea boits'oaro e babatsehang?
Karabo: Moromuoa (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Balumeli ba phethahetseng ka ho fetisisa tumelong ke ba nang le boits'oaro bo botle ka ho fetisisa.”>>
Potso ea 2: Ke hobaneng ha re tlameha ho ipapisa le mekhoa ea maits'oaro a Islamo?
Karabo- 1- Hobane ke lebaka le tlisang lerato la Allah Ea Holimo-limo.
2- Ke lebaka le tlisang lerato la batho le libopuoa tsohle.
3- Ke eona ntho e boima ho feta tsohle sekaleng sa liketso tse ntle.
4- Mekhoa e babatsehang e putsoa ka meputso e menahaneng.
5- Ke sesupo sa bolumeli bo phethahetseng.
Potso ea 3: Re ithuta boits'oaro bo botle hokae?
Karabo- ho tsoa kahar'a Kor'ane, Ea Holimo-limo O itse: (Kannete, Kor’āne ena e tataisetsa tseleng e nepahetseng ka ho fetisisa) [Khaolo ea Al-Isra'a: 9].
Ho tsoa ho sunnah ea Moromuoa (Khotso ea Allah ebe le eena): moo a itseng: <<Ruri, ke rometsoe ho tla phethahatsa mekhoa e metle ea boits'oaro.>>
Potso ea 4: Ke ofeng mokhoa o babatsehang o lokileng 'me o bonahala ka libopeho lifeng?
Karabo- Ho loka: Ke ho nahana ka boteng ba Allah ka linako tsohle le ho etsa tse ntle tse lokileng malebana le libopuoa.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: (Ruri Allah O hlolile ho loka (Al-ihsaan) linthong tsohle)
Ho tsoa libopehong tsa ho loka ke:
Al-Ihsaan malebana le borapeli ho Allah Ea Holimo-limo, ka ho Mo khetholla ka borapeli bo hloekileng A le Inots'i.
Al-Ihsaan malebana le batsoali, ka lipolelo le ka liketso.
Al-Ihsaan malebana le baamani le ba leloko.
Al-Ihsaan malebana le moahisane.
Al-Ihsaan malebana le likhutsana le mafutsana.
Ho etsetsa motho ea u entseng hampe molemo.
Ho loka nakong ea khanyetsano ea maikutlo.
Ho loka nakong ea ho bua.
Ho loka malebana le liphoofolo.
Potso ea 5: Ke eng e khahlanong le ho loka?
Karabo- Se khahlanong le ho loka ke ho etsa bobe.
*Mohlala : Ho tlohela ho etsa borapeli ba Allah ea Holimo-limo ka boinehelo bo hloekileng.
*Ho se hlomphe batsoali.
*Le ho khaola likamano tsa leloko..
*Ho phelisa moahisane ha bohloko.
*Le ho tlohela ho etsetsa mafutsana le bahloki molemo, le lintho tse ling tsohle tse mpe tsa lipolelo le liketso.
Potso ea 6: Bots’epehi (Al-Amanah) ke eng le lits’oants’o tsa bona?
1- Bots’epehi ts’ireletsong ea litokelo tsa Allah ea Holimo-limo.
lits’oants’o tsa teng: Bots’epehi ho phethahatsa borapeli joaloka Salah, Zakaah, boitimo, leeto la Hajj le tse ling tseo Allah A re laetseng ho li etsa.
2- Bots’epehi ts’ireletsong ea litokelo tsa libopuoa:
Ts’ireletso ea liriti tsa batho.
Le maruo a bona.
Le mali a bona.
Le makunutu a bona le tsohle tseo batho ba u ts’epelang tsona.
Allah Ea Holimo-limo A re Ha A hlalosa sebopeho sa ba atlehileng: (Bona ba elang hloko tseo ba li ts’epetsoeng le litumellano tsa bona le batho 8) [Khaolo ea Al-Muwminun 8].
Potso ea 7: Ke eng se khahlanong le bots’epehi?
Karabo- Boqhekanyets (Al-Khiyanah)i, e leng ho hatikela litokelo tsa Allah le tsa batho.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<mats’oao a moikaketsi a mararo>> har’a ona a bolela- <<ha a ts’epetsoe ntho e itseng o ea qhekanyetsa>>
Potso ea 8: Ke eng boits’oaro ba 'nete?
Karabo- Ke ho bolela taba ka tsela e lumellanang le ’nete kapa ho hlalosa ntho kamoo eleng kateng.
Libopeho tsa teng:
Ho sebelisa ‘nete ha ke bua le batho.
Ho sebelisa ‘nete litumellanong.
Ho sebelisa ‘nete lipolelong le liketsong tsohle.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ruri ’nete e isa bothong, ’me botho bo tataisetsa Leholimong. Kannete, motho o lula a bua ’nete le ho e khomarela ho fihlela a ngoloa har’a ba ts'epahalang haholo.>>
Potso ea 9: Ke eng e fapaneng le 'nete?
Karabo- Leshano, e leng se fapaneng le ’nete; ho akarelletsa ho thetsa batho, ho se phethe lits'episo le ho fana ka bopaki ba bohata.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Ruri leshano le tataisetsa sebeng, sebe sona se tataisetsa mollong, kahoo monna o tla tloaela ho sebetsa ka leshano ho fihlela a ngoloa ka pel’a Allah e le “ea leshano” >>
Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Mats’oao a moikaketsi a mararo>> -har’a ona a bolela hore- <<ha a qoqa o bua leshano, ha a ts’episitse o hlanohela litumellano>>
Potso ea 10: Bolela mefuta ea mamello?
Karabo- -Mamello ea ho ikoba thatong ea Allah Ea Holimo-limo.
-Mamello ea ho thiba ho etsa libe.
-Ho mamella liketsahalo tse bohloko tseo Allah Ea Phahameng A li lumelletseng le ho leboha Allah maemong ohle.
Ea Holimo-limo O itse: {Allah O rata ba mamellang 146} [Khaolo ea Ali-Imraan: 146].
Moporofeta (Khotso ebe le eena) o itse: << Ho ea makatsa boemong ba molumeli! Kaha, litaba tsohle tsa hae li molemo ’me sena ha se fumanehe ho motho leha e le ofe ntle le molumeli. Ha a hlaheloa ke thabo le katleho, o ea leboha ’me seo e ba molemo ho eena; ’me ha a hlaheloa ke mahlomola, o ea mamella, ’me seo le sona e ba molemo ho eena.>>
Ke eng se khahlanong le mamello?
Karabo- -Ke ho hloka mamello ea ho ikoba thatong ea Allah le ho hloka mamello ea ho nena libe le ho koatela liketsahalo tse (bohloko tse) etsahalang malebana le motho ka lipolelo le ka liketso.
Lits’oants’o tsa teng ke:
Ho labalabela lefu.
