Skip to content
Kakaretso e khutšoanyane e molemo bakeng sa Lemosleme

Kakaretso e khutšoanyane e molemo bakeng sa Lemosleme

Buka ena e shebane le lintlha tse ka sehloohong tsa tumelo ea Islam ka mokhoa o mo khuts'oane o hlakileng, ho hlalosetsa babali motheo o nepahetseng oa borapeli le moelelo oa ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho libuka tsa Hae, ho Barumuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho qetela le ho al-Qadar (se raliloeng le pele motho a boptjoa). Buka e qala ka ho hlalosa mpho ea Islam le bohlokoa ba ho tseba Allah, litšobotsi tsa Hae le Mabitso a Hae a Matle (Asmaa’ul-Husnaa). Ka mor’a moo e fetela puisanong ea Litšiea tse Hlano tsa Islam, le Litšiea tsa Imaan, hape e hlalosa moelelo oa Ihsaan le phello ea…

Language: lang_st
Prepared by:
Version: 1.0

Kakaretso e khutšoanyane e molemo bakeng sa Lemosleme

Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Mohau

Selelekela

Lithoriso tsohle li be ho Allah, Morena oa lintho tsohle, lithapelo le khotso li be ho Moporofeta le Moromuoa ea hlohonolofetseng ka ho fetisisa, Moporofeta oa rona Muhammad, le ho lelapa la hae le barutuoa ba hae bohle,

Ho tsoelapele:

Joale e ’ngoe ea limpho tse kholo tsa Allah (Ea Phahameng) ho motho ke hore A mo hlohonolofatse ka Islam, A mo tiise ho eona, le hore a mo etse a phele ka melao le litaelo tsa eona, Bukeng ena, Lemosleme le ithuta metheo ea bohlokoa e mo thusang hore tumelo ea hae e lule e otlolohile, ka mokhoa o mokhutšoanyane o mo hlakisetsang lintlha tsa motheo tsa tumelo ena e kholo. Sena se eketsa tsebo ea hae ka Morena oa hae Allah (Ea Phahameng), le tumelo ea hae ea Islam, le Moporofeta oa hae Muhammad (khotso e be le eena), e le hore a rapele Allah ka temoho le tsebo e nepahetseng.

Morero oa bohlale oa ho boptjoa ha batho

Molimo Ea Matla ʼOhle O re bopile ka bohlale bo boholo ka ho fetisisa , e leng hore ho khumameloe Eena feela, kantle ho molekane, joalokaha Eena Ea Tlotlehang A itse: ﴾'Me ha Kea bopa Al-jinn (lisabonoeng) le batho haese hore ba nkhumamele﴿ [Ad-Dhariyaat: 56] Eleng, ho Mo ʼngoefatsa khumamelong A nnotši, A se nang molekane (borapeling), Sepheeo sena se seholo se fumaneha liketsong tsa rona le maikemisetsong a rona lefatšeng, Ea Tlotlehang O itse: ﴾Ele hore le nahana hore Re le bopetse bosaoana ntle le mabaka le hore ruri ho Rona ha le na khutlela Kahoo Allah O phahame ka ho fetisisa, Morena oa Nnete; ha ho molimo o mong haese Eena, Morena oa Terone e tlotlehang﴿ [Al-Muʼminoon: 115 - 116]

Morena oa ka ke Allah

Allah Ea Holimo-limo O itse: ﴾Oho lona batho! Rapelang Morena oa lona Ea le bopileng 'moho le ba tlileng pele ho lona mohlomong le tle le be ba tšabang Molimo﴿ [Al-Baqarah: 21].

Allah Ea Holimo-limo O itse: ﴾Ke Allah Eo ho seng mang kapa mang ea ts'oaneloang ke khumamelo kantle ho Eena﴿ [Al-Hashr: 22]

Allah Ea Holimo-limo O itse: ﴾Ha ho letho le ts'oanang le Eena, ʼme ke Ea Utloang le Ea bonang tsohle ka tsela e phethahetseng﴿ [Ash-Shura: 11]

Allah ke Morena oa ka le Morena oa lintho tsohle, Mong'a, 'Mopi, Mofani, le Molaoli oa lintho tsohle.

'Me ke Eena feela ea lokeloang ke khumamelo, ha ho Morena e mong ntle le Eena le hore ha ho molimo o mong kantle ho Eena.

O na le mabitso a Matle ka ho fetisisa le litšobotsi tse Phahameng ka ho fetisisa tseo A iphafileng ka tsona le tseo Moporofeta oa Hae (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) a li tiisitseng ka Eena, Ha ho letho le ka bapisoang le Eena, ’me Ke Ea Utloang Tsohle, Ea Bonang Tsohle.

Ho tsoa ho mabitso a Hae a matle:

Ar-Razzaq (ea fanang ka phepelo le mehloli eohle ea boipheliso), Ar-Rahman (Ea Mohau), Al-Qadir (Ea Matla ʼOhle A sa sitoeng ke letho), Al-Malik (Mong’a bokahohle), As-Samiʼ (Ea Utloang tsohle ka kutlo e phethahetseng), As-Salam (Mohloli oa Khotso), Al-Basir (Ea bonang tsohle ka pono e phethahetseng), Al-Wakil (Moemeli ea tšepahalang ho bohle ba behang tšepo ea bona ho Eena), Al-Khaliq (Mmopi, ea hlotseng tsohle ho tsoa ho lefeela), Al-Latif (Ea Mosa o tebileng), Al-Kafi (Ea lekaneng bakeng sa balumeli), Al-Ghafur (Motšoareli, ea tšoarelang libe khafetsa leha li ka ba ngata hakae).

Ar-Razaaq: Ea Fanang ka lintho tsa boipheliso ho bahlanka, tse thusang ka ho ts'ehetsa bophelo ba lipelo tsa bona le 'mele ea bona.

Ar-Rahman: Ea Fanang ka mohau le mosa ka tsela e akaretsang ho se khethollo ho libopuoa tsa Hae.

Al-Qadeer: Ea Matla ʼOhle, Ea senang bofokoli kapa mokhathala.

Al-Malik: Ke ea hlalosoang ka litšobotsi tsa boholo, matla a ke keng a phephetsoa, le taolo e phethehileng, Mong'a lintho tsohle, ea nang le matla a feletseng a ho laola le ho tsamaisa popo ea Hae kamoo A ratang.

As-Sami': Ea Utloang tsohle ekabang makunutu kapa tse pepeneneng, Ea Utloang likopo le lithapelo tsa bahlanka ba Hae ha ba li lebisa ho Eena.

As-Salaam: Mohloli oa Khotso, Ea hloekileng, ea lokolohileng bofokoling bohle, likotsing tsohle, le liphosong tsohle.

Al-Basir: Eo pono ea Hae e akaretsang lintho tsohle, ho sa tsotellehe hore na li kholo kapa li nyane, O bona kahare-hare ho lintho tsohle le hore O na le kutloisiso e phethahetseng ea lintho tsohle.

Al-Wakeel: ke Ea ikarabellang ho fana ka boipheliso ba popo ea Hae, Ea ba okametseng le ho ba hlokomela litabeng tsa bona, le Ea ileng a nka boikarabelo ba bahlanka ba Hae ba lokileng, a ba nolofalletsa lintho tsa bona, a ba lekanyetsa, a ba sireletsa mathateng.

Al-Khaaliq: ke Ea bopileng lintho tsohle, Ea li hlahisitseng le ho li qapa kantle ho mohlala o neng o le teng pele.

Al-Latif: Ea Tlotlang libopuoa tsa Hae, Ea ba hauhelang 'me Ea ba fang seo ba se kopang.

