Skip to content
Ho netefatsa le ho hlakisa lintho tse ngata tse amanang le Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qurʼan le Sunnah

Ho netefatsa le ho hlakisa lintho tse ngata tse amanang le Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qurʼan le Sunnah

Buka ena e hlalosa melao ea Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qur’an le Sunnah. E bonts'a mesebetsi e tlamang ea Hajj le Umrah, lintho tse thibetsoeng nakong ea ihram le mekhoa e metle ea ho etela Masjid oa Moporofeta hape e lemosa ka bid’ah (mekhoa e mecha ea boiqapelo e seng thuto ea bolumeli) liketsong tsena tsa borapeli

Language: lang_st
Prepared by: Abdul-Aziz bin Abdullah bin Baz
Version: 3.1

Tlhakisetso le Tlhaloso ea Litaba Tse Ngata Tse Amanang le Hajj, Umrah le Ketelo ho ea ka Qur’an le Sunnah

Ka Mohlomphehi, Sheikh, Setsebi sa bolumeli ba Islam

Abdul-Aziz bin Abdullah bin Baz

Selelekela sa Mongoli

Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau

Thoriso eohle ke ea Allah, Morena oa lintho tsohle ’me qetello e ntle ke ea ba ts'abang Allah. Lithapelo le khotso li be holim’a Mohlanka oa Hae le Moromuoa oa Hae Muhammad le holim’a lelapa la hae le Barutuoa bohle ba hae.

Ho tsoelapele:

Lena ke lengolo le lekhutšoanyane le buang ka Hajj le ho hlalosa molemo oa eona le mekhoa ea eona e nepahetseng, le seo motho ea ikemiselitseng ho nka leeto la ho e etsa a lokelang ho se etsa, le ho hlalosa lintlha tse ngata tsa bohlokoa tse amanang le Hajj, ’Umrah, le ketelo ka bokhutšoane le ka ho hlaka. Ke entse lipatlisiso ho latela seo Lentsoe la Allah le Sunnah ea Moromuoa oa Allah (ﷺ) li se supileng, ke li bokelletse ke eletsa Mamosleme, le ho latela polelo ea Allah e reng: {’Me u hopotse, hobane kannete khopotso e thusa balumeli 55} [Al-Dhariyat: 55], Le polelo ea Ea Phahameng (Allah): {’Me (hopola) ha Allah A nka selekane ho tsoa ho ba fuoeng Buka, [ka hore]: 'Le lokela ho e hlalosetsa batho ’me le se ke la e pata…'} [Al Imran: 187]. Temana (ea Qurʼan) le polelo ea Ea Phahameng (Allah): {...’me thusanang ho lokeng le ho tšaba Allah...} [Al Maidah: 2].

Le ka se leng teng haditheng e nepahetseng ho tsoang ho Moporofeta ﷺ ha a ne a re: “Bolumeli ke keletso e tšepahalang (nasīhah),” a e pheta hararo. Ho ile ha botsoa: “Ho mang, Oho Moromuoa oa Allah?” A re: “Ho Allah, le ho Buka ea Hae, le ho Moromuoa oa Hae, le ho baetapele ba Mamosleme, le ho batho bohle ba bona” [1]. [1] E tlalehiloe ke Muslim nomorong ea (55).

Ho tlalehiloe ke Al-Tabarani ho tsoa ho Hudhayfa hore Moporofeta ﷺ o itse: “Mang kapa mang ea sa tsotelleng litaba tsa Mamosleme ha se e mong oa bona, 'me mang kapa mang ea sa tsoheng le ho robala e le moeletsi ea tšepahalang ho Allah, Buka ea Hae, Moromuoa oa Hae, baetapele ba Mamosleme, le sechaba sa bona ka kakaretso, ha se e mong oa bona” [2]. [2] E tlalehiloe ke At-Tabarani bukeng ea Al-Awsat ka nomoro ea (7469).

'Me Allah ke Eo ke Mo kopang hore A nketsetse molemo ka eona (buka ena le keletso eaka) hammoho le Mamoseleme le hore A etse boiteko bona e be bo hloekileng sefahlehong sa Hae se halalelang le hore e be lebaka la ho hapa katleho pel'a Hae lirapeng tsa thabo. Ruri, Ke Ea utloang le Ea arabang ’me Ke Eena Ea re lekaneng ’me Ke Moemeli Ea Molemo ka ho fetisisa.

Khaolo

Mabapi le bopaki ba tlamo ea Hajj le Umrah le ho potlakela ho li phetha

Ha sena se se se tsejoa, joale tsebang — Allah a nthuse ’na le lona ho tseba ’nete le ho e latela — hore Allah, Ea Phahameng le Ea Hlomphehang, o behile boikarabelo ho bahlanka ba Hae ba ho etsa Hajj ho ea Ntlong ea Hae e Halalelang, ’me O e entse e le e ’ngoe ea litšiea tsa Islam, Allah Ea Matla ʼOhle O re: {'Me Hajj (leeto la ho ea Makkah) ho ea Ntlong (Ka'bah) ke tlamo eo batho ba e kolotang ho Allah, ba ka khonang ho lefella litšenyehelo (tsa lipalangoang, lijo le bolulo); 'me mang kapa mang ea sa lumeleng [ke hore, ea latolang tlamo ea Hajj, joale eo ke mokhelohi], ruri Allah ha a hloke letho ho tsoa ho 'Alamin (batho le li-Jinn)} [Ali Imran: 97].

Le ho Sahih al-Bukhari le Sahih Muslim ho tlalehiloe ho tsoa ho Abdullah ibn Umar (Eka Allah A ka khotsofatsoa bona bobeli) hore Moporofeta ﷺ o itse: “Islam e ahiloe holim’a (lits'iea) tse hlano: ho bea bopaki hore ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ntle le Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah; ho etsa thapelo (Salah); ho fana ka Zakat; boitimo ka khoeli ea Ramadhan; le ho etela Ntlo e Halalelang ea Allah (Hajj)” [3]. [3] E tlalehiloe ke Imam al-Bukhari ka nomoro ea (8) le Imam Muslim ka nomoro ea (16).

’Me Sa‘eed o tlalehile bukeng ea hae ea Sunan hore Umar ibn al-Khattab (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) o itse: “Kannete ke ne ke se ke ikemiselitse ho romela banna metseng ena hore ba hlahlobe mang le mang ea nang le matla le bokhoni empa a sa ka a etsa Hajj, hore ba ba lefise jizyah (khafa ea batho bao eseng Mamoseleme ba phelang tlas'a ts'ireletso ea Mamoseleme). Ha se Mamoseleme, ha se Mamoseleme” [5]. [4] Ke hore: tjhelete e ngata. [5] E boletsoe ho Jami' al-Ahadith tlas'a nomoro ea (31221) e le e tsoang ho Sunan Sa'id bin Mansur, empa ha kea e fumana khatisong e teng hona joale.

’Me ho tlalehiloe ho tsoa ho Ali ibn Abi Talib (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) hore o itse: “Ea nang le bokhoni ba ho etsa Hajj empa a e tlohela, ha a na taba haeba a ka shoa e le Mojuda kapa Mokreste” [6]. [6] E tlalehiloe ke at-Tirmidhi ka nomoro ea (812).

’Me ho hlokahala hore ea s'o etse Hajj empa ana le bokhoni ba ho e etsa, a potlakele ho e etsa; ho ea ka moo ho tlalehiloeng ho tsoa ho Ibn Abbas (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) hore Moporofeta ﷺ o itse: “Potlakelang ho phetha Leeto la Borapeli (Hajj) — e leng mosebetsi o tlamang (Faridha) — hobane e mong le e mong oa lona ha a tsebe se ka mo hlahelang kamoso” [7]. [7] E tlalehiloe ke Abi Dawud ka nomoro ea (1732).

’Me hobane ho etsa Hajj ke setlamo e lokela ho etsoa hang-hang ho mang kapa mang ea nang le bokhoni ba ho e etsa; ho ipapisitsoe le moelelo o hlakileng oa polelo ea Allah Ea Matla ʼOhle e reng: {...'me Hajj (leeto la ho ea Makkah) ho ea Ntlong (Ka'bah) ke mosebetsi oo batho ba o kolotang ho Allah, e leng ba ka khonang ho lefella litšenyehelo (tsa lipalangoang, lijo le bolulo); 'me mang kapa mang ea sa lumeleng [ke hore, ea latolang Hajj, joale ke mokhelohi], ruri Allah ha a hloke leha e le mang oa 'Alamin (batho le majin)} [Ali Imran: 97] Polelong ea Moporofeta ﷺ ho khutbah (thuto) ea hae: “Lona batho, ruri Allah O entse hore Hajj ebe setlamo holim’a lona, kahoo e etseng” [8]. [8] E tlalehiloe Muslim ka nomoro ea (1337).

Ho tlalehiloe ho li-hadith tse bonts'ang hore Umrah le eona ke setlamo, har’a tsona ke:

Polelo ea Moporofeta ﷺ karabong ea hae ho Jibril nakong eo a neng a mo botsa ka Islam, o ile a re ﷺ: “Islam ke hore u pake hore ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke ho rapeloa ntle le Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah; u phethe thapelo, u fane ka Zakat, u nke leeto la Hajj ho ea Ntlong (Ka’bah) le ho etsa Umrah, u itlhoekise ho tsoa janābah (tšila e kholo), u phethe wudū’, ’me u itime ka khoeli ea Ramadhan” [9] E tlalehiloe ke Ibn Khuzaymah le al-Daraqutni ho tsoa ho hadith ea Umar ibn al-Khattab (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) ’me Al-Daraqutni o itse: “Sena se latela ketane e nepahetseng ea baphatlalatsi.” [9] E tlalehiloe ke Ibn Khuzaymah ka nomoro ea (1).

Har’a tsona: ke hadith ea Aisha (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) moo a ileng a re: “Oho Moromuoa oa Allah! Na basali ba lokela ho etsa jihad?” A re: “Ba na le jihad e se nang ntoa: e leng Hajj le Umrah” [10] “E tlalehiloe ke Ahmad le Ibn Majah ka ketane e nepahetseng (le ts'epahalang). [10] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1520).

Ha ho tlame ho etsa Hajj le Umrah bophelong bohle ntle le hang feela; ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ hadith e nepahetseng: “Hajj ke hang feela; mme ea mang kapa mang ea eketsang, ke ka boithaopo” [11]. [11] E tlalehiloe ke An-Nasa'i ka nomoro ea (2620).

Ho khothalletsoa hore motho a etse Hajj le ‘Umrah khafetsa ka boithaopo; hobane ho netefalitsoe ho li-Sahīh tse peli ho tsoa ho Abū Hurayrah (Allah A khahlisoe ke eena), hore Moprofeta ﷺ o itse: “‘Umrah ho ea ho ‘Umrah ke tšoarelo ea libe tse pakeng tsa tsona, ‘me Hajj e amohelehileng ha e na moputso haese Paradeise” [12]. [12] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1773) le Muslim ka nomoro ea (1349).

Khaolo

Tlamo ea ho baka libeng le ho lokisa ho hlokela ba bang toka

Ha Lemoseleme le ikemisetsa ho tsamaea ho ea Hajj kapa Umrah: ho khothaletsoa hore a siee taelo kapa keletso ho lelapa la hae le metsoalle hore ba ts'abe Allah Ea Matla ʼOhle, Ie ho etsa litaelo tsa Hae le ho qoba lintho tseo A li hanetseng.

Ho boetse ho lokela hore a ngole seo a nang le sona le seo a se kolotang ’me a be le lipaki holim’a seo. Hape ho mo tlama ho potlakela ho baka ka pako e tiileng (e ts'epahalang) libeng tsohle; ka lebaka la polelo ea Allah Ea Phahameng: {...le bakele ho Allah kaofela, lona balumeli, mohlomong le ka atleha} [An-Noor: 31].

’Nete ea pako ke: ho tlohela libe le ho li lahla, ho ikoahlaela tse fetileng ho tsona le ho ikemisetsa ka tieo hore a se ke a khutlela ho tsona hape. ’Me haeba a na le litokelo tsa batho ba bang tse amang batho ba bang—ekaba ka bophelo, chelete kapa tlotla—o lokela ho li khutlisetsa ho bona kapa a ba kope ts'oarelo pele a tsamaea; hobane ho tlalehiloe ka nepo ho eena ﷺ hore o itse: “Ea nang le khatello kapa tšenyo eo a e entseng ho mor’abo — ekaba ka thepa kapa ka seriti — a kope tšoarelo kajeno pele ho fihla letsatsi leo ho seng dinar kapa dirham. Haeba a e-na le mesebetsi e metle, ho tla nkuoa ho eona ho lekana le tlatlapo eo a e entseng. Haeba a sena mesebetsi e metle, ho tla nkuoa libe tsa eo a mo foselitseng ebe li behoa holim’a hae” [13]. [13] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (2449).

Ho boetse ho lokela hore a khethe bakeng sa Hajj le Umrah ea hae lits'enyehelo tse hloekileng tse tsoang leruong le halal (le lumelletsoeng); hobane ho tiisitsoe ka nepo hore Moporofeta ﷺ o itse: “Allah Ea Phahameng O Hloekile ’me Ha A amohele letho ntle le se hloekileng” [14]. [14] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1015).

’Me Al-Tabarani o tlalehile ho tsoa ho Abu Huraira (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) hore o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Ha motho a ea Hajj ka chelete e hloekileng le e halal, ’me a beha leoto la hae holim’a sepalangoang sa hae, ebe o re: ‘Labbayka Allahumma Labbayk (Ke nna enoa Mong’a ka, ke arabile pitso ea Hau),’ mohoeletsi ea tsoang leholimong o tla mo araba a re: ‘Labbayka wa sa‘dayk!(Pitso ea hau e amohetsoe ebile u lehlohonolo), Lijo tsa hao li halal (li lumeletsoe), sepalangoang sa hao se halal, ’me Hajj ea hao e amohetsoe, ha u na sebe.’ Empa ha motho a tsoa ka chelete e litšila le e haram (e sa lumelloang), ’me a beha leoto la hae holim’a sepalangoang sa hae, ebe o re: ‘Labbayka Allahumma Labbayk,’ mohoeletsi ea tsoang leholimong o tla re: ‘Ha ho Labbayk kapa sa‘dayk bakeng sa hao! Lijo tsa hao ke haram, litšenyehelo tsa hao ke haram, ’me Hajj ea hao ha e amoheloe’” [15]. [15] E tlalehiloe ke Al-Tabarani ho al-Kabir ka nomoro ea (2989).

Ho boetse ho lokela hore hajji (ea leetong la Hajj) a its'etlehe ka seo a nang le sona a se ke a its'etleha ka seo batho ba bang ba nang le sona ’me a its'oare hore a se ba kope; ka lebaka la polelo ea Moporofeta ﷺ: “'Me mang kapa mang ea ithibang ho kopa thuso ea lichelete ho ba bang, Allah o tla mo fa 'me a mo pholose ho kopeng ba bang, Allah o tla mo etsa hore a ikemele” [16]. [16] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1427) le Muslim ka nomoro ea (1035).

Hape ﷺ o itse: “Motho o tla tsoela pele ho kopa batho ho fihlela a tla ka Letsatsi la Tsoho mme ho ho tla be ho se na nama sefahlehong sa hae” [17]. [17] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro (1474), le Muslim ka nomoro (4040).

Mme ho tsʼoanetse hore Hajj a etse Hajj le Umrah ea hae ka sepheo le maikemisetso a ho batla sefahleho sa Allah le bophelo ba Bokamoso, le ho atamela ho Allah ka mantsoe le liketso tseo Allah A li ratang libakeng tseo tse halalelang. A boele a itlhokomele haholo hore a se ke a etsa Hajj ea hae ka lebaka la lefatše le maruo a lona, kapa ka boikakaso, ho batla thoriso le setumo, kapa ho ithorisa ka eona. Hobane tseo ke tse ling tsa merero e mebe ka ho fetisisa, ebile ke sesosa sa hore mesebetsi e senyehe le hore e se amoheloe, joalokaha Allah Ea Holimo-limo A boletse: {Ea batlang bophelo ba lefatše lena le mekhabiso ea lona, Re tla ba fa moputso oa mesebetsi ea bona ka botlalo lefatšeng lena, ’me ba ke ke ba fokoletsoa letho ho Lona 15 Bao ke ba se nang letho Bokamosong haese Mollo; ’me tsohle tseo ba li entseng lefatšeng lena li tla senyeha, ’me mesebetsi eo ba neng ba e etsa e tla ba lefeela 16} [Hud: 15–16].

Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Mang kapa mang ea lakatsang (monate) o fetang kapele (oa nakoana oa lefatsʼe lena), Re tla mo fa seo Re se batlang ho eo Re mo khethileng. Ebe, ka mor'a moo, Re mo lokisetsa Lihele, o tla cha teng a tlotlolohile, le ho lahloa (hole le Mohau oa Allah) [18] 'Me ea lakatsang Bophelo bo tlang, a bile a bo sebeletsa, kamoo a lokelang ho etsa ebile ele molumeli, bano ke bao boiteko ba bona bo tla ananeloa (bo amoheloe) 19} Al- Israa:(18-19)

’Me ho tlalehiloe ka nepo ho tsoa ho eena ﷺ hore o itse: “Allah Ea Phahameng O itse: 'Ke ’na Ea sa hlokeng balekane ho feta bohle. Ea etsang ketso a nkopanya le e mong ho eona, Ke mo tlohela hammoho le shirk ea hae'” [18]. [18] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (2985).

Hape ho tsʼoanetse hore leetong la hae a tsamaee le batho ba lokileng ba mamelang Allah, ba nang le taqwa (tšabo) le kutloisiso ea bolumeli; ’me a itlhokomele ho tsamaea le maoatla le baetsalibe.

Hape ho tsʼoanetse hore a ithute tseo a lokelang ho li etsa ho Hajj le Umrah ea hae, a be le kutloisiso ea tsona, ’me a botse ka tseo a sa li utloisiseng hore a be le tsebo e hlakileng. Ha a palama phoofolo ea hae, kapa koloi, kapa sefofane, kapa sepalangoang se seng, ho molemo hore a bitse Lebitso la Allah Ea Matla ʼOhle, a Mo rorise, ebe o re “Allahu Akbar” hararo, ’me a re: {...Khanya e be ho Ea re etselitseng sena, hobane re ne re ke ke ra khona ho iketsetsa sona ka borona 13 ’Me kannete re tla khutlela ho Morena oa rona 14} [Az-Zukhruf: 13–14].

“Oho Allah, re kopa Birr (ho loka) le Taqwa (tšabo ea hao) leetong lena la rona, mme re kopa liketso tse u khahlisang. Oho Allah, nolofatsa leeto la rona 'me u re lumelle ho fihla moo re eang teng kapele. Oho Allah, U Mohlokomeli leetong le Mosireletsi oa lelapa, Oho Allah, ke ipata ho uena mathateng a leeto, ho ba le phetoho ea lipelo le ho ba boemong bo bobe, 'me ke ipata ho uena ho tsoa liphellong tse mpe tsa leruo le lelapa” [19]; Sena se tlalehiloe ka nepo ho tsoa ho Moporofeta ﷺ; se tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho Ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona ka bobeli). [19] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1342).

Leetong la hae, o lokela ho atisa ho hopola Allah (dhikr), ho kopa ts'oarelo (istighfar), ho rapela Allah ka thapeli le boikokobetso, ho bala Qur’an le ho nahanisisa ka meelelo ea eona. Hape o lokela ho boloka lithapelo tsa jama‘ah (phutheho) ’me a sireletse leleme la hae ho bua haholo ka menyenyetsi le litaba tse sa mo ameng le ho kena-kenana le lintho tse sa mo ameng le ho feteletsa metlae. O boetse o lokela ho sireletsa leleme la hae khahlanong le leshano, ho seba, ho jala litaba tsa lits'ebo le ho soma balekane ba hae le banab’abo ba bang ba Mamoseleme.

Hape ho tsʼoanetse hore a etse botle ho balekane ba hae, a qobe ho ba utloisa bohloko, a ba laele botle, a ba thibele bobe ka bohlale le ka keletso e ntle ho latela bokhoni ba hae.

Khaolo

Seo motho ea leetong la Hajj a se etsang ha a fihla sebakeng sa mīqāt (sebaka sa ho kena ka har’a Ihram)

Ha a fihla mīqāt, ho khothaletsoa hore a hlape (ghusl) le ho sebelisa senkhisa ha monate; hobane ho tlalehiloe hore Moporofeta ﷺ o ne a hlobola liaparo tse rokiloeng ha a kena ka har’a ihram ’me a hlapa. Hape ho tiisitsoe ho Sahih tse peli, ho tsoa ho Aisha bint Abi Bakr (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) hore o itse: “Ke ne ke tloaetse ho tlotsa Moromuoa oa Allah ﷺ ka senkhisa ha monate bakeng sa ihram ea hae pele a kena ho eona le sebakeng sa ho tsoa ha hae ho ihram pele a etsa Tawāf a potoloha Ka‘bah” [20], ’Me o ile a laela Aisha bint Abi Bakr ha a ilela khoeli a le ka har’a ihram bakeng sa Umrah, hore a hlape ebe o kena ihram bakeng sa Hajj, ʼMe Moprofeta ﷺ a laela Asma bint Umays ha a belehile Dhul-Hulayfah hore a itlhatsoe, a itšireletse ka lesela (istithfār), ebe o kena ka har’a Ihrām [21], Sena se bontša hore mosali ha a fihla Mīqāt a le matsatsing kapa a le nifās (mali a kamora pelehi), o lokela ho itlhatsoa ebe o kena ka har’a Ihrām hammoho le batho. O etsa tsohle tseo hājji a li etsang ntle le tawāf ho potoloha Ka‘bah, joalo ka ha Moprofeta ﷺ a ile a laela Aisha bint Abi Bakr le Asma bint Umays ka teng. [20] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1539) le Muslim ka nomoro ea (1189). [21] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1218).

Ho boetse ho khothaletsoa hore motho ea batlang ho kena Ihrām (bakeng sa Hajj le Umrah) a hlokomele litelu tsa hae tse ka holimo ho molomo, manala, moriri oa ka tlase le moriri oa ka tlas’a mahafi, kahoo a tlose se hlokang ho tlosoa pele a kena Ihrām, hore a se ke a hloka ho etsa joalo kamora ho kena Ihrām hobane hoo ho thibetsoe ho motho ea leng ka har’a Ihrām. Hape hobane Moprofeta ﷺ o ile a behela Mamosleme molao oa ho hlokomela lintho tsena ka linako tsohle, joalo ka ha ho netefalitsoe ho Sahih al-Bukhari le Sahih Muslim, ho tsoa ho Abu Hurairah (Allah A khahlisoe ke eena) ea ileng a re: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Lintho tsa fitrah (tlhaho/tlholeho) ke tse hlano: lebollo, ho kuta moriri oa ka tlase, ho fokotsa litelu tsa ka holim’a molomo, ho kuta manala, le ho tlosa moriri o ka tlas'a mahafi” [22]. [22] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (5891) le Muslim ka nomoro ea (257).

Ho Sahih Muslim, ho tsoa ho Anas ibn Malik (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o itse: “Re ile ra fuoa nako e itseng bakeng sa ho kuta litelu tse ka holim'a molomo, ho khaola manala, ho hlotha moriri oa ka mahafing le ho tlosa moriri oa ka pele: hore re se ke ra e tlohela ho feta masiu a mashome a mane” [23]. [23] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (258).

’Me An-Nasa'i o e tlalehile ka mantsoe a latelang: “‘Moporofeta oa Allah ﷺ o ile a re behela nako e itseng’” [24], ’Me e tlalehiloe ke Ahmad, Abu Dawood le At-Tirmidhi ka mantsoe a ts'oanang le a An-Nasa'i. Ha e le hlooho, ha ho laeloe ho tlosa letho ho eona ha ho kenoa ho ihram, ebang ke ho banna kapa ho basali. [24] E tlalehiloe ke An-Nasa'i ka nomoro ea (14).

'Me haele litelu, ho li kuta kapa ho tlosa karolo efe kapa efe ea tsona ho thibetsoe ka linako tsohle. Ho fapana le hoo, ho lokela hore li tloheloe li hole li be ngata hobane ho netefalitsoe ho Sahih al-Bukhari le Sahih Muslim, hore Ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona ka bobeli) o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Fapanang le Mushrikoon (barapeli ba litšoantšo), lesang litelu tsa lona li hole li be ngata ’me le fokotse litelu tse ka holim'a molomo” [25]. 'Me Imam Muslim o tlalehile ho Sahih ea hae hore Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Fokotsang mustaches (litelu tse kaholim'a molomo), le tlohele litelu li hole li be telele le fapane le Majusi (Mag)” [26]. [25] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (2892) le ke Muslim ka nomoro ea (259). [26] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (260).

Kannete tlokotsi ke e kholo mehleng ena ka lebaka la batho ba bangata ba hanyetsang Sunnah ena le ho loantsʼa litelu, le khotsofalo ea bona ea ho tsʼoana le batho ba sa lumeleng le basali, haholoholo ba ipolelang hore ba amana le tsebo le thuto. ʼMe ho Allah ke moo re tsoang mme re tla khutlela ho Eena. Re kopa Allah hore a re tataise le Mamosleme ʼohle ho latela Sunnah, ho e khomarela, le ho bitsetsa ho eona, leha batho ba bangata ba e furalla. Allah O re lekane, mme ke eena ea molemo ka ho fetisisa ea laolang litaba, mme ha ho matla kapa bokhoni ntle le ka Allah , Ea Holimo-limo, Ea Moholo ka ho Fetisisa.