Ho ikotla marameng.
Ho itabolela liphahlo.
Ho phatlalatsa seo a imetsoeng ke sona.
Ho ithapella ho oeloa ke bobe.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Moputso o tsamaea le boholo ba teko, Allah Ha A rata batho O ba beha tekong, ea ananelang o fumana kananelo, ea khenang o fumana khalefo (ea Allah)>>
Bolela boits’oaro ba ts’ebelisano ‘ moho?
Karabo- Ke ho thusana ha batho har’a bona ho ts'ehetsana ’neteng le molemong.
Mefuta ea ts'ebelisano:
• Ho thusana ho khutlisetsa batho litokelo tsa bona.
• Ho sebelisana ho thibela kapa ho khutlisa motho ea etsang bokhopo.
• Ho sebelisana ‘moho ho thusana ka litlhoko tsa batho le mafutsana.
• Ho sebelisana ‘moho ho etsa tse ntle.
• Ho se sebelisane ‘moho ho etsa libe, ho hlokofatsa le ho rera bora.
Ea Holimo-limo O itse: {Me le thusane ho etseng botle le ho ba le ts’abo ea Allah ’me le se ke la thusana sebeng le tlōlong ea molao. Le ts'abe Allah; ruri, kotlo ea Allah ke e boima. 2} [Khaolo ea Al-Maaidah: 2].
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Molumeli ho molumeli e mong o ts'oana le moaho; karolo e ’ngoe ea oona e tiisa le ho ts'ehetsa e ’ngoe.”>>
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: Lemoseleme ke ngoan’abo Lemoseleme le leng; ha a mo fosetse ebile ha a mo lahle kapa hona ho mo tlohela a le mong. Ea thusang ngoan’abo ha a hloka thuso, Allah O tla mo thusa ha a hloka thuso. Ea imollang Lemoseleme le leng mahlomoleng a itseng, Allah O tla mo imolla mahlomoleng a mang a Letsatsi la Tsoho. Ea koaelang liphoso le mefokolo ea Lemoseleme le leng, Allah O tla koaela liphoso le mefokolo ea hae ka Letsatsi la Tsoho.>>
Potso ea 13: Ke mefuta efe ea boits'oaro ba lihlong?
Karabo- 1- Lihlong ho Allah: Eleng ho se etse libe le ho se tlōle litaelo tsa Hae, Ea Khanyang Ea Holimo-limo.
2- Lihlong ho batho: hona ke ho nena lipuo tse sa hloekang tse mpe le ho pepesa likarolo tsa botho.
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Bolumeli bo mefuta e mashome a supileng>> - kapa: <<mefuta e mashome a ts’eletseng>> - <<Mekhahlelong, o ka holimo-limo ke: polelo e reng: ha ho molimo o ts'oaneloang ke ho rapeloa ntle ho Allah, o ka tlaase-tlaase ke: ho tlosa ka tseleng se kotsi. Lihlong ke o meng oa mekhahlelo ea bolumeli>>
Potso ea 14: Bolela mefuta ea boitšoaro ba khauhelo?
Karabo- -Ho hauhela batho ba hōlileng le ho ba hlompha.
- Ho hauhela bana ba banyane le masea.
- Ho hauhela mafutsana, bahloki le bohle ba hlokang thuso.
- Ho hauhela liphoofolo ka ho li fepa le ho se li hlekefetse.
Mabapi le sena ke polelo ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) : <<U tla bona balumeli ka mohau lipakeng tsa bona, ka ho ratana, ka ho utloelana bohloko joaloka ‘mele o le mong, ha setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling li arabela ka ho se khone ho robala le ho chesa le ho fufuleloa.>>
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Ba hauhelang ba tla hauheloa ke Ea Mohau ka ho Fetisisa. Hauhelang ba lefats'e ’me Ea Maholimong O tla le hauhela.>>
Potso ea 15: Ke mefuta efe ea boits'oaro ba lerato?
Karabo- Lerato la Allah Ea Holimo-limo.
Ea Holimo-limo O itse: {Ba lumelang ke bona ba ratang Allah ka botebo leka ho fetisisa} [khaolo ea Al-Baqarah: 165].
Lerato la Moromuoa (Khotso ea Allah ebe le eena).
Eena (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ka Eo bophelo ba ka bo leng Matsohong a Hae, ha ho le ea mong ho lona ea ka bang molumeli oa ’nete ho fihlela ke eba moratuoa ho eena ho feta ntat’ae le ngoana oa hae.>>
Lerato la balumeli le ho ba ratela botle kamoo ke ithatelang botle.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ha ho ea lumelang ka ho phethahala ntle le ea ratelang ngoan’abo seo a ithatelang sona>>
Potso ea 16: Hlalosa hore na sefahleho se elileng ke se joang?
Karabo- Ke ho phuthuloha ha sefahleho ka thabo le ho bososela ka mosa e le ho bonts’a nyakallo ha motho a kopana le ba bang.
Ke se khahlanong le ho tiisa sefahleho malebana le batho eleng se ba lelekang haufi le motho.
Hona le Hadith tse supang bobabatsehi ba sefahleho se elileng, ho tsoa ho Abu Dharr (eka Allah A ka thabisoa ke eena) moo a itseng: Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse ho 'na: <<Se nyenyefatse letho liketsong tse ntle leha u ka kopana le ngoan’eno ka sefahleho se elileng se khanyang>>
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Ho bososela ha hao sefahlehong sa ngoana oeno ke sadaqah (monehelo oa mohau) ho uena.>>
Potso ea 17: Mona (lefufa) ke eng?
Karabo- Ke ho lakaletsa ho fela ha litlhohonolofatso tsa emong kapa ho hloea ha litlhohonolofatso li le matsohong a batho ba bang.
Ea Holimo-limo O itse: {Khahlanong le bobe ba ea mona ha a etsa mona 5} [Khaolo ea Al-Falaq: 5].
Ka Anas ibn Maalik (eka Allah A ka thabisoa ke eena), hore Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Le se ke la hloeana le se monelane le se furallane le beng bahlanka ba Allah - le beng bana ba motho tumelong>>
Potso ea 18: Ke eng ho ts’ehisa ka motho?
Karabo- Ke ho nyenyefatsa ngoan’eno oa Lemoseleme le ho mo nka hanyane hona ha ho ea lumelloa.
Ea Holimo-limo O itse khahlanong le seo: (Oho lona ba lumetseng! Sechaba se seng se se ke sa soma sechaba se seng; mohlomong bao ba ba somang ba molemo ho ba feta. Le basali ba se ke ba soma basali ba bang; mohlomong bao ba ba somang ba molemo ho bona. Hape le se ke la nyefolana kapa la nyatsana, ebile le se ke la bitsana ka mabitso a nyefolang. Ho hobe hakaakang hore motho a bitsoe ka lebitso la bokhopo kamor’a hore e be molumeli! Ba sa bakeng, ke bona bao eleng baetsi ba bokhopo.) [Khaolo ea Hujuraat:11].