Al-Kafi: Ea lekaneng ho phethahatsa sohle seo bahlanka ba Hae ba se hlokang, Ea lekaneng ka thuso ea Hae molemong oa ba bang, 'me O ikemetse ha A hloke thuso ea mang kapa mang.

Al-Ghafur: Ea ts'oarelang ka ho fetisisa bahlanka ba Hae bobeng ba libe tsa bona, 'me ha A ba fe kotlo ka tsona.

Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena)

Allah Ea Holimo-limo O itse: ﴾Ka nnete, ho tlile ho lona Moromuoa ea tsoang har'a lona; ho bohloko ho eena hore le ka utloa bohloko kapa la ba tsietsing; o le tsotella ka matla, mme ho balumeli o tletse mosa le mohau o moholo﴿ [At-Tawbah: 128]

Allah Ea Holimo-limo O itse: ﴾Ha Rea u roma haese feela u be mohau ho mafatše ’ohle﴿ [Al-Anbiya: 107]

Muhammad (khotso e be le eena) ke mpho ea mohau:

Ke Muhammad mor'a Abdullah mor'a Abdul-Muttalib mor'a Hashim. Haashim o tsoa ho Quraysh, ʼme Quraysh e tsoa ho Maarabia.

'M'e oa hae e ne e le: Aminah morali oa Wahb, ’me mosali ea ileng a mo anyesa e ne e le Halimah al-Saʿdiyyah. O ile a nyala basali ba leshome le motso o mong, ’me a hlokahala a sia basali ba robong.

ʼMe Moporofeta (Khotso e be le eena) o ne a e na le bana ba supileng, ba bararo ele ba batona ebe ba bane ke basetsana. Bara ene e le Al-Qasim, Abdullah le Ibrahim, athe barali ene e le Zaynab, Ruqayyah, Ummu Kulthum le Fatimah.

Ho tlameha ho mo mamela ho tsohle tseo a li laetseng, ho mo lumela ho tsohle tseo a li boletseng, ho qoba seo a se hanetseng le seo a se khalemetseng, le hore Allah a se ke a khumameloa ntle le ka seo A se laetseng.

Molaetsa oa hae le molaetsa oa baporofeta ba tlileng pele ho eena ke ho bitsetsa borapeling ba Molimo A le Mong, Ea se nang molekane. Ea Holimo-limo O itse: ﴾Ha rea ka ra romela moromuoa leha e le ofe pele ho uena, ntle le hore re mo senolele hore: Ha ho na molimo ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le ’Na, ka hona nkhumeleleng.﴿ [Al-Anbiyah: 25]

'Me eena (khotso e be le eena) ke mokoallo oa baporofeta le baromuoa joalokaha Ea Tlotlehang A itse: ﴾Muhammad ha se ntate oa emong oa banna ba lona, empa Moromuoa oa Allah le mokoallo oa baporofeta, 'me Allah O na le tsebo e felletseng ka lintho tsohle﴿ [Al-Ahzaab: 40]

Molimo Ea Matla ʼOhle O mo rometse ka tumelo ea Islam ho batho bohle, joalokaha Ea Tlotlehang A itse: ﴾ʼMe ha Rea u roma (uena Muhammad) haese feela hore u be moromuoa ho batho bohle, u le motlisi oa litaba tse molemo le mohlokomelisi; empa batho ba bangata ha ba tsebe﴿ [Saba: 28]

'Me o (khotso e be le eena) na le litokelo tse kholo ho Mamoseleme ʼohle, har'a tsona ke:

1. Ho lumela boporofeteng ba hae, 'neteng le ho ts'epahaleng ha seo a tlileng le sona sa molao o moholo, ho mo mamela le ho mo latela ho ona, Allah O itse: ﴾'Me ha a bue se tsoang maikutlong a hae empa ke ts'enolo feela e senotsoeng﴿ [An-Najm: 3-4]

2- Ke setlamo hore motho a rate Moporofeta (khotso e be le eena) ho feta kamoo a ithatang kateng, le ho feta kamoo a ratang bana ba hae le batho bohle. Sephetho sa lerato lena ke ho latela mohlala oa Moporofeta (khotso e be le eena), ho mamela seo a se laetseng, le ho ikobela thibelo ea lintho tseo a re hanetseng ka tsona le ho re lemosa khahlanong le tsona.

3- Ho tlamehile ho mo hlompha, ho mo tšehetsa, ho mo phahamisa, le ho mo tlotla Moporofeta (khotso e be le eena).

Ho mo rapella (khotso e be le eena), e leng: ho mo rorisa, le ho kopa ho Allah hore A phahamise botumo ba hae, A bo eketse ka tlotla, seriti le khanya. Moporofeta (khotso e be le eena) o itse: (Mang kapa mang ea nkopelang litlhohonolofatso ho Allah hang, Allah O tla mo hlohonolofatsa ka eona makhetlo a leshome) E qotsitsoe bukeng ea Muslim.

5- Thibelo khahlanong le ho feteletsa litokelo tsa hae (khotso e be ho eena) le ho mo phahamisa ka holim'a boemo boo Molimo a mo fileng bona. Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o ile a lemosa ka matla ka sena ha a re: (Le se ke la fetelletsa nakong eo le nthorisang, joalokaha Bakreste ba fetellelitse ho roriseng mor'a Maria, ruri nna ke mohlanka oa Molimo, e reng Mohlanka oa Allah le Moromuoa oa Hae) E tlalehiloe ho Bukhari.

Tse ling tsa limelo tsa hae (khotso e be le eena):

'Nete, mohau, qenehelo, mamello, sebete, seatla se bulehileng, boits'oaro bo botle, toka, boikokobetso le ts'oarelo.

Qurʼan e halalelang ke lentsoe la Morena oa ka

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Oho lona batho, bopaki bo tlile ho lona ho tsoa ho Morena oa lona, ebile Re theoletse ho lona leseli le hlakileng﴿ [An-Nisaa: 174]

Qurʼan e Halalelang ke lentsoe la Molimo ea Matla 'Ohle, leo a le buileng ka 'nete, 'me a le senolela Moporofeta oa Hae Muhammad (khotso e be ho eena) ho ntša batho lefifing ho ba isa leseling le ho ba tataisetsa tseleng e otlolohileng, Ea e balang o fumana moputso o moholo, ea sebetsang ka tataiso ea eona, o latela tsela e otlolohileng. Abdullah bin Mas'ood (E ka Allah A ka khahlisoa ke eena) o itse: Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o ne a re: (Ea balang tlhaku e le ’ngoe feela Bukeng ea Allah, o tla fuoa moputso ka eona, ’me moputso oo o atisoa ka makhetlo a leshome. Ha ke bolele hore ‘Alif-Laam-Miim’ ke tlhaku e le ’ngoe, empa Alif ke tlhaku, Laam ke tlhaku, ’me Meem ke tlhaku.) E tlalehiloe ke Tirmidhi.

E ka Allah A ka e sireletsa khahlanong le ho fetoloa le ho sengoa, e ka A ka e etsa lets'oao la ka linako tsohle ho fihlela ka Letsatsi la Tsoho, Allah Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri ke Rona ba senotseng Khopotso (Qur’an), ebile Ruri, Ke Rona ba tla e sireletsa﴿ [Al-Hujr: 9] Mang kapa mang ea lekanyang hore Qur’an ha e ea fella kapa e fetotsoe ke ea buang leshano ka Allah le Moromuoa oa Hae (khotso e be le eena) ebile sena se mo nts'a tumelong ea Islam.

Qurʼan e Halalelang e akaretsa tsohle tse neng li le teng libukeng tse fetileng, ’me e bile e eketsa lithuto tsa bomolimo le boits’oaro ba moea. E boetse e tiisa ’nete e neng e le ho tsona. Mehleng ena ha ho na buka e tsoang ho Allah e lokeloang ho lateloa, ho hlomphuoa, ho halalelisoa ka ho e bala, le ho sebetsa ka eona, ntle le Qurʼan e Halalelang feela.