Ebe monna o apara izar le ridaa (lesela la mahetleng le la thekeng la ihram) ’me ho khothaletsoa hore li be ts'oeu, e be tse hloekileng. Hape ho khothaletsoa hore a kene ihram a roetse meqathatso; hobane Moporofeta ﷺ o itse: “E mong le e mong oa lona a kene ihram a apere izar le ridaa le meqathatso. Haeba a sa fumane meqathatso, a roale li-khuf (likausi tsa letlalo) ’me a li khaole ho fihlela li ba ka tlase ho maqaqailana” [27] E tlalehiloe ke Imam Ahmad رحمه الله. [27] E tlalehiloe ke Imam Muslim ka nomoro ea (1177).

Haele mosali, o lumelloa ho kena ihram a apere eng kapa eng eo a e batlang, e ka ba e nts'o kapa e tala kapa mebala e meng, empa o lokela ho qoba ho ts'oana le banna ka liaparo tsa bona. Leha ho le joalo, ha a lumelloe ho apara niqab (sekoaelo sa sefahleho se khethehileng) kapa liatlana tsa matsoho ha a le kahare ho ihram. Empa o lokela ho koahela sefahleho le matsoho a hae ka tsela e sa sebeliseng niqab kapa liatlana, hobane Moporofeta ﷺ o hanetse mosali ea kahare ho ihram ho apara niqab le ho roala liatlana. Ha e le batho ba bang ba tloaelehileng ba qollang botala kapa botsʼo bakeng sa Ihrām ea mosali, ha ho na motheo (ha ho bopaki ho eona).

Ho itlhatsoa le ho itlhoekisa le ho apara liaparo tsa ihram, ebe o etsa niyyah (maikemisetso) pelong ea hae ho kena ts'ebeletsong ea ibadah (khumamelo) eo a e batlang, e ka ba Hajj kapa Umrah; hobane Moporofeta ﷺ o itse: “Liketso tsohle li its'etlehile ka maikemisetso ’me motho e mong le e mong o tla fumana seo a se rerileng (seo a ikemiselitseng sona)” [28]. [28] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1), le ke Muslim ka nomoro ea (1907).

Ho khothaletsoa hore a bue ka molomo seo a se rerileng pelong. Haeba maikemisetso a hae e le Umrah, a re: “Labbayka Umratan” kapa “Allahumma Labbayka Umratan.” Haeba maikemisetso a hae e le Hajj, a re: “Labbayka Hajjan” kapa “Allahumma Labbayka Hajjan,” hobane Moporofeta ﷺ o entse joalo. Haeba a li rerile ka bobeli, a re: “Allahumma Labbayka Umratan wa Hajjan.” ’Me ho molemo hore a bue sena kamor’a hore a lule a tsitsitse holim’a seo a se palameng (e ka ba phoofolo, koloi kapa eng kapa eng e mo tsamaisang) hobane Moporofeta ﷺ o ile a qala talbiyah kamor’a hore a lule holim’a sepalangoang sa hae ’me a qala ho tloha miqat bakeng sa leeto. Sena ke maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa har’a litsebi tsa tsebo ea Islam.

Ha ho khothaletsoe hore a bue ka molomo seo a se rerileng ntle le tabeng ea ihram feela, hobane sena se tlalehiloe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ.

Haele thapelo (Salat), tawaf le mesebetsi e meng, ho lokela hore a se ke a bua ka molomo maikemisetso (niyyah) a tsona. Ka hona a se ke a re: “Ke ikemiselitse ho rapela e itseng le e itseng” kapa “ke ikemiselitse ho etsa tawaf e itseng.” Ho bua joalo ka mantsoe ke ntho e ncha e qapiloeng bolumeling e senang motheo bolumeling (bid’ah) ’me ho e phahamisa ka lentsoe ho hobe le ho feta ebile ke sebe se seholo. Haeba ho bua ka molomo niyyah ho ne ho le molaong, Moporofeta ﷺ a ka be a ile a e hlakisa le ho e bonts'a sechaba ka liketso kapa ka mantsoe a hae ’me batho ba pele ba lokileng (salaf as-salih) ba ka be ba se ba e etelletse pele.

Kaha taba ena ha ea fetisoa e tsoa ho Moporofeta ﷺ, kapa ho barutuoa ba hae (Allah a khahloe ke bona), ho hlakile hore ke ntho e ncha e qapiloeng (Bid'ah). Mme Moporofeta ﷺ o itse: “Lintho tse mpe ka ho fetisisa ke tse qapiloeng (tse ncha bolumeling) ’me bid’ah e ’ngoe le e ’ngoe ke ho kheloha” [29] E tlalehiloe ke Muslim bukeng ea hae e bitsoang Sahih Muslim, O boetse ﷺ o itse: “Mang kapa mang ea kenyang tabeng ea rona (ke hore bolumeli ba Islam) ntho e seng karolo ea eona, e tla latoloa” [30] Ho lumellanoa ka bonnete ba eona (ho al-Bukhari le Muslim). ’Me mantsoe a Muslim a baleha tjena: “Ea etsang ketso eo e seng karolo ea taba ena ea rona (Islam), e tla latoloa ho tsoa ho eena (ha e na amoheloa)” [31]. [29] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (867). [30] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (2697) le ke Muslim ka nomoro ea (1718). [31] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (2550) le ke Muslim ka nomoro ea (1718).

Khaolo Mabapi le li-miqat tsa sebaka le meeli ea tsona

Li-Miqat li hlano:

1. Dhul-Hulayfah: eleng miqat ea batho ba Madina ’me matsatsing ana batho ba e bitsa “Abyar Ali.”

2. Al-Juhfah: e leng miqat ea batho ba Sham, ke motse o senyehileng o haufi le Rabigh. Kajeno batho ba kena ka har’a ihram ho tloha Rabigh ’me ea keneng ihram ho tloha Rabigh o nkoa a kene ihram ho tloha miqat, hobane Rabigh e haufi haholo ho eona.

3. Qarn al-Manāzil: eleng miqat ea batho ba Najd ’me kajeno e bitsoa “as-Sayl.”

4. Yalamlam: eleng miqat ea batho ba Yemen.

5. Dhat ‘Irq: eleng miqat ea batho ba Iraq.

Libaka tsena tsa miqat li behiloe ke Moporofeta ﷺ bakeng sa bao re ba boletseng le bakeng sa mang kapa mang ea fetang ho tsona a tsoa libakeng tse ling, haeba a ikemiselitse ho etsa Hajj kapa Umrah.

'Me ke setlamo ho mang kapa mang ea fetang libakeng tsena ke hore a kene ihram ho tsona ’me ho thibetsoe hore a li fete a sa kena ihram haeba a ea Makkah a ikemiselitse Hajj kapa Umrah, ho sa tsotellehe hore na o feta ka tsela ea fatše kapa moeeng; hobane sena se akarelitsoe ke polelo ea Moporofeta ﷺ ha a beha li-miqat tsena: “Ke tsona (miqat) bakeng sa batho ba tsona le bakeng sa mang kapa mang ea fetang ho tsona a sa tsoe ho batho ba tsona, haeba a ikemiselitse ho etsa Hajj kapa Umrah” [32]. [32] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1524) le ke Muslim ka nomoro ea (1181).

’Me ho khothaletsoa hore mang kapa mang ea eang Makkah ka tsela ea moeeng a ikemiselitseng Hajj kapa Umrah a itokisetse ka ho itlhatsoa le tse ling tse joalo pele a palama sefofane. Ha a atamela miqat, a apare izar le ridaa tsa hae, ebe o etsa talbiyah bakeng sa Umrah haeba nako e le teng. Haeba nako e le nyane, a etse talbiyah bakeng sa Hajj. Haeba a se a apere izar le ridaa pele a palama kapa pele a atamela miqat, ha ho bothata empa a se ke a etsa niyyah ea ho kena ihram kapa ho etsa talbiyah ho fihlela a fihla haufi le miqat kapa a e feta. Hobane Moporofeta ﷺ ha a ka a qala ihram ntle le ho miqat ’me ke setlamo ho Ummah ho mo latela ﷺ litabeng tsena joaloka litabeng tse ling tsa bolumeli hobane Allah Ea Phahameng O itse: {Ruri le bile le mohlala o motle bakeng sa lona ho Moromuoa oa Allah…} [Al-Ahzab: 21] ’Me Moporofeta ﷺ nakong ea Hajjat ul-Wada’ o ile a re: “Nkang lits'ebeletso tsa lona tsa Hajj ho ’na” [33]. [33] E tlalehiloe ke Imam Muslim ka nomoro ea (1297).

’Me mang kapa mang ea eang Makkah a sa ikemisetsa Hajj kapa Umrah, joaloka mohoebi, motho ea bokellang patsi kapa ea tsamaisang mangolo (poso) le ba bang ba joalo, ha ho se mo tlamang kena ihram ntle le haeba a lakatsa joalo; ho latela hadith ea Moporofeta ﷺ e boletsoeng pejana ha ho buuoa ka miqat: “Ke tsona (miqat) bakeng sa batho ba tsona le bakeng sa mang kapa mang ea fetang ho tsona a sa tsoe ho batho ba tsona, haeba a ikemiselitse ho etsa Hajj kapa Umrah” [34], Moelelo oa eona ke hore mang kapa mang ea fetang miqat ’me a sa ikemisetsa Hajj kapa Umrah, ha a tlameha ho kena ho ihram. [34] E se e boletsoe moo e tsoang teng pele.

’Me sena ke mohau oa Allah ho bahlanka ba Hae le ho ba nolofaletsa litaba, kahoo re Mo rorisa le ho Mo leboha ka seo. Sena se boetse se tiisoa ke hore Moporofeta ﷺ ha a fihla Makkah selemong sa tlholo (Fath Makkah), ha a ka a kena ihram empa o ile a kena Makkah a apere helmete ea ntoa (mighfar) hobane ka nako eo o ne a sa ikemisetsa Hajj kapa Umrah empa o ne a ikemiselitse ho e bula le ho tlosa borapeli ba litšoantšo ho eona.

’Me mang kapa mang eo bolulo ba hae bo leng kahare ho miqat (kahare ho meeli ea tsona), joaloka baahi ba Jeddah, Umm al-Salam, Bahrah, al-Shara’i, Badr, Masturah le tse ts'oanang le tsona, ha a tlamehe ho ea ho efe kapa efe ea miqat tse hlano tse boletsoeng pele. Ho fapana le hoo, bolulo ba hae ke miqat ea hae, kahoo a kene ihram ho tloha moo bakeng sa Hajj kapa Umrah eo a ikemiselitseng eona. ’Me haeba a na le bolulo bo bong bo kantle ho miqat, o na le khetho: haeba a rata a ka etsa ihram ho tloha miqat kapa a ka e etsa ho tloha bolulong ba hae bo haufi le Makkah ho feta miqat. Sena se thehiloe polelong e akaretsang ea Moporofeta ﷺ ho hadith ea Ibn Abbas رضي الله عنه ha a bua ka miqat, o itse: “Bao ba lulang ka hare ho meeli eo, Ihlāl [35] ea bona e tsoa moo ba lulang teng, mme esita le baahi ba Makkah ba etsa Ihlāl ho tsoa Makkah” [36] E tlalehiloe ke al-Bukhari le Muslim. [35] “Famuhalluhu”: ho bolela ho qala ha hae ho etsa Talbiyah (Labbaik Allahumma Labbaik) ho tloha sebakeng seo a apereng Ihram ho sona. [36] Ke karolo ea hadith e boletsoeng pele.

Leha ho le joalo, mang kapa mang ea ikemiselitseng ho etsa ‘Umrah ha a ntse a le ka hara sehalalelo o lokela ho ea sebakeng se ka nqane ho libaka tse halalelang mme a nke Ihrām bakeng sa ‘Umrah ho tloha moo. Lebaka ke hobane ha ‘Ā’ishah (Allah A khahlisoe ke eena) a kopa ho etsa ‘Umrah, Moporofeta ﷺ o ile a laela moena oa hae ‘Abdur-Rahman hore a mo ntsʼe ka ntle ho sehalalelo ho nka Ihrām ho tloha moo. Sena se bontsʼa hore motho ea ikemiselitseng ho etsa ‘Umrah ha a lokela ho nka Ihrām ka hare ho sehalalelo, empa ho ena le hoo a e nke kantle ho sona.

Hadith ena e khetholla (e hlalosa ka ho khetheha) hadith e fetileng ea Ibn Abbas ’me e bonts'a hore sepheeo sa Moporofeta ﷺ ka polelo ea hae: “esita le batho ba Makkah ba etsa ihram ho tloha Makkah” [37], Ke hore ho kena ihram bakeng sa Hajj, eseng bakeng sa Umrah. Hobane haeba ho ne ho lumelloa ho kena ihram bakeng sa Umrah kahare ho Haram, Moporofeta ﷺ a ka be a ile a lumella Aisha (Allah A khahlisoe ke eena) ho etsa joalo le ho se qobellehe ho ea kantle ho meeli ea Haram. Sena se hlakile ’me ke maikutlo a bongata ba litsebi (jumhur ul-ulama), Allah a ba hauhele. Hona ke tsela e sireletsehileng ka ho fetisisa bakeng sa molumeli hobane e kenyelletsa ho sebelisa hadith tseo ka bobeli. ’Me Allah Ke Eena Ea fanang ka katleho. [37] E se e boletsoe moo e tsoang teng pele.

’Me seo batho ba bang ba se etsang sa ho eketsa Umrah kamor'a Hajj, ba tsoa ho at-Tan‘im kapa al-Ji‘ranah kapa libaka tse ling, ha ba se ba kile ba etsa Umrah pele ho Hajj, ha ho na bopaki bo bonts'ang hore ke Sunnah. Ho fapana le hoo, bopaki bo bonts'a hore ho molemo ho e tlohela; hobane Moporofeta ﷺ le barutuoa ba hae (Allah A khahlisoe ke bona) ha ba ka ba etsa Umrah kamor'a ho qeta Hajj ea bona. Empa Aisha (Allah A khahlisoe ke eena) o ile a etsa Umrah ho tloha at-Tan‘im hobane ha a ka a etsa Umrah le batho ha ba kena Makkah ka lebaka la ho ba ha hae nakong ea ho ilela khoeli (haidh). Ka hona o ile a kopa Moporofeta ﷺ hore a mo lumelle ho etsa Umrah e le tefo ea Umrah eo a neng a e qalile ho tloha miqat ’me Moporofeta ﷺ a mo lumella. Ka hona o ile a fumana li-Umrah tse peli: Umrah eo a e entseng hammoho le Hajj ea hae le Umrah ena e ikemetseng. Mang kapa mang ea ts'oanang le Aisha (boemong boo) ha ho bothata hore a etse Umrah kamor'a ho qeta Hajj, e le ho sebetsa ka bopaki bohle le ho nolofaletsa Mamoseleme.

Ha ho pelaelo hore ho phathahana ha baeti ba Hajj ka ho etsa Umrah e ’ngoe kamor’a hore ba qete Hajj, ntle le Umrah eo ba kene Makkah ka eona, ho ba boima ho bohle ’me ho baka bongata bo boholo ba batho le likotsi. Hape ho na le ho se latele tataiso le Sunnah ea Moporofeta ﷺ ho eona. ’Me Allah Ke Eena Ea fanang ka katleho.

Khaolo

Molao mabapi le motho ea fihlang Miqāt kantle ho likhoeli tsa Hajj.

Tseba hore ea fihlang Miqāt o na le mabaka a mabeli:

Ho fihla ho eona kantle ho likhoeli tsa Hajj joaloka Ramadhan le Sha’ban. Sunnah ho motho ea joalo ke hore a kene ihram bakeng sa Umrah, a ikemiselitse pelong ea hae ’me a e bue ka molomo a re: “Labbayka Umratan” kapa “Allahumma Labbayka Umratan.” Ebe o etsa talbiyah ka talbiyah ea Moporofeta ﷺ, eleng: “Labbayka Allāhumma labbayk, labbayka la sharīka laka labbayk, inna al hamda wan-ni‘mata laka wal-mulk, la sharīka lak (Ke 'na enoa tšebeletsong ea Hao, Oho Allah; ke 'na enoa tšebeletsong ea Hao. Ke 'na enoa tšebeletsong ea Hao, Ha u na molekane; ke 'na enoa tšebeletsong ea Hao. Ka 'nete, thoriso eohle, mohau le borena ke tsa Hao. Ha u na molekane)” [38]. ’Me a phete talbiyah ena khafetsa le ho hopola Allah Ea Phahameng ho fihlela a fihla Ntlong (Ka’bah). Ha a fihla Ntlong, a khaotse talbiyah, ebe o potoloha Ka‘bah (o etsa tawaf) makhetlo a supileng. Kamor’a moo a etse thapelo e lirakʼah li peli kamor'a Maqam Ibrahim, ebe o ea Safa ’me a tsamaee (Sa‘i) pakeng tsa Safa le Marwah makhetlo a supileng. Ebe o kuta moriri oa hae kapa a oa o fokotsa. Ka sena Umrah ea hae e se e phethehile ’me hona ho mo lumella ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e thibetsoe ho eena ka lebaka la ihram. [38] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1549) le ke Muslim ka nomoro ea (1184).

Ea bobeli: ke hore a fihle miqat nakong ea likhoeli tsa Hajj ’me tsona ke: Shawwal, Dhul-Qa‘dah le matsatsi a leshome a pele a Dhul-Hijjah.

Motho ea joalo o fuoa khetho pakeng tsa lintho tse tharo: Hajj feela, Umrah feela kapa ho kopanya Hajj le Umrah. Hobane Moporofeta ﷺ ha a fihla miqat ka khoeli ea Dhul-Qa‘dah nakong ea Hajjat ul-Wada’, o ile a fa barutuoa ba hae khetho pakeng tsa mefuta ena e meraro ea lits'ebeletso. Empa Sunnah ho motho enoa hape, haeba a se na phoofolo ea sehlabelo (hady), ke hore a kene ihram bakeng sa Umrah, ’me a etse seo re se boletseng ho ea fihlang miqat kantle ho likhoeli tsa Hajj. Hobane Moporofeta ﷺ o ile a laela barutuoa ba hae ha ba atamela Makkah hore ba fetole ihram ea bona hore e be Umrah ’me a tiisa sena ho bona Makkah. Ba ile ba etsa tawaf, sa‘i, ba kuta moriri ’me ba lokolooa ho ihram ka ho latela taelo ea hae ﷺ. Empa mang kapa mang ea neng a e-na le hady, Moporofeta ﷺ o ile a mo laela hore a lule a le ka har’a ihram ho fihlela a lokolooa ka letsatsi la Nahr (sehlabelo). ’Me Sunnah ho ea tlisitseng hady (sehlabelo) ke hore a kene ihram bakeng sa Hajj le Umrah ka bobeli; hobane Moporofeta ﷺ o ile a etsa joalo, a bile a ne a tlisitse hady. O ile a laela le barutuoa ba hae ba neng ba tlisitse hady, bao ba neng ba se ba kene ihram bakeng sa Umrah, hore ba kopanye Hajj le Umrah ka talbiyah ’me ba se ke ba tsoa ho ihram ho fihlela ba lokolloa ka bobeli ka letsatsi la Nahr. ’Me haeba ea tlisitseng hady a ne a kene ihram bakeng sa Hajj feela, o lula a le ho ihram ea hae ho fihlela a lokolloa ka letsatsi la Nahr, joaloka ea etsang qiran pakeng tsa Hajj le Umrah.

’Me ka sena ho tsebahala hore: mang kapa mang ea keneng ihram bakeng sa Hajj feela kapa bakeng sa Hajj le Umrah ’me a se na hady (sehlabelo), ha ho hlokahale hore a lule a le ka har’a ihram ea hae. Ho fapana le hoo, Sunnah ho eena ke hore a fetole ihram ea hae hore e be Umrah, a etse tawaf, sa‘i, a kute moriri, ebe o tsoa kahar'a ihram, joalokaha Moporofeta ﷺ a laetse barutuoa ba hae ba neng ba sa tlisa hady hore ba etse joalo. Empa haeba a ts'aba hore a ka fosa Hajj ka lebaka la ho fihla ha hae kamorao, ha ho bothata hore a lule a le ka har’a ihram ea hae. ’Me Allah O tseba tsohle.

’Me haeba motho ea keneng ihram a ts'aba hore a ka sitoa ho phetha lits'ebeletso tsa hae ka lebaka la ho kula kapa ho ts'aba sera kapa tse ling tse joalo, ho khothaletsoa hore a re nakong ea eo a kenang ihram ea hae: “Haeba ho na le ntho e ntšitisang, ke tla felisa Ihrām ea ka hohle moo ke sitisoang teng”; sena se thehiloe ho hadith ea Dubā‘ah bint az-Zubayr (Allah A khahlisoe ke eena), ha a re: “Oho Moromuoa oa Allah, ke batla ho etsa Hajj empa kea kula,” eaba Moporofeta ﷺ o ea mo araba: “Etsa Hajj ea hao ’me u etse boemo (shart) ba hore sebaka sa ka sa ho lokoloha ho ihram se tla ba moo ke sitisoang teng” [39] E tlalehiloe ke Bukhari le Muslim. [39] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (5089) le ke Muslim ka nomoro ea (1207).

Molemo oa pehelo ena ke hore: haeba ea keneng ihram a ka hlaheloa ke ntho e mo thibelang ho phetha lits'ebeletso tsa hae ka botlalo, joaloka ho kula kapa ho thibeloa ke sera, e tla be e mo lumelletse ho lokoloha ho ihram ’me ha ho letho le mo tlamang ho le etsa.

Khaolo

Mabapi le molao holim’a Hajj ea ngoana e monyenyane, na e lekane bakeng sa Hajj e tlamang

Hajj ea moshanyana le ngoanana e nepahetse, joalo ka ha ho tlalehiloe ho Sahīh Muslim ho tsoa ho Ibn ‘Abbās (e se eka Allah a ka khahlisoa ke bona) hore mosali o ile a isa ngoana ho Moprofeta ﷺ mme a re: Oho Moromuoa oa Allah, na ho na le Hajj bakeng sa enoa? “E, ’me u tla fumana moputso” [40]. [40] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1336).

’Me ho Sahih al-Bukhari, ho tsoa ho As-Sa’ib ibn Yazid (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena), o ile a re: “Ke ile ka etsa Hajj hammoho le Moromuoa oa Allah ﷺ ha ke le lilemo tse supileng” [41]. Leha ho le joalo, Hajj ena ha e lekane bakeng sa Hajj e tlamang. [41] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1858).

Ka ho tšoanang, makhoba a banna le a basali a ka etsa Hajj, empa ha hoa lekana bakeng sa Hajj e tlamang ea Islam; joalo ka ha ho thehiloe ho Hadith ea Ibn ‘Abbās (e se eka Allah a ka khahlisoa ke bona) hore Moprofeta ﷺ o itse: “Ngoana ofe kapa ofe ea etsang Hajj ebe o fihla lilemong tsa ho hola o tlameha ho etsa Hajj e 'ngoe, 'me lekhoba lefe kapa lefe le etsang Hajj ebe lea lokolloa le tlameha ho etsa Hajj e 'ngoe” [42] E tlalehiloe ke Ibn Abi Shaybah le Al-Bayhaqi ka ketane e nepahetseng. [42] E tlalehiloe ke Ibn Abi Shaybah (buka ea 4 / leqephe la 444).

Ha ngoana a le ka tlase ho lilemo tsa temoho (lilemo tsa ho khetholla bobe ho botle), mohlokomeli oa hae o mo etsetsa niyyah ea Ihrām, a mo hlobolisa liaparo tse rokoiloeng, ebe o mo etsetsa Talbiyah. Ka hona ngoana o kena boemong ba Ihrām, ’me o thibeloa linthong tseo motho e moholo ea leng ka har’a Ihrām a thibeloang ho tsona. Ka mokhoa o tšoanang, ngoananyana ea sa kang a fihla lilemong tsa temoho, mohlokomeli oa hae o mo etsetsa niyyah ea Ihrām le Talbiyah molemong oa hae, ka hona o kena boemong ba Ihrām ka seo. Le eena o thibeloa linthong tseo mosali e moholo ea leng ka har’a Ihrām a thibeloang ho tsona. Ka bobeli ba tsʼoanetse ho hloeka liaparong le mmeleng ea bona nakong ea Tawāf, hobane Tawāf e tšoana le thapelo, ’me bohloeki ke shart (pehelo) bakeng sa hore e amohelehe.

Haeba moshanyana le ngoanana ba se ba khona ho khetholla (pakeng tsa bobe le botle), ba kena ihram ka tumello ea mohlokomeli oa bona ’me ba etsa nakong ea ihram seo motho e moholo a se etsang, joaloka ho hlapa (ghusl), ho itlotsa ka senkhisa ha monate le tse ts'oanang le tseo. Mohlokomeli oa bona ke ea laolang litaba tsa bona le ea hlokomelang lithahasello tsa bona ekaba ke ntate oa bona, ’mè oa bona kapa motho e mong. Mohlokomeli o etsa bakeng sa bona seo ba sitoang ho se etsa, joaloka ho akhela majoe (jamrah) le tse ts'oanang le tseo. Empa ba tlameha ho etsa mesebetsi e meng ea Hajj ka bo bona, joaloka ho ema Arafah, ho robala Mina le Muzdalifah, tawaf le Sa’i, Haeba ba sa khone ho etsa tawaf le sa’i, ba ka jaroa ’me ba etsetsoa tawaf le sa’i ba ntse ba jaruoe. ’Me ho molemo hore ea ba jarang a se ke a etsa hore tawaf le sa’i e be e kopanetsoeng pakeng tsa hae le bona empa a etse niyyah (Boikemisetso ) ea hore tawaf le sa’i ke tsa bona ebe o iketsetse tawaf ea hae e ikemetseng, hape a iketsetse sa’i ea hae e ikemetseng; ele ho hlokomela borapeli ka hloko le ho latela hadith e khabane: “Lesa se u kenyang pelaelong, u nke se sa u kenyeng pelaelong” [43]. Ha motho ea jereng ngoana a ikemisetsa hore Tawāf le Sa‘i e be tsa hae le tsa ngoana eo a mo jereng, hoo ho lekane ho latela maikutlo a nepahetseng ho feta a mabeli. Sena ke hobane Moprofeta ﷺ ha aa ka a laela mosali ea ileng a mo botsa ka Hajj ea ngoana hore a etsetse ngoana Tawāf e ikhethileng feela. Hoja hoo ho ne ho tlama, a ka be a ho hlakisitse ﷺ. ’Me Allah ke Eena Mofani oa katleho. [43] E tlalehiloe ho Sunan at-Tirmidhi ka nomoro ea (2518).