Potso ea 19: Hlalosa hore na boikokobetso ke eng?
Karabo- Ke hore motho a se ipone eka o hantle ho feta batho ba bang, a se nyefole le ho nyenyefatsa batho, a se hanane le ‘nete.
Ea Holimo-limo O itse: {Bahlanka ba Ea Mohau o Moholo (Allah) ke bao ba tsamaeang holim’a lefats'e ka boikokobetso, bonolo le seriti.} [Khaolo ea Al-Furqaan: 63]. Ho bolela hore: ke ba ikokobelitseng.
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Ha ho ea ikokobetsang har’a lona ntle le hore Allah A mo phahamise>>
A re (Khotso ea Allah ebe le eena) : << Ruri Allah O senotse ho 'na hore le ikokobetse, ho fihlela ho se ea ikhants'etsang emong, ho se ea hatellang emong>>
Potso ea 20: Ke efeng mefuta ea boikakaso (ho ikhants'a) e sa lumelloang?
Karabo- 1- Ho ikakasa malebana le ‘nete, hona ke ho hanana le ‘nete le ho se e ananele.
2- Ho ikakasa malebana le batho, hona ke ho ba nyenyefatsa le ho ba nyefola.
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << A ke ke a kena Leholimong eo pelong ea hae honang le boima ba peo e nyane-nyane ea boikakaso>>. Eaba monna e mong o re: Kannete monna o rata ha phahlo ea hae e le ntle, lieta tsa hae li le ntle? A (Khotso ea Allah ebe le eena) mo araba a re: <<Ruri Allah O Motle O rata botle, Al-Kibr (boikakaso) ke: ho ikhants’etsa ‘nete, ho nyefola batho>>
Ho ikhants’etsa ‘nete: ho hanana le eona
Ho nyefola batho: ho ba nyenyefatsa
- Seaparo se setle le lieta tse ntle ha se tse bonts’ang boikakaso.
Potso ea 21: Bolela mefuta ea Al-Ghish (boqhekanyetsi) e sa lumelloang?
Karabo- Boqhekanyetsi thekisetsanong, ke ho pata sekoli sa tse rekisoang.
Boqhekanyetsi boithutong ba tsebo, joaloka ho qhekanyetsa ka ho qopitsa hoa baithuti lihlahlobong.
Boqhekanyetsi lipolelong, joaloka ho fana ka bopaki bo fosahetseng ba leshano.
- Ho se phethahatse seo u se buang le seo u lumellaneng ka sona le batho.
Ho thibeloeng ha thetso le bomenemene, ho tlalehoa hore Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o ile a feta haufi le qubu ea lijo tse rekisoang. A kenya letsoho la hae kahar’a eona ’me menoana ea hae ea ama mongobo. Eaba o re: “Ke eng see, morekisi oa lijo?” A araba a re: “Ke metsi a pula a ileng a li kolobisa, oho! Moromuoa oa Allah.” << Na u ka be u sa e beha kaholimo ho lijo, e le hore batho ba ka e bona? Ea qhekellang batho ha se oaka>>
Subrah ke: qubu e bokelletsoeng ea lijo.
Potso ea 22: Al-Ghibah (ho seba) ke eng?
Karabo- Ke ho bua ka ngoan’eno oa Lemoseleme ka seo a sa se rateng bosieong ba hae.
Ea Holimo-limo O itse: {Le se sebaneng, ana hona le ea ratang ho ka ja nama ea ngoan’abo a shoeleng? Joalo feela kaha le hloile ho etsa joalo ts’abang Allah, kannete Allah Ke Ea amohelang pako Ea Lereko 12} [Khaolo ea Al-Hujuraat: 12].
Potso ea 23: Hlalosa hore An-Namimah e bolelang?
Karabo- Ke ho tsamaisa litaba bathong ka maikemisetso a ho senya khotso lipakeng tsa bona.
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Ea tsamaisang litaba tse qabanyang a ke ke a kena Leholimong>>
Potso ea 24: Botsoa ke eng?
Karabo- Ke ho imeloa ke ho etsa liketso tse lokileng le tseo eleng setlamo ho li etsa.
Har’a tsona: Ho ba botsoa ho etsa liketso tse tlamang.
Allah Ea Holimo-limo O itse: {Ruri! Baikaketsi ba leka ho thetsa Allah empa ke Eena Ea ba khutlisetsang thetso ea bona. Ha ba ema ho ea rapela, ba ema ka botsoa, ba etsa joalo ele hore ba bonoe ke batho ’me ha ba hopole Allah haese hanyane feela.142} [Khaolo ea An-Nisa: 142].
Ke kahoo molumeli a ts’oanetseng ho tlohela botsoa, ho se iphathahanye ka letho le ho lula feela ho se seo a se etsang empa a tatele mosebetsing le ho phathahana ka matla le tjantjello bophelong ba lefats’e lena ka sohle se thabisang Allah Ea Holimo-limo.
Potso ea 25: Bolela mefuta ea ho khena?
Karabo- 1- Khalefo e tlotlehang: Ke khalefo e bang teng ka lebaka la Allah, ha ba sa lumeleng (Kuffar), baikaketsi (Munafiqun) kapa batho ba bang ba tlola le ho nyelisa melao le meeli eo Allah A e halalelitseng le ho e sireletsa.
2- Khalefo e nyatsehang: Ke khalefo e etsang hore motho a etse kapa a bue lintho tseo a sa lokelang ho li etsa kapa ho li bua.
Pheko khalefo e nyatsehang ke:
Ho etsa Wudhu (ho hlapa ha pele ho etsoa thapelo).
Ho lula fats’e haeba motho a eme, ho paqama fats’e haeba motho a lutse.
A ipapise ka keletso ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) boemong boo: << U se koate>>
A hatelle maikutlo a tlang ka matla a ho khena ha a koatile.
A kope ts’ireletso ho Allah khahlanong le Shaitaan ea lelekiloeng.
A thole tuu!
Potso ea 26: At-Tajassusu (bohloela) ke eng?
Karabo- Ke ho utulla le ho batlana le liphiri tsa batho le tseo ba li patileng.
Kahar'a lits’oants’o tsa bona (bohloela) tse thibetsoeng ke:
-Ho kena-kena le liphiri tsa batho ka matlong a bona.
- Ho mamela puo kapa moqoqo oa batho ba bang ka lekunutu, ba sa tsebe hore o ba mamela.
Ea Holimo-limo O itse: {Le se fuputsaneng mefokolo le liphiri...} [Khaolo ea Al-Hujuraat].