Tumelo ea ka ke Islam

Maemo a bolumeli a mararo: Islam, Imaan (tumelo) le Ihsaan.

Boemo ba pele: Islam

Islam ke: ho inehela bonngoeng ba Allah, ho ikobela litaelo tsa Hae, le ho qoba mefuta eohle ea borapeli ba litšoantšo le batho ba bo etsang.

Lits'iea tsa Islam

Moporofeta Khotso e be le eena o itse: (Islam e ahiloe holim'a [lits'iea] tse hlano, Shahadah (ho bea bopaki) hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah, ho etsa Salaat (thapelo), ho lefa Zakaat (monehelo), ho itima ka khoeli ea Ramadhan le ho nka leeto la borapeli ho ea Ka'abah.) E tlalehiloe ke Bukhari le Muslim.

Ts'iea tsa Islam ke borapeli, li tlama Lemoseleme le leng le le leng, Islam ea motho ha e ea nepahala kantle le ho lumellana le ho tlama ha tsona le ho li phetha; kaha Islam e thehiloe holim'a tsona ke ka hona li bitsoang lits'iea tsa Islam.

Lits'iea tsena ke tse latelang:

Ts'iea ea pele: Shahadah e leng ho hlapanya hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah.

Allah Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Kahoo tseba hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Allah﴿ [Muhammad: 19]

A boela A re Ea Matla ʼOhle: ﴾Ruri ho tlile ho lona Moromuoa ea tsoang har’a lona; ho bohloko ho eena se le tšoenyang kapa se le imelang, o na le tsotello e kholo holim’a lona (bakeng sa tataiso ea lona), mme ho ba lumelang o tletse mosa le mohau o moholo.﴿ [At-Tawbah: 128]

Moelelo oa Shahadah laa ilaaha illaa Allah: ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa e le kannete kantle ho Allah.

Moelelo oa Shahadah hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah: ke ho mo mamela ho seo a se laetseng, ho mo lumela ho seo a se buileng, ho qoba seo a se thibetseng le ho se hanela, le ho rapela Allah ho ea kamoo a bonts'itseng.

Ts'iea ea bobeli: Ho etsa Salaat (Thapelo).

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Etsang thapelo﴿ [Baqarah: 110]

Ho phetha Salaat ke ho latela litsela tseo Allah A faneng ka tsona e leng tseo re li rutiloeng ke Moromuoa oa Hae Muhammad (khotso e be le eena).

Ts'iea ea boraro: ho lefa Zakaat.

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾lefang Zakaat﴿ [Baqarah: 110].

Allah O laetse Zakaat e le teko ea botšepehi ba tumelo ea lemoseleme, le ho mo beha tekong ea hore na o tla ba le teboho ho Morena oa hae holim'a lineo tseo a mo fileng tsona tsa maruo, le ho thusa mafutsana le bahloki.

Ho fana ka Zakaat ke ho e fa ba e tšoanelang.

ʼMe ke tokelo e tlamang ea leruo ha le fihletse boleng bo itseng bo hlakisitsoeng, e abeloa lihlopha tse robeli tseo Allah A li hlalositseng ka hare ho Qur’an e halalelang, har'a bona ke mofutsana le mohloki.

’Me tefong ea lona, ho na le litšobotsi tsa mohau le qenehelo, ’me ke tlhoekiso ea boits’oaro le maruo a lemosleme, ho khotsofatsa lipelo tsa mafutsana le bahloki, le ho matlafatsa maqhama a lerato le bonngoe pakeng tsa litho tsa sechaba sa Mamosleme. Ka lebaka leo, lemosleme le lokileng le lefa Zakaat ka pelo e thabileng, a khotsofetse ka ho e phetha, hobane e tlisa thabo ho batho ba bang.

ʼMe tekanyo ea Zakaat holim'a maruo ke 2.5% ea matlotlo a bolokiloeng ekaba khauta, silifera, chelete ea lipampiri le thepa ea khoebo e hlophiselitsoeng ho rekisoa. Haeba boleng ba tsona bo fihletse tekanyo e itseng ebile pokello eo e qetile selemo kaofela.

Joalokaha Zakaat e tlama ho motho ea nang le lenane le itseng la liphoofolo (tse kang likamele, likhomo le linku), haeba liphoofolo tseo li fula joang ba lefatše boholo ba selemo ntle le hore mong’a tsona a li fepe (ka ho li rekela lijo).

Hape Zakaat e tlama holim'a litsoa-mobung joalo ka Al-Rikaz — e leng matlotlo a fumanoang a patiloeng ho tloha mehleng ea bo-jahiliyya (mehleng ea pele ho Islam) —, hammoho le lijo-thollo, litholoana, le liminerale haeba li fihletse tekanyo e itseng e laotsoeng (Nisab).

Ts'iea ea bone: ho itima ka khoeli ea Ramadhan.

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Oho lona balumetseng, le laetsoe boitimo joalokaha bo ile ba laeloa ba tlileng pele ho lona mohlomong le tle le be ba tšabang Molimo﴿ [Baqarah: 110]

Ramadhan ke: khoeli ea borobong selemong ho ea ka alemanaka ea Islam (Hijri), ʼme ke khoeli e kholo ka ho fetisisa ho Mamoseleme, e na le sebaka se khethehileng malebana le likhoeli tse ling tsa selemo, ho itima khoeli eohle ke e 'ngoe ea lits'iea tse hlano tsa Islam.

Ho itima ka Ramadhan ke: borapeli ho Allah Ea Matla ʼOhle ka ho ila lijo, lino le thobalano, tsena tse iloang li iloa ho tloha qalong ea meso ho fihlela ha letsatsi le likela matsatsi ʼohle a khoeli ea Ramadhan e hlohonofetseng.

Ts'iea ea bohlano: Hajj (leeto la borapeli) ho ea Ka'bah (Ntlong ea Allah).

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾'Me leeto la bolumeli Ntlong ke mosebetsi oo batho bohle ba nang le bokhoni ho o etsa ba o kolotang Molimo﴿ [Ali Imran: 97]

Hajj e tlama motho ea nang le bokhoni ba ho e etsa, bonyane lekhetlo le le leng bophelong, e leng: ho ikemisetsa ho ea Ntlong ea Allah, le libakeng tse halalelang motseng oa Makkah Al-Mukaramah ho ea etsa liketso tse khethehileng tsa borapeli ka nako e khethehileng, ruri Moporofeta (khotso e be le eena) o ile a etsa hajj le ba bang ba baporofeta pele ho eena ba e entse, Allah O ile A laela Abrahama (khotso e be le eena) hore a bitse batho ba eo etsa hajj, joalokaha A boletse kahare ho Qur’an e halalelang, moo A itseng: ﴾ʼMe u tsebise batho ka Hajj (leeto la bolumeli) ba tla tla ho uena ba tsamaea ka maoto, ba bang ba kalletse likamele tse otlolohileng (tse tšesaane), ba tla tla ka makhalo ʼohle a hole ho hlaha le lithabeng tse hole (ho tla etsa hajj)﴿ [Al-Hajj: 27]

Boemo ba bobeli: Imaan

Imaan (Tumelo): Ke ho lumela le ho netefatsa ka tieo, le kamohelo e feletseng ea tsohle tseo Allah le Moromuoa oa hae ba laetseng hore ho lumeloe ho tsona. Ke ho ikokobetsa ka ntle (liketso) le ka hare (pelo); ke ho lumela ha pelo le kholiseho e kenyelletsang mesebetsi ea pelo le mesebetsi ea 'mele. Sena se akaretsa ho phethahatsa bolumeli kaofela; tumelo e ea nyoloha (e ea eketseha) ka ho mamela Allah, 'me e ea theoha (e ea fokotseha) ka ho etsa libe.