Moshanyana le ngoananyana ba nang le temoho (ea botle le bobe) ba laeloa ho itlhoekisa litšileng tsa hadath le litšila tsa najis pele ba qala Tawāf, joaloka motho e moholo ea leng Ihrām. Leha ho le joalo, Ihrām bakeng sa moshanyana kapa ngoananyana ha se setlamo holim’a mohlokomeli oa bona; empa ke ketso ea boithaopo (nafl). Haeba a e etsa, o fumana moputso, ’me haeba a e tlohela, ha ho molato holim’a hae. ’Me Allah O tseba ka ho fetisisa.

Khaolo

Tlhalosong ea lintho tse hanetsoeng nakong ea Ihram le tse lumelletsoeng ho etsoa ke Muhrim (ea ka har’a ihram)

Ha ho lumelloe hore motho ea kahar'a ihram, kamor'a ho etsa niyyah (Boikemisetso) ea ihram — ekaba monna kapa mosali — a tlose letho moriring oa hae kapa manaleng a hae kapa a itlotse ka senkhisa ha monate.

Ha hoa lumelloa ho banna ka ho khetheha ho apara liaparo tse rokoiloeng (Makhīt) ka botlalo, ke hore, liaparo tse entsoeng le ho rokoa ho latela sebopeho sa ’mele, joalo ka hempe, kapa tse aparoang likarolong tsa ’mele joalo ka vest, borikhoe, likhuff (likausi tsa letlalo), le likausi tse tloaelehileng. Empa haeba monna a sa fumane Izār (lesela la thekeng), o lumelloa ho apara borikhoe. Ka mokhoa o tšoanang, mang kapa mang ea sa fumaneng meqathatso a ka roala likhuff ntle le ho li khaola, ka lebaka la Hadīth e nepahetseng ea Ibn ‘Abbās (Allah A khahlisoe ke bona), e tlalehiloeng ho Sahīh tse peli, moo Moprofeta ﷺ a ileng a re: “Ea sa fumaneng lieta tse bulehileng (naʿlain), a roale khufain; ’me ea sa fumaneng izar, a tene marikhoe” [44]. [44] E tlalehiloe ho al-Bukhari ka nomoro ea (1841) le ho Muslim ka nomoro ea (1179).

Empa seo se tlalehiloeng ho hadith ea Ibn Umar (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke bona ka bobeli) mabapi le taelo ea ho khaola khufain haeba motho a hloka ho li roala ka lebaka la ho se fumane lieta tse bulehileng, se hlakotsoe (mansukh); hobane Moporofeta ﷺ o ile a laela seo Madinah ha a botsoa hore na motho ea kahar'a ihram a apare eng ea liaparo. Ebe ha a fana ka khutbah Arafah, o ile a lumella ho roala khufain ha motho a sa fumane lieta tse bulehileng ’me ha a ka a laela hore li khaoloe. ’Me ba neng ba le teng khutbeng eo ba ne ba akarelletsa le ba neng ba sa utloa karabo ea hae Madinah. Ho liehisa tlhaloso ha ho hlokahale ha se ho lumellehang, joalokaha ho tsejoa ho thuto ea usool ul-hadith le fiqh. Ka hona ho tiisitsoe hore taelo ea ho khaola e hlakotsoe. Haeba seo e ne ele setlamo, Moporofeta ﷺ o ne a tla se hlalosa. ’Me Allah O tseba ka ho fetisisa.

Ho lumelloa hore motho ea kahare ho ihram a roale lieta tse koetsoeng tse fihlang ka tlase ho maqaqailana hobane li nkoa e le mofuta o ts'oanang le lieta tse bulehileng (meqathatso).

Ho lumelloa hore a tlame izar ea hae ’me a e tlame ka khoele kapa ntho e ts'oanang hobane ha ho bopaki bo bonts'ang ho thibela seo.

Ho lumelloa hore motho ea kahare ho ihram a hlape (ghusl), a hlatsoe hlooho ea hae, hape a e pikitle ha ho hlokeha, ha bonolo le ka hloko. Haeba ho ka oa moriri o mong ka lebaka la seo, ha ho molato ho eena.

Ho thibetsoe hore mosali ea kahar'a ihram a apare ntho e rokiloeng e koaelang sefahleho sa hae, joaloka burqu‘ kapa niqab kapa e koaelang matsoho a hae, joaloka liatlana tsa matsoho; ho latela polelo ea Moporofeta ﷺ: “Mosali ea kahar'a ihram ha a lokela ho roala niqab, hape ha a lokela ho roala liatlana tsa matsoho” [45] E tlalehiloe ho al-Bukhari. Liatlana: ke lintho tse rokiloeng kapa tse lohiloeng ka boea, k’hothone kapa tse ling tse ts'oanang, tse etselitsoeng ho lekana matsoho. [45] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1838).

O lumelletsoe ho apara ntho efe kapa efe e rokiloeng joaloka hempe, marikhoe, lieta, likausi le tse ling tse ts'oanang le tsona.

Ka tsela e ts'oanang, ho lumelloa hore mosali a theole khimar ea hae holim’a sefahleho sa hae haeba a e hloka, ntle le ho e tlamahanya ka leqhama. Haeba khimar e ka ama sefahleho sa hae, ha ho na molato ho eena; ho latela hadith ea Aisha (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) ea ileng a re: “Bapalami ba ne ba feta pela rona, ha re ntse re e-na le Moromuoa oa Allah ﷺ re le boemong ba Ihram. Ha ba re atamela, e mong oa rona o ne a theola jilbāb ea hae ho tloha hloohong ho koahela sefahleho sa hae; ’me ha ba se ba fetile, re ne re e phahamisa hape” [46] E tlalehiloe ke Abu Dawud le Ibn Majah, ’me Al-Daraqutni le eena o tlalehile hadith e tšoanang ho tsoa ho Umm Salamah. [46] E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro (1833).

Ka tsela e ts'oanang, ha ho na bothata hore a koahele matsoho a hae ka seaparo sa hae kapa ntho e ’ngoe e ts'oanang. Empa o tlameha ho koaela sefahleho sa hae le matsoho a hae ha a le pel’a banna bao a sa amaneng le bona, hobane ke ’awrah (litho tse lokelang ho patoa); ho latela polelo ea Allah Ea Phahameng Ea Matla ʼOhle: {…’me ba se ke ba bonts'a botle ba bona (kapa mokhabiso oa bona) ntle le ho banna ba bona…} [An-Nur: 31] Ha ho pelaelo hore sefahleho le matsoho ke karolo e kholo ka ho fetisisa ea botle (kapa mokhabiso).

’Me sefahleho tabeng ena ke sona se matla le se seholo ka ho fetisisa joalokaha Allah Ea Phahameng A itse: {...Mme ha le ba kopa ntho e itseng, ba kopeng le le ka morao ho hijab (lesela kapa lebota). Seo se hloekile haholo bakeng sa lipelo tsa lona le lipelo tsa bona...} [Al-Ahzab: 53]

Empa seo basali ba bangata ba se tloaetseng sa ho beha leqhama ka tlas’a khimar ho e phahamisa hore e se ke ea ama sefahleho sa bona, ha se na motheo molaong oa Islam ho ea ka seo re se tsebang. ’Me haeba seo se ne se le molaong, Moporofeta ﷺ o ne a tla se hlalosetsa sechaba sa hae, ’me ho ne ho sa mo lokela ho khutsa ka sona.

Ho lumelloa hore motho ea kahare ho ihram, ekaba monna kapa mosali, a hlatsoe liaparo tseo a keneng ihram ka tsona haeba li silafetse kapa li le lits'ila tse ling tse ts'oanang, hape ho lumelloa hore a li fetole ka tse ling.

Ha ho lumelloe hore a apare ntho leha ele efe ea liaparo e kileng ea ama saffron (zaʿfarān) kapa wars; hobane Moporofeta ﷺ o ile a thibela seo ho hadith ea Ibn Umar (Eka Allah A ka khotsofatsoa ke bona ka bobeli).

Ho tlameha hore motho ea kahar'a ihram a tlohele lipuo tse sa lokang le liketso tse bohla le ho etsa libe le likhang; ho latela polelo ea Allah Ea Phahameng: {Hajj ke likhoeli tse tsejoang; kahoo mang kapa mang ea eo Hajj eleng setlamo ho eena ka likhoeli tseo, ha ho na lipuo tse fosahetseng (rafath) leha ele libe (fusooq) kapa likhang (jidāl) nakong ea Hajj…} [Al-Baqarah: 197]

Ho tlalehiloe ka nepo ho tsoa ho Moporofeta ﷺ hore o itse: “Haeba mang kapa mang a etsa Hajj a sa bue ka boikhohomoso kapa a sa etse bokhopo, o tla khutla [a lokolohile sebeng] joalo ka letsatsing leo ’m’ae a ileng a mo tsoala ka lona” [47]. Ar-rafath: e bolela thobalano hape e bolela mantsoe le liketso tse fosahetseng. ‘Al-fusooq: e bolela libe le ho se latele litaelo tsa Allah. ‘Al-jidaal: e bolela ho qabana le ho ngangisana ka leshano kapa lintho tse se nang molemo. Empa ho ngangisana ka tsela e ntle ho bonts'a ’nete le ho hana leshano ha ho na bothata, kaha ke se laetsoeng; hobane Allah Ea Phahameng O itse: {Bitsetsa (batho) tseleng ea Morena oa hao ka bohlale le ka keletso e ntle ’me u ngangisane le bona ka tsela e ntle ka ho fetisisa…} [An-Nahl: 125]. [47] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (1521) le ke Muslim ka nomoro ea (1350).

Ho thibetsoe ho monna ea keneng kahare ho ihram ho koaela hlooho ea hae ka ntho e khomarelang ho eona; joaloka katiba (taqiyah), ghutrah kapa turban le tse ts'oanang le tsona. Hape ho joaloka ho koaela sefahleho sa hae; hobane Moporofeta ﷺ o itse ka monna ea ileng a oela pereng ea hae ka letsatsi la Arafah ’me a shoa: “Mo hlatsoeng ka metsi le ka sidr (makhasi a sefate sa sidr), ’me le mo phuthele ka liaparo tsa hae tse peli. Le se ke la koaela hlooho ea hae le se ke la koaela sefahleho sa hae hobane o tla tsosoa ka Letsatsi la Kahlolo a ntse a le tseleng ea Hajj a bala talbiyah ‘Labbaik’” [48] E tlalehiloe ke Al-Bukhari le Muslim ’me ana ke mantsoe a Muslim. [48] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1521) le ke Muslim ka nomoro ea (1350).

Empa ho its'irelletsa ka marulelo a koloi kapa ka sekhele kapa lintho tse ts'oanang le tsona ha ho na bothata; joaloka ho its'irelletsa ka moriti oa tente kapa oa sefate. Sena ke hobane ho tiisitsoe ka hadith e nepahetseng hore Moporofeta ﷺ o ile a koaeloa ka lesela ho mo etsetsa moriti ha ne a lahlela Jamrat al-Aqaba, ebile ho netefalitsoe ka eena ﷺ hore o ne a hlometsoe tente (ea boea) lebaleng la Namirah, mme a lula ka tlas'a eona ho fihlela letsatsi le tloha har'a hlooho ka letsatsi la Arafah.

Ho thibetsoe ho motho ea keneng kahar'a ihram, banna le basali ho bolaea liphoofolo tse hlaha tse tsongoang kapa ho thusa ho li bolaea kapa ho li ts'osa hore li balehe sebakeng sa tsona. Hape ho thibetsoe ho kena lenyalong, ho etsa thobalano, ho kopa basali lenyalo le ho ba atamela ka takatso; ka lebaka la hadith ea Uthman (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), hore Moporofeta ﷺ o itse: “Motho ea ka har’a ihram ha a nyale, ha a nyalise, ebile ha a etse kopo ea lenyalo” [49] E tlalehiloe ke Muslim. [49] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1409).

Haeba ea leng ka har’a Ihrām a apara liaparo tse rokiloeng, kapa a koahela hlooho ea hae, kapa a itlotsa ka monko o monate ka ho lebala kapa ka ho se tsebe, ha ho na fidyah (tefello ea kotlo) holim’a hae. Empa o tsʼoanetse ho tlosa seo hang ha a hopola kapa a tseba. Ka mokhoa o tšoanang, haeba a kuta hlooho ea hae, kapa a nka karolo e itseng ea moriri oa hae, kapa a poma manala a hae ka ho lebala kapa ka ho se tsebe, ha ho letho holim’a hae ho ea ka maikutlo a nepahetseng haholo.

Ho thibetsoe ho Lemoseleme — ebang a le ka har’a Ihrām kapa che, monna kapa mosali — ho bolaea liphoofolo tse tsongoang tse hlaha tse kahare ho sebaka se Halalelang sa Haram, kapa ho thusa ho li bolaea ka sesebelisoa, kapa ka ho supa, kapa ka ntho e tšoanang le eo.

Ho thibetsoe ho li ts'osa hore li balehe sebakeng sa tsona. Hape ho thibetsoe ho rema lifate tsa Haram le limela tsa teng tse tala le ho nka lintho tse lahlehileng moo, ntle le motho ea batlang ho li phatlalatsa (ho li khutlisetsa mong’a tsona); ka lebaka la hore Moporofeta ﷺ o itse: “Kannete naha ena — ke hore Makkah — e halalelitsoe ke Allah ho fihlela Letsatsi la Kahlolo. Meutloa ea eona ha e pongoe, liphoofolo tsa eona ha li ts'osoe hore li balehe, lintho tsa eona tse lahlehileng ha li nkoe ntle le ke motho ea batlang ho li phatlalatsa ’me joang ba eona ha bo pongoe” [50] E tlalehiloe ke Bukhari le Muslim. [50] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1834) le ke Muslim ka nomoro ea (1353).

Al-Munshid: ke motho ea phatlalatsang kapa ea tsebisang ka ntho e lahlehileng hore mong’a eona a fumanoe, Al-Khalā: ke joang bo botala bo sa omellang. Minā le Muzdalifah ke karolo ea Haram (sebaka se halalelang sa Makkah), athe ‘Arafah eona e kantle ho Haram.

Khaolo

Seo motho ea leetong la Hajj a se etsang ha a kena Makkah le tlhaloso ea seo a se etsang kamor’a ho kena Masjid al-Haram, ho akarelletsa le ho potoloha Ka‘bah (tawaf) le mokhoa oa eona

Ha muhrim (motho ea leng ka har'a ihram) a fihla Makkah, ho khothaletsoa hore a hlape pele a kena teng; hobane Moporofeta ﷺ o ile a etsa joalo. Ha a fihla Masjid al Haram ho khothaletsoa hore a kene ka leoto le letona ’me a re: “Bismillāh was-sallātu was-salāmu ‘ala rasūlillāh, a‘ūdhu billāhi al-‘adhīm wa biwajhihi al-karīm wa sultānihi al-qadīm min ash-shaytān ar-rajīm. Allāhumma iftahli abwāba rahmatik (Ka lebitso la Allah, khotso le litlhohonolofatso li be holim’a Moporofeta oa Allah. Ke kopa ts'ireletso ho Allah e Moholo le ka Sefahleho sa Hae se hlomphehang le matla a Hae a sa feleng, ho Satane ea rohakehileng. Oho Allah, mpulele menyako ea mohau oa Hao). O boetse o bua sena ha a kena masjid e meng eohle. Empa ha ho na dhikr e khethehileng e tiisitsoeng ho tsoa ho Moporofeta ﷺ bakeng sa ho kena Masjid al Haram eo ke e tsebang.

Ha a fihla Ka‘bah, o khaotsa talbiyah pele a qala tawaf haeba a etsa mofuta oa Hajj o bitsoang tamattu’ kapa a etsa umrah. Ebe o ea ho Lejoe le Lets'o (al-Hajarul Aswad), a talimane le lona, a le ame ka letsoho la hae le letona ’me a le suna haeba ho khoneha, a sa bake ts'enyo kapa ho sutumetsa batho ka ho hatella. Ha a le ama o re: "Bismillāh, Allāhu Akbar" (Ka lebitso la Allah, Allah O Moholo-holo), kapa a re: "Allāhu Akbar" (Allah O Moholo-holo), haeba ho le thata ho le suna, o le ama ka letsoho la hae kapa ka molamu kapa ntho e ts'oanang, ebe o suna seo a le amileng ka sona. Haeba ho boetse ho le thata ho le ama, oa le supa, ebe o re: "Allāhu Akbar" (Allah O Moholo-holo) empa ha a sune ntho eo a le supileng ka eona. Ho hlokahala bakeng sa ho nepahala ha tawaf hore motho ea potolohang Ka‘bah a be a hloekile ho tloha ho (hadath) ts'ila e nyane le e kholo; hobane tawaf e ts'oana le thapelo (salat), ntle le hore ho lumelletsoe ho bua nakong ea eona. O etsa hore Ka‘bah e be ka lehlakoreng la hae le lets'ehali nakong ea tawaf. Haeba a re qalong ea tawaf: “Allāhumma imānan bika wa tasdīqan bikitābika wa wafā’an bi‘ahdika wat-tibā‘an lisunnati nabiyyika Muhammadin sallallāhu ‘alayhi wa sallam” (Oho Allah, ka lebaka la hoba le tumelo ho Uena, ka ho lumela ho Buka ea Hao, ka ho phethahatsa selekane sa Hao le ka ho latela Sunnah ea Moporofeta oa Hao Muhammad ﷺ), sena se molemo kaha se tlalehiloe ho Moporofeta ﷺ a ile a se bua. O potoloha makhetlo a supileng ’me o potlakisa mehato ea hae (ramal) makhetlong a mararo a pele a tawaf ea pele, eleng tawaf eo a e etsang ha a qala ho fihla Makkah, ebang ke ea umrah, ea tamattu’ Hajj, ea Hajj feela, kapa ea Qirān ( ho kopanya Hajj le Umrah ka ihram e le ʼngoe). O tsamaea ka tloaelo makhetlong a mane a setseng. O qala ho potoloha manepana le Lejoe le Lets'o lekhetlong le leng le le leng ’me o e qetella ho lona.

Ramal: ke ho tsamaea ka potlako ka mehato e mekhutšoanyane, 'me ho khothaletsoa ho senola lehetla le letona nakong ena eohle ea Tawāf eseng ho tse ling, Idtibā‘: ke ho tsoapetsa bohare ba Ridā’ tlas'a lehetla le letona e be qetello ea eona e akheloa lehetleng le letšehali.

Haeba motho a sa kholiseha ka palo ea lipotoloho, o lokela ho e theha holim'a bonnete, e leng palo e nyenyane. Kahoo, haeba a belaela hore na o qetile lipotoloho tse tharo kapa tse 'ne, o lokela ho li nka e le tse tharo. Hoa tšoana le ka Sa‘i.

Kamor’a hore a qete tawaf ena, o apara rida’ ea hae hape, a e behe mahetleng a hae ’me lipheletso tsa eona li be sefubeng sa hae pele a etsa raka’ah tse peli tsa tawaf.

Har’a lintho tse lokelang ho nyatsoa ho basali le ho ba lemosa ka tsona ke ho etsa tawaf ba ikhabisitse le ho itlotsa (its'ela) ka litlolo tse nkhisang ha monate le ho ba hlokomelisa hore ba apare ka tsela e nepahetseng, ba ikoahele 'mele kaofela ntle le sefahleho le matsoho le ho thibela ho beha ‘awrah pepeneng. Ka hona ba tlameile hore ba ipate hantle, ba tlohele mekhabiso nakong ea tawaf le maemong a mang ao basali ba kopanang ho ona le banna; hobane ke ‘awrah le mohloli oa teko. Sefahleho sa mosali ke karolo e hlakileng ka ho fetisisa ea botle ba hae, kahoo ha ho lumelloe hore a se behe ponts'eng ntle le ho batho bao a leng haufi le bona ka likamano (mahram); ka lebaka la hore Allah Ea Phahameng O itse: {…’me ba se ke ba bonts'a botle ba bona (kapa mokhabiso oa bona) ntle le ho banna ba bona…} [Al Nur: 31], Ka hona ha ho lumelloe hore basali ba hlahise lifahleho ha ba suna Lejoe le Lets'o (al-Hajarul Aswad) haeba ho na le banna ba ba shebileng. Haeba ba sa fumane sebaka se loketseng sa ho ama le ho suna lejoe leo, ha ho lumelloe hore ba ipetetse kapa ba sutumetse banna. Ho ena le hoo, ba ka potoloha (tawaf) kamor'a banna. Seo se molemo ho bona ebile se na le moputso o moholo ho feta ho atamela Ka‘bah ha ba ntse ba ipetetsa le banna. Hape ramal le idtiba’ ha li laeloe ho tawaf e ’ngoe ntle le ena, ebile ha li etsoe ho sa’i etsoe li sa etsoe ke basali; hobane Moporofeta ﷺ ha a ka a etsa ramal le idtiba’ ntle le tawaf ea pele eo a ileng a e etsa ha a fihla Makkah. Motho o lokela ho ba a hloekile ho tloha ho hadath le lits'ila nakong ea tawaf, a ikokobetse ho Morena oa hae, a le bonolo le ho bonts'a boikokobetso ka pel'a Hae.

Ho khothaletsoa hore a eketseha dhikr le duʼa nakong ea tawaf ea hae. Ho bala karolo e itseng ea Qur’an nakong eo, ho molemo. Empa ha ho na dhikr e khethehileng kapa du’a e khethehileng e tlamang bakeng sa tawaf ena kapa tawaf e 'ngoe kapa le bakeng sa sa’i.

Seo batho ba bang ba se entseng sa ho khetholla potoloho e ’ngoe le e ’ngoe ea tawaf kapa sa’i ka dhikr kapa du’a e itseng ha se na motheo. Ho ena le hoo, eng kapa eng ea dhikr le du’a e bonolo e lekane. Ha a fihla haufi le Ruknul Yamani, o e ama ka letsoho la hae le letona ebe o re: “Bismillāh, wallāhu Akbar (Ka lebitso la Allah, Allah O Moholo)”, empa ha a e sune. Haeba ho le thata ho e ama, o ea e tlohela a tsoele pele ka tawaf ea hae ’me ha a e supe kapa ho re Allahu “Allah O Moholo” ha a e feta, hobane sena ha se ea tlalehoa ho tsoa ho Moporofeta ﷺ ho ea ka seo re se tsebang. Ho khothaletsoa hore a re pakeng tsa Ruknul Yamani le Lejoe le Lets'o: {Morena oa rona, Re fe molemo lefats'eng lena le molemo bophelong ba kamor’a lefu ’me Re sireletse kotlong ea Mollo (Lihele) 201} [Al-Baqarah: 201]. Nako le nako ha a feta haufi le Lejoe le Lets'o (al-Hajarul Aswad), oa le ama ’me a le sune ebe o re: “Allahu Akbar (Allah O Moholo).” Haeba ho sa khonehe ho le ama le ho le suna, o le supa nako le nako ha a feta haufi le lona a ntse a re “Allahu Akbar (Allah O Moholo).”

Ha ho na bothata ho etsa tawaf kamorao ho Zamzam le Maqam (Maqam Ibrahim), haholo-holo ha batho ba le bangata haholo. Masjid kaofela e loketse bakeng sa tawaf. Le haeba a etsa tawaf mathuleng (litselana) a masjid, ho lekane. Empa ho etsa tawaf haufi le Ka'aba ho molemo ho feta haeba ho khonahala.

Ha a qeta tawaf, o etsa raka’ah tse peli kamorao ho Maqam (Maqam Ibrahim) haeba ho khonahala. Haeba ho sa khonehe ka lebaka la bongata ba batho kapa mabaka a mang, a ka li etsa kae kapa kae kahar'e ho masjid. Ho khothaletsoa hore a bale kahar’a tsona, kamor’a Surah Al-Fatihah {E re: ‘Lōna ba sa lumeleng (kafiruun)’1} [Al-Kaafirun: 1] Ka rak’ah ea pele le {E re: ‘Ke Allah, Ea Mong’1} [Al-ikhlaas: 1] Ka rak’ah ea bobeli; sena ke se molemo ka ho fetisisa. Empa haeba a bala tse ling ntle le tsona, ha ho na bothata. Ebe o ea ho Lejoe le Lets'o (al-Hajarul Aswad) ’me a le ame ka letsoho la hae le letona haeba ho khonahala, a latele mohlala oa Moporofeta ﷺ tabeng ena.

Ebe o ea thabeng ea Safā ka monyako oa eona, a nyolohele holim’a eona kapa a eme pela eona. Ho nyolohela holim’a Safā ho molemo haeba ho le bonolo ho etsa joalo. Ha a qala potoloho (shawt) ea pele ea Saʿy, o bala mantsoe a Allah Ea Phahameng: {Ruri, Safā le Marwah ke tse ling tsa matšoao a Allah...} [al-baqarah: 158].