Potso ea 27: Ke eng ts’enyo (Israaf)? Bokhonatha (bukhl) bona ke eng? Mosa ona ke eng?
Karabo- Ts’enyo: ke ho sebelisa leruo moo le sa hlokeng ho sebetsa teng,
Se nepahetseng ke hoba lipakeng tsa ts’enyo le bokhonatha le hore Lemoseleme le be mosa.
Ea Holimo-limo O itse: {Bao ereng ha ba fana ha ba bake ts'enyo, ha ba etse bokhonatha, empa ba iphumana ba le lipakeng hantle 67} [Khaolo ea Al-Furqaan 67]
Potso ea 28: Ke eng bokoala (Al-Jubn)? Ho ba sebete (ash-Shujaa'ah) hona ke eng?
Karabo- Bokoala ke: Ho ts’aba boemong boo ho sa hlokahaleng ho ts’aba.
Mohlala ke ho ts’aba puo ea ‘nete le ho ts’aba ho khalema se fosahetseng.
Hoba sebete: ke ho topalla ‘neteng, mohlala ke ho kena mabaleng a ntoa ea jihad (boitseko) e le ho sireletsa Islamo le Mamoseleme.
Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) likopong tsa hae o ne a tloaetse ho re: <<Oho Allah ruri ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le bokoala...>>
Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) a re: <<Molumeli ea matla o feta ea senang matla ka pel’a Allah ebile o ea rateha ho feta, le ha botle bo le teng ho bona ka bobeli>>
Potso ea 29: Bolela tse ling tsa lipolelo tsa leleme tse sa nepahalang?
Karabo- - Mohlala ke ho bitsetsa motho e mong thohako le ho hlapaola.
Mohlala ka polelo ea e mong e reng “U phoofolo” kapa tse ling tsa lipolelo tse ts’oanang.
Kapa ho bua mantsoe a mabe a hlabisang lihlong.
- Tsena tsohle Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o li hanetse a re: << Lemoseleme ha se ea hlapaolang kapa ea bitsetsang batho thohako kapa ea buang lipuo tse lits’ila kapa ea buang lipuo tse senang lihlong>>
Potso ea 30: Bolela mabaka a ka thusang Lemoseleme ho ithuta ho its’oara ka maits’oaro a babatsehang?
Karabo- 1- Ho kopa ho Allah ho mo sitsa ka boits’oaro bo botle le ho mo thusa ho bo fihlela.
2- Ho ela hloko boteng ba Allah ka linako tsohle, le hore O tseba ka uena O ntse A u utloa O ntse A u bona.
3- Ho ikhopotsa meputso ea boits’oaro bo botle le hore ke le leng la mabaka ao batho ba amoheloang Leholimong.
4- Ho ikhopotsa litla-morao tsa boits’oaro bo bobe le hore ke le leng la mabaka ao batho ba lahleloang Mollong.
5- Boits’oaro bo botle bo atametsa lerato la Allah Ea Holimo-limo le lerato la libopuoa tsa Hae le hore boits’oaro bo bobe bo bitsetsa khalefong ea Allah le khalefong ea libopuoa tsa Hae.
6- Ho bala nalane ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) e le ho ipapisa mohlaleng oa bophelo ba hae.
7- Ho ipapisa le batho ba halalelang ba hloekileng le ho nena batho ba fosahetseng ba soto.
*******
Karolo ea likopo le lithapelo tsa boikhopotso (Al-Adhkar).
Potso ea 1: Ke o fe molemo oa thapelo ea boikhopotso?
Karabo- Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) o itse: <<Papiso ea motho ea ikhopotsang Morena Oa hae le ea sa ikhopotseng ke ho ts’oana le ea phelang le ea shoeleng>>
- Hona ke hobane ke sepheeo sa bophelo ba motho, ho latela kamoo a ikhopotsang Allah Ea Holimo-limo ka teng.
Potso ea 2: Bolela e meng ea melemo ea boikhopotso?
Karabo- 1- Ho thabisa Ea Mohau.
2- Ho leleka Shaitaan.
3- Lemoseleme le sireletsoa bobeng bo sollang.
4- Lemoseleme le fumana moputso ka hona.
Thapelo ea boikhopotso e ka holimo-limo ke efeng?
Potso ea 4: ke eng seo u se buang ha u tsoha borokong?
Karabo- « Alhamdulillahil ladhi ahyaana ba'ada maa amaatana, wa ileihin nushur» e bolelang: <<Tlotla e lebisoe ho Allah Ea re phelisang kamor’a hore A re phomotse lefung (le lekhuts’oane) , efela ho Eena e le moo re khutlelang>
Potso ea 5- Ke eng seo u se buang ha u apara seaparo sa hau?
Karabo- << Tlotla e lebisoe ho Allah Ea nkapesitseng seaparo sena, a nts'itsa ka sona ntle le bokhoni le matla ho tsoa ho 'na>>
Potso ea 6- Ke eng seo u se buang ha u hlobola seaparo?
Karabo- <<Ka lebitso la Allah>>
Potso ea 7: ke efeng thapeli ea kopo ea ho apara seaparo se secha?
Karabo- << Oho Allah tlotla ke ea Hau, Ke Uena Ea nkapesitseng seaparo sena, ke U kopa botle ba sona boo se bo etselitsoeng, ke kope ts’ireletso ea Hau bobeng ba sona le bobeng boo se bo etselitsoeng>>
Potso ea 8: Ke efeng kopo mabapi le motho ea apereng seaparo se secha?
Karabo- Ha u bona e mong a apere seaparo se secha u mo kopele u re: <<Eka u ka e apara ho fihlela e tsofala, Allah A nt’o u buseletsa>>
Potso ea 9: Bolela thapeli ea ho kena ka ntloaneng, eleng sebaka sa ho ithusa?
Karabo- <<Oho Allah ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le meea e mebe e metona le e mets’ehali>>
Potso ea 10: Ke efeng thapeli ea ho tsoa ka ntloaneng?
Karabo- <<ke ikopela ts’oarelo ho Uena>>
Potso ea 11: Ke eng seo u se buang pele u etsa Wudhu?
Karabo- <<Ka lebitso la Allah>>u
Ke efeng thapelo ea boikhopotso kamor’a wudhu?
Potso ea 13: Ke bofeng boikhopotso ha motho a tsoa ka ntlong?
Karabo- << Ka lebitso la Allah, ke ts’epetse ho Allah, ha ho bokhoni ha ho matla ntle le ka Allah>>
Potso ea 14: Ke efeng thapelo ea boikhopotso pele ke kena ka ntlong?
Karabo- << “Ka lebitso la Allah rea kena, ka lebitso la Allah re tsoile, re ts’epetse ho Mookameli oa rona” , e be motho o lumelisa ba teng ba lelapa>>
Potso ea 15: Ke efeng du’a (thapeli) ea ho kena ka masjid (ntlo ea thapelo) ?