Ts'iea tsa tumelo

Moporofeta (Khotso e be le eena) o ile a botsoa ka Imaan eaba o re: (Ke ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho baromuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho qetela le ho lumela ho Qadr (taelo ea Molimo e tlileng esale pele) botle ba eona le bobe ba eona).

Lits'iea tsa tumelo ke lintlha tsa borapeli tsa semoea tse tlamang Lemoseleme le leng le le leng, 'me Islam ea motho ha e phethahale kantle le ho lumela le ho sebetsa ka tsona. Ke ka hona li bitsoang lits'iea tsa tumelo, Phapano lipakeng tsa tsona le lits'iea tsa Islam ke hore lits'iea tsa Islam ke lintho tse etsoang kapa tse bonahalang ha li etsoa joaloka ho etsa Shahadah ka mantsoe, ho etsa thapelo, ho nts'a Zakaat empa joale tsena tsa tumelo ke bolumeli bo ka pelong 'me ke tseo motho a li etsang ho latela se ka pelong ea hae mohlala: ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae le ho Baromuoa ba Hae.

Ts'iea ea pele: Ho lumela ho Allah

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri balumeli ke ba lumetseng ho Allah﴿ [An-Nur: 62]

Re lumela boteng ba Allah, le ho bonngoe ba borena ba Hae, bomolimo, mabitso le boleng. Ho lumela ho Molimo ho kenyelletsa tse latelang:

- Ho lumela boteng ba Hae Ea Tlotlehang Ea Matla ʼOhle.

- Ho lumela ho borena ba Hae, Ea Tlotlehang Ea Matla ʼOhle, eo ruri e leng Morena oa lintho tsohle, le 'Mopi, Mofani le Molaoli.

- Ho lumela ho bonngoe ba Hae borapeling, Ea Tlotlehang, Ea lokeloang ke ho rapeloa A le Mong, Ea se nang molekane kapa mothusi sebakeng sa lintho tsohle, tse joaloka: Salaat, likopo, ho hlapanya, mahlabelo, ho kopa thusa, ho kopa ts'ireletso le lintho tse ling tsohle tsa borapeli.

- Ho lumela ho Mabitso a Hae a matle le Litšobotsi tsa Hae tse phahameng tseo A li tiisitseng ka Boeena kapa tse boletsoeng ke Moporofeta oa Hae (khotso e be le eena), ho hanyetsa seo A se hanyelitseng ka Boeena kapa se hanyelitsoeng ke Moporofeta (khotso e be le eena), Mabitso a Hae le Boleng ba Hae li fihletse ho phethahala le botle le hore ha ho letho le ts'oanang le Eena, le hore ke Ea Utloang le ho Bona ka ho phethahala.

Ts'iea ea bobeli: Ho lumela ho Mangeloi.

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Thoriso tsohle le liteboho li be ho Allah, 'Mopi oa Maholimo le lefats'e, Ea bopileng Mangeloi e le baromuoa ba nang le mapheeeo ka bobeli, le ka boraro le ka bone, O eketsa 'mopo kamoo A ratang. Ruri, Allah O na le bokhoni ba ho etsa lintho tsohle﴿ [Faatir: 1]

Re lumela hore ruri Mangeloi ke libopuoa tsa sephiri tsa Molimo, le hore kannete ke 'mopo o khumamelang Allah ka linako tsohle ebile Allah O ba bopile ho tsoa leseling, A ba etsa hore ba lule ba Mo mamela ba phetha litaelo tsa Hae ka linako tsohle.

Ke libopuoa tse matla tseo matla le palo ea tsona e tsejoang ke Molimo ea Matla 'Ohle feela. E mong le e mong oa bona o na le litšobotsi, mabitso le mesebetsi eo Molimo ea Matla 'Ohle a ba khethetseng eona. Har'a bona ho na le Gabriele, khotso e be ho eena, ea tšepetsoeng tšenolo, eo a e theolang ho tsoa ho Molimo ea Matla 'Ohle ho ea ho baromuoa ba Hae.

Ts'iea ea boraro: Ho lumela ho Libuka

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾E-re: “Re lumetse ho Allah, le ho se senotsoeng ho rona, le ho se senotsoeng ho Ibrahim, Ismaʿil, Ishaq, Yaʿqub le al-Asbat (bara ba Jakobo ba leshome le motso e mmeli), le ho seo Musa le ʿĪsa ba se filoeng, le ho seo baprofeta bohle ba se filoeng se tsoang ho Morena oa bona. Ha re khetholle le ea mong oa bona, ’me re inehetse ho Eena ka boikokobetso (re le Mamosleme)﴿ [Baqarah: 136]

Re lumela hore Allah Ea Matla ʼOhle O senotse libuka ho Baromuoa ba Hae, e le bopaki holim’a batho le tataiso e hlakileng bakeng sa ba sebetsang ka tsona.

Ba ba ruta ka tsona bohlale 'me ba ba hloekisa.

Tlotla ebe ho Allah, ka ho romela Moporofeta oa Hae, Muhammad (khotso e be le eena) ho sechaba sohle, ka ho hlakola melao ea nako e fetileng, A ba A etsa Qur’an e halalelang hore ebe eona e okametseng libuka tsohle tse tsoang Leholimong 'me e li hlakole, Allah O entse bonnete ba hore O sireletsa Qurʼan khahlanong le ho fetoloa kapa ho sengoa. ﴾Ruri, Ke Rona Re senotseng Khopotso [Qur’an] 'me ruri ke Rona Re tla e sireletsa﴿ [Al-Hijr: 9] Ka hobane Qur’an e halalelang ke buka ea ho qetela ho tsoa ho Allah ho ea ho batho, le Moporofeta oa Hae Muhammad (khotso e be le eena) ke Moromuoa oa ho qetela, le tumelo ea Islam ke tumelo eo Allah A e khethetseng batho ho fihlela ka Letsatsi la ho qetela, Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri, bolumeli ho Allah ke Islam﴿ [Al Imran: 19]

Libuka tseo Allah A li senotseng 'me tseo A buileng ka tsona ka bukeng ea Hae ke tsena:

Qurʼan e halalelang: Allah O e senotse ho moromuoa oa Hae Muhammad (khotso e be le eena).

At-Taurah: Allah O e senotse ho moromuoa oa Hae Musa (khotso e be le eena).

Injeel (Evangeli): Allah O e senotse ho moromuoa oa Hae Jesu (khotso e be le eena).

Zabur: Allah O e senotse ho moromuoa oa Hae Dawood (khotso e be le eena)

Suhuf Ibrahim: Allah O e senotse ho moromuoa oa Hae Ibrahim (khotso e be le eena).

Ts'iea ea bone: Ho lumela ho baromuoa.

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri, Re rometse sechabeng se seng le se seng moromuoa (ea reng): khumamelang Allah ʼme le furalle melimo ea bohata﴿ [An-Nahl: 36]

Re lumela hore Allah Ea Matla ʼOhle O rometse ho libopuoa tsa Hae baromuoa ho ba bitsetsa khumamelong ea Hae, A le Mong, ntle le molekane, le ho latola se rapeloang kantle ho Eena.

'Me kannete kaofela ha bona ene e le batho, batho bao e neng e le bahlanka ba Molimo, le hore e ne e le batho ba 'nete ba ts'epahalang, ba neng ba ts'aba Allah ebile ho bolokehile ho ba har'a bona, masupa tsela a neng a tataisehile, Molimo O ile A ba ts'ehetsa ka litemana tse pakang bots'epehi ba bona, 'me ba fetisitse tsohle tseo Allah A neng A ba rometse ka tsona, le hore kaofela ha bona ba ne ba le tseleng ea 'nete e hlakileng le tataisong e nepahetseng.