Ho khothaletsoa hore a talimane le Qiblah ha a le Safa, a rorise Allah a bile a Mo tlotlise, a re: “La ilāha illallāh wallāhu akbar, la ilāha illallāh wahdahu la sharīka lah, lahul mulk, walahul hamd, yuhyī wayumīt wahuwa ‘ala kulli shay’in qadīr, la ilāha illallāh wahdah, anjaza wa‘dah, wa nasara ‘abdah, wa hazamaal-ahzāba wahdah (ha ho molimo ofe kapa ofe o o lokelang ho khumameloa ntle le Allah ’me Allah O Moholo-holo. Ha ho molimo ofe kapa ofe lokeloang ke ho khumameloa ntle le Allah A le Mong, Ha A na molekane. Ke Eena Ea nang le borena le thoriso. O fana ka bophelo le lefu ’me O na le matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ho molimo ofe kapa ofe lokeloang ke ho khumameloa ntle le Allah A le Mong. O phethile ts'episo ea Hae, O thusitse mohlanka oa Hae, ’me O hlotse lihlopha tsohle A le Mong).” Ebe o etsa du’a e mo nolofallang, a phahamise matsoho a hae ’me a phete dhikr ena le du’a ena makhetlo a mararo. Ebe o theoha a tsamaea ho ea Marwah ho fihlela a fihla ho lets'oao la pele, moo monna a lokelang ho potlaka ho fihlela a fihla ho lets'oao la bobeli. Empa ho mosali ha ho laeloe hore a potlake pakeng tsa mats'oao ana; hobane ke ‘awrah (ntho e lokelang ho patoa). Ho eena ho laeloa ho tsamaea ka mokhoa o tloaelehileng ho sa’i kaofela. Ebe o tsoela pele a tsamaea ho fihlela a fihla Marwah kapa a ema haufi le eona. Ho hloella Marwah ho molemo ho feta haeba ho khonahala. ’Me o etsa ho Marwah joalokaha a ile a bua le ho etsa ho Safa, ntle le ho bala temana (ayah), eleng polelo ea Allah e reng: {Ruri Safa le Marwah ke a mang a mats'oao a Allah…} [al-baqarah :158], Sena se laeloa feela ha a hloella Safa qalong ea potoloho ea pele; a latela mohlala oa Moporofeta ﷺ. Ebe o theoha a tsamaea moo ho lokelang ho tsamauoa, ’me a potlaka moo ho lokelang ho potlakoa teng ho fihlela a fihla Safa hape. O etsa sena makhetlo a supileng; ho ea ho Safa ke potoloho e le ’ngoe, ’me ho khutla ke potoloho e le ’ngoe. Hobane Moporofeta ﷺ o entse seo ho boletsoeng, ’me o itse: “Nkang (ithuteng) litsela tsa Hajj ea lona ho ’na” [51]. Ho khothaletsoa hore nakong ea Saʿi ea hae a atise ho hopola Allah (dhikr) le ho etsa duʿā ka seo a se khonang. Hape ho molemo hore a be a hloekile litšilafalong tse kholo le tse nyenyane tsa boitlhoekiso (tahārah). Leha ho le joalo, haeba a etsa Saʿi a se na tahārah, Saʿi ea hae e ntse e sebetsa ebile e amohelehile. Ka mokhoa o tšoanang, haeba mosali a ka qala ho ilela khoeli (haydh) kapa a ba le mali a kamora pelehi (nifās) ka mor’a hore a qete Tawāf, a ka etsa Saʿi, ’me e tla mo lekana. Sena ke hobane tahārah ha se boemo bo tlamang bakeng sa Saʿi; ke ntho e khothaletsoang feela, joalokaha ho hlalositsoe pejana. [51] E se e boletsoe moo e tsoang teng pejana (ho se ho hlalositsoe mohloli oa eona).

Ha a qeta sa’i, o kuta moriri oa hae kapa o ea o fokotsa. Ho monna, ho kuta ka ho felletseng (halq) ho molemo ho feta ho fokotsa. Empa haeba a khetha ho fokotsa moriri a siea ho kuta ka ho felletseng bakeng sa Hajj, ho lokile. Haeba a fihla Makkah haufi le nako ea Hajj, ho molemo hore a fokotse moriri feela ele hore a tle a kute o setseng nakong ea Hajj; hobane Moporofeta ﷺ ha eena le barutuoa ba hae ba fihla Makkah ka la 4 Dhul-Hijjah o ile a laela ba sa tlisang hady hore ba lokolloe ihram ba fokotse moriri ’me ha a ka a ba laela ho kuta ka ho felletseng. Ho fokotsa moriri ho tlameha ho akaretsa hlooho eohle; ha ho ea lekana ho fokotsa karolo e itseng feela, joalokaha ho kuta karolo e itseng feela ho sa nepahala. Mosali ha a lumelloe ho kuta moriri; o lumelloa feela ho o fokotsa. O lokela ho nka ho tloha ka braid e ’ngoe le e ’ngoe ha nyane feela, e ka bang boholo ba ntlha ea monoana kapa ka tlaase ho moo. ‘Anmulah’ ke ntlha ea monoana. Mosali ha a lokela ho nka ho feta moo.

Haeba motho ea keneng ho ihram a etsa seo ho boletsoeng, umrah ea hae e phethehile ’me ho mo lumella ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e thibetsoe ho eena ka lebaka la ihram. Empa haeba a tlisitse hady (sehlabelo) ho tloha kantle ho Haram, o lula a le boemong ba ihram ho fihlela a lokolloa ho tloha Hajj le Umrah ka bobeli.

Haele motho ea kahar'a ihram bakeng sa Hajj feela kapa bakeng sa Hajj le Umrah mmoho, ho khothaletsoa hore a fetole ihram ea hae hore e be ea Umrah ’me a etse seo motho ea etsang mofuta oa tamattu’ a se etsang, ntle le haeba a tlisitse hady (sehlabelo); hobane Moporofeta ﷺ o ile a laela barutuoa ba hae ka seo, ’me a re: “Haeba nkabe ke sa tlisa sehlabelo (hady), nkabe ke ile ka tsoa kahare ho ihram le lona” [52]. [52] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1568).

Haeba mosali a ba khoeling kapa a ba le nifaas kamor’a hore a kene ihram bakeng sa Umrah, ha a etse tawaf Ka‘bah kapa sa’i pakeng tsa Safa le Marwah ho fihlela a hloeka. Ha a hloeka, o etsa tawaf le sa’i ’me o fokotsa moriri oa hae ’me Umrah ea hae e phethahala ka tsela eo. Haeba a sa hloeke pele ho letsatsi la Tarwiyah, o kena ihram bakeng sa Hajj a le sebakeng seo a leng ho sona ’me o tsamaea le batho ho ea Mina. Ka hona o ba qarinah pakeng tsa Hajj le Umrah ’me o etsa mesebetsi eohle ea Hajj joaloka ho ema Arafah, ho ba ho al-Mash‘arul Haram, ho lahlela majoe (jamaraat), ho robala Muzdalifah le Mina, ho hlaba sehlabelo le ho fokotsa moriri. Ha a hloeka, o etsa tawaf e le ’ngoe le sa’i e le ’ngoe ’me seo se mo lekane bakeng sa Hajj le Umrah ka bobeli; ka lebaka la hadith ea Aishah (Allah A khahlisoe ke eena) hore o ile a ilela khoeli kamor’a ho kena kahare ho ihram bakeng sa Umrah eaba Moporofeta ﷺ o re ho eena: “Etsa seo motho ea etsang Hajj a se etsang, ntle le hore u se ke oa etsa tawaf Ka‘bah ho fihlela u hloekile” [53] E tlalehiloe ke Al-Bukhari le Muslim. [53] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (305) le ke Muslim ka nomoro ea (1211).

Haeba mosali ea ilelang khoeli (hā’idh) kapa ea nang le mali a kamora pelehi (nufasā’) a ka lahlela Jamrah ka Letsatsi la Nahr (Eid al-Adhhā) ’me a fokotsa moriri oa hae, joale o lumelloa lintho tsohle tseo a neng a li thibetsoe ka lebaka la ihrām, tse kang ho sebelisa monko o monate le tse ling tse tšoanang, ntle le monna oa hae (ho kopanela liphate). O lula a sa lumelloa ho ba le likamano le monna oa hae ho fihlela a phethela Hajj ea hae, joalo ka basali ba hloekileng (ba seng boemong ba haydh kapa nifās). Ha a se a hloekile ’me a etsa Tawāf le Saʿi, joale monna oa hae o ba molaong ho eena.

Khaolo

Mabapi le molao oa ho kena ihram sebakeng sa Hajj ka letsatsi la borobeli la Dhul-Hijjah le ho tsoa ho ea Mina

Ha letsatsi la Tarwiyah le fihla, e leng letsatsi la borobeli la khoeli ea Dhul-Hijjah, ho khothaletsoa hore ba neng ba se ba tlohile ihrām (ba etsa Tamattuʿ) ba le Makkah, hammoho le baahi ba Makkah ba ikemiselitseng ho etsa Hajj, ba kene ihrām ea Hajj ba le matlong a bona. Lebaka ke hore Sahabah tsa Moprofeta ﷺ ba ne ba lutse Al-Abtah, ’me ba ile ba kena ihrām ea Hajj ba le moo ka letsatsi la Tarwiyah ka taelo ea hae ﷺ. Moprofeta ﷺ ha aa ka a ba laela hore ba ee Kaʿbah pele hore ba kene ihrām haufi le eona kapa haufi le Mīzāb (phororo ea metsi ea Kaʿbah). Ka mokhoa o tšoanang, ha aa ka a ba laela hore ba etse Tawāf al-Wadāʿ (tawāf ea ho salisa hantle) ha ba tsoa ba ea Minā. Haeba lintho tseo li ne li le molaong kapa li khothaletsoa, ka nnete Moprofeta ﷺ o ne a tla be a ba rutile tsona. Molemo oohle o fumanoa ka ho latela Moprofeta ﷺ le Sahabah tsa hae, Allah A khahlisoe ke bona.

Ho boetse ho khothaletsoa hore motho a hlape, a itlhoekise le ho itlotsa ka atere (oli) e monko o monate ha a kena ihram bakeng sa Hajj, joalokaha a etsa ha a kena ihram a le miqat. Ka mor’a hore ba kene ihrām ea Hajj, Ke Sunnah hore ba ee Minā pele ho motšehare kapa ka mor’a motšehare ka letsatsi la Tarwiyah. Ba tsoele pele ho bala Talbiyah ka bongata ho fihlela ba lahlela Jamrat al-ʿAqabah. Ba rapelle Minā lithapelo tsa Dhuhr, Asr, Maghrib, Isha le Fajr. Sunnah ke hore thapelo e ’ngoe le e ’ngoe e rapeloe ka nako ea eona, ho etsoa qasr (ho khutsufatsa lithapelo tse nang le rakaʿah tse ’nè hore e be tse peli) ntle le ho li kopanya (jamʿ). Empa Maghrib le Fajr ha li khutsufatsoe, kaha Maghrib e lula e le rakaʿah tse tharo, ’me Fajr e lula e le rakaʿah tse peli.

Ha ho na phapang pakeng tsa batho ba Makkah le ba bang; hobane Moporofeta ﷺ o ile a etella batho pele ka thapelo ebang ke batho ba Makkah kapa ba bang Mina, Arafah le Muzdalifah ka ho khutsufatsa thapelo ’me ha a ka a laela batho ba Makkah hore ba phete thapelo ka botlalo. Hoja seo e ne ele setlamo ho bona, a ka be a ile a ba hlalosetsa sona.

Ebe ka mor’a hore letsatsi le chabe ka letsatsi la ʿArafah, hajji o tloha Minā a leba ʿArafah. Ke Sunnah hore ba theohele Namirah ’me ba lule moo ho fihlela nako ea motšehare (zawāl), haeba ho le bonolo ho etsa joalo; hobane ke sona seo Moprofeta ﷺ a ileng a se etsa.

Ha letsatsi le se le fihlile bohareng ba leholimo (zawāl), ke Sunnah hore Imām kapa moemeli oa hae a etsetse batho khutbah e loketseng boemo boo. Khutbah eo a hlalose ho eona lintho tseo hajji a lokelang ho li etsa ka letsatsi leo le matsatsing a latelang. A ba laele ho tšaba Allah (Taqwā), ho mo rapela a le Mong (Tawḥīd), le ho mo etsetsa liketso tsohle ka botšepehi (Ikhlāṣ). Hape a ba hlokomelise khahlanong le lintho tseo Allah a li thibetseng, ’me a ba eletse ho tšoarella ka tieo ho Buka ea Allah (Qur’ān) le Sunnah ea Moprofeta ﷺ, ho ahlola ka tsona le ho khutlisetsa litaba tsohle ho tsona bakeng sa kahlolo; e le ho latela mohlala oa Moprofeta ﷺ tabeng ena eohle. Ka mor’a khutbah, ba rapela Dhuhr le Asr li khutsufalitsoe (qasr) ’me li kopantsoe (jamʿ) ka nako ea Dhuhr, ka adhān e le ’ngoe le iqāmah tse peli, hobane Moprofeta ﷺ o ile a etsa joalo. Sena se tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Jabir ibn Abdullah (Allah a khahlisoe ke eena).

Ebe batho ba ema ʿArafah, ’me sebaka sohle sa ʿArafah ke sebaka sa ho ema, ntle le Batin ʿUranah, hobane sona ha se karolo ea ʿArafah. Ho khothaletsoa hore hajji a talimane le Qiblah le Thaba ea Rahmah (Jabal ar-Raḥmah) haeba ho le bonolo ho etsa joalo. Haeba ho sa khonehe ho shebana le tsona ka bobeli, a shebane le Qiblah leha a sa shebane le thaba eo. Sebakeng sena sa ho ema, ho khothaletsoa hore hajji a ikitlaetse ho hopola Allah, ho Mo kopa le ho ikokobetsa ka pel’a Hae. Hape ke Sunnah hore a phahamise matsoho a hae ha a etsa duʿā’. Haeba a bala Talbiyah kapa a bala karolo e itseng ea Qur’an, hoo le hona ho molemo. Hape ke Sunnah hore a bale bale hangata mantsoe ana: "La ilāha illallāh wahdahu la sharīka lahu, lahu al-mulku wa lahu al-hamdu, yuhyī wa yumītu wa huwa ‘alā kulli shay’in qadīr" (Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ka ’nete ntle le Allah A le Mong, Ea se nang molekane. Puso ke ea Hae, thoriso ke ea Hae. O fana ka bophelo ’me O fana ka lefu, ’me O na le matla holim’a lintho tsohle). Sena ke hobane ho tlalehiloe hore Moprofeta ﷺ o itse: “Duʿā’ e molemo ka ho fetisisa ke duʿā’ ea letsatsi la ʿArafah. ’Me mantsoe a molemo ka ho fetisisa ao ’na le baprofeta ba neng ba le pele ho ’na re a buileng ke ana: La ilāha illallāh wahdahu la sharīka lahu, lahu al-mulku wa lahu al-hamdu, yuhyī wa yumītu wa huwa ‘alā kulli shay’in qadīr (Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ka ’nete ntle le Allah A le Mong, Ea se nang molekane. Puso ke ea Hae, thoriso ke ea Hae. O fana ka bophelo ’me O fana ka lefu, ’me O na le matla holim’a lintho tsohle)” [54], ’Me ho tlalehiloe ka nepo ho tsoa ho eena ﷺ hore o itse: “Mantsoe a ratehang haholo ho Allah ke a mane: ‘Subḥānallāh’ (Khanya e be ho Allah), ‘Alḥamdulillāh’ (Thoriso eohle ke ea Allah), ‘Lā ilāha illallāh’ (Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ntle le Allah) le ‘Allāhu Akbar’ (Allah O Moholo-holo)” [55]. [54] E tlalehiloe ke Tirmidhī ka nomoro ea (3585). [55] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (2137).

Ka hona, ho loketse hore hajji a eketse ho etsa dhikr ena, a e phete-phete ka boikokobetso le ka pelo e teng ka botlalo. Hape ho loketse hore a eketse ho etsa mefuta e meng ea dhikr le duʿā’ tse tlileng ho Sharīʿah ka linako tsohle, haholo-holo sebakeng sena le ka letsatsi lena le leholo. A khethe mantsoe a akaretsang a dhikr le duʿā’, har’a ona ke ana:

* Subhānallāh wa bihamdih, subhānallāh al-‘azhīm (Khanya e be ho Allah hammoho le thoriso ea Hae, Khanya e be ho Allah Ea Moholo-holo), {…Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo ntle le Uena. Khanya e be ho Uena! Kannete ke ne ke le emong oa baetsalibe 87} [Al-Anbiyā’: 87].

Ha ho ea tšoaneloang ke khumamelo ka 'nete haese Allah. Ha re khumamele mang kapa mang ntle le Eena. Mehauhelo ke ea Hae, molemo le bokhabane ke tsa Hae, 'me thoriso e ntle ke ea Hae. Ha ho ea tšoaneloang ke khumamelo ka 'nete haese Allah, re Mo etsetsa bolumeli ka bots'epehi bo felletseng, leha ba sa lumeleng ba ka se rate seo.

* Ha ho matla kapa tšireletso kantle ho Allah [56]. [56] E tlalehiloe ke Muslim, ho tsoa ho Ibn az-Zubayr رضي الله عنه, ka nomoro ea (594).

{…Morena oa rona, re fe molemo lefats’eng lena le molemo bophelong bo tlang ’me U re sireletse kotlong ea Mollo (Lihele) 201} [Al-Baqarah: 201].

* Allāhumma aslih li dīni alladhi huwa ‘ismatu amri, wa aslih li dunyāya allati fīha ma‘āshi, wa aslih li ākhirati allati fīha ma‘ādi, waj‘al al-hayāta ziyādatan li fi kulli khayr, waj‘al al-mawta rāhatan li min kulli sharr (Oho Allah, Ntokisetse bolumeli ba ka, e leng tšireletso ea litaba tsa ka, ’me u ntokisetse bophelo ba ka ba lefatše, boo ke phelang ho bona, ’me u ntokisetse bophelo ba ka bo tlang, e leng ho khutlela haka ho Uena. U nkekeletse bophelo botleng bo bong le bo bong, ’me u nketsetse lefu ele topollo ho bobe bo bong le bo bong) [57]. [57] E tlalehiloe ke Muslim, ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ka nomoro ea (2720).

* A‘ūdhu billāh min jahd al-balā’, wa darak ash-shaqā’, wa sū’ al-qadā’, wa shamātat al-a‘dā’ (Ke batla tšireletso ho Allah ho litsietsi tse boima, masisa-pelo a nyenyefatsang, le bobe bo reriloeng esale pele, le thabong ea lira) [58]. [58] E tlalehiloe ke al-Bukhari, ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ka nomoro ea (6347).

* Allāhumma inni a‘ūdhu bika min al-hammi wa al-hazan wa a‘ūdhu bika min al-‘ajzi wa al-kasal wa a‘ūdhu bika min al-jubni wa al-bukhl wa a‘ūdhu bika min ghalabat ad-dayn wa qahr ar-rijāl. A‘ūdhu bika Allāhumma min al-baras, wal-junūn, wal-judhām, wa min sayyi’ al-asqām (Oho Allah, ke batla setšabelo ho Uena matsoalong le mesarelong, bofokoling le botsoeng, bokoala le bokhopong, sebeng le melatong e boima, hore ke se ke ka apareloa ke melato le ho laoloa ke batho) [59]. [59] Ka mantsoe ana e tlalehiloe ke Abu Dawud, ho tsoa ho Abu Umamah al-Ansari, ntle le polelo ea “le libe le likoloto”, ka nomoro ea (1554).

* Allāhumma inī A‘ūdhu bika min al-baras, wal-junūn, wal-judhām, wa min sayyi’ al-asqām (Oho Allah, kannete ke kopa ts'ireletso ho Uena khahlanong le lepera, bohlanya, lefu la letlalo le mafu a mabe ka ho fetisisa) [60]. [60] E tlalehiloe ke Abu Dawud, ho tsoa ho Anas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (1554).

* Allāhumma inni as’aluka al-‘afw wal-‘āfiyah fid-dunya walākhirah (Oho Allah, ke kopa ts'oarelo ea libe le bophelo bo botle (ts'ireletso) lefats’eng lena le bophelong bo tlang).

* Allāhumma inni as’aluka al-‘afw wal-‘āfiyah fi dīni wa dunyāy wa ahli wa māli (Oho Allah, kannete ke kopa ts'oarelo le bophelo bo botle le ts'ireletso bolumeling ba ka, lefats’eng la ka, lelapeng la ka le maruong a ka).

* Allāhumma ustur ‘awrāti wa āmin raw‘āti, wahfazhni min bayni yadayya wa min khalfi wa ‘an yamīni wa ‘an shimāli wa min fawqi wa a‘ūdhu bi‘azhamatika an ughtāla min tahti (Oho Allah! Pata liphoso le mefokolo ea ka, 'me U kokobetse tšabo ea ka. Ntšireletse ka pele ho 'na le ka morao ho 'na, ka letsohong la ka le letona le ka letsohong la ka le letšehali, le kaholimo ho 'na. Ke kopa tšireletso ka Boholo ba Hao hore ke se ke ka timetsoa ke kotsi e tsoang ka tlas'a ka) [61]. [61] E tlalehiloe ke Abu Dawud, ho tsoa ho Ibn ‘Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ka nomoro ea (5074).

* Allāhumma ighfirli jiddi wa hazli wa khata’i wa ‘amdi wa kullu dhalika ‘indi (O Allah, ntšoarele libe tsa ka tseo ke li entseng ka tieo le tseo ke li entseng ka metlae, liphoso tsa ka le tseo ke li entseng ka boomo; tsohle tseo ke li entseng. Oho Allah, ntšoarele seo ke se entseng pejana le seo ke tla se etsa hamorao, seo ke se patileng le seo ke se senotseng, le seo U se tsebang ka 'na ho mpheta. Ke Uena Ea etellang pele, 'me Ke Uena Ea salisang morao, 'me U na le matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe) [62]. [62] Karolo ea hadith e tlalehiloe ke Muslim, ho tsoa ho Abu Musa al-Ash‘ari (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (2719).

* Allāhumma inni as’aluka ath-thabāt fil-amr wa al-‘azeemah ‘ala ar-rushd wa as’aluka shukra ni‘matik wa husna ‘ibādatik wa as’aluka qalban salīman wa lisānan sādiqan wa as’aluka min khayri ma ta‘lamu wa a‘ūdhu bika min sharri ma ta‘lam wa astaghfiruka lima ta‘lam, innaka ‘allāmu al-ghuyūb (Oho Allah, kannete ke U kopa hore U mphe botsitso litabeng tsaka le maikemisetso a matle tseleng e nepahetseng. ’Me ke kopa ho U leboha malebana le mehauhelo ea Hao le botle ba tumelo ea Hau. ’Me ke kola U etse pelo eaka hore e hloeke le leleme laka le ts'epahale. ’Me ke kopa molemo oa tsohle tseo U li tsebang, ’me ke kopa tšireletso ho Uena ho bobe ba tsohle tseo U li tsebang. ’Me ke kopa ts'ireletso khahlanong le seo U se tsebang; kannete U Tseba tsohle tse patiloeng) [63]. [63] E tlalehiloe ke Tirmidhī, ho tsoa ho Shaddād ibn Aws (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (3407).

* Allāhumma rabba an-nabiyyi Muhammadin ‘alayhi assalātu was-salām ighfirli dhanbi wa adh'hib ghayzha qalbi wa a‘idhni min mudillāt al-fitani ma abqaytani (Oho Allah, Morena oa Moporofeta Muhammad ﷺ, nts'oarele libe tsaka, u tlose khalefo pelong eaka ’me u mpholose ho liteko tse khelosang ha U ntse U re phelisa) [64]. [64] E tlalehiloe ke Ahmad, ho tsoa hadith ea Ummu Salamah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) (6/301).

* Allāhumma rabb as-samāwāti wa rabb al-ard wa rabb al-‘arsh al-‘azhīm, rabbana wa rabba kulli shay’, fāliq al-habb wannawa, munzil at-tawrāh wal-injīl wal-qur’ān. Anta Al-Awwalu falaysa qablaka shay’, wa anta Al-Ākhiru falaysa ba‘daka shay’, wa anta Azh-Zhāhiru falaysa fawqaka shay’, wa anta Al-Bātinu falaysa dūnaka shay’. Iqdi ‘anni ad-dayn waghnini min al-faqr (O Allah, Morena oa maholimo le Morena oa lefatše, le Morena oa Arsh (Terone) e Kholo. Morena oa rona le Morena oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Uena Ea petsolang peo le thollo, le Ea theotseng Tawrah, Injīl le Furqān (Qur’ān). Ke batla tšireletso ho Uena khahlanong le bobe ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo U e leng tlas’a taolo ea Hao. O Allah, Ke Uena oa Pele, ha ho letho pele ho Uena. Ke Uena Qetello, ha ho letho ka mor’a Hao. Ke Uena Ea Holimo-holimo, ha ho letho kaholimo ho Uena. Ke Uena Ea Haufi ka tsebo le matla a Hao, ha ho letho le haufi ho feta Uena. Re lefelle melato ea rona, ’me U re ruise hore re se ke ra futsaneha) [65]. [65] E tlalehiloe ke Muslim, ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ka nomoro ea (2713).