Potso ea 16: Bolela du’a ea ho tsoa masjid?
Potso ea 17: Ke eng seo u se buang ha u utloa adhaan (pitso ea thapelo) ?
Karabo- Ke pheta kamor’a ea etsang adhaan, ntle le moo a reng: <<potlakelang thapelong>> le <<potlakelang katlehong>> ke fetola ke re: <<Ha ho bokhoni ha ho matla ntle ho Allah>>
Potso ea 18: Ke eng seo u se buang kamor’a adhaan?
E be u re: << Oho Allah Mong’a phatlalatso ena e phethehileng, le thapelo e tlang ho rapeloa, Ak’u fe Muhammad boemo ba ho buelella le boemo bo phahametseng bohle, U mo phahamisetse tulong e tlotlehang eo U mo ts’episitseng eona>>
U nt’o etsa likopo lipakeng tsa adhaan le iqaamah (phatlalatso ea ho qala ha thapelo) hobane du’a nakong eno ha e latoloe.
Potso ea 19: Ke li feng lithapelo tsa boikhopotso tseo ke li etsang hoseng le mantsiboea?
Karabo- 1- Ke bala temana ea Al-Kursi: (Allah, ha ho molimo ea lokeloang ke ho rapeloa ka nepo ntle le Eena. Ke Ea Phelang ka ho sa Feleng, Ea Iphelisang ka Boeena, Ea hlokomelang le ho tsamaisa tsohle. Ha A otsele kapa ho ts'oaroa ke boroko. Tsohle tse Maholimong le tsohle tse Lefats'eng ke tsa Hae. Ke mang ea ka buellang ho Eena ntle le ka tumello ea Hae? O tseba tse ka pel’a bona le tse kamor’a bona; ’me bona ha ba khone ho utloisisa letho la tsebo ea Hae, ntle le seo A ratang hore ba se tsebe. Setulo (Kursī) sa Hae se akaretsa Maholimo le Lefatše ’me ho li sireletsa ha ho Mo khathatse. Etsoe Ke Ea Holimo-limo, Ea Moholo ka ho Fetisisa. 255) [Khaolo ea Al-Baqarah: 255].
2- Ke bale: Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau. (E re: Ke Allah , Ea Inots'i 1 (Ea Itekaneng Ea sa hlokeng letho, (sets'abelo sa bohle) 2 (Ha A tsoala ebile Ha A tsoaloa) 3 (Ha ho ea ts'oanang le Eena 4 Ka makhetlo a mararo.
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau. (E re: Ke kopa ts'ireletso ho Mong'a meso 1 (Khahlanong le bobe boo A bo hlolileng 2 (Le khahlanong le bobe bo tlang le lefifi 3 (Le khahlanong le bobe ba baloi ba bolulelang ka mafitong 4 (Le khahlanong le bobe ba batho ba mona ha ba monela 5) Ka makhetlo a mararo.
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau. (E re: Ke kopa ts'ireletso ho Allah Mong'a batho 1 (Morena Oa batho 2 (Molimo Oa batho 3 (Khahlanong le bobe ba lits'ebo tsa Shaitan 4 (Eena ea sebelang ka lipelong tsa batho 5 (Ho masabonoeng le batho 6 Ka makhetlo a mararo.
Potso ea 20: Ke eng seo u se balang pele u robala?
Karabo- <<Ka Lebitso la Hau Oho Allah kea shoa ebile ke tla phela>>
Potso ea 21: Ke eng seo u se balang pele u ja lijo?
Karabo- <<Ka Lebitso la Allah>> Empa ha u lebetse qalong, u re: << Ka Lebitso la Allah qalong le qetelleng ea sena>>
Potso ea 22: U reng kamor’a ho ja lijo?
Karabo- <<Tlotla e lebisoe ho Allah Ea mphepileng lijo tsena, A nts'itsa ka tsona, ntle ho bokhoni kapa matla ho tsoa ho nna>>
Potso ea 23: Ke e feng thapelo ea kopo eo moeti a e etsetsang mong’a lijo?
Karabo- << Oho Allah hlohonolofatsa tsohle tseo U ba sitsitseng ka tsona, U ba ts’oarele, U ba hauhele>>
Potso ea 24: Ke eng seo motho ea thimolang a se buang?
Karabo- <<Tlotla eohle e lebisoe ho Allah>> Ea pel’a hae a arabe a re: <<Allah A u hauhele>> Eena a nt’o araba a re: << Allah A le tataise A lokise maemo a lona>
Potso ea 25: Ke eng seo u se balang ha u phahama u tsamaea tulong ea phutheho (kopano), “du’a ea kakaretso ea phuthehoo” ?
Karabo- << Lithoriso tsohle ke tsa Hau Oho Allah le tlotla eohle ke ea Hau, ke pakahatsa hore ha ho molimo emong ntle ho Uena, ke kopa ts’oarelo ho Uena ke ntse ke baka libeng tsaka>>
Potso ea 26: Ke e feng du’a ea ho palama?
Karabo- Ka Lebitso la Allah, tlotla eohle e lebisoe ho Allah {Lithoriso ho Allah Ea re bebofallelitseng sena, ka ha re ne re ke ke ra khona ho se laola 13 Ruri ho Mookameli oa rona ke moo re khutlelang 14} <<Tlotla eohle ke ea Allah, tlotla eohle ke ea Allah, tlotla eohle ke ea Allah, Allah O Moholo ho tsohle, Allah O Moholo ho tsohle,Allah O Moholo ho tsohle, Lithoriso ke tsa Hau Oho Allah, kannete ke hanyapelitse moea oaka, Ak’u nts’oarele hobane ha ho ea ts’oarelang libe ntle ho Uena>>
Potso ea 27: Ke e feng du’a ea leeto?
Karabo- << Allah O Moholo ho tsohle, Allah O Moholo ho tsohle, Allah O Moholo ho tsohle, {Lithoriso ho Allah Ea re bebofallelitseng sena, ka ha re ne re ke ke ra khona ho se laola 13 Ruri ho Mong'a rona ke moo re khutlelang 14}; Oho, Allah! Re kopa ho Uena leetong lena la rōna ho loka le borapeli le ho etsa mesebetsi eo U e khotsofallang. Oho, Allah! Re nolofalletse leeto lena la rōna ’me U re atametse haufi le sebaka sa lona. Oho, Allah! Ke Uena Molekane Oa rōna leetong ’me Ke Uena Mohlokomeli Oa ba setseng malapeng a rōna. Oho, Allah! Ke kopa ts'ireletso ho Uena mathateng le mahlomoleng a leeto, ponong e nyahamisang le phetohong e mpe mabapi le thepa le malapa a rōna.
Potso ea 28: Ke e feng thapeli eo ea leetong a e etsetsang ea sa eteng?