Ruri, pitso ea bona e ne e lumellana ho tloha qalong ho isa qetellong ea bona qalehong ea bolumeli, e leng bonngoeng ba Molimo Ea Matla ʼOhle borapeling le ho thibela ho Mo kopanya le libopuoa tsa Hae borapeling.

Ts'iea ea bohlano: Ho lumela ho Letsatsi la ho qetela.

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Allah, ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa ntle le Eena, O tla le bokella ka Letsatsi la Kahlolo, leo ho seng khoao ka lona, ke mang ea nang le litaba tsa 'nete ho feta Allah?﴿ [Nisaa: 87]

Re lumela ho Letsatsi la ho Qetela e leng Yawmul Qiyamah leo ho seng letsatsi ka mor'a lona, re lumela ho tsohle tse amanang le lona, ho ea kamoo Morena oa rona A re bolelletseng ka teng bukeng ea Hae e halalelang kapa seo Moporofeta oa Hae (khotso e be le eena) a re bolelletseng ka teng, joaloka ho shoa ha motho, ho fuoa ts'enolo, tsoho ea bafu, ho kena lipakeng, sekala, moputso, Leholimo, Lihele le tse ling tse ngata tse its'etlehileng ka Letsatsi la ho qetela.

Ts'iea ea bots'elela: Ho lumela ho Qadr botle ba eona le bobe ba eona.

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri, lintho tsohle Re li entse ka tekanyetso (moralo o behiloeng)﴿ [Baqarah: 49]

Re lumela ho Qadr (taelo ea Molimo e tlileng pele ho boptjoa lintho tsohle hore Molimo ke Motsebi oa tsohle O ngotse tsohle tse tlang ho etsahala mme tsohle li etsahala ka thato ea Hae) botle ba eona le bobe ba eona, 'me ke khakanyo ea Molimo O Matla ʼOhle ea libopuoa tsa Hae, ho ea tsebong ea Hae, e ipapisitseng le bohlale ba Hae, le hore ntho e 'ngoe le e 'ngoe e hlahelang libopuoa ea liketsahalo tsa lefats'e lena ke ka tsebo le tumello ea Hae Ea Matla ʼOhle, Khanya ebe ho Eena, le tsamaiso ea Hae A nnotši, Ea se nang molekane (bomolimong ba Hae), le hore sena se hlophisitsoe le ho ngoloa le pele ho boptjoa motho, le hore motho o filoe khetho ea ho etsa seo a se ratang le boikhethelo, le hore ke moetsi oa liketso tsa hae ka sebele (ka kelello e hlaphohetsoeng); empa sena ha se thibele kapa ho latola tsebo ea Allah, le ho rata hoa Hae le tumello ea Hae.

Kahoo ho lumela ho Qadr ho its'etlehile holim'a maemo a mane eleng:

Ba pele: Ho lumela tsebong ea Allah e akaretsang.

Ba bobeli: Ho lumela hore Allah O ngotse tsohle tse tla etsahala ho tloha ts'imolohong ho fihlela ka Letsatsi la Tsoho.

Ba boraro: Ho lumela ho thato ea Molimo le matleng a Hae a phethahetseng, kahoo seo A se ratang hore se phethahale se ea phethahala 'me seo A sa rateng ha se phethahala ha se phethahale.

Ba bone: Ho lumela hore Allah ke Eena Moetsi ('Mopi) oa lintho tsohle, ha A na mothusi 'mopong oa Hae.

Boemo ba boraro: Al-Ihsaan (phetheho)

Al-Ihsaan ke: ho rapela Allah joalokaha eka ua mo bona, nnete ke hore ha u mo bone empa Eena O ea u bona. Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri, Allah O na le ba lokileng le ba etsang hantle﴿ [An-Nahl: 128]

Bohloeki

Ea Matla ʼOhle O itse: ﴾Ruri, Allah O rata ba bakang 'me O rata ba itlhoekisang﴿ [Baqarah: 22]

Moporofeta (Khotso e be le eena o itse): (Mang kapa mang ea etsang boitlhoekiso bo kang bona ba ka, ebe o rapela likarak'ah tse peli ntle le ho lumella kelello ea hae ho lelera nakong ea tsona, Molimo o tla mo tšoarela libe tsa hae tse fetileng) E tlalehiloe ke Bukhari.

E ’ngoe ea lintho tse bontšang bohlokoa bo boholo ba Thapelo (Salah) ke hore Allah o laetse bohloeki (Taharah) pele ho eona, ’me a bo etsa pehelo ea ho amoheleha ha eona; kahoo ke senotlolo sa Thapelo, ho utloisisa le ho ela hloko bokhabane ba eona ho etsa hore pelo e labalabele ho etsa Thapelo. Moporofeta (khotso e be holim'a hae) o itse: (Bohloeki ke halofo ea tumelo; ho rorisa Allah (Alhamdulillāh) ho tlatsa sekala; ‘Subhānallāh’ le ‘Alhamdulillāh’ li tlatsa—se pakeng tsa maholimo le lefats’e; thapelo ke leseli; sadaqah (monehelo) ke bopaki; mamello ke khanya; ’me Qur’an ke bopaki molemong oa hao kapa khahlanong le uena. Batho bohle ba tsoha hoseng: e mong oa ithekisa, a itokolla; e mong oa ithekisa, a itimetsa.) E tlalehiloe ke Muslim.

Moporofeta Khotso ebe le eena o itse: (Ea etsang bohloeki (wudhu) a bo etse hantle, libe tsa hae li tsoa ’meleng oa hae ho fihlela li tsoa le ka tlas'a manala a hae) E qotsitsoe ho Muslim.

Mohlanka o atamela ho Morena oa hae ka bohloeki ba 'mele ka ho etsa wudhu, le bohloeki ba semoea ka ho etsa ketso ena ea bolumeli sebakeng sa Allah ka ho khetholoha, a latela tataiso ea Moporofeta (khotso e be le eena).

Ke eng e tlamang ho etsoa ha wudhu:

1- Thapelo (Salaat) ka kotloloho ho sa tsotellehe hore ke e tlamang kapa ea boithaopo.

2- Ho pota-pota Ka'bah.

3- Ho ts'oara Mus-haf (Qur’an).

Wudhu le ghusl li etsoa ka metsi a hloekileng:

Metsi a hloekileng ke: metsi ʼohle a theohang leholimong kapa a kollang ho tsoa fats'e, a ntseng a le maemong a ʼona a tlholeho, a sa fetohang maemong a ʼona a mararo, e leng: 'mala, tatso le monko: ka lintho tse fetolang metsi maemong a ʼona kapa tse a tlosang boemong ba hore a bitsoe metsi.

Wudhu

Mothati oa pele: Maikemisetso 'me sebaka sa ona ke pelo, moelelo oa Maikemisetso: boikemisetso ba pelo holim'a borapeli bo atametsang ho Allah Ea Matla ʼOhle.

Mothati oa bobeli: Ke re: Ka lebitso la Allah.

Mothati oa boraro: ho hlatsoa liatla makhetlo a mararo.

Mothati oa bone: ho itsukunya lehano makhetlo a mararo.

Al-madhmadhah: ke ho kenya metsi ka hanong, ho a potoloha ka hare, ebe oa a ntša.

Mothati oa bohlano: Al-Istinshaaq e be Al-Istinthaar makhetlo a mararo, ʼme Al-Istinshaaq: ke ho kenya metsi ka linkong ho ea ka hare-hare ho tsona.

ʼMe Al-Istinthaar: ke ho nts'etsa kantle metsi a kentsoeng ka linkong.