* Allāhumma i‘ti nafsi taqwāha wa zakkiha anta khayru man zakkāha anta waliyyuha wa mawlāha. Allāhumma inni a‘ūdhu bika min al-‘ajzi wal-kasal wa a‘ūdhu bika min al-jubni wal-haram wal-bukhl wa a‘ūdhu bika min ‘adhāb al-qabr (Oho Allah, fa moea oa ka khalalelo (taqwa), ’me U o hloekise; kaha ke Uena Ea molemo ka ho fetisisa ho ba hloekisang. Ke Uena Mong’a ona le Mohlokomeli oa ona. Oho Allah, ke kopa ts'ireletso ho Uena khahlanong le bofokoli le botsoa, ’me ke kopa ts'ireletso ho Uena khahlanong le bokoala, botsofali le bokhonatha, ’me ke boele ke kope ts'ireletso ho Uena khahlanong le kotlo ea lebitla) [66]. [66] E tlalehiloe ke Muslim, ho tsoa ho Zayd ibn Arqam (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ka nomoro ea (2722).

* Allāhumma laka aslamt wa bika āmant wa ‘alayka tawakkalt wa ilayka anabt wa bika khāsamt. A‘ūdhu bi‘izzatika an tudillani, la ilāha illa ant, anta Al-Hayy al-ladhi la yamūt wal-jiin wal-ins yamūtūn (Oho Allah, ke inehela ho Uena, ke lumela ho Uena, ke its’etleha ka Uena, ke khutlela ho Uena ka pako, ‘me ka thuso ea Hao ke phehisana khang. Ke batla setšabelo ho Tlotlo ea Hao hore U se nkhelose tseleng. Ha ho molingoana ea lokeloang ho khumameloa kantle ho Uena. U Ea Phelang ka ho sa Feleng Ea sa shoeng, empa li-jinn le batho bohle baa shoa) [67]. [67] E tlalehiloe ke Muslim, ho tsoa ho hadith ea Ibn ‘Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ka nomoro ea (2717).

* Allāhumma inni a‘ūdhu bika min ‘ilmin la yanfa‘ wa min qalbin la yakhsha‘ wa min nafsin la tashba‘ wa min da‘watin la yustajābu laha (Oho Allah, kannete ke kopa ts'ireletso ho Uena khahlanong le tsebo e senang molemo le pelo e sa ikokobetseng le moea o sa khotsofaleng le thapelo e sa arajoeng) [68]. [68] Ena ke karolo ea Hadith ea Zayd ibn Arqam (Allah A khahlisoe ke eena), eo tlhahiso ea eona (takhrīj) e seng e boletsoe pejana tlas’a nomoro (2722).

* Allāhumma jannibni munkarāt al-akhlāq wal-a‘māl walahwā’ wal-adwā’ (Oho Allah, nthuse hore ke qobe boits'oaro bo bobe, mesebetsi e mebe, litakatso tse mpe le maloetse) [69]. [69] E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ho tsoa ho Ziyad bin ‘Alaqa ho tsoa ho rangoane oa hae, ka nomoro ea (3591).

* Allāhumma alhimni rushdi wa a‘idhni min sharri nafsi (Oho Allah, mphe tataiso e nepahetseng ’me u nts'irelletse bobeng ba moea oa ka)[70]. [70] E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ho tsoa ho hadith ea Imran ibn Husayn, Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (3483).

* Allāhumma ikfini bihalālika ‘an harāmik waghnini bifadlika ‘amman siwāk (Oho Allah, ntekanye ka seo U se entseng molao khahlanong le seo U se hanetseng, 'me u ntekanye ka melemo ea Hao ke se hloke thuso ea ba bang) [71]. [71] E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ho tsoa ho hadith ea Ali ibn Abi Talib, Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (3563).

* Allāhumma inni as’aluka al-huda wa at-tuqa wa al-‘afāf wa al-ghina (Oho Allah, ke U kopa tataiso, borapeli bo tšabang Molimo (taqwa), bohloeki le boitšoaro bo botle, le ho ikemela leruong le ho se hloke batho) [72]. [72] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Abdullah ibn Masud, Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (2721).

* Allāhumma inni as’aluka al-huda was-sadād (Oho Allah, kannete ke U kopa tataiso le ho loka) [73]. [73] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Ali ibn Abi Talib, Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (2725).

* Allāhumma inni as’aluka min al-khayri kullihi, ‘ājilihi wa ājilihi, ma ‘alimtu minhu wa ma lam a‘lam. Wa a‘ūdhu bika min ash-sharri kullihi, ‘ājilihi wa ājilihi, ma ‘alimtu minhu wa ma lam a‘lam, wa as’aluka min khayri ma sa’alaka minhu ‘abduka wa nabiyyuka Muhammadun sallallāhu ‘alayhi wa sallam, wa a‘ūdhu bika min sharri masta‘ādha minhu ‘abduka wa nabiyyuka Muhammadun sallallāhu ‘alayhi wa sallam, Allāhumma inni as’aluka al-jannata wa ma qarraba ilayha min qawlin aw ‘amal, wa a‘ūdhu bika min an-nār wa ma qarraba ilayha min qawlin aw ‘amal, wa as’aluka an taj‘al kulla qadā’ qadaytuhu li khayr (Oho Allah, ke u kopa tsohle tse molemo, tse potlakileng le tse liehetsoeng, tseo ke li tsebang le tseo ke sa li tsebeng, 'me ke batla setšabelo ho Uena ho tsohle tse mpe, tse potlakileng le tse liehetsoeng morao, tseo ke li tsebang le tseo ke sa li tsebeng. Ke U kopa molemo oo mohlanka oa Hao le Moporofeta ﷺ a ileng a batla tšireletso ho eona, 'me ke batla setšabelo ho Uena ho bobe boo mohlanka oa Hao le Moprofeta oa Hao, Muhammad ﷺ a batlileng setšabelo ho bona) [74]. [74] E tlalehiloe ke Ibn Majah ho tsoa ho hadith ea Aisha Eka Allah A ka khahlisoa ke bona ka bobeli, ka nomoro ea (3846).

* La ilāha illallāh wahdahu la sharīka lah, lahu al-mulku wa lahu al-hamdu, yuhyi wa yumītu biyadihi al-khayr wa huwa ‘ala kulli shay’in qadīr. Subhānallāh, wal-hamdulillāh, wa la ilāha illallāh, wallāhu akbar, wa la hawla wa la quwwata illa billāh al-‘aliyy al-‘azhīm (Ha ho molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, a le mong, Ea se nang molekane. Borena ke ba Hae, 'me thoriso ke ea Hae. O fana ka bophelo 'me o baka lefu. Botle bohle bo letsohong la Hae, 'me o na le matla holim'a lintho tsohle. Khanya e be ho Allah, 'me thoriso e be ho Allah, 'me ha ho na molimo ofe kapa ofe o lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah, 'me Allah ke e moholo ka ho fetisisa, 'me ha ho na matla haese ho Allah, Ea Phahameng ka ho Fetisisa, E Moholo ka ho Fetisisa) [75]. [75] E tlalehiloe ke al-Bukhari ho tsoa ho hadith ea Ubadah ibn as-Samit, Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (1154).

* Allāhumma salli ‘ala Muhammadin wa ‘ala āli Muhammadin kama sallayta ‘ala Ibrāhīm wa ‘ala āli Ibrāhīm, innaka Hamīdun Majīd. Wa bārik ‘ala Muhammadin wa ‘ala āli Muhammadin kama bārakta ‘ala Ibrāhīm wa ‘ala āli Ibrāhīm, innaka Hamīdun Majīd (Oho Allah, fana ka khotso ea Hao ho Muhammad le lelapa la Muhammad, joalo ka ha U fane ka khotso ho Abrahama le lelapa la Abrahama; Ruri Ua Hlompheha le ho Khanya. Oho Allah, hlohonolofatsa Muhammad le lelapa la Muhammad joalo ka ha U hlohonolofalitse Abrahama le lelapa la Abrahama; Ruri ua Hlompheha le ho Khanya) [76]. [76] E tlalehiloe ke al-Bukhari ho tsoa ho hadith ea Ka'b ibn Ujrah, Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (3370).

{…Morena oa rona, re fe molemo lefats'eng lena le molemo bophelong ba kamor'a lefu ’me U re sireletse kotlong ea Mollo 201} [Al-Baqara: 201].

Ho khothaletsoa maemong ana a maholo hore ea etsang Hajj a phete lithapeli (adhkar) le likōpo tsohle tse boletsoeng pele, hammoho le tse ts'oanang le tsona tsa ho hopola Allah, ho etsa duʿā (thapeli) le ho romela salawaat ho Moporofeta ﷺ. O lokela ho tsitlella ka ho rapela, a kopa Mong’a hae molemo oa lefats'e lena le oa Bophelo ba kamor'a lefu. Moporofeta ﷺ ha a ne a kopa o ne a bala thapeli ea hae makhetlo a mararo, kahoo ho loketse ho mo etsisa tabeng ena, khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae.

Lemoseleme maemong ana le lokela ho ikokobetsa ka botlalo ho Morena oa lona Ea Phahameng, le be bonolo le boikokobetso le inehele ho Eena, le inehele ka ho feletseng pel’a Hae, le robehe pelo pel’a matsoho a Hae, le lebelle mohau oa Hae le ts'oarelo, ’me le ts'abe kotlo le khalefo ea Hae. Le lokela ho itlhatlhoba le ho nchafatsa pako ea lona hobane ke Letsatsi le leholo la kopano e kholo, moo Allah A fanang haholo ho bahlanka ba Hae, A ithorisa ka bona pel’a Mangeloi a Hae ’me ho lokolloa batho ba bangata mollong. Satane ha a s'o bonoe a nyenyefetse, a nyelisehile le ho tlontlolleha joaloka Letsatsi leo le letsatsi la Arafah ntle le ka letsatsi la Badr; sena ke ka lebaka la molemo o moholo oa Allah ho bahlanka ba Hae, mosa oa Hae ho bona le bongata ba ho ba lokolla mollong le ho ba ts'oarela.

Ho Sahih Muslim, ho tsoa ho Aisha, Eka Allah A ka khahlisoa ke bona ka bobeli, hore Moporofeta ﷺ o itse: “Ha ho letsatsi leo ka lona Allah a lokollang makhoba a Hae a mangata mollong ho feta Letsatsi la ‘Arafah. Ka sebele oa atamela, ebe o ithorisa ka bona ho mangeloi a re: Batho bana ba batla eng?” [77]. [77] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Aisha, Eka Allah A ka khahlisoa ke bona ka bobeli, ka nomoro ea (1348).

Ka hona ho tšoanela hore Mamosleme a bontše Allah molemo o tsoang ho bona, ’me a tlotlolle sera sa bona, e leng Satane, le ho mo utloisa bohloko ka ho eketsa khopotso ea Allah (dhikr), lithapelo, ho khomarela pako le ho kopa tšoarelo bakeng sa libe tsohle le liphoso. Baeti ba Hajj ba tsoela pele sebakeng sena (Arafah) ba tšoarehile ka dhikr, lithapeli le boikokobetso ho Allah ho fihlela letsatsi le likela. Ha letsatsi le se le liketse, ba tloha ba ea Muzdalifah ka khutso, seriti le boitšoaro bo botle. Ba boetse ba eketsa talbiyah (“Labbayka Allahumma Labbayk”) ’me ba potlakisa moo tsela e pharaletseng, hobane ke sona seo Moprofeta ﷺ a ileng a se etsa. Ha hoa lumelloa ho tloha Arafah pele letsatsi le likela, hobane Moprofeta ﷺ o ile a ema moo ho fihlela letsatsi le likela, ’me a re: “Nkang meetlo ea lona ea Hajj ho ’na” [78]. [78] Mohloli oa eona o se o boletsoe pejana.

Ha ba fihla Muzdalifah, ba etsa thapelo ea Maghrib ka rakaʿah tse tharo le thapelo ea ʿIshāʾ ka rakaʿah tse peli, ba li kopanya ka adhān e le ’ngoe le li-iqāmah tse peli hang ha ba fihla moo; hobane Moporofeta ﷺ o ile a etsa joalo, ebang ba fihla Muzdalifah nakong ea Maghrib kapa kamor’a hore nako ea ʿIshāʾ e kene.

Seo batho ba bang ba se etsang sa ho bokella majoe a ma nyane sebakeng sa ho betsa jamarāt hang feela ha ba fihla Muzdalifah pele ho thapelo le tumelo ea bongata ba bona hore seo ke Sunnah, ke phoso e kholo e se nang motheo. Moporofeta ﷺ ha a ka a laela hore majoe a bokelloe ntle le kamor’a hore a tlohe Mashʿar ho ea Minā. Ha ho tsotellehe hore na motho o bokella majoe hokae, seo se lekane sebakeng sa hae ’me ha ho hlokahale hore a a bokelle Muzdalifah feela; ho lumelletsoe hore a a bokelloe Minā. Sunnah ke ho bokella majoe a supileng letsatsing lena hore a lahleloe Jamrat al-ʿAqabah, ho latela mohlala oa Moporofeta ﷺ. Ha ele matsatsi a mararo a latelang, motho o bokella majoe letsatsi le leng le le leng a mashome a mabeli a motso o mong Minā, ao a a lahlelang jamarāt tse tharo ka ona.

Ha ho khothalletsoe ho hlatsoa majoe ao, empa motho o a lahlela ntle le ho a hlatsoa; hobane seo ha sea ka sa tlalehoa ho tsoa ho Moporofeta ﷺ le ho barutuoa ba hae. Hape ha hoa lokela hore ho lahleloe ka majoe a seng a kile a sebelisoa ho lahlela pele.

Motho ea leetong la ḥajj o qeta bosiu hona Muzdalifah ’me ho lumelletsoe hore batho bao maphelo a bona a fokolang ekabang ke basali, bana le ba ts'oanang le bona ba tlohe ba ee Minā qetellong ea bosiu; ka lebaka la hadith ea ʿĀʾishah, Umm Salamah le ba bang. Haele ba bang ba leetong la hajj (huḥajj), bona ba tlamehile ho lula moo Muzdalifah ho fihlela ba entse thapelo ea Fajr, ebe ba ema ho Al-Mashʿarul Ḥarām ba shebise lifahleho tsa bona Qiblah, ba etse adhkar (lithapeli, likopo, liteboho le lithoriso) tsa bona sebakeng sa Allah, ho Mo tlotlisa ka takbīr le ho etsa duʿāʾ ho fihlela ho khanya ho bonts'a hore ke hoseng. Ho khothaletsoa ho phahamisa matsoho ha ho etsoa duʿā sebakeng sena. Hape, kae kapa kae moo ba emang teng Muzdalifah ho ba lekane, ’me ha ho tlame hore ba be haufi le Al-Mashʿar Al-Ḥarām kapa ba hloelle holim’a eona; hobane Moprofeta ﷺ o itse: “Ke eme mona” — a bolela Al-Mashʿar Al-Ḥarām — “empa Muzdalifah eohle ke sebaka sa ho ema” [79] E tlalehiloe ke Muslim bukeng ea hae ea Ṣaḥīḥ, ’me “Jamʿ” ke Muzdalifah. [79] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Jabir ibn Abdullah Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, ka nomoro ea (1218).

Ha leseli la hoseng le se le atile, ba ea tloha ho ea Minā pele letsatsi le chaba ebe ba eketsa talbiyah ha ba ntse ba tsamaea. Ha ba fihla Muḥassir, ho khothalletsoa hore ba potlake hanyane.

Ha ba fihla Minā, ba emisa talbiyah sebakeng sa Jamratul ʿAqabah, ebe ba qala ho lahlela majoe a supileng a latellanang hang ha ba fihla. Ba phahamisa letsoho ha ba lahlela lejoe ka leng ebe ba etsa takbīr. Ho khothalletsoa hore ba le lahlele ba eme ka lehlakoreng la botebo ba phula, ba etsa hore Kaʿbah e be ka lehlakoreng la bona le lets'ehali le Minā ka lehlakoreng la bona le letona; ho latela ketso ea Moporofeta ﷺ. Haeba motho a le lahlela ho tloha mahlakoreng a mang, ho nepahetse haeba lejoe le oela sebakeng se loketseng (marma). Ha ho hlokahale hore lejoe le lule sebakeng seo; se hlokahalang ke hore le oele moo feela. Le haeba lejoe le oela moo ebe lea tsoa hape, ho ea amoheleha ho ea ka maikutlo a boholo ba litsebi (tsa molao oa Islam). Har’a ba hlalositseng sena ke An-Nawawi bukeng ea hae ea Sharḥul Muhadhdhab. Majoe a jamarāt a lokela ho ts'oana le majoe a manyane a ho akhela ka menoana (ḥaṣā ul-khaḍf) ’me a batla a le maholoanyane ho feta peo ea lierekisi tsa hummus.

Ka mor’a ho lahlela Jamrah, o hlaba sehlabelo sa hae (hady). Ho khothaletsoa hore ha a hlaba kapa a ntša sehlabelo a re: “Bismillāh, Wallāhu Akbar. Allāhumma hādhā minka wa laka.” Moelelo oa eona ke: “Ka lebitso la Allah, Allah o Moholo-holo. Oho Allah, sena se tsoa ho Uena ’me ke sa Hao.” Hape ho khothaletsoa hore a lebise sehlabelo qiblah. Sunnah ke hore likamele li hlajoe li eme, leoto la tsona le letšehali le ka pele le tlamiloe; athe likhomo le linku li robatsoe ka lehlakore la tsona le letšehali ha li hlajoa. Haeba a hlaba sehlabelo se sa lebisoa qiblah, o lahlile Sunnah, empa sehlabelo sa hae se ntse se sebetsa ebile sea amoheleha; hobane ho lebisa qiblah ha ho hlajoa ke Sunnah feela, eseng setlamo. Ho boetse ho khothaletsoa hore a je karolo ea sehlabelo sa hae, a fe ba bang limpho ho sona, ’me a fane ka karolo ea sona e le sadaqah ho mafutsana; hobane Allah Ea Holimo-limo o itse: {…joale le je ho sona ’me le fe ba hlokang le mafutsana ho sona} [Al-Hajj: 28], Nako ea ho hlaba sehlabelo e tsoela pele ho fihlela letsatsi le likela letsatsing la boraro la Matsatsi a Tashrīq, ho ea ka maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa a litsebi. Kahoo nako ea ho hlaba ke letsatsi la Nahr le matsatsi a mararo a latelang.

Ka mor’a ho hlaba sehlabelo sa hae (hady), o beola moriri oa hlooho ea hae kapa a o khutsufatsa. Ho beola (halq) ho molemo ho feta ho khutsufatsa (taqsīr), hobane Moprofeta ﷺ o ile a rapella ba beolang lihlooho tsa bona mohau le tšoarelo makhetlo a mararo, athe ba khutsufatsang moriri a ba rapella hang feela. Ha hoa lekana ho khutsufatsa karolo e itseng feela ea moriri oa hlooho; ho hlokahala hore moriri oohle oa hlooho o khutsufatsoe, joalo ka ha ho beoloa hlooho eohle. Mosali o lokela ho khutsufatsa loho le leng le le leng la moriri oa hae ka boholo bo lekanang le ntlha ea monoana kapa bo ka tlase ho moo.

Kamor’a ho lahlela Jamratul ʿAqabah le ho kuta kapa ho fokotsa moriri, ho lumelloa ho muhrim (motho ea kahar'a Ihram) tsohle tse neng li thibetsoe ka lebaka la ihrām ntle le basali. Sena se bitsoa “ho lokolloa hoa pele” (al-taḥallul al-awwal). Ho khothalletsoa hore kamor’a ho lokolloa hona a itlotse ka litlolo tse monko o monate ’me a ee Makkah ho ea etsa ṭawāful Ifāḍah; ka lebaka la hadith ea Aisha bint Abi Bakr Eka Allah A ka khahlisoa ke eena a ileng a re: “Ke ne ke tlotsa Moporofeta ﷺ ka oli e monko o monate pele a kena ihrām le kamor’a hore a lokolohe ho ihrām pele a etsa ṭawāf Ntlong” [80] E tlalehiloe ke al-Bukhari le Muslim. [80] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1539) le ke Muslim ka nomoro ea (1189).

Tawaf ena e bitsoa “Tawaful Ifāḍah” le “Tawafu az-Ziyārah” ’me ke ts'iea e kholo ea Hajj eo Hajj e sa phetheheng ntle le eona. Ke eona e polelong ea Allah Ea Phahameng: {Ebe ba phethela meetlo ea bona e ngotsoeng (ea Hajj), ba phethahatse likano tsa bona ’me ba etse tawaf Ntlong ea khale (Ka’bah) 29} [Al-Hajj: 29].

Ebe kamor’a ṭawāf le ho rapela rakaʿah tse peli kamorao ho Maqām (Ibrāhīm), o etsa saʿy pakeng tsa Ṣafā le Marwah haeba e le motho ea etsang tamattuʿ. Saʿy ena ke ea Hajj ea hae ’me saʿy ea pele e ne e le ea ʿumrah ea hae.

Saʿy e le ’ngoe feela ha ea lekana ho ea ka maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa a litsebi; ka lebaka la hadith ea Aisha Eka Allah A ka khahlisoa ke eena, a ileng a re: “Re ile ra tsoa le Moporofeta ﷺ,” eaba o bolela hadith, ’me ho eona a re: “’Me mang kapa mang ea nang le sehlabelo (hadī) a kenye ihrām ea Hajj hammoho le ʿUmrah, ebe a se ke a tsoa ho ihrām ho fihlela a lokolloa ho tsona ka bobeli…” Ho fihlela a re: “Ba ileng ba kena ihrām bakeng sa ʿUmrah ba ile ba etsa ṭawāf ho Ntlo (Ka’bah) le ho Ṣafā le Marwah, eaba ba lokolla ihrām. Ebe ba etsa ṭawāf e ’ngoe hape kamor’a hore ba khutle Minā bakeng sa Hajj ea bona” [81] E tlalehiloe ke Bukhari le Muslim. [81] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1556) le ke Muslim ka nomoro ea (1211).

Mantsoe a hae (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) mabapi le ba ileng ba kena ihram bakeng sa Umrah: “Eaba ba etsa tawaf e ’ngoe hape ka mor’a hore ba khutle Mina bakeng sa Hajj ea bona.” Seo a neng a se bolela, ho latela maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa mabapi le tlhaloso ea hadith ena, ke Sa‘i (ho tsamaea pakeng tsa Safa le Marwah). Ha e le ba reng o ne a bolela Tawaf al-Ifadah, maikutlo ao ha a nepahale; hobane Tawaf al-Ifadah ke karolo ea bohlokoa (rukn) ea Hajj ho bohle, ’me bohle ba ne ba e entse. Ka hona, se boleloang ke ntho e ikhethang ho Mutamatti‘ (ea entseng Umrah pele ebe o etsa Hajj), e leng hore o etsa Sa‘i pakeng tsa Safa le Marwah lekhetlo la bobeli ka mor’a ho khutla Mina, e le ho phethela Hajj ea hae. Sena se hlakile, ka thoriso ea Allah, ’me ke maikutlo a boholo ba litsebi tsa bolumeli.

Hape, se bontšang hore tlhaloso ena e nepahetse ke seo Abdullah ibn Abbas (Allah A khahlisoe ke bona ka bobeli) a se phetisitseng, se tlalehiloeng ke al-Bukhari ho Sahih ea hae ka mokhoa o tiisitsoeng. Ha a botsoa ka Tamattu‘ Hajj, o ile a re: “Bafalli (Muhajirun), Bathusi (Ansar), le basali ba Moprofeta ﷺ ba ile ba kena ihram nakong ea Hajj ea ho fonanisa (Hajjatul-Wada‘), le rona ra kena ihram. Ha re fihla Makkah, Moromuoa oa Allah ﷺ a re: ‘Fetolang ihram ea lona ea Hajj hore e be Umrah, ntle le ba tlisitseng sehlabelo (hady).’ Kahoo ra etsa tawaf ho potoloha Ka‘bah le Sa‘i pakeng tsa Safa le Marwah, ra ea ho basali ba rona, ’me ra apara liaparo tse tloaelehileng. Eaba o re: ‘Ea tlisitseng sehlabelo a se ke a tsoa ihramong ho fihlela sehlabelo sa hae se fihla moo se lokelang ho hlajoa teng.’ Joale mantsiboeeng a letsatsi la Tarwiyah a re laela hore re kene ihram hape bakeng sa Hajj. Ha re qetile litšebeletso tsa Hajj, ra tla ra etsa tawaf ho potoloha Ka‘bah le Sa‘i pakeng tsa Safa le Marwah” [82]. Se reriloeng se phethiloe ’me se hlakile hore motho ea etsang tamattuʿ o etsa saʿy habeli ’me Allah ke Eena Ea tsebang haholo. [82] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (1572).

’Me se tlalehiloeng ke Muslim ho tsoa ho Jabir ibn Abdullah Eka Allah A ka khahlisoa ke eena: “Moporofeta ﷺ le barutuoa ba hae ha ba ka ba etsa saʿy pakeng tsa Ṣafā le Marwah ntle le hang feela” [83], Tawaf ea bona ea pele e lokela ho utloisisoa e le ea Sahabah ba neng ba tlisitse sehlabelo (hady); hobane bona ba ile ba lula ba le ihram hammoho le Moprofeta ﷺ ho fihlela ba qeta Hajj le Umrah ka bobeli. Moprofeta ﷺ o ne a kene ihram bakeng sa Hajj le Umrah hammoho (Qiran), ’me a laela ba neng ba tlisitse sehlabelo hore le bona ba kene ihram bakeng sa Hajj hammoho le Umrah, le hore ba se ke ba tsoa ihram ho fihlela ba qetile Hajj le Umrah ka bobeli. Motho ea kopanyang Hajj le ʿUmrah (qārin) ha a na saʿy e fetang e le ’ngoe feela, joalokaha ho bonts'itsoe ke hadith ea Jabir ibn Abdullah e boletsoeng 'moho le li-hadith tse ling tse nepahetseng. [83] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1215).