Karabo- <<Ke le siea tlhokomelong ea Allah Eena Ea sa lahleng bao A ba hlokometseng>>
Potso ea 29: Ke e feng thapeli eo ea sa eteng a e etsetsang ea etang?
Karabo- <<Ke beha ho Allah bolumeli ba hao, ts'epo ea hao le qetello ea mesebetsi ea hao.>>
Potso ea 30: Ke e feng thapeli ea ho kena sebakeng sa 'maraka?
Karabo- <<Ha ho molimo ntle ho Allah Ea Inots’i Ea senang molekane, borena bohle ke ba Hae, tlotla eohle ke ea Hae, ke Ea phelisang ke Ea nkang bophelo, Ea Phelang Ea sa shoeng, ka letsohong la Hae ke botle bohle, Ea nang le bokhoni ba ho etsa tsohle>>
Potso ea 31: Bolela thapeli e etsoang ha motho a koatile?
Karabo- << Ke kopa ts’ireletso ho Allah khahlanong le Shaitan ea lelekiloeng>>
Potso ea 32: Ke eng seo u se buang ho ea u etselitseng botle?
Karabo- << Allah A u putse ka botle>>
Potso ea 33: Thapelo e etsoang ha phoofolo kapa sepalangoang se thatafalloa ho tsamaea ke efe?
Karabo- <<Ka Lebitso la Allah>>
Potso ea 34: U re eng ha ho etsahetse se u thabisang?
Karabo- <<Tlotla eohle e lebisoe ho Allah Eo ka litlhohonolofatso tsa Hae tse ntle li phethahalang>>
Potso ea 35: U re eng ha ho etsahetse seo u sa se rateng?
Karabo- << Tlotla e lebisoe ho Allah maemong ohle>>
Potso ea 36: Ke o feng mokhoa oa ho lumelisa le oa ho araba tumeliso?
Potso ea 37: Ke e feng thapeli ea ha pula e na?
Karabo- << Oho Allah, (re nesetse) e lokileng e molemo>>
Potso ea 38: Ke e feng thapeli kamor’a ho na ha pula?
Karabo- << Re neselitsoe pula e le mpho le mohau oa Allah>>
Potso ea 39: Ke e feng thapeli nakong eo moea o fokang?
Karabo- << Oho Allah Ke U kopa botle ba moea ona, ke bile ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le bobe ba ona>>
Potso 40: Ke e feng thapeli nakong eo ke utloang letolo kapa maru?
Karabo- << Lithoriso ke tsa Allah Eo maru le letolo li rorisang tlotla ea Hae le Mangeloi ka ho Mo ts’aba le ho Mo hlompha>>
Potso ea 41- Thapelo e baloang ha u bona motho ea lekoang ke tsietsi ke efe?
Karabo- << Tlotla e lebisoe ho Allah Ea mphemisitseng ho seo u leng ka tlas’a teko ea sona, A nkhetholla har’a ba bangata bao A ba bopileng>>
Potso ea 42: Ke e feng du’a ea motho a ts’ohileng hore a ka ama se seng ka leihlo la takatso?
Karabo- Kahar’a Hadith: << Ha emong oa lona a bona seo a se ratang ho tsoa ho ngoan’abo kapa ho tsoa ho eena kapa ho tsoa leruong la hae seo a se ratang [a mo rapelle a mo kopele tlhohonolofatso] hobane leihlo la takatso le teng ka tieo>>
Potso ea 43: U rapella Moporofeta (khotso ea Allah ebe le eena) ka tsela e feng?
*******
Karolo ea tse ngata tse fapaneng
Potso ea 1: Ke e feng melao e ikemetseng e mehlano?
1- Al-waajib. (Se tlamang)
2- Al-mustahabb. ( Se ratehang).
3- Al-muharram (Se thibetsoeng)
4- Al-makruh (Se nyatsehang)
5- Al-mubaah (Se lumelletsoeng)
Potso ea 2: Hlalosa melao ena e ikemetseng e mehlano?
1- Al-waajib: joaloka lithapelo tse hlano ka letsatsi, ho itima ka khoeli ea Ramadhan le ho tlhompho ea batsoali.
Al-waajib (ntho e tlamang), motho ea e etsang o fumana moputso, ea sa e etseng o fumana kotlo.
2- Al-mustahabb: joaloka lithapelo tsa li-sunnah tse etsoang kamor’a lithapelo tse tlamang le thapelo ea bosiu le ho fepa ba hlokang le ho lumelisa. E bitsoa sunnah kapa mandub.
- Al-mustahabb ea e etsang o fumana moputso, ea sa e etseng ha a fumane kotlo.
Ho eloe hloko hore:
Lemoseleme le ts’oanela hore ha le utloa hore ketso kapa polelo ke sunnah kapa mustahabb a tatele ho e etsa, e le ho ipapisa le mekhoa ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena).
Al-Muharram (se thibetsoeng): joaloka ho noa joala, ho hanyapetsa batsoali le ho khaola likamano tsa lelapa.
Al-Muharram ea sa e etseng o fumana moputso, ea e etsang o fumana kotlo.
Al-Makruh: joaloka ho amohela kapa ho fana ka letsoho le lets’ehali le ho mena liaparo thapelong.
-Al-Makruh ea sa e etseng o fumana moputso, ea e etsang ha a fumane kotlo.
5- Al-Mubaah: joaloka ho ja apole le ho noa tee, e bitsoa: al-jaaiz (e lumelletsoeng) kapa al-halaal (e nepahetseng).
- Al-Mubaah ea sa e etseng ha a fumane moputso, ea e etsang ha a fumane kotlo.
Potso ea 3- Ke ofeng molao oa thekiso le ts’ebelisano ‘moho le batho?
Karabo- E tsebahalang lithekisetsanong le ts’ebelisanong ‘moho ke hore tsohle li nepahetse ntle le tse ling tseo Allah Ea Holimo-limo A laetseng hore ha li ea nepahala.
Ea Holimo-limo A re: {Allah O lumelletse thekisetsano ‘me A hanela ribaa (tsoala) } [Khaolo ea Al-baqarah: 275].
Potso ea 4: Bolela e meng ea mefuta ea ts’ebelisano ‘moho le thekisetsano e sa nepahalang?
1- Al-ghish (Boqhekanyetsi), har’a tsona ke: ho pata liphoso tse teng thepeng e rekisoang.