Mothati oa bots'elela: ho hlatsoa sefahleho makhetlo a mararo.

Moeli oa sefahleho:

Sefahleho: ke karolo eo motho a talimang ka eona.

Bophara ba sona: ke ho tloha tsebeng ho ea tsebeng e latelang.

Bophahamo ba sona: ke se lipakeng tsa moo moriri oa hlooho o qalang phatleng ho ea tlas'a selelu.

Ho hlatsoa sefahleho ho kenyelletsa sohle ho tloha qalong ea moriri, ka ho ts'oana le al-bayaadh le al-ʼidhaar.

Al-bayaadh ke: sebaka se senang litelu se lipakeng tsa tsebe le al-ʼidhaar.

Al-ʼidhaar: ke moriri o melang holim'a lesapo le hlahelletseng le tobaneng le lesoba la tsebe le kenellang ka hare ho hlooho le o theohelang ho fihla motsong oa tsebe.

Hape, ho hlatsoa sefahleho ho kenyelletsa karolo eohle e ka ntle ea litelu tse teteaneng, hammoho le likarolo tsa litelu tse leketlileng (tse tsoileng ka ntle ho sefahleho).

Mothati oa bosupa: ho hlatsoa matsoho ka bobeli ho qala ka ntlheng ea menoana ea letsoho ho ea litsoeng makhetlo a mararo.

Ho kenyelletsa litsoe ho hlapeng matsoho ho ea tlama.

Mothati oa borobeli: ho pholla hlooho kaofela ha eona ka matsoho a metsi ho kenyelletsa le litsebe lekhetlo le le leng.

Ho qaloa ho tloha moo hlooho e qalang ho ea morao ka sekotlong ebe ho khutleloa moo ho qaluoeng teng.

O kenya menoana ea hae e 'meli e supang ka litsebeng, ebe o latellisa ka menoana ea hae e 'meli e metona kamor'a litsebe; ebe o pholla bokahare le bokantle ba litsebe tsa hae.

Mothati oa borobong: Ho hlatsoa maoto ka bobeli ho qala ka menoana ea maoto ho ea maqaqailaneng makhetlo a mararo, ho kenyelletsa ho hlatsoa maqaqailane a maoto ka bobeli ho ea tlama.

Al-Ka'abaani: ke maqaqailane e leng masapo a fumanehang maotong ka bobeli a fumanehang lipakeng tsa leoto le qetellong ea 'moomo.

Mothati oa leshome: Ke Sunnah ho Lemoseleme kamor'a ho etsa Wudhu ho re "Ash-hadu an laa ilaaha illallahu wahdahu laa sharika lah, wa ash-hadu anna Muhammadan 'abduhu wa rasuluh, Allahumma ij'alni minat tawwaabina, waj'alni minal mutatahhirin" hobane Moprofeta (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena) o itse: (Mang kapa mang ea etsang bohloeki 'me a bo etsa hantle, joale e be o re: Ke paka hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke khumamelo haese Allah a le mong, ea se nang molekane, 'me ke paka hore Muhammad ke mohlanka le Moromuoa oa Hae. Oho Allah, nketse har'a ba bakang 'me u nketse har'a ba itlhoekisang, liheke tse robeli tsa Paradeise li tla buloa bakeng sa hae, 'me a ka kena ka eo a e batlang.) E tlalehiloe ke At-Tirmidhi.

Wudhu e sengoa ke maemo ana:

1. Se tsoang ka masobeng a mabeli joaloka mosese, mantle, moea le maro a thobalano.

2. Ho lahleha ha kelello e leng boroko bo tebileng, ho akheha, ho tahoa kapa bohlanya.

3. Sohle se qobellang (ghusl) ho hlapa joaloka thobalano, ho ea linakong (ha basali kapa baroetsana), le mali a tsoang kamor'a pelehi.

Ha motho a qeta ho ipholosa kapa a tsoa matlapeng ho ea tlama hore a tlose lits'ila tse ho eena ka metsi a hloekileng e leng se khothaletsoang haholo, kapa kantle ho metsi a hloekileng haele feela e le se tlosang lits'ila joaloka majoe, lipampiri kapa masela kapa tse ling kantle ho tsona, ha feela ele e 'ngoe ea lisebelisuoa tse tharo tsa ho hloekisa kapa lenane le ka holimo ho tse tharo, ha feela li hloekile ebile ele tse lumelletsoeng.

Ho pholla holim'a likausi tsa letlalo le tsa lesela.

Maemong ao motho a roetseng likausi tsa letlalo kapa tsa lesela ho ea lumelleha hore a pholle ka matsoho a hae a metsi kaholim'a tsona kantle le hore a hlatsoe maoto, lipehelo tsa teng ke tsena:

1. Hore ebe li roetsoe kamor'a ho itlhoekisa ka botlalo khahlanong le lits'ila tse nyane le tse kholo.

2. Hore li tlameha ebe li hloekile li se lits'ila.

3. Hore ebe li pholloa ho ipapisitsoe le nako ea teng e behiloeng.

4. Hore ebe li lumelletsoe, eseng tse utsoitsoeng kapa tse nkuoeng ka likhoka.

Al-Khuffaani ke: se roaloang maotong se entsoeng ka letlalo le suuoeng le bonolo kapa se joalo ka sona, mohlala oa tsona ke lieta tse koaelang maoto kapa likausu tsa letlalo tse koalang maoto. Al-Jawrabaani ke: se roaloang maotong se entsoeng ka lesela kapa se joalo ka sona, mohlala oa teng ke sebitsoang likausi.

Bohlale ba ho lumelloa ha ho pholla holim’a likhuff (kapa lisokisi): Bohlale ba ho pholla holim’a likhuff ke ho nolofalletsa le ho fokotsa mathata ho Mamosleme, hobane ho ka ba boima ho ba bang ho rola likhuff kapa lisokisi le ho hlatsoa maoto, haholo-holo nakong ea mariha le serame se matla, le ha motho a le leetong.

Nako ea ho pholla: sebakeng sa al-Muqeem (Motho ea seng leetong): letsatsi le le leng le bosiu ba lona (lihora tse 24). Sebakeng sa al-Musaafir (moeti ea leetong): matsatsi a mararo le masiu a ’ona (lihora tse 72).

Nako ea ho pholla ka holim'a likausi ekabang tsa letlalo kapa tsa lesela e qala kamor'a hore motho a nchafatse wudhu ea hae khetlo la pele.

Tsela ea ho pholla holim'a likausi tsa letlalo le tsa lesela:

1. Ho ngobetsa matsoho.

2. Ho mathisa letsoho holim'a leoto (ho tloha qalong ea menoana ho ea qalehong ea 'moomo).

3. Ho pholloa leoto le letona ka letsoho le letona, leoto le lets'ehali ka letsoho le lets'ehali.

Lintho tse senyang al-Mash (ho pholloa ha likausi): 1. Lintho tse tlamang ghusl. 2. Ho fela ha nako ea al-Mash.

Al-Ghusl

Haeba ho ka etsahala thobalano pakeng tsa monna le mosali, leha ho se ke ha e-ba le ho tsoa ha peo; kapa peo (mani) e tsoa ho e mong oa bona ka takatso ha a falimehile, kapa e tsoa nakong ea boroko; ho ea tlama ho bona ka bobeli ho itlhatsoa ka boitlhoekiso bo boholo (ghusl), e le hore ba tle ba khone ho etsa thapelo kapa ketso efe kapa efe e hlokang bohloeki, Ka ho ts'oana mosali ha a qeta ho emisa matsatsing kapa maling a kamor'a pelei ghusl e ea mo tlama pele a ka etsa lintho tse amanang le thapelo kapa lintho tse tlamang bohloeki.