Ka mokhoa o tšoanang, motho ea entseng Hajj Ifrad ’me a lula a le boemong ba ihram ho fihlela Letsatsi la Nahr (Eid al-Adha), ha a tlamehe ho etsa ntle le Sa‘i e le ’ngoe feela. Ka hona, haeba Qarin (ea entseng Hajj le Umrah hammoho) le Mufrid (ea entseng Hajj feela) ba etsa Sa‘i ka mor’a Tawaf al-Qudum, Sa‘i eo e ba lekane, ’me ha ba tlameha ho etsa Sa‘i e ’ngoe ka mor’a Tawaf al-Ifadah. Ena ke tsela ea ho kopanya hadith ea Aisha le ea Abdullah ibn Abbas le hadith ea Jabir ibn Abd Allah e boletsoeng pejana. Ka tsela ena, ho bonahalang eka ke ho se lumellane pakeng tsa li-hadith hoa fela, ’me li-hadith tsohle li ka sebelisoa le ho utloisisoa hammoho ntle le khohlano.

Har’a lintho tse matlafatsang tlhaloso ena e kopanyang li-hadith ke hore hadith ea Aishah le ea Abdullah ibn Abbas ke li-hadith tse nepahetseng (sahih). Li-hadith tsena tse peli li tiisa hore Mutamatti‘ (ea entseng Umrah pele ebe o etsa Hajj) o etsa Sa‘i ea bobeli. Empa moelelo o bonahalang oa hadith ea Jabir ibn Abd Allah o ka utloahala eka o hana seo. Leha ho le joalo, ho latela melao e tsebahalang ea Usul al-Fiqh le Mustalah al-Hadith, bopaki bo tiisang taba (al-muthbit) bo etelloa pele ho bopaki bo bonahalang bo e hana (an-nafi); hobane ea tiisang o na le tsebo e eketsehileng eo ea hanang a ka ’nang a se ke a e tseba. Ka hona, tlhaloso ena e kopanyang li-hadith ke eona e nepahetseng ka ho fetisisa. Allah Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke Eena Ea fanang ka katleho ho fumana ’nete le ho nepahala. Ha ho matla kapa bokhoni ntle le ka Allah.

Khaolo

Tlhaloso ea se molemo ka ho fetisisa seo Hajji a lokelang ho se etsa ka Letsatsi la Nahr (Letsatsi la Eid al-Adha)

Ho molemo hore Hajji a etse mesebetsi ena e mene ka Letsatsi la Nahr ka tatellano e boletsoeng: A qale ka ho betsa Jamrat al-‘Aqabah, ebe o hlaba sehlabelo (haeba se mo tlama), ebe o kuta moriri kapa oa o fokotsa, ebe o etsa tawaf ho potoloha Ka‘bah, ’me ka mor’a moo a etse Sa‘i haeba e le Mutamatti‘, hape, Mufrid le Qarin ba etsa Sa‘i ka mor’a tawaf haeba ba ne ba sa ka ba e etsa hammoho le Tawaf al-Qudum, leha ho le joalo, haeba motho a etella tse ling tsa liketso tsena pele ho tse ling, Hajj ea hae e ntse e nepahetse ebile e mo lekane; hobane ho tiisitsoe hore Muhammad ﷺ o ile a fana ka tumello tabeng ena. Sena se kenyelletsa le ho etsa Sa‘i pele ho Tawaf, hobane Sa‘i le Tawaf ke tse ling tsa liketso tse etsoang ka Letsatsi la Nahr. Ka hona li kena tlas’a mantsoe a Sahabi a reng: “Ka letsatsi leo, Moprofeta ﷺ o ne a sa botsoe ka ntho efe kapa efe e etsoang pele kapa e liehisitsoeng, ntle le hore a re: ‘E etse, ha ho molato’” [84], ’Me hobane seo se har’a lintho tseo hangata ho ka hlahang ho tsona ho lebala le ho se tsebe, ka hona ho hlokahala hore li kenelle kahar’a polelo ena e akaretsang; ka lebaka la ho nolofatsa le ho bebofatsa taba eo. [84] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ka nomoro ea (83) le ke Muslim ka nomoro ea (1306).

Ho tiisitsoe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ hore o ile a botsoa ka motho ea ileng a etsa saʿy pele a etsa ṭawāf, eaba o re: “Ha ho bothata (ha ho molato)” [85] E tlalehiloe ke Abu Dawud ho tsoa ho hadith ea Usama ibn Sharik ka isnād (Lethathamo la batlalehi) e nepahetseng. Ka hona ho hlakile hore e kenella kahar’a polelo e akaretsang ntle le pelaelo ’me Allah ke Eena Ea fang ka katleho. [85] E tlalehiloe ke Abu Dawud ka nomoro ea (2015).

Lintho tse tharo tse etsang hore Hajji a fumane tahallul e feletseng (ho tsoa ihram ka botlalo) ke tsena: Ho betsa Jamrat al-‘Aqabah, ho kuta moriri kapa ho o fokotsa, ho etsa Tawaf al-Ifadah, hammoho le Sa‘i ka mor’a eona ho ba e hlokang, joalokaha ho hlalositsoe pejana. Ha Hajji a se a entse lintho tsena tse tharo, o ba a fumane tahallul e feletseng, ’me tsohle tse neng li thibetsoe ka lebaka la ihram li ba molaong ho eena hape, ho kenyeletsa likamano tsa lenyalo, ho sebelisa monko o monate le tse ling. Empa haeba a entse lintho tse peli feela ho tsena tse tharo, o lumelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e thibetsoe ke ihram ntle le likamano tsa lenyalo. Boemo bona bo bitsoa Tahallul ea Pele (At-Tahallul al-Awwal). Ka mor’a tahallul ena ea pele, Hajji a ka apara liaparo tse tloaelehileng, a sebelisa monko o monate, a kuta manala le ho etsa lintho tse ling tse neng li thibetsoe ka ihram, empa likamano tsa lenyalo li lula li thibetsoe ho fihlela a fumana tahallul e feletseng.

Ho khothaletsoa hore Hajji a noe metsi a Zamzam ’me a noe haholo ho fihlela a khotsofala. Hape ho khothaletsoa hore a etse lithapeli (du‘a) tse molemo le tse mo loketseng tseo a ka li khonang, a kopa Allah molemo oa lefatše lena le oa Bophelo bo Tlang, hobane metsi a Zamzam ke metsi a hlohonolofalitsoeng, ’me ho tlalehiloe hore Moprofeta ﷺ o itse: “Metsi a Zamzam ke bakeng sa seo a se noeloang” [86]. Joalokaha ho tlalehiloe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ ho Sahih Muslim ho tsoa ho Abu Dharr hore Moporofeta ﷺ o ile a re ka metsi a Zamzam: “Ruri ke lijo tse khorisang (tse fepang)” [87]. Abu Dawud o ile a eketsa a re: “’Me ke pheko ea maloetse” [88]. [86] E tlalehiloe ke Ibn Majah ho tsoa ho Jabir ibn Abdullah Eka Allah A ka khahlisoa ke eena ka nomoro ea (3062). [87] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (2473). [88] Ho boleloa mona Abu Dawud al-Tayalisi o ile a tlaleha hadith ena ka har’a hadith e tšoanang e buang ka pale ea kamohelo ea Islam ea Abu Dharr (Allah A khahlisoe ke eena). Hadith ena e ka fumanoa ho Musnad Abi Dawud al-Tayalisi, hadith nomoro 459.

Kamor’a ṭawāful Ifāḍah le saʿy bakeng sa ea lokelang ho etsa saʿy, ba leetong la hajj ba khutlela Minā ’me ba lula moo matsatsi a mararo le masiu a teng. Ba lahlela jamarāt tse tharo letsatsi ka leng la matsatsi ao a mararo kamor’a hore letsatsi le fete bohareng ba leholimo (zawāl). ’Me ho tlameha hore ho be le tatellano ha ho lahleloa majoe ao.

Hajji o qala ka Jamrah ea pele, e leng e haufi le Masjid al-Khayf. O e betsa ka majoe a supileng, lejoe ka lejoe ka tatellano, a phahamisa letsoho la hae nako le nako ha a lahlela lejoe. Ke Sunnah hore ka mor’a ho qeta ho betsa Jamrah ena, a tlohe hanyenyane ho eona, a e siee ka lehlakoreng la hae le letšehali, ebe o shebana le Qiblah, a phahamisa matsoho a hae, ’me a eketse thapeli (du‘a), boikokobetso le ho kopa Allah haholo.

Ebe o lahlela Jamarah ea bobeli joaloka ea pele. Ke Sunnah hore ka mor’a ho e lahlela a hatele pele hanyenyane, a e etse hore e be ka letsohong la hae le letona, a shebane le Qiblah, a phahamise matsoho a hae, ebe o etsa duʿā’ tse ngata.

Ebe o lahlela Jamrah ea boraro ’me ha a eme ho eona.

Ebe o lahlela jamarāt ka letsatsi la bobeli la matsatsi a Tashrīq kamor’a hore letsatsi le fete bohareng ba leholimo (zawāl), joalokaha a ile a li lahlela ka letsatsi la pele. ’Me o etsa ho ea ka Jamrah ea pele le ea bobeli joalokaha a entse ka letsatsi la pele; ho latela mohlala oa Moporofeta ﷺ.

Ho lahlela majoe ka matsatsi a mabeli a pele a Matsatsi a Tashrīq ke setlamo ho Hajj ka ho ts'oana le ho robala Minā bosiu ba pele le ba bobeli, ntle le ho ba tsamaisang metsi (a sebelisoang Hajj), balisana (ba hlokomelang liphoofolo tse tl'o hlajoa) le ba ts'oanang le bona hobane ho bona ha ho tlame.

Ebe kamor’a ho lahlela majoe matsatsing a mabeli a boletsoeng, ea ratang ho potlaka ho tloha Minā o lumelloa ho etsa joalo ’me o tloha pele letsatsi le likela. ’Me ea liehang ebe o robala bosiu ba boraro o lahlela jamarāt ka letsatsi la boraro, seo se molemo haholo ’me se na le moputso o moholo ho feta, joalokaha Allah Ea Phahameng A boletse: {Le hopole Allah matsatsing a baliloeng. Ea potlakelang ho tloha (Mina) ka mor’a matsatsi a mabeli, ha ho sebe holim’a hae; le ea liehang (ho fihlela letsatsi la boraro), ha ho sebe holim’a hae, bakeng sa ea tšabang Allah...} [Al-Baqarah: 203]. Hobane Moporofeta ﷺ o ile a lumella batho ho potlaka ho tloha Minā empa eena ha a ka a potlaka, ho ena le hoo o ile a lula Minā ho fihlela a lahlela jamarāt ka letsatsi la leshome le metso e meraro kamor’a hore letsatsi le fete bohareng ba leholimo, ebe o tloha pele a rapela thapelo ea Dhuhr.

Ho lumelloa hore mohlokomeli oa ngoana ea sa khoneng ho lahlela majoe (ramy) ka boeena a mo lahlele Jamarat al-ʿAqabah le jamarat tse ling kaofela, ka mor’a hore a qale ka ho itahlela kaboeena. Ka mokhoa o tšoanang, ngoanana e monyenyane ea sa khoneng ho lahlela majoe o betsetsoa ke mohlokomeli oa hae. Sena se ipapisitse le hadith ea Jabir ibn Abdullah (Allah A khahlisoe ke eena), ea ileng a re: “Re ile ra etsa Hajj le Moromuoa oa Allah ﷺ, basali le bana ba ne ba le teng le bona. Ra etsa talbiyah bakeng sa bana ’me ra lahlela majoe bakeng sa bona” [89] E tlalehiloe ke Ibn Majah. [89] E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (927).

Ho lumelloa hore ea sa khoneng ho lahlela majoe ka lebaka la bokulo, botsofali kapa ho ima a khethe motho ea mo emelang hore a lahlele bakeng sa hae; ka lebaka la polelo ea Allah Ea Phahameng: {Joale le ts'abe Allah ka hohle kamoo le ka khonang…} [At-Taghābun: 16] Batho bana ha ba khone ho petetsana le batho ha ho lahleloa jamarat, ’me nako ea ho lahlela e ka ba feta, athe ha ho laeloe hore ba e lefelle hamorao. Ka lebaka leo, ho lumelloa hore ba emeloe ke ba bang tabeng ena. Empa sena se fapane le manāsik a mang a Hajj le ʿUmrah. Ka hona, ha hoa lokela hore motho ea ka har’a ihrām a khethe motho e mong hore a mo etsetse manāsik ao, leha Hajj ea hae e le ea boithaopo (nafilah). Hobane motho ea seng a kene ihrām bakeng sa Hajj kapa ʿUmrah, leha e le tsa boithaopo, o tlameha ho li phetha ho fihlela qetellong. Sena se ipapisitse le polelo ea Allah Ea Matla ’Ohle: {’Me le phethele Hajj le ʿUmrah sebakeng sa Allah…} [Al-Baqarah: 196], Nako ea Tawāf le Saʿy ha e fele kapa ho feta joaloka nako ea ho lahlela jamarat.

Ha e le ho ema Arafah, le ho robala Muzdalifah le Mina, ha ho pelaelo hore nako ea tsona e ka feta. Leha ho le joalo, ho ba teng ha motho ea sa khoneng libakeng tsena hoa khoneha, leha ho ka ba le bothata le mahlomola. Empa tabeng ea ho lahlela jamarat ka boeena, sena se ka ba thata haholo ho motho ea nang le lebaka le mo sitisang. Hape, ho emela motho e mong ho lahlela jamarat molemong oa ea nang le lebaka ho netefalitsoe ho tsoa ho baholo-holo ba lokileng (Salaf as-Salih), athe sena ha sea tlalehoa bakeng sa manāsik a mang. Ka lebaka leo, ho lumelloa ho khetha moemeli tabeng ea ho lahlela jamarat bakeng sa motho ea nang le lebaka le amohelehang.

Liketso tsa borapeli li tlameha ho etsoa feela ka mokhoa o behiloeng ke Shar'iah; ha ho motho ea nang le tokelo ea ho iqapela karolo efe kapa efe ea tsona ntle le bopaki bo tsoang ho Allah le Moromuoa oa Hae. Ho lumelloa hore moemeli a lahlele jamarah e ’ngoe le e ’ngoe pele molemong oa hae, ebe hang-hang a lahlele eona eo molemong oa motho ea mo romileng, a ntse a eme sebakeng se le seng. Ha ho hlokahale hore a qete ho lahlela jamarat tse tharo kaofela molemong oa hae pele, ebe o khutla hape ho tla lahlela molemong oa motho eo a mo emetseng. Ana ke oona maikutlo a nepahetseng ka ho fetisisa har’a litsebi. Lebaka ke hore ha ho na bopaki bo bontšang hore seo sea hlokahala, hape ho etsa joalo ho ka baka bothata le mahlomola. Allah Ea Phahameng o re: {…Ha A le behela mathata kapa tšitiso tumelong…} [Al-Hajj: 78] ’Me Moporofeta ﷺ o ile a re: “Le nolofatse lintho le se ke la li thatafatsa” [90] Hape hobane seo ha sea ka sa fetisoa ho tsoa ho barutuoa ba Moporofeta ﷺ ha ba ne ba lahlela majoe sebakeng sa bana ba bona le ba sa khoneng har’a bona; ’me haeba ba ne ba ka se etsa, se ka be se fetisitsoe, hobane ke ntho eo batho ba neng ba ka e ela hloko haholo ho e fetisa. ’Me Allah Ke Eena Ea tsebang tsohle. [90] E tlalehiloe ke Al-Bukhari ho tsoa ho hadith ea Anas ibn Malik (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (69).

Khaolo

Mabapi le setlamo ea ho fana ka sehlabelo ho ea etsang Tamattuʿ le Qirān

Ho Hajji, haeba e le ea etsang Tamattuʿ kapa Qirān, ’me e se e mong oa baahi ba haufi le Al-Masjid al-Haram, ho tlamehile hore a ntše sehlabelo (hady). Sehlabelo seo e ka ba: Nku e le ’ngoe, kapa karolo ea bosupa (1/7) ea kamele, kapa karolo ea bosupa (1/7) ea khomo. Hape, sehlabelo seo se tlameha ho rekoa ka chelete e halal le moputso o hloekileng, hobane Allah Ea Phahameng O Hloekile ebile ha A amohele letho haese se hloekileng.

Ho lokela hore Lemoseleme le ikemisetse ho qoba ho kopa batho limpho kapa ntho leha ele efe feela, ebang ke marena kapa batho ba bang, haeba Allah A mo nolofallelitse ka leruo la hae leo a ka iphelisang ka lona le ho se hloke se matsohong a batho. Sena se ipapisitse le li-hadith tse ngata tsa Moporofeta ﷺ tse nyatsang ho kopa le ho bonts'a phoso ea ho etsa joalo le tse rorisang ea e lesang.

Haeba motho ea etsang tamattuʿ kapa Qiran a sa khone ho fana ka sehlabelo (hadī), ho tlameha hore a itime (Sawm) matsatsi a mararo nakong ea Hajj le matsatsi a supileng ha a khutlela ha habo. O na le khetho mabapi le ho itima matsatsi a mararo: haeba a rata, a ka itima pele ho letsatsi la Nahr kapa haeba a rata a ka itima matsatsing a mararo a Tashrīq. Allah Ea Phahameng O re: {…’me mang kapa mang ea kopanyang ʿUmrah le Hajj (tamattuʿ), a etse sehlabelo seo a ka se khonang; ’me a sa khoneng (ho etsa sehlabelo) a itime matsatsi a mararo nakong ea Hajj le matsatsi a supileng ha a se a khutletse hae. Ana ke matsatsi a leshome a felletseng. Sena ke sa bao malapa a bona a seng tikolohong ea Masjidul Ḥarām…} [Al-Baqarah: 196] Temana

Ho Sahih al-Bukhari, ho tsoa ho ʻAisha le Ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) ba itse: “Ha ho oa ka hoa lumelloa ho itima matsatsing a Tashriq, ntle le bakeng sa ea sa fumaneng phoofolo ea sehlabelo (hady)” [91], Sena se nkoa e le hadith e hlahang ho Moprofeta ﷺ. Ho molemo hore motho a qete ho itima matsatsi a mararo pele ho letsatsi la Arafah, e le hore ka letsatsi la Arafah a be a sa itime. Lebaka ke hore Moprofeta ﷺ o ile a ema Arafah a sa itima, hape a thibela ho itima ka letsatsi la Arafah ho ba leng Arafah. Hape, ho se itime letsatsing leo ho thusa motho hore a be mafolofolo haholoanyane ho etsa dhikr le duʿā’. Ho lumelloa hore matsatsi a mararo a boletsoeng a itimeloe a latellana kapa a arohane. Ka mokhoa o tšoanang, matsatsi a supileng le ’ona ha a qobelloe hore a latellane; motho a ka a itima a latellana kapa a arohane. Lebaka ke hore Allah Ea Phahameng ha aa ka a beha setlamo sa hore matsatsi ao a latellane, le Moromuoa oa Hae ﷺ le eena ha aa ka a etsa joalo. Empa ho molemo hore matsatsi a supileng a itimeloe ka mor’a hore motho a khutlele ho ba lelapa la hae, ka lebaka la polelo ea Allah Ea Phahameng: {…le matsatsi a supileng ha le se le khutlile (le khutletse malapeng a lona)…} [Al-Baqarah: 196]. [91] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1998).

Ho itima ho ea sa khoneng ho fumana phoofolo ea sehlabelo (hady) ho molemo ho feta ho kopa marena kapa ba bang hore ba mo fe eona. Mang kapa mang ea fuoang sehlabelo kapa ntho e ’ngoe ntle le ho e kopa kapa ntle le takatso ea pelo, ha ho na bothata ho eona, esita leha e le moeti ea etsetsang motho e mong Hajj. Sena ke hore ha ho hlokahale hore batho ba mo romileng Hajj ba mo qobelle ho reka phoofolo ea sehlabelo ka chelete eo a e fuoeng. Ha e le seo batho ba bang ba se etsang sa ho kopa mmuso kapa batho ba bang Hady ka mabitso a batho bao ba ba bolelang athe ba bua leshano, ha ho pelaelo hore seo se thibetsoe (ḥarām); hobane ke ho iphelisa ka leshano. Allah a re sireletse hammoho le Mamosleme ho seo.

Khaolo

Mabapi le tlamo ea ho laela se lokileng (Amr bil-Ma'ruf) ho baeti ba Hajj le ba bang

Har'a lintho tse kholo ka ho fetisisa tseo baeti ba Hajj le ba bang ba tlamileng ho li etsa, ke ho laela se lokileng (Amr bil-Ma'ruf) le ho thibela se fosahetseng (Nahy anil-Munkar), hammoho le ho boloka lithapelo tse hlano tsa letsatsi le letsatsi ka phutheho (Jama'ah), joalokaha Allah a laetse joalo ka Bukeng ea Hae le ka leleme la Moporofeta oa Hae ﷺ.

Ha e le se etsoang ke batho ba bangata har'a baahi ba Makkah le ba bang, sa ho rapella malapeng le ho siea li-Masaajid li se na batho, hoo ke phoso e khahlanong le Shari‘ah (Molao oa Islam). Kahoo, ho tlamile hore ketso ena e thibeloe, le hore batho ba laeloe ho boloka lithapelo ka har'a Li-Masaajid; ho latela se netefalitsoeng ho Moporofeta ﷺ ha a ne a re ho Ibn Umm Maktum (Allah khahlisoe ke eena) ha a ne a mo kopa tumello ea ho rapella ka tlung ea hae ka lebaka la hore e ne e le sefofu le hore ntlo ea hae e ne e le hōle le mosque: “Na u utloa pitso ea thapelo (adhan)? A re: “Ee.” A re: Joale e arabe (u ee Masjid)” [92], ’Me tlalehong e ’ngoe hothoe: “Ha ke fumane tumello (kapa tokollo) bakeng sa hao” [93], ’Me Moporofeta ﷺ o ile a re: “Ruri, ke ne ke ikemiselitse ho laela hore ho bitsoe thapelo (iqāmah), ebe ke laela monna hore a etelle batho pele thapelong, ke tsebe ho ea ho banna ba sa tleng thapelong (Masjid) ebe ke ba chesetsa ka matlung a bona ka mollo” [94], Ho Sunan ea Ibn Mājah le libukeng tse ling, ka lethathamo le letle la batlalehi, ho tsoa ho Ibn ‘Abbās (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), hore Moporofeta ﷺ o ile a re: “Ea utloang pitso ea thapelo ’me a sa tle (thapelong), ha a na thapelo ntle le haeba a e-na le lebaka le amohelehang” [95], Ho Sahih Muslim, ho tsoa ho Ibn Masʿūd (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), o tse: “Mang kapa mang ea thabelang ho kopana le Allah hosane e le lemosleme, a boloke lithapelo tsena moo ho bitsoang ho tsona (ka adhān); hobane Allah o behile bakeng sa Moprofeta oa lona litsela tsa tataiso, ’me lithapelo tsena ke tse ling tsa litsela tsa tataiso. Haeba le ne le ka rapella malapeng a lona joalokaha motho enoa ea salang morao a rapella ka tlung ea hae, le ka be le tlohetse Sunnah ea Moprofeta oa lona; ’me haeba le ka tlohela Sunnah ea Moprofeta oa lona, le tla kheloha. Ha ho monna ea itlhoekisang hantle ebe o ea ho e ’ngoe ea li-Masaajid ana ntle le hore Allah a mo ngolle molemo ka mohato o mong le o mong oo a o nkang, a mo phahamise ka ona boemong, ’me a mo hlakole sebe ka ona. Kannete re ne re bona hore ha ho motho ea salang morao ho tsona ntle le moikaketsi ea tsebahalang ka boikaketsi ba hae. Hape monna o ne a tlisoa a tšehelitsoe pakeng tsa banna ba babeli ho fihlela a emisoa moleng (oa thapelo)” [96]. [92] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (2420) le Muslim ka nomoro ea (651). [93] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho Abu Hurairah, eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena, ka nomoro ea (653). [94] E tlalehiloe ke Abu Dawood ho tsoa ho Abdullah ibn Umm Maktum ka nomoro ea (552). [95] E tlalehiloe ke Sahih Muslim ka nomoro ea (654). [96] E tlalehiloe ke Abu Dawood ho tsoa ho Ibn Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (551).

Ho boetse ho tlamehile hore ba etsang Hajj le batho ba bang ba qobe lintho tseo Allah Ea Phahameng a li thibetseng, ’me ba hlokomele ho se li etse; tse kang bofebe, bosodoma, bosholu, ho ja riba (tsoala), ho ja thepa ea likhutsana, ho qhekella litšebelisanong, ho se tšepahale linthong tseo motho a beiloeng tlhokomelong ea tsona, ho noa lino tse tahang, ho tsuba, ho lelefatsa liaparo li be ka tlas’a maqaqailana (isbal) ka boikakaso, boikhohomoso, mohono, ho etsa liketso bakeng sa ho bonoa ke batho, ho bua batho hampe (ghībah), ho jala litsʼebo (namīmah), ho soma Mamosleme, le ho sebelisa liletsa tsa boithabiso tse hanetsoeng; tse kang lirekoto tsa mmino, oud, rabāb, liphala le tse ling tse tšoanang le tsona, le ho mamela mmino le liletsa tsa mmino ka radio le tse ling. Hape ho kenyeletsa ho bapala madice, chess, le ho nka karolo lipapaling tsa chelete (qimār/gambling), ho taka kapa ho nka linepe tsa libopuoa tse phelang tse kang batho kapa tse ling, le ho khotsofalla liketso tseo. Tsena tsohle ke lintho tse mpe (munkarāt) tseo Allah a li thibetseng ho bahlanka ba Hae linakong tsohle le libakeng tsohle. Ka hona ho tlamehile hore ba etsang Hajj le baahi ba Ntlo e Halalelang ea Allah ba li hlokomele haholo ho feta batho ba bang; hobane libe tse etsoang naheng ena e sireletsehileng sebe sa tsona se boima haholo, ’me kotlo ea tsona e kholo haholo.