Ho tsoa ho Abu Hurairah (eka Allah A ka thabisoa ke eena), hore Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o ile a feta subrah- ho boleloa: mohlohlolo oa lijo, a kenya letsoho ka har’a mohlohlolo oo, ke ha a kopana le mongobo menoaneng. A botsa mong’a lijo a re: ke eng hoo Mong’a lijo? Eena a araba a re: leholimo le li amme Oho Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena). Eaba o re ho eena: << Hobaneng u sa beha tseo ka holimo hore batho ba li bone? Ea qhekanyetsang ha ke ikamahanye le eena>>
2- Ribaa: e meng ea mehlala ea teng ke ha ke nka sekete sa chelete mothong emong ka sekoloto ka tumellano ea hore ke tl'o khutlisa chelete e se e le likete tse peli.
Phahello e ka holim’a sekete ke eona ribaa e sa lumelloang. Ea Holimo-limo O itse: {Allah O lumelletse thekisetsano a hanela ribaa} [Khaolo ea Al-Baqarah: 275].
3- Al-gharar le al-jahaalah: joalokaha nka rekisa lebese le theleng ea nku kapa tlhapi e ka metsing feela ke so e chehe ka e pitla.
Ho tsoa ho Hadith e reng: ( Moromuoa oa Allah (Khotso ebe le eena) o hanetse thekisetsano ea al-gharar)
Potso ea 5: Bolela tse ling tsa litlhohonolofatso tsa Allah holim’a hau?
Karabo- 1- Tlhohonolofatso ea Islamo, ka hobane ha u emong oa batho ba hanyetsang tumelo.
2- Tlhohonolofatso ea sunnah, hobane ha u emong oa batho ba iqapelang tumelong.
3- Tlhohonolofatso ea bophelo bo botle bo matlafetseng, ho tloha ka kutlo, ka pono, ka bokhoni ba ho tsamaea ka maoto le tse ling.
4- Tlhohonolofatso ea lijo le lino le liaparo.
Allah O re sitsitse ka tsena tsohle tse ngata tseo re sitoang ho li bala kapa ho li behela sekepele.
Ea Holimo-limo O itse: {Ha u ka leka ho bala litlhohonolofatso tsa Allah u ke ke oa qeta ho li bala. Ruri Allah Ke Ea Ts’oarelang Ea Lereko 18} [Khaolo ea An-Nahl: 18].
Potso ea 6: Ke eng se re tlamang litlhohonolofatsong? Ke ka mokhoa ofeng re tlamehang ho li lebohela?
Karabo- Se re tlamang ke: ho li lebohela ka ho rorisa le ho tlotlisa Allah ka leleme le ho tseba hore ke Eena feela Ea nang le matlotlo. Le ho sebelisa litlhohonolofatso tsena ho tse thabisang Allah eseng tse khelohang melaong ea Hae.
Potso ea 7: Ke efeng mekete ea Mamoseleme?
Karabo- Ke mokete oa al-fitr le mokete oa al-ad’haa. - Joalokaha e le kahar’a Hadith ea Anas moo a reng: Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) o fihlile Al-Madinah a fumana batho ba teng ba na le matsatsi a mabeli ao ba ipapallang, a botsa a re: << ke eng ka matsatsi a a mabeli>>, ba re: re ne re tloaetse ho ipapalla matsatsing ana pele ho Islamo, Moromuoa oa Allah (Khotso ea Allah ebe le eena) a re: <<Ruri Allah O le khethetse a betere ho ana: ke letsatsi la al-d'haa le letsatsi la al-fitr>>
E meng ea mekete ea tumelo ntle le matsatsi ana ke mekete ea boiqapelo.
Potso ea 8: Ke efeng khoeli e betere ho tsohle?
Karabo- ke khoeli ea Ramadhan.
Potso ea 9- Ke lefeng letsatsi le betere ho ohle?
Karabo- ke letsatsi la Jumu'ah (Labohlano).
Potso ea 10: Ke lefeng letsatsi le betere ho ohle selemong?
Karabo- ke Letsatsi la Arafah.
Potso ea 11: Ke bofeng bosiu bo betere ho ohle selemong?
Karabo- ke bosiu ba Qadr (taolo ea tsohle).
Potso ea 12: Ke eng seo ke tlamehang ho se etsa ha ke bona motho e mo ts'ehali eo ke sa amaneng le eena?
Karabo: Ke tlameha ho sheba fats'e ke tlose mahlo aka ho eena, Ea Holimo-limo O itse: (E re ho balumeli; ba khelose pono ea bona (mabapi le basali ba sa amaneng le bona) ) [Khaolo ea An-Nur: 30].
Potso ea 13: Ke li feng lira tsa motho?
1- Ts'usumetso ea botho e fosahetseng: Hona ho etsahala ha motho a latela seo litakatso tsa botho tse fosahetseng li mo bitsetsang, e leng ho kheloha melaong ea Allah Ea Tlotlehang Ea Holimo-limo. Ea lokeloang ke lithoriso O itse: (Ruri moea oa motho o mo susumelletsa ho etsa bobe, ntle le eo Mong'a ka a mo hauhetseng. Kannete Mong'a ka ke Ea Ts'oarelang haholo, Ea Mohau o Moholo.) [Khaolo ea Yusuf: 53].
2- Shaitan: ke sera sa mor'a Adama, sepheo sa hae ke ho khelosa motho ka ho mo sebela le ho mo susumelletsa bobeng, hore a tle a qetelletse a kene mollong. Ea Holimo-limo O itse: (Le se lateleng mehlala ea Shaitan, ruri ke sera sa lona se hlakileng) [Khaolo ea Al-Baqarah: 168].
3- Metsoalle e fosahetseng: ba eletsang ka ho etsa bobe, ba khelosa ho se lokileng. Ea Holimo-limo O itse: (Metsoalle letsatsing leo e tla fetoha lira ntle le balumeli ba ts'abang Allah) [Khaolo ea Az-Zukhruf: 67].
Potso ea 14: Ke eng pako?
Karabo- Pako: Ke ho khutla le ho inyatsa ho tse sa nepahalang mahlong a Allah, ho khutlela tseleng ea melao ea Hae. Ea Holimo-limo O itse: (Ruri Ke Ea Ts'oarelang bohle ba bakang, ba lumela, ba etsa liketso tse lokileng, ba nt'o latela tataiso) [Khaolo ea Taha: 82].
Potso ea 15: Ke li feng lipehelo tsa pako e nepahetseng?
Karabo- 1- Ho hlobola sebe.
2- Ho ikoahlaha ka tse fetileng.
3- Ho tiisa ho se khutlele sebeng seo hape.
4- Ho khutlisetsa litokelo tsa batho ho beng ba tsona le tsohle tsa bohanyapetsi.
Ea Holimo-limo O itse: (Bao ereng ha ba entse se fosahetseng kapa ba ikhanyapelitse ba hopolang Allah, ba kopa ts'oarelo libeng tsa bona hoba ha ho ea ts'oarelang libe ntle ho Allah, ebe ha ba khutlele morao sebeng seo ba se entseng ka maikemisetso) (135) [Khaolo ea Ali-Imraan: 135].