Tsela ea ho etsa ghusl ke e latelang:

Ke hore Lemoseleme le kolobise 'mele oa lona kaofela ka metsi ka tsela efe kapa efe, ho kenyelletsa ho hloekisa ka linkong le ho khakhatsa (ho itsukunya), ha a mathisa metsi ‘meleng oa hae o tlosa lits’ila tse kholo, ‘me bohloeki ba hae bo ea phethahala.

Ho boetse ho na le mokhoa o mong hape o ntseng o felletse, ona ke oo Moporofeta (khotso e be le eena) a neng a o etsa, ona o ka tsela e latelang:

01- Maikemisetso a ho tlosa lits’ila.

02- At-tasmiyah (hore: Bismillah [ka lebitso la Allah] ), ho hlatsoa liatla makhetlo a mararo, ebe kamor’a moo o hlatsoa likarolo tsa botona / bots’ehali.

03- Ebe o etsa Wudhu e felletseng joalokaha Lemoseleme le e etsa sebakeng sa thapelo.

04- Ho ts’ela metsi hloohong makhetlo a mararo, a lokela ho kenella le ka hare-hare metsong ea moriri.

05- Ho kolobisa ‘mele ʼohle ka metsi, ho qaloa ka ho hlatsoa lehlakore le letona la ‘mele ebe ho latela le lets’ehali, ho tsamaisa letsoho ‘moho le metsi ho fihlela qetellong ea ‘mele.

Motho ea nang le lits'ila tse kholo (Junub) ha a lokela ho etsa lintho tse latelang ho fihlela a entse ghusl:

01 Thapelo.

02 Ho pota-pota Ka'bah.

03 Ho lula kahar'a Masjid, ho lumelleha feela ho feta ka hare ho oona ntle le ho lula kapa ho ema.

04 Ho ts'oara Mus-haf (Qur’an)

05 Ho bala Qur’an.

Tayammum

Haeba Lemoseleme le sa fumane metsi ao le ka itlhoekisang ka ʼona, kapa le sitoa ho sebelisa metsi ka lebaka la bokulo kapa lintho tse ling 'me le ts'aba hore le tla fetoa ke nako ea thapelo joale le lokela ho etsa tayammum ka mobu.

Mokhoa oa ho e etsa ke oa hore o tla phaphatha ka liatla ka bobeli mobung ha 'ngoe, ebe o pholla ka oona sefahleho le bokantle ba liatla. Ke setlamo hore ebe mobu o hloekileng.

Tayammum e senngoa ke lintho tsena:

1. Tayammum e senngoa ke se senyang wudhu.

2. Haeba metsi a ka fumanoa pele ho qaloa borapeli, Tayammum e fella moo ka lebaka la boteng ba metsi.

Salaat (Thapelo)

Allah O laetse lithapelo tse hlano bakeng sa lemosleme motšehare le bosiu: Fajr (mafube), Dhuhr (motšehare), Asr (thapama), Maghrib (ho likela ha letsatsi), le Isha (bosiu).

Ho itokisetsa thapelo

Ha nako ea thapelo e kena, lemosleme le itlhoekisa ho tloha bohloeking bo bonyenyane (hadath al-Asghar) le bohloeking bo boholo (hadath al-Akbar), haeba a ne a le boemong ba litšila bo boholo.

Lits’ila tse kholo ke: se tlamang Lemoseleme ho etsa ghusl.

Lits’ila tse nyane ke: se tlamang Lemoseleme hore le etse wudhu.

Lemoseleme le rapela le apere liaparo tse hloekileng, sebakeng se hloekileng, moo ho seng lits’ila tsa mofuta ofe kapa ofe, le bile le koahetse ‘mele haholo likarolo tsa bofeela.

Lemoseleme le iketsa botle ka ho apara liaparo tse nepahetseng ka nako ea thapelo, le koahela ‘mele oa lona ka tsona, ha ho ea lumelleha sebakeng sa monna hore ho be le karolo e hlahellang ea ‘mele oa hae e lipakeng tsa mokhubu le mangole.

Mosali o tlameha ho koaela ‘mele ʼohle oa hae, ha a etsa thapelo kantle le sefahleho le liatla.

Lemoseleme ha le le thapelong ha le bue letho kantle le lintho tse ikhethang tsa eona, le mamela Imaams (moetapele oa thapelo), ha le hetle kapa ho qamaka ha le le thapelong, haeba a sa tšoara ka hlooho letho la mantsoe a sebelisoang thapelong ka ho khetholoha, o lokela ho rorisa Allah le ho Mo tlotlisa, ho fihlela a qetile thapelo, empa ho ea mo tlama hore a ithute lithapelo le mantsoe a khethehileng a tsona.

Hore re rapele ka tsela e nepahetseng, ha Molimo A ratile, re lokela ho latela methati e latelang:

Mothati oa pele: Maikemisetso a ho etsa thapelo e tlamang eo ke ratang ho e rapela, ‘me sebaka sa maikemisetso se pelong.

Kamor’a hore ke etse wudhu, ke talima Qibla ka mmele ʼohle, ke rapela ke eme haeba ke na le bokhoni bo joalo.

Mothati oa bobeli: Ke phahamisa matsoho a ka ka bobeli ho bapa le mahetla ebe ke re: Allahu Akbar (Molimo O Moholo-holo) ke ikemiselitse ho etsa thapelo.

Mothati oa boraro: Ke bala Du’a (thapeli) ea pulo ho ea ka tse tlalehiloeng libukeng, ‘me kahar’a tsona ke: (Subhaanakallahumma wa bihamdika, wa tabaarakas muka, wa ta’alaa jadduka, wa laa ilaaha ghayruk) Khanya le lithoriso li be ho Uena oho Allah, lebitso la Hao le halaletsoe, ho phahamisoe botlotlehi ba Hao, kaha ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Uena.

Mothati oa bone: Ke kopa setšabelo ho Allah khahlanong le Satane ea rohakehileng, ebe ke re: (Audhu billahi minash Shaytaanir rajeem - Ke kopa ts’ireletso ho Allah khahlanong le Satane ea rohakehileng.)

Mothati oa bohlano: Ke bala Al-Fatihah karolong e ‘ngoe le e ‘ngoe ea thapelo, e leng hore: ﴾Ho rorisoe Allah Morena oa lintho tsohle ﴾Ea Mosa, Ea Mohau ﴾Morena oa Letsatsi la Kahlolo ﴾Uena Feela re a U rapela, ‘me ho Uena Feela re kopa thusa ﴾Re tataisetse tseleng e otlolohileng﴿ ﴾Tsela ea bao U ba hauhetseng eseng ea bao khalefo e leng holim’a bona kapa ea ba khelohileng﴿

Ebe ke re: (Ameen), eleng hore: Oho Molimo nkarabe.

Kamor’a Al-Fatihah, ke bala seo ke se khonang ho Qur’an, karolong ea pele ea thapelo le ea bobeli. Sena ha se tlame, empa ho etsa joalo ho na le moputso o moholo.

Mothati oa bots’elela: Ke re: (Allahu Akbar) ebe kea inama ho fihlela mokokotlo oa ka o otlolohile ke ts’oara ka matsoho a ka mangoleng ke arohantse menoana (e bitsoa Rukoo), Nakong eo ke leng ho rukoo, ke re: (Subhaana Rabbiyal Adheem – Khanya ebe ho Morena oa ka Ea Moholo-holo) makhetlo a mararo.

Mothati oa bosupa: Ke phahama ho tsoa ho rukoo ka mantsoe a na: (Sami’allahu liman hamidah – Molimo O utloa ba Mo rorisang), ke phahamisa matsoho bophahamo ba mahetla, hang ha ke qeta ho ema ke re: (Rabbana wa lakal hamd – Morena oa rona lithoriso li be ho Uena).