’Me Allah Ea Holimo-limo O itse: {...’Me mang kapa mang ea batlang ho etsa bokhelohi kapa bokhopo teng (Sebakeng se Halalelang), Re tla mo latsoisa kotlo e bohloko 25} [Al-Ḥajj: 25] Kahoo haeba Allah A se a tšositse ea rerang ho etsa bokhelohi le bokhopo sebakeng se halalelang ka kotlo, joale kotlo ea ea hlileng a e etsang e tla ba joang?! Ha ho pelaelo hore e tla ba kholo le ho feta ebile e le bohloko haholo. Ka hona ho tlamehile ho itebela ho seo le ho libe tsohle tse ling.

Batho ba leetong la hajj ba ke ke ba fumana Hajj e amohelehileng le ts'oarelo ea libe ntle le ka ho qoba libe tsena le tse ling tseo Allah A ba hanetseng tsona; joalokaha ho tlalehiloe ho hadith ho tsoa ho Moporofeta ﷺ moo a itseng: “Ea etsang Hajj ’me a sa bue kapa ho etsa liketso tsa bohlola hape a sa etse libe, o khutla a hloekile libeng joaloka letsatsi leo ’m’ae a mo belehileng ka lona” [97]. [97] E tlalehiloe ke al-Bukhari ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro (1521) le ke Muslim ka nomoro (1350).

’Me se sebe ka ho fetisisa har’a lintho tsena tse hanetsoeng, ebile se seholo ka ho fetisisa, ke ho rapela bafu, ho kopa thuso ho bona, ho ba etsetsa likano (nadhr) le ho ba hlabela; ka ts'epo ea hore ba tla buella eo a bitsang ho bona ho Allah kapa ba folise mokuli oa hae kapa ba khutlise motho oa hae ea sieo le tse ling tse ts'oanang le tseo.

’Me sena ke karolo ea shirk e kholo (Shirk al-Akbar) eo Allah a e thibetseng, ’me ke tumelo ea barapeli ba litšoantšo ba mehleng ea jahiliyyah. Allah o ile a romela baromuoa le ho theola libuka ho e hanyetsa le ho thibela batho ho eona.

Ka hona ho tlameile hore motho e mong le e mong har’a ba leetong la hajj le batho ba bang ba e hlokomele le ho e qoba, ’me ba bakele ho Allah bakeng sa tse fetileng tsa eona haeba a kile a etsa ho hong ha eona, hape a qale Hajj e ncha kamor'a ho baka ho eona; hobane shirk e kholo e senya liketso tsohle tse ntle joalokaha Allah Ea Holimo-limo A itse: {...'Me haeba ba ne ba ka kopanya Allah le melimo e meng (shirk), ruri tsohle tseo ba neng ba li etsa (tsa mesebetsi e metle) li ne li tla fetoha lefeela 88} [Al-Anʿām: 88].

’Me har’a mefuta ea shirk e nyane ke ho hlapanya ka ntho e 'ngoe ntle le Allah; joaloka ho hlapanya ka Moporofeta ﷺ, Ka’bah, ts'epo (amanah) le tse ling tse ts'oanang le tsona.

’Me har’a tseo ho boetse ho kenyeletsoa riyaa (ho etsa liketso tsa borapeli ka thotlolo), ho batla setumo (sum‘ah) le mantsoe a kang: “Seo Allah A se ratileng le seo u se ratileng,” kapa “Hoja e se ka Allah le uena,” kapa “Sena se tsoa ho Allah le ho uena,” le lipolelo tse ts'oanang le tseo.

Ka hona ho tlameile ho itlhokomela ho liketso tsena tse mpe tsa shirk le ho eletsana hore li tloheloe; hobane ho tiisitsoe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ hore o itse: “Ea hlapanyang ka ntho efe kapa efe ntle le Allah o se a entse kufr kapa o entse shirk” [98]. E tlalehiloe ke Ahmad, Abu Dawood le At-Tirmidhi ka lethathamo la batlalehi le nepahetseng. [98] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (3251).

’Me ho hadith e nepahetseng (Sahih), ho tsoa ho Umar ibn al-Khattab (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), moo a itseng: Moporofeta ﷺ o itse: “Ea hlapanyang, ke hore a hlapanye ka Allah kapa a khutse” [99]. ’Me Moporofeta ﷺ o boetse a re: “Ea hlapanyang ka ‘amanah (ts'epo), ha se e mong oa rona” [100]. E tlalehiloe ke Abu Dawood. [99] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (3253). [100] E tlalehiloe ke al-Bukhari ho tsoa ho Abdullah ibn Umar ka nomoro ea (2679) le ke Muslim ka nomoro ea (1646).

’Me Moporofeta ﷺ o itse hape: “Seo ke se ts'abang haholo ho lona ke shirk e nyane, o ile a botsoa ka eona, eaba o re: Ke riyaa (ho etsa liketso tsa borapeli e le ho bonoa ke batho)” [101]. A boela ﷺ a re: “Le se ke la re: 'Se ratiloeng ke Allah le se ratiloeng ke mang-mang,' empa le re: 'Se ratiloeng ke Allah, ebe joale ho latela se ratiloeng ke mang-mang'” [102]. ’Me An-Nasa'i o tlalehile, ho tsoa ho Ibn Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), hore monna e mong o ile a re: “Oho Moromuoa oa Allah, seo Allah A se ratileng le seo u se ratileng,” eaba o re: “Na u nke tsa ea lekanang le Allah? Ho e-na le hoo (e-re): ‘Seo Allah A se ratileng feela nnotšiʼ” [103]. [101] E tlalehiloe ke Ahmad ka nomoro ea (5/428). [102] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (4980). [103] E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (2117).

Lihadīth tsena li bontša kamoo Moporofeta ﷺ a neng a sireletsa tawhīd kateng, le kamoo a neng a lemosa ummah ea hae khahlanong le shirk e kholo le shirk e nyenyane, le cheseho ea hae bakeng sa polokeho ea tumelo ea bona le pholoho ea bona kotlong ea Allah le linthong tse bakang khalefo ea Hae. Allah a mo putse ka moputso o molemo ka ho fetisisa bakeng sa seo; hobane kannete o ile a fetisa molaetsa, a lemosa, ’me a eletsa tseleng ea Allah mme a eletsa bahlanka ba Hae ka botšepehi. Lithapelo le khotso li be holim’a hae ka ho sa feleng ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.

Ho tlamehile ho batho ba tsebo har’a ba etsang Hajj le ba lulang Naheng e Sireletsehileng ea Allah le Motseng oa Moromuoa oa Hae ea hlomphehang — lithapelo le khotso li be holim’a hae — hore ba rute batho seo Allah a ba behetseng sona, ’me ba ba lemose ka seo Allah a ba thibetseng sona har’a mefuta ea shirk le libe. Ba tsʼoanetse ho hlalosa seo ka bopaki ba sona, ’me ba se hlakise ka tlhaloso e khotsofatsang; e le hore ka seo ba ntše batho lefifing ba ba ise leseling, le hore ba phethe boikarabelo boo Allah a ba behetseng bona ba ho fetisa le ho hlakisa molaetsa. Allah Ea Phahameng o itse: {’Me (hopola) ha Allah A nka selekane sa bao ba fuoeng Buka, hore le tla e hlalosetsa batho le se ke la e pata…} [Al Imraan: 187][

Morero oa sena ke ho lemosa barutehi ba ummah ena hore ba se ke ba latela tsela ea baetsalibe har’a batho ba Lengolo, ba neng ba pata ’nete ka lebaka la ho khetha bophelo ba lefatše ho feta bophelo ba ka morao ho lefu. Allah Ea Phahameng o itse: {Kannete ba patang seo Re se theotseng sa bopaki bo hlakileng le tataiso, kamora hore Re se hlakisetse batho ka Lengolong, bao ke ba rohakiloeng ke Allah, ’me ba rohakoa ke ba rohakang (mangeloi le balumeli) 159 Kantle le bao ba bakileng, ba lokisitseng (liketso tsa bona) le ho hlalosa (’nete) 'me bao Ke tla amohela pako ea bona kaha Ke ’Na Ea Amohelang pako, Ea Mohau 160} [Al-Baqarah: 159-160]. Litemana tsa Qur’an le hadith tsa Moporofeta ﷺ li bonts'itse hore ho memela batho ho Allah Ea Phahameng le ho ba tataisetsa ho seo ba bopiloeng bakeng sa sona ke e ’ngoe ea liketso tse molemo ka ho fetisisa tsa ho atamela ho Allah le mesebetsi ea bohlokoa ka ho fetisisa ebileng e tlamang, hape ke tsela ea baromuoa le ba ba latelang ho fihlela Letsatsing la Tsoho. Joalokaha Allah Ea Phahameng A re: {Ke mang ea lipuo li molemo ho feta ea bitsetsang batho ho Allah, a etsa mesebetsi e metle ’me a re: ‘Ruri, ke e mong oa Mamoseleme?’ 33} [Fusilat: 33], ’Me Ea Phahameng ka ho Fetisisa O boetse A re: {E re: ‘ena ke tsela ea ka. Ke memela ho Allah ka tsebo e hlakileng, ’na le ba ntatelang; ka hona khanya ebe ho Allah ’me ha ke har’a ba kopanyang Allah le melimo e meng’ 108} [Yusuf: 108].

’Me Moporofeta ﷺ o itse: “Ea tataisetsang ho se molemo o tla fumana moputso o tšoanang le oa ea o etsang” [104] “Hore Allah A tataise ka uena motho a le mong ho molemo ho uena ho feta likamele tse khubelu (e leng mofuta o turang ka ho fetisisa oa likamele)” [105] ’Me litemana tsa Qur’an le Hadith tse nang le moelelo ona li ngata haholo. [104] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1893). [105] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (3009) le ke Muslim ka nomoro ea (2406).

Ka hona ho loketse hore batho ba tsebo le tumelo ba eketse boiteko ba bona ho memeleng ho Allah Ea Phahameng, le ho tataiseng bahlanka ho lisosa tsa pholoho, le ho ba lemosa ka lisosa tsa timelo; haholo-holo mehleng ena eo litakatso le maikutlo a fosahetseng li atileng ho eona, le melao-motheo e senyang le mapetjo a khelosang li hasaneng ho eona. Hape ke nako eo bamemi ba tataiso ba seng bakae, athe bamemi ba ho se lumele ho Allah le boitšoaro bo bobe ba leng bangata. Ka hona thuso e koptjoa ho Allah feela, ’me ha ho matla kapa bokhoni ntle le ka Allah Ea Holimo-limo, Ea Moholo-holo.

Khaolo

Mabapi le ho khothaletsoa ho ikekelletsa mesebetsi e metle le liketso tsa kutlo ho Allah

Ho khothaletsoa hore baeti ba Hajj ba lule ba hopola Allah, ba latela litaelo tsa Hae ’me ba etsa mesebetsi e metle nakong eohle eo ba leng Makkah. Ba lokela ho eketsa lithapeli le ho potoloha Ka‘bah (Tawaf) hobane meputso ea liketso tse ntle ka har’a Haram e menahane makhetlo, athe libe tse etsoang teng li kholo ebile li boima. Hape ho khothaletsoa hore ba eketse ho rapella le ho romela khotso ho Moromuoa oa Allah ﷺ.

Ha baeti ba Hajj ba batla ho tloha Makkah, ba tlameha ho etsa Tawaf ea ho fonanisa (Tawaf al-Wada’) ho potoloha Ka‘bah, ele hore ketelo ea bona ea ho qetela e be ka Ntlong eo. Empa mosali ea ilelang khoeli kapa motsoetse ea ntseng a lutla mali a kamor'a pelehi ha a tlamehe ho etsa Tawaf ena ea ho fonanisa, ho latela hadith ea Ibn Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ea ileng a re: “Batho ba laetsoe hore ketelo ea bona ea ho qetela e be Ntlong e Halalelang (Kaʿbah), ntle le hore mosali ea ilelang khoeli o fokollelitsoe (ha a qobelloe ho etsa Ṭawāf al-Wadāʿ)” [106] [106] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1755) le Muslim ka nomoro ea (1328).

Ha motho a qeta ho etsa Ṭawāful Wadāʿ (ho salisa Ntlo e Halalelang hantle) ’me a batla ho tsoa Masjid, a tsamaee ka mokhoa oa hae o tloaelehileng ho fihlela a tsoa ’me ha hoa lokela hore a tsamaee ka a checha (a khutlela morao a shebile Kaʿbah); hobane sena ha sea ka sa tlalehoa ho tsoa ho Moporofeta ﷺ kapa ho barutuoa ba hae, empa ke e ’ngoe ea litloaelo tse qapiloeng tumelong (bidʿah). Ruri Moporofeta ﷺ o itse: “Mang kapa mang ea etsang ketso e sa lumellaneng le taba ena ea rona (Islam), ketso eo ha e amohelehe” [107]. ʼMe Moporofeta ﷺ o itse: “Hlokomelang lintho tsa boiqapelo tse ncha tumelong; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ncha ke bidʿah (boiqapelo) ’me bidʿah e ’ngoe le e ’ngoe ke tahleho” [108]. [107] E se e boletsoe pejana hammoho le mohloli oa eona. [108] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho Jabir ibn Abd Allah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (867).

Re kopa Allah hore A re tiise bolumeling ba Hae, le hore A re sireletse ho tsohle tse bo hanyetsang. Ruri, Ke Ea fanang haholo ebile O mosa.

Khaolo

Mabapi le melao le mekhoa e metle ea ketelo

Ho khothaletsoa ho etela Masjid oa Moporofeta ﷺ pele ho Hajj kapa kamor’a eona; hobane ho netefalitsoe ho Sahīhain ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) hore o itse: Muhammad ﷺ o itse: “Thapelo kahar'a Masjid ona oaka e molemo ho feta lithapelo tse sekete libakeng tse ling, ntle le ho Al-Masjid al-Haram” [109]. Ho tsoa ho ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) hore Muhammad ﷺ o itse: “Thapelo kahar'a Masjid ona oaka e molemo ho feta lithapelo tse sekete (tse etsetsoang) libakeng tse ling tsa thapelo, ntle le ho al-Masjid al-Haram” [110] E tlalehiloe ke Muslim, Ho tsoa ho Abdullah ibn al-Zubayr (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), a itseng: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Thapelo kahar'a Masjid ona oaka e molemo ho feta lithapelo tse sekete (tse etsetsoang) libakeng tse ling tsa thapelo (Masaajid), ntle le ho al-Masjid al-Haram, ’me thapelo e etsetsoang al-Masjid al-Haram e molemo ho feta lithapelo tse lekholo tse etsetsoang ho Masjid ona oaka” [111] E tlalehiloe ke Ahmad le Ibn Khuzaymah le Ibn Hibban. [109] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1190) le Muslim ka nomoro ea (1394). [110] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (1395). [111] E tlalehiloe ke Ahmad ka nomoro ea (4/5).

Ho tsoa ho Jabir ibn Abdullah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) hore Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Thapelo kahar'a Masjid ona oaka e molemo ho feta lithapelo tse sekete tse etsetsoang libakeng tse ling, ntle le ho al-Masjid al-Haram ’me thapelo e etsoang Al-Masjid Al-Haram e molemo ho feta lithapelo tse likete tse lekholo tse etsetsoang libakeng tse ling” [112] E tlalehiloe ke Ahmad le Ibn Majah. ’Me hadith tse nang le moelelo ona li ngata haholo. [112] E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (1406).

Ha moeti a fihla Masjid, ho khothaletsoa hore a kene ka leoto la hae le letona ’me a re: “Bismillāh was-salātu was-salāmu ‘ala rasūlillāh, a‘ūdhu billāhi al-‘azhīm wa biwajhihi al-karīm wa sultānihi al-qadīm min ash-shaytān ar-rajīm. Allāhumma iftahli abwāba rahmatik (Ka lebitso la Allah, mme khotso le litlhohonolofatso li be holim’a Moromuoa oa Allah. Ke kopa ts'ireletso ho Allah E Moholo-holo le ka Sefahleho sa Hae se hlomphehang le ka Matla a Hae a sa feleng khahlanong le Satane ea rohakehileng. Oho Allah, mpulele menyako ea mohau oa Hao”,

Joalokaha a bua joalo ha a kena li-Masaajid tsohle ’me ha ho na dhikr e khethehileng bakeng sa ho kena Masjid oa hae ﷺ. Ebe o etsa raka‘ah tse peli tsa thapelo ’me a etse duʼa ho Allah ho tsona ka seo a se ratang ho tsoa ho molemo oa lefats'e le oa kamor'a lefu (Akhirah). Haeba a li rapella ka Rawdhah e Halalelang, ho molemo ka ho fetisisa; ho latela polelo ea hae ﷺ: “Pakeng tsa ntlo eaka le Minbar oaka (sethala sa ho fana ka thuto) ke se seng sa lirapa tsa Paradeise” [113]. Kamor’a thapelo, moeti o etela lebitla la Moporofeta ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli: Abu Bakr le Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona). O ema kapel’a lebitla la Moporofeta ﷺ ka tlhompho le ka ho theola lentsoe, ebe o mo lumelisa ﷺ a re: “As-salāmu ‘alayka ya rasūlallāhi wa rahmatullāhi wa barakātuh (Khotso e be ho uena, oho Moromuoa oa Allah le mohau oa Allah le litlhohonolofatso tsa Hae); Joalokaha ho tlalehiloe ho Sunan ea Abu Dawood ka ketane e ntle ea batlalehi, ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) hore o itse: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Ha ho motho ea ntumelisang haese hore Allah o khutlisetsa moea oa ka ho 'na hore ke arabe tumeliso ea hae” [114]. ’Me haeba moeti a re ha a fana ka salaam: "As-salāmu ‘alayka ya nabiyyallāh, as-salāmu ‘alayka ya khīrat Allāh min khalqih, as-salāmu ‘alayka ya sayyid al-mursalīn wa imām almuttaqīn. Ash-hadu annaka qad ballaght ar-risālah wa addayta alamānah wa nasaht al-ummah wa jāhdta fillāh haqqa jihādih (Khotso e be holim’a hao, oho Moporofeta oa Allah; khotso e be holim’a hao, oho mokhethoa oa Allah; khotso e be holim’a hao, oho moetapele oa baromuoa le Imam ea ba ts'abang Allah. Ke paka hore u fetisitse molaetsa, u phethile ts’epo, u elelitse sechaba ’me u loanne tseleng ea Allah ka ntoa ea ’nete). Ha ho bothata ka hoo; hobane tsena tsohle ke litlhaloso tsa hae ﷺ. Hape o lokela ho mo rapella (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena) le ho mo kopela litlhohonolofatso; hobane ho se ho thehiloe molaong oa Islam (Shari‘ah) hore ho na le molao oa ho kopanya thapeli ea litlhohonolofatso (Salah) le ea khotso (Salam) holim'a hae; ho phethahatsa polelo ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa: {Ruri Molimo le mangeloi a Hae ba romela litlhohonolofatso ho Moprofeta. Lona ba lumelang! Mo rapelleng ’me le mo lumelise ka litumeliso tsa khotso 56} [Al- Ahzaab: 56]. Ebe o lumelisa Abu Bakr le Umar (Allah A khahlisoe ke bona), a ba rapelle (duʿa) ’me a kope Allah A ba khotsofalle. [113] E tlalehiloe ke al-Bukhari ho tsoa ho Abdullah ibn Zayd al-Mazini ka nomoro ea (1195) le ke Muslim ka nomoro ea (1390). [114] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (2041).

Nakong eo Abdullah ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona) a neng a lumelisa Moromuoa oa Allah ﷺ le barutuoa ba hae ba babeli, hangata o ne a sa eketse ho feta mantsoe ana: “Khotso ebe ho uena, Oho Moromuoa oa Allah; khotso ebe ho uena, Oho Abu Bakr; khotso ebe ho uena, Oho ntate oaka” Ebe oa tloha (oa tsamaea).

Ketelo ena e lumelletsoe feela ho banna ka ho khetheha; empa basali ha ba lumelloe ho etela mabitla leha e le afe, joalokaha ho netefalitsoe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ hore “O rohakile basali ba etelang mabitla le ba ahang li-Masaajid holim’a ʼona, le ba bonesang mabone holim’a ʼona” [115]. [115] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (3236).

Empa ho ea Madinah ka sepheo sa ho rapela kahar'a Masjid oa Moromuoa ﷺ le ho etsa duʿa ho teng le lintho tse ts'oanang tse lumelletsoeng ho Masaajid tsohle, ke ntho e lumelletsoeng ho bohle; ho latela hadith tse seng li boletsoe ka taba ena.

Ho khothaletsoa hore moeti a rapele lithapelo tse hlano tsa letsatsi kahar'a Masjid oa Moromuoa ﷺ, hape a etse dhikr (ho hopola Allah) haholo, duʿa (thapeli) le lithapelo tsa boithaopo (nafilah) moo; a nka monyetla ka moputso o moholo o teng ho seo.

Ho khothaletsoa hore a eketse ho etsa lithapelo tsa boithaopo (nafilah) ka Rawdhah e Halalelang; hobane ho se ho boletsoe hadith e nepahetseng ka molemo oa eona ’me ke polelo ea Moporofeta ﷺ: “Pakeng tsa ntlo ea ka le minbar eaka (sethala sa ho fana ka thuto) ke se seng sa lirapa tsa Paradeise” [116]. [116] E se e boletsoe pele hammoho le mohloli oa eona.

Empa ha e le thapelo ea fardh (e tlamang), moeti le batho ba bang ba tsʼoanetse ho potlakela ho eona, hape ba loanele ho ba moleng oa pele ka moo ba ka khonang, leha e ka ba karolong e atolositsoeng e ka pele ea Masjid; ho latela se tlileng ho li-hadīth tse nepahetseng ho tsoa ho Moprofeta ﷺ tse khothalletsang mola oa pele, joalo ka polelo ea hae ﷺ: “Hoja batho ba ne ba tseba se (meputso e) leng teng pitsong ea thapelo (Adhan) le moleng oa pele (oa thapelo), ’me ba e be ha ba fumana tsela e ngoe ntle le ho tšoara lotho (ho etsa lotho) bakeng sa tsona, ba ne ba tla etsa lotho” [117] E tlalehiloe ke al-Bukhari le Muslim, Joaloka polelo ea hae ﷺ ho barutuoa ba hae: “Atamelang pele le tle le ntatele thapelong, ’me ba ka morao ho lona le bona ba le latele. Monna o tsoela pele ho salla morao ho tla thapelong ho fihlela Allah A mo suthisetsa morao” [118] E tlalehiloe ke Muslim. [117] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho Abu Sa'id al-Khudri (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (438). [118] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (615) le ke Muslim ka nomoro ea (437).

’Me Abu Dawud o tlalehiloe ho tsoa ho Aisha bint Abi Bakr (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka ketane e ntle, hore Muhammad ﷺ o itse: “Monna o tsoela pele ho salla morao moleng o ka pele ho fihlela Allah a mo beha morao mollong” [119]. ’Me ho tiisitsoe ho tsoa ho eena ﷺ hore o itse ho barutuoa ba hae: “Na le ke ke la etsa mela joalo ka ha mangeloi a etsa mela pela Mong’a ’ona? Ba re: Oho Moromuoa oa Allah, mangeloi a etsa mela joang pela Mong’a ’ona? A re: A phethela mela ea pele, ’me a ema a atamelane ka thata moleng” [120] E tlalehiloe ho Muslim. [119] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho Jabir ibn Samura ka nomoro ea (430). [120] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (679) ’me mantsoe a eona ke: “Sehlopha sa batho se tla lula se lieha ho ea moleng oa pele ho fihlela Allah A ba liehisa mollong.”

Hadith tse nang le moelelo ona li ngata ’me li akaretsa Masjid oa hae ﷺ le tse ling, pele ho keketseho le kamor’a eona. Ho netefalitsoe ho tsoa ho Moporofeta ﷺ hore o ne a khothaletsa barutuoa ba hae ho ema ka lehlakoreng le letona la mela. ’Me ho ea tsebahala hore lehlakore le letona la mela kahar'a Masjid oa hae oa pele le ne le le kantle ho Rawdhah. Ka hona ho utloahala hore tlhokomelo ho mela ea pele le lehlakoreng le letona la mela e tla pele ho tlhokomelo ea Rawdhah e Halalelang ’me ho e boloka ho bohlokoa ho feta ho boloka thapelo ho Rawdhah. Sena se hlakile ho mang kapa mang ea nahanang ka hadith tse tlalehiloeng tabeng ena. Allah Ke Ea fanang ka katleho.

Ha hoa lumelloa ho mang kapa mang ho batla tlhohonolofatso ka ho ama (lebitla), ho le aka, kapa ho etsa Tawāf ho le pota-pota, kaha sena ha sea ka sa fetisoa ho tsoa ho ba pele ba lokileng (As-Salaf As-Salih); ho e-na le hoo, ke khopolo e ncha ea bolumeli e lahliloeng.