Potso ea 16: Ho rapella Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) ho bolelang?
Karabo- Ho bolela hore u rapela ka kopo ho Allah hore A rorise Moporofeta oa Hae (Khotso ea Allah ebe le eena) libopuoeng tse Maholimong a holimo.
Potso ea 17: Subhanallah e bolelang?
Karabo- Tasbīḥ ke ho halaletsa Allah, Ea Halalelang le Ea Phahameng, ka ho Mo hloekisa le ho Mo tlosa bofokoling bohle, sekoling se seng le se seng, le bokhopong bohle..
Potso ea 18: Alhamdulillah e bolelang?
Karabo- Ke tlotliso ho Allah Ea Holimo-limo, le ho Mo hlalosa ka boleng le mekhabo eohle e phethahetseng.
Potso ea 19: Allahu Akbar e bolelang?
Karabo- E bolela hore: Ruri, Khanya e be ho Eena, Allah O Moholo ho feta ntho e 'ngoe le e 'ngoe, O phahame ka seriti ho feta tsohle, O Moholo ka boholo bohle, hape O matla le ho hlompheha ho feta ntho e 'ngoe le e 'ngoe.
Potso ea 20: Laa hawla wa laa quwwata illa billah e bolelang?
Karabo- E bolela: Ha ho bokhoni ba bahlanka ho tloha boemong ho isa ho bo bong kapa ona matla a hae nakong ea ho fetoha ha maemo ntle le ka thato le tumello ea Allah.
Potso ea 21: Astaghfirullah e bolelang?
Karabo- E bolela: Kopo ea mohlanka ho Mookameli oa hae hore A mo hlakolele le ho mo leballa sebe sa hae le ho Mo sireletsa likoling le ho mo pata mefokolo.
*******
Qetello
Qetellong ea tsena tsohle:
Lipotso tsena ke tse ling tse hlokahalang hore bo-ntat'a bana ba li hlalosetse bana nako le nako ho fihlela ba hola ba fihla lilemong tsa boikarabello ka lipolelo, liketso le bolumeli bo nepahetseng, ho holisa bana ka mokhoa ona ho betere ebile ho ba loketse le ho feta ho ba fepa lijo le ho ba apesa liaparo, Ea lokeloang ke lithoriso O itse: (Oho lona ba lumelang, its’ireletseng ‘moho le malapa a lona khahlanong le mollo, oo lihotetso tsa ona e leng batho le majoe ‘me o alositsoe ke Mangeloi a hloahloa a ts’epahalang, a sa etseng phoso ea ho se mamele litaelo tsohle tseo Allah A a laetseng sona ‘me a etsa sohle seo a se laetsoeng.) (6) [Surat at-Tahreem: 6]
Moromuoa oa Allah (khotso ea Allah ebe le eena) o itse: << Monna ke molisa oa ba ntlo ea hae, ke eena ea boikarabellong ba bohle ba tlas'a hae, mosali le eena ke molisa oa ba ntlo ea monna oa hae 'me ke eena ea ikarabellang holim'a bona>>
Eka Allah A ka fetisa lithapelo tsa rona ho moeta-pele oa rona Muhammad le ho ba lelapa la hae le ho balateli bohle ba hae.
Related books
All books
Seo Lemoseleme le sa lokelang ho hloka tsebo ka sona78 languagesSeo Lemoseleme le sa lokelang ho hloka tsebo ka sona
Buka ea (Seo Lemoseleme le sa lokelang ho hloka tsebo ka sona) ke buka e kholo le ea bohlokoa. Mantsoe a eona a ngotsoe ka enke ea tsebo le tlhaloso e hlakileng. E bolelletse lintho tseo ho seng molaong hore Lemoseleme le ka hloka tsebo ka tsona, ho tloha metheong ea ʿAqeedah (tumelo), melao ea Islam le botle ba mekhoa le boits'oaro. E ngotsoe ka mokhoa o hlophisitsoeng hantle le o hlakileng, o bonesetsang likelello tsa batho ba e balang, o tlisetsang lipelo khutso le khotso. E ntlafatsa kutloisiso, e lokisa liketso tsa motho, kahoo kannete e ba senotlolo sa pholoho, le tataiso ho motho ea…
Litsela tse molemo tsa bophelo bo thabileng85 languagesLitsela tse molemo tsa bophelo bo thabileng
Buka “Litsela tse Molemo bakeng sa Bophelo bo Thabileng” e ngotsoeng ke Sheikh Abdur-Rahman bin Nasser Al-Saʼdi e bua ka mabaka a thabo ea ’nete ho latela pono e tebileng ea tumelo. E tataisa ’mali ho fihlela khotso ea kahare ka tumelo le mesebetsi e metle, ho hopola Molimo, ho khotsofala, ho nahana ka litlhohonolofatso, mosa, ho itšetleha ka Molimo, mamello, le ho ananela litaba, ka mokhoa o motle o u fang ’mapa oa bophelo bo khutsitseng, bo lekantsoeng le bo thabileng leha bophelo bo na le ho phahama le ho theoha.
Lithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka Kakaretso.78 languagesLithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka Kakaretso.
Buka 'Lithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka kakaretso' ea Sheikh Abdul Aziz bin Abdullah bin Baz (Molimo A mo hauhele) ke molaetsa o mokhuts'oanyane o nang le molemo o moholo. Moetapele enoa o e ngotse hore e be phepelo ea tsebo bakeng sa Mamoseleme ohle, moo a ts'ohlileng metheo ea bolumeli le lits'iea tsa bona—ho tloha ho Tumelo ea Molimo A Le Mong (Tawhīd), Tumelo (Imān) le Islām. E akaretsa melao ea bohloeki (Tahārah) le thapelo (Salāh), mekhoa e metle ea boits'oaro ea Islam le ho hlakisa litemoso khahlanong le borapeli ba lits'oants'o (Shirk) le libe. E ngotsoe ka tsela e bonolo le e…
Tlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta71 languagesTlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta
Islam Buka e bohlokoa e nang le tlhaloso e khutšoane ea Islam e bontšang qaleho ea eona, lithuto le melemo ho tsoa mehloling ea eona ea pele e leng Qur’an le Sunnah ea Moporofeta. Buka ena e ngoletsoe bohle bao ka molao ba nang le bokhoni ba boikarabello, e le Mamoseleme kapa e se Mamoseleme ka ho tšoana, ka lipuo tsa bona ka ho fapana, ka linako tsohle le libaka tsohle, ho sa tsotellehe phetoho ea maemo. (Sengoliloeng se fanang ka “bopaki” bo tsoa ho Qur’an e Halalelang le Sunnah ea Moporofeta) 1- Islam ke molaetsa oa Allah ho batho bohle, ke molaetsa oa bolumeli oa linako tsohle, qetello ea…