Mothati oa borobeli: Ke re: (Allahu Akbar), ebe ke etsa Sujood (e leng ho khumama le ho beha sefahleho fatše) ka ho ts’oara fats’e ka matsoho, ho otla ka mangole, maoto a mabeli, phatla le nko, ebe ke re ha ke le ho Sujud: (Subhana Rabbiyal A’alaa - Khanya ebe ho Morena oa ka Ea Holimo-limo) makhetlo a mararo.

Mothati oa borobong: Ke re: (Allahu Akbar), ebe ke ea phahama ho tloha ho sujood ho fihlela ke otlolohile, ke lutse hantle holim’a leoto la leqele, ke re: (Rabbighfirlee – Morena oa ka, Nts’oarele) makhetlo a mararo.

Mothati oa leshome: Ke re: (Allahu Akbar), ebe ke boela ke etsa Sujood joaloka lekhetlo la pele.

Mothati oa leshome le motso o mog: Ke phahama ho Sujood, ka hore: (Allahu Akbar) ho fihlela ke eme hantle, ebe ke etsa ho likarolo tsohle tsa thapelo joalokaha ke entse karolong ea pele.

Kamor’a Rakʼah ea bobeli thapelong ea dhuhr (mots’eare), Asr (Mantsiboea), Maghrib (ha letsatsi le qeta ho likela) le Isha (bosiu) kea lula hore ke bale At-Tashahhud ea pele, eona ke: (At-tahiyaatu lillahi was-salawaati wat-tayibaat, as-salaamu ʼalayka ayyuhan-Nabiyyu, wa rahmatullahi wa barakatuh, as-salaamu ʼalaynaa wa ʼalaa ʼibaadillahis swaliheen, ash-hadu an laa ilaha illallahu, wa ash-hadu anna Muhammadan ʼabduhu wa rasuluhu – Litumeliso, lithapelo le tsohle tse ntle li be ho Molimo, khotso ebe le uena Oho Moporofeta, mohau oa Molimo le mahlohonolo a Hae, khotso ebe le rona le ho bahlanka ba Molimo ba lokileng, ke beha bopaki hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah, ke boele ke behe bopaki ba hore Muhammad ke mohlanka le moromuoa oa Hae.) Ebe kea ema ho etsa Rakʼah ea boraro kamor’a moo.

Kamor’a Rakʼah ea ho qetela ea thapelo e ‘ngoe le e ‘ngoe ke lula fats’e ho etsa at-tashahud ea ho qetela, e leng: (At-tahiyyaatu lillahi was-salawaatu wat-tayyibaat, as-salaamu ʼalayka ayyuhan-Nabiyyu wa rahmatullahi wa barakatuh, as-salaamu ʼalaynaa wa ʼalaa ʼibaadillahis-swaliheen, ash-hadu an laa ilaaha illallaahu, wa ash-hadu anna Muhammadan ʼabduhu wa rasuluh, Allahumma Swalli ʼalaa Muhammadin wa ʼalaa Aali Muhammad, kamaa swallayta ʼalaa Ibrahim wa ʼalaa Aali Ibrahim, innaka hamidum-majeed. Allahumma baarik ʼalaa Muhammadin wa ʼalaa Aali Muhammad, kamaa baarakta ʼalaa Ibrahima wa ʼalaa Aali Ibrahim, innaka hamidum-majid– Litumeliso, lithapelo le tsohle tse ntle li be ho Molimo, khotso ebe le uena Oho Moporofeta, mohau oa Molimo le mahlohonolo a Hae, khotso ebe le rona le ho bahlanka ba Molimo ba lokileng, ke beha bopaki hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah, ke boele ke behe bopaki ba hore Muhammad ke mohlanka le moromuoa oa Hae. Oho Allah, theolela tlhohonolofatso ea Hao ho Muhammad, le ho lelapa la Muhammad joalokaha U e ntse ho Abrahama ‘moho le lelapa la Abrahama, ruri O lokeloa ke lithoriso le botlotlehi, Oho Allah, hlohonolofatsa Muhammad le lelapa la Muhammad joalokaha O hlohonolofalitse Abrahama le lelapa la Abrahama, ruri O lokeloa ke lithoriso le botlotlehi)

Mothati oa leshome le metso e ‘meli: kamor’a seo ke lumelisa ka lehlakoreng laka le letona, ka hore: (As-salaamu ʼalaykum wa rahmatullahi – khotso ebe le lona le mohau oa Molimo) ebe ke lumelisa ka lehlakoreng laka le lets’ehali ka hore: (As-salaamu ʼalaykum wa rahmatullah – khotso ebe le lona le mohau oa Molimo), ka maikemisetso a ho phethela thapelo, ‘me ka hoo ke phethetse thapelo.

Hijab ea mosali oa Lemoseleme

Allah O re: ﴾Uena Moprofeta, bolella basali ba hao, barali ba hao le basali ba balumeli hore ba ikhurumetse ka liaparo tsa bona tsa ka ntle (jilbaab). Seo se haufi haholo le hore ba tsejoe (e le basali ba hlomphehang) kahoo ba se ke ba hlorisoa. ’Me Allah ke Ea Tšoarelang haholo, Ea Mohau o Moholo.﴿ [Al-Ahzab: 59]

Molimo O entse hore ho tlame ho mosali oa lemoseleme hore a koahele ‘mele ʼohle oa hae le ho koahela likarolo tsa hae tsa bohlokoa hore banna bao eseng baamani le eena ba se mo bone bofeela, ha ho ea lumelleha hore a ka apola hijab ea hae ntle le ka pel’a monna oa hae mahram oa hae, e leng: bao ho sa lumelleheng hore a ka nyalana le bona ka ho sa feleng ka lebaka la bohaufi ba likamano, e leng (ntat’ae le ntat’ae moholo ho ea holimo, mora le litloholo ho ea tlaase, bo-rangoane, bo-malome, baena le bara ba bona, le bara ba likhaitseli, monna oa ‘m’e oa hae, masale le Ntate moholo oa monna ho ea holimo, mor’a molekane, khaitseli ea hae eo ba nyants’itsoeng ke ‘m’e a le mong (eo eseng ‘m’e oa bona kapa emong oa bona), molekane oa ‘m’e ea mo nyants’itseng. Maemo a motsoali ea tsoetseng ngoana le ea nyants’itseng ngoana eo a ea ts’oana.

Mosali oa Lemoseleme o latela melaoana e ‘maloa malebana le kaparo:

Oa pele: ho koaela ‘mele kaofela hoa ʼona.

Oa bobeli: ha e ea lokela hore ebe ke liaparo tse khabisitsoeng haholo moo banna bao eseng baamani le eena ba leng teng.

Oa boraro: ha li ea lokela hore ebe ke liaparo tse bobebe tse bonaletsang ‘mele oa hae ka hare.

Oa bone: ho lokela hore ebe ke liphahlo tse kholo tse sa mo tiiseng, tse sa pepeseng sebopeho sa ‘mele oa hae.

Oa bohlano: ha a lokela ho sebelisa linyanyatsi tse nkhang hamonate (perfume), haeba a tla feta kapa a kopana le banna bao e seng mahram ba ka utloang monko oo ho eena.

Oa bots’elela: ha li ea lokela ho ts’oana le tsa banna.

Oa bosupa: ha li ea lokela ho ts’oana le tsa batho bao eseng Mamoseleme, liaparong tsa bona tsa borapeli kapa tsa mekete.

Oa borobeli: ha li ea lokela ho ba liaparo tsa setumo (fashion).

Lintho tseo molumeli a khetholohang ka tsona

Allah O itse: ﴾Ruri, balumeli ke bao ereng ha ba utloa lebitso la Allah, pelo