Hape ha ho lumelloe hore motho a kope ho Moromuoa ﷺ hore a mo phethele tlhoko, kapa a mo tlosetse mahlomola, kapa a folise mokuli, kapa tse tšoanang le tseo; hobane tsena tsohle li koptjoa ho Allah feela Ea Phahameng. Ho li kopa ho bafu ke ho kopanya Allah le melimo e meng ea bohata (Shirk). Bolumeli ba Islam bo hahiloe holim’a metheo e ’meli:

Oa pele: hore ho se rapeloe mang kapa mang ntle le Allah A le Mong.

Oa bobeli: hore Allah a se ke a rapeloa ntle le ka tsela eo Moromuoa ﷺ a e behileng le ho e laela.

’Me sena ke moelelo oa bopaki ba hore ha ho molimo o lokelang ho rapeloa ntle le Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah.

Ka mokhoa o tšoanang, ha ho lumelloe hore motho a kope ho Moromuoa ﷺ shafā‘ah (boemeli); hobane bona ke ba Allah Ea Phahameng feela, kahoo ha boa lokela ho koptjoa ntle le ho Eena, joalo ka ha Allah Ea Holimo-limo A itse: {E-re: ‘Boemeli bohle ke ba Allah feela…’} [Az-Zumar: 44] Kahoo u re: “Oho Allah, ntumelle hore ke fumane boemeli (Shafa'ah) ba Moporofeta oa Hao, Oho Allah, ntumelle hore ke fumane boemeli ba mangeloi a Hao le ba bahlanka ba Hao ba lumetseng, Oho Allah, ntumelle ho fumana boemeli ba bana ba ka ba hlokahetseng ba sa le banyenyane,” le tse joalo ka tseo. Ha e le ba bafu bona, ha ho koptjoe letho ho bona; ekaba ke boemeli kapa se seng se fapaneng le hoo, e ka ba e ne e le baporofeta kapa ese baporofeta; hobane ntho eo ha ea lumelloa ke molao oa bolumeli (Shari‘ah), hape hobane mofu mesebetsi ea hae e se e khaolitse, ntle le feela lintho tseo Molao o li khethileng.

Ho Sahīh Muslim, ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), a itseng: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Ha mora oa Adama a shoa, mesebetsi ea hae e ea khaotsa ntle le lintho tse tharo: Sadaqah e tsoellang pele e sa emiseng kapa tsebo eo batho ba ruang molemo ho eona kapa ngoana ea lokileng ea mo rapellang” [121] [121] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho Abu Hurairah (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) ka nomoro ea (1631).

Ho lumelloa feela ho kopa boemeli ho Moprofeta ﷺ nakong ea bophelo ba hae le ka Letsatsi la Tsoho hobane o ne a khona ho etsa joalo; kaha a ka atamela ho Mong’a hae a kopele motho ea kopang. Ha e le lefatsʼeng lena, taba eo e hlakile, ’me ha e khethehe ho eena feela, empa e akaretsa eena le batho ba bang hape. Kahoo ho lumelloa hore lemosleme le re ho ngoan’abo: “Nkopele ho Allah tabeng ea hore-le-hore,” ke hore: “Nthapelle ho Allah.” Hape ho lumelloa hore ea koptjoang a kope Allah le ho buella ngoan’abo haeba ntho eo e koptjoang e le har’a lintho tseo Allah A lumelletseng ho koptjoa.

Empa ka Letsatsi la Kahlolo, ha ho motho ea ka etsang shafaʿah ntle le ka tumello ea Allah Ea Phahameng, joalokaha Allah Ea Phahameng A boletse: {…Ke mang ea ka buellang ho Eena ntle le ka tumello ea Hae…} [al-Baqarah: 255].

Empa boemo ba lefu ke boemo bo ikhethang; ha hoa lumelloa ho bo bapisa le boemo ba motho pele ho lefu kapa le boemo ba hae ka mor’a tsoho le phutheho ea Letsatsi la ho Qetela, hobane liketso tsa mofu li khaolitse, ’me o tlamiloe ke tseo a li entseng ntle le tseo Molao oa Shari‘ah o li khethileng. Ho kopa boemeli ho bafu ha se har’a lintho tseo Shari‘ah e li khethileng, ka hona ha hoa lumelloa ho bo kenya har’a tsona. Ha ho pelaelo hore Moprofeta ﷺ kamora lefu la hae o phela bophelo ba barzakh bo phethahetseng ho feta bophelo ba bashoela-tumelo, empa ha bo tšoane le bophelo ba hae pele a e-shoa, hape ha bo tšoane le bophelo ba hae ka Letsatsi la Tsoho. Ke bophelo boo ’nete le mokhoa oa bona ho se nang ea bo tsebang ntle le Allah Ea Halalelang. Ke ka lebaka leo ho tlileng hadith e hlomphehang eo ho eona a ileng a re ﷺ: “Ha ho motho ea nthomellang salām ntle le hore Allah A khutlisetse moea oa ka ho ’na hore ke tle ke mo arabe ka salām” [122]

Sena se bontša hore o hlokahetse, le hore moea oa hae o arohane le ’mele oa hae, empa o khutlisetsoa ho eena ha a lumelisoa ka salām. Litemana tse bontšang lefu la Moporofeta Muhammad tse tsoang ho Qur’an le Sunnah lia tsebahala, ’me taba ena e lumellanoe ke batho ba tsebo. Leha ho le joalo, seo ha se hanane le bophelo ba hae ba Barzakh; joalo ka ha lefu la bashoela-tumelo le sa ka la thibela bophelo ba bona ba Barzakh bo boletsoeng polelong ea Allah Ea Holimo-limo: {ʼMe le se hlome eka ba bolailoeng tseleng ea Allah ba shoele; empa ba phela ho Mong’a bona, ba fuoa phepelo 169} [Aal-Imraan: 169] [122] E tlalehiloe ke Abu Dawood ka nomoro ea (2041).

Re atolositse tlhaloso tabeng ena ka lebaka la tlhokahalo ea eona, ka lebaka la bongata ba batho ba ferekaneng tabeng ena, ba bile ba oela ho shirk le ho rapela bafu ntle le Allah. Ka hona re kopa Allah hore A re sireletse rona le Mamoseleme a mang linthong tsohle tse hanyetsanang le molao oa Hae. Allah Ke Eena Ea tsebang ka ho fetisisa.

Empa seo ba bang ba baeti ba se etsang sa ho phahamisa mantsoe a bona ha ba le pel’a lebitla la hae ﷺ le ho ema nako e telele moo, se khahlanong le se laetsoeng; hobane Allah Ea Phahameng O thibetse sechaba ho phahamisa mantsoe a bona ka holim’a lentsoe la Moporofeta ﷺ le ho bua le eena ka lentsoe le phahameng joalokaha ba buisana ka bo bona, ’me O ba khothallelitse ho theola mantsoe a bona pel’a hae ka polelo ea Hae Ea Phahameng e reng: {Oho lona ba lumelang! Le se ke la phahamisa mantsoe a lona ka holim’a lentsoe la Moporofeta kapa hona ho kharuma nakong eo le buang le eena joalokaha le kharumelana, e le hore mesebetsi ea lona e se ke ea senyeha, lona le sa elelloa 2 Ruri, bao ba theolang mantsoe a bona kapel’a Moromuoa oa Allah, ke bona bao Allah A behileng lipelo tsa bona tekong ea ho Mo ts'aba (taqwa). Etsoe ts'oarelo le moputso o moholo ke tsa bona 3} [Al-Hujuraat: 2-3]

’Me hobane ho ema nako e telele pel’a lebitla la hae ﷺ le ho pheta-pheta ho lumelisa haholo, ho lebisa ho ho petetsana le lerata le leholo le ho phahamisa mantsoe pel’a lebitla la hae ﷺ; ’me sena se hanana le seo Allah A se laetseng Mamoseleme litemaneng tsena tse hlakileng. O ﷺ hlompheha a ntse a phela le kamor’a lefu, ka hona ha ho ea lokela hore molumeli a etse pel’a lebitla la hae ntho e hananang le boits'oaro bo laetsoeng ke Shari‘ah.

Ka tsela ena, seo ba bang ba baeti le batho ba bang ba se etsang sa ho batla ka ho khetheha ho etsa liduʼa kapel’a lebitla la hae ﷺ ba shebile lebitla, ba phahamisa matsoho a bona ba etsa liduʼa, sena sohle se khahlanong le seo bahalaleli ba lokileng ba nako e fetileng (al-Salaf al-Salih) ho qala ka barutuoa ba Moromuoa oa Allah le ba ba latelang ka botle ba neng ba se etsa; empa ke e ’ngoe ea litloaelo tse ncha tse qapiloeng (bidʿah). ’Me Moporofeta ﷺ o itse: “Ka hona its'oarelleng ka Sunnah eaka le Sunnah ea baeta-pele ba tataisitsoeng hantle (khulafā’ ar-Rāshidīn) ba tlang kamor’a ka; le e ts'oare ka tieo le ka matla. ’Me le itebele (itlhokomele) linthong tse ncha tse qapiloeng (muhdathāt), hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ncha ke bidʿah ’me bidʿah e ’ngoe le e ’ngoe ke tahleho” [123]. [123] E tlalehiloe ke Abu Dawood ho tsoa ho hadith ea Al-Irbaadh ibn Sariyah ka nomoro ea (4607).

Hape ﷺ o itse: “Ea qapang ntho e ncha tabeng ena ea rona e seng karolo ea eona, e tla lahloa (ha ena amoheloa)” [124] “Mang kapa mang ea etsang ketso e sa lumellaneng le taba ena ea rona, e tla hanoa” [125]. [124] E se e boletsoe pele hammoho le mohloli oa eona. [125] E se e boletsoe pele hammoho le mohloli oa eona.

Ali ibn al-Husayn Zayn al-Abidin (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena) o ile a bona monna a rapela pel’a lebitla la Moporofeta ﷺ eaba o mo thibela ho etsa joalo ’me a re: ‘Na nka se u bolelle hadith eo ke e utloileng ho ntate oa ka, ho tsoa ho ntate-moholo oa ka, ho tsoa ho Moromuoa oa Allah ﷺ hore o itse: “Le se ke la etsa lebitla la ka sebaka sa mokete (kapa sebaka se eteloang khafetsa ka tsela e tsoileng tseleng), 'me le se ke la etsa matlo a lona mabitla (ka ho se rapelle ho ʼona), mme le nthapelle salāh (litumeliso tsa khotso le litlhohonolofatso), hobane ruri litumeliso tsa lona li fihla ho nna hohle moo le ka bang teng” [126]. [126] Tlaleho ea Ali ibn al-Husayn Zayn al-Abidin e boleloa ke Sheikh ho tsoa ho Al-Maqdisi ’me eena o hlahisitse hadith ena ntle le pale hape e tlalehiloe ke Ahmad ho al-Musnad (2/367).

Ka tsela ena, seo ba bang ba baeti ba se etsang ha ba mo lumelisa sa ho beha letsoho le letona holim’a le lets'ehali sefubeng kapa ka tlas’a sona joaloka motho ea rapelang, boemo bona ha boa lumelloa ha ho lumelisoa Moporofeta ﷺ kapa ha ho lumelisoa marena, baetapele kapa batho ba bang; hobane ke boemo ba boikokobetso bo felletseng le borapeli bo lokelang Allah Feela. Joalokaha ho boletsoe ke Ibn Hajar al-Asqalani - Allah A mo hauhele - bukeng ea al-Fath, ho latela litsebi. Taba ena e hlakile ho mang kapa mang ea nahanang ka eona ka hloko le botebo ’me sepheo sa hae ele ho latela tataiso ea bahalaleli ba lokileng (As-Salaf As-Salih).

Ha e le ba hlotsoeng ke tsʼekamelo e feteletseng, litakatso tsa botho, bofofu ba ho latela feela ntle le temoho (Taqlid), le ho menahano e mebe ho ba bitsetsang tseleng ea baholo-holo ba lokileng (As-Salaf As-Salih), taba ea bona e matsohong a Allah. Re kopa Allah Hore A re tataise, A be A ba tataise, le ho re fa katleho ea ho khetha 'nete ho feta ntho leha e le efe. Ruri Eena (Ea Khanyang) ke eena ea Molemo ka ho fetisisa ea ka kopuoang.

Ka tsela e ts'oanang ho seo batho ba bang ba se etsang sa ho lebisa sefahleho lebitleng le halalelang ba le hole, ba sisinya melomo ea bona ka ho fana ka salam kapa ka thapeli, tsena tsohle li tšoana le lintho tse qapiloeng bolumeling (bid‘ah) tse boletsoeng pele. Ha hoa lokela hore lemosleme le qape bolumeling ba hae seo Allah a sa kang a fana ka tumello ka sona. Ka ketso ena motho o ba haufi haholo le ho hloka tlhompho le ho kheloha ho feta botšepehi le bohloeki ba lerato. Imam Malik ibn Anas (Allah A mo hauhele) o ile a nyatsa ketso ena le tse tšoanang le eona, a re: “Moloko oa kajeno oa sechaba sena o ke ke oa loka kantle le se ileng sa lokisa moloko oa pele oa sona” [127]. [127] Ighāthat al-Lahfān fī Maṣāyid al-Shayṭān (1/363).

’Me ho ea tsebahala hore se ileng sa lokisa motheo oa sechaba sena ke ho latela tsela ea Moporofeta ﷺ le ea baetapele ba ileng ba mo latela ba tataisitsoeng hantle (khulafā’ ar-Rāshidīn) le balateli ba bona ba ba latelang ka botle. ’Me qetello ea sechaba sena e ke ke ea loka ntle le ho its'oarella tseleng eo le ho e latela.

Eka Allah A ka tataisa Mamoseleme ho se ka ba tlisetsang pholoho, thabo le tlotla lefats'eng lena le le tlang (kamor'a tsoho ea bafu). Ruri, Ke Ea Fanang haholo, Ea Mohau.

Tlhokomeliso

Molao (hukm) mabapi le ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ

Ho etela lebitla la Moporofeta ﷺ ha se ntho e tlamang (fardh) kapa boemo ba ho phethela Hajj, joalokaha batho ba bang ba sa tsebeng le ba ts'oanang le bona ba nahana; empa ke ntho e khothaletsoang ho mang kapa mang ea etelang Masjid oa Moromuoa oa Allah ﷺ kapa ea haufi le ʼona.

Empa ea leng hole le Madinah ha a lumelloe ho nka leeto le le lelele ka sepheo sa ho etela lebitla; empa ho khothaletsoa hore a etse leeto ka sepheo sa ho etela Masjid o Halalelang. Ha a se a fihlile moo, o etela lebitla le hlomphehang le mabitla a barutuoa ba hae ba babeli. Ka hona ho etela lebitla la hae ﷺ le mabitla a barutuoa ba hae ho kenella ka lebaka la ho etela Masjid oa hae ﷺ. Sena se thehiloe ho se netefalitsoeng ho Sahīhain hore Moporofeta ﷺ o itse: “Ha ho etsoe leeto (ka sepheo sa borapeli bo ikhethang) ntle le ho ea ho Masaajid tse tharo feela: al-Masjid al-Haram (Makkah), Masjid ona oaka (Madinah) le Masjid al-Aqsa (Motseng oa Jerusalema, Palestina)” [128]. [128] E tlalehiloe ke al-Bukhari ho tsoa ho Abu Hurairah ka nomoro ea (1189) le ke Muslim ka nomoro ea (1397).

Hoja ho nka maeto ka sepheo sa ho etela lebitla la hae ﷺ, kapa lebitla la motho e mong, ho ne ho lumelletsoe ke Shari‘ah, ka nnete a ka be a rutile sechaba ka hona le ho ba tataisetsa bokhabaneng ba hona; hobane e ne e le eena ea eletsang batho ka ho fetisisa, ea tsebang Allah ka ho fetisisa, le ea mo tšabang ka ho fetisisa. O ile a fetisa molaetsa ka ho hlaka, a tataisa sechaba sa hae ho molemo o mong le o mong, le ho ba lemosa khahlanong le bobe bo bong le bo bong. Ho ka ba joang athe o bile a lemosa khahlanong le ho nka maeto bakeng sa libaka tse ling ntle le masaajid tse tharo, a re: “Le se ke la etsa lebitla la ka sebaka sa mokete o phetoang, ’me le se ke la etsa matlo a lona mabitla; ebile le nthapelle, ka hobane lithapelo tsa lona li fihla ho nna hohle moo le leng teng” [129] [129] E se e boletsoe pele hammoho le mohloli oa eona.

Ho re ho lumelletsoe ho nka maeto ka sepheo sa ho etela lebitla la hae ﷺ ho lebisa ho etseng lebitla la hae sebaka sa mokete e phetoang, le ho oela nthong eo Moprofeta ﷺ a neng a e tšaba: e leng ho feteletsa le ho mo rorisa ka mokhoa o feteletseng. Ruri batho ba bangata ba se ba oetse tabeng ena ka lebaka la tumelo ea bona ea hore ho lumelletsoe ho nka maeto bakeng sa ho etela lebitla la hae ﷺ.

’Me hadith tse tlalehiloeng tabeng ena tseo ba reng li paka hore ho lumelletsoe ho tsamaea leeto ho ea lebitleng la hae ﷺ, ke hadith tse fokolang ka mathathamo a batlalehi ba tsona, esita le tse qapiloeng (tsa bohata), joalokaha litsebi tsa ho boloka hadith li se li bonts'itse bofokoli ba tsona; joaloka Ad-Daraqutni, Al-Bayhaqi le Ibn Hajar al-Asqalani le ba bang. Ka hona ha ho ea lokela hore li hanyetse hadith tse nepahetseng tse bonts'ang thibelo ea ho tsamaea leeto ntle le ho etela Masaajid tse tharo feela.

’Mali ea khabane mona ke karolo ea hadith tsa boiqapelo (tsa bohata) tabeng ena, ele hore u li hlokomele le ho li tseba, u se ke oa thetsoa ka tsona:

Ea pele: “Ea etsang Hajj empa a sa nketele (a sa etele lebitla la ka), o mphuralletse.”

Ea bobeli: “Ea nketelang kamor’a lefu la ka, ho ts'oana leha eka o nketetse bophelong baka (pele ho lefu laka).”

Ea boraro: “Mang kapa mang ea nketelang ’me a etela ntate oa ka Ibrāhīm ka selemo sona seo, ke tiisa hore Allah o tla mo kenya Paradeiseng.”

Ea bone: “Ea etelang lebitla la ka, o tla fumana shafaʿah ea ka e le setlamo.”

Hadith tsena le tse ts'oanang le tsona ha ho le e ’ngoe e netefalitsoeng hore e tsoa ho Moporofeta ﷺ.

Ibn Hajar al-Asqalani o itse bukeng ea hae (at-Talkhīs) — kamor'a ho bua ka boholo ba liphetholelo tsa eona —: “ Lethathamo la batlalehi bohle ba hadith ena le ea fokola (dhaʼeef).”

Al-Hāfizh al-‘Uqayli o itse: “Ha ho letho le nepahetseng le netefalitsoeng tabeng ena.”

Ibn Taymiyyah, Allah A mo hauhele, o tiisitse hore hadith tsena tsohle ke tse iqapetsoeng (tsa bohata). ’Me sena se lekane ho u bonts'a tsebo ea hae, ho ts'oara ka hlooho le tsebo e batsi ea hae.

’Me haeba ho ne ho ena le ntho e joalo e entsoeng, barutuoa (Allah A khahlisoe ke bona) ene e tla ba bona ba pele ba neng ba tla e phethahatsa le ho e hlalosetsa sechaba le ho se memela ho eona; hobane ke bona batho ba molemo kamor’a baprofeta, ba tsebang meeli ea Allah le seo A se laetseng bahlanka ba Hae le ba ts'epahalang ka ho fetisisa ho Allah le ho libopuoa tsa Hae. Kaha ha ho letho le fetisitsoeng ho tsoa ho bona tabeng ena, sena se bonts'a hore ha se ntho e laetsoeng (e lumelletsoeng ke Shari‘ah).

’Me haeba ho ne ho ka netefatsoa ntho leha ele efe ho tsona, ho ne ho tla lokela hore e tolokoe e le ketelo e laetsoeng ho ea ka Shari‘ah e sa kenyeletseng ho tsamaea leeto ka sepheo sa ho etela lebitla feela; ele ho kopanya pakeng tsa hadith tse fapaneng. Allah Ea Phahameng O tseba ka ho fetisisa.

Khaolo

Mabapi le khothaletso ea ho etela Masjid Qubā le Al-Baqīʿ

Ho khothaletsoa hore moeti ea etetseng Madinah a etele Masjid Quba (Masjid oa pele oa Moporofeta ﷺ) ’me a rapelle teng; hobane ho Sahīhain ho na le hadith ea Abdullah ibn Umar (Eka Allah A ka khahlisoa ke bona), moo a itseng: “Moporofeta ﷺ o ne a etela Masjid Quba a palame kapa a tsamaea ka maoto ’me a rapela ho ona rak’ah tse peli” [130]. [130] E tlalehiloe ke al-Bukhari ka nomoro ea (1193) le ke Muslim ka nomoro ea (1399).

’Me ho tsoa ho Sahl ibn Hunayf (Allah A khahlisoe ke eena), ea itseng: Moromuoa oa Allah ﷺ o itse: “Ea itlhoekisang ka tlung ea hae (a etsa wudhu), ebe o ea Masjid Quba ebe o rapela teng thapelo, o tla fumana moputso o ts'oanang le oa ‘umrah” [131]. [131] E tlalehiloe ke Ibn Majah ka nomoro ea (1412).

Ho boetse ke Sunnah hore a etele mabitla a Al-Baqī‘, mabitla a shuhada (ba ileng ba bolaoa tseleng ea Allah), le lebitla la Hamza ibn Abd al-Muttalib (Allah A khahlisoe ke eena). Sena ke hobane Moprofeta ﷺ o ne a ba etela ’me a ba rapella. Hape ke ka lebaka la polelo ea hae ﷺ: “Etelang mabitla hobane a le hopotsa bophelo ba kamor'a lefu” [132]. E tlalehiloe ke Muslim. [132] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (976).

Moporofeta ﷺ o ne a ruta barutuoa ba hae hore ha ba etela mabitla ba re: “Khotso e be holim’a lona, lona baahi ba mabitla har’a balumeli le Mamoseleme. Ka nnete, haeba Allah a rata, le rona re tla le latela. Re kopa Allah hore a re fe bophelo bo botle le polokeho, hammoho le lona” [133]. E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Sulaiman ibn Buraidah a e nkile ho ntatʼae. [133] E tlalehiloe ke Muslim ka nomoro ea (975).

’Me ho tlalehiloe ke At-Tirmidhi, ho tsoa ho Abdullah ibn Abbas (Eka Allah A ka khahlisoa ke eena), ea itseng: Moporofeta ﷺ o ile a feta pel’a mabitla a Madinah eaba o retelehela ho ona ka sefahleho sa hae, eaba o re: “Khotso ebe le lona, lona batho ba mabitla; Allah A re ts'oarele 'moho le lona. Lona le ba tlileng pele ho rona ’me re tla le latela kamorao” [134]. [134] E tlalehiloe ke At-Tirmidhi ka nomoro ea (1035).

Ho tsoa ho hadith tsena ho utloahala hore ketelo ea mabitla e reretsoe ho hopotsa ka bophelo ba kamor'a lefu, ho etsa molemo ho bafu, ho ba etsetsa thapelo le ho ba kopela mohau.

Empa ha e le ho ba etela ka sepheo sa ho etsa duʿā mabitleng a bona, kapa ho lula le ho ikamahanya le mabitla ao, kapa ho ba kopa hore ba phethahatse litlhoko, kapa ba folise bakuli, kapa ho kopa Allah ka bona kapa ka boemo ba bona, le tse ling tse tšoanang le tsena, joale ketelo eo ke ea bidʿah e nyonyehang e sa kang ea laeloa ke Allah kapa ke Moromuoa oa Hae ﷺ. Hape ha ea ka ea etsoa ke Salaf ba lokileng (Allah A khahlisoe ke bona). Ho e-na le hoo, sena se kenyelelitsoe har’a mantsoe le liketso tse fosahetseng (hujr) tseo Moromuoa ﷺ a ileng a li thibela ha a ne a re: “Etelang mabitla ’me le se ke la bua mantsoe a sa lokelang (a sa amoheleheng)” [135]. [135] E tlalehiloe ke Muslim ho tsoa ho hadith ea Sulaiman ibn Buraidah a e nkile ho ntatʼae ka nomoro ea (977).

Hape litaba tsena tse boletsoeng li tšoana ka hore ka tsela e 'ngoe ke Bid'ah, empa li fapana ka maemo (kapa boima ba tsona). Tse ling tsa tsona ke Bid'ah empa hase Shirk; joaloka ho rapela Allah Ea Phahameng u le pel'a mabitla, le ho kopa Allah ka litokelo tsa mofu kapa ka boemo ba hae bo phahameng le tse ling tse joalo. Ha e le tse ling tsa tsona, ke karolo ea Shirk e kholo; joaloka ho rapela bafu le ho kopa thuso ho bona, le tse ling tse joalo.

’Me sena se se se hlalositsoe ka botlalo pejana, ka hona ela hloko ’me u itlhokomele u be u kope Mong’a hao katleho le tataiso ho ea ’neteng; hobane Eena Ea Phahameng ke Eena Ea fanang ka katleho le ea tataisang, ha ho molimo o mong ntle le Eena, ebile ha ho Morena e mong ntle le Eena.

Sena ke qetello ea seo re neng re batla ho se ngola. Lithoriso tsohle ke tsa Allah qalong le qetellong. Allah a romele lithapelo le khotso holim’a mohlanka oa Hae, Moromuoa oa Hae, le ea khethiloeng har’a libopuoa tsa Hae, e leng Muhammad, hammoho le ba lelapa la hae, Sahabah tsa hae, le bohle ba ba latelang ka bokhabane ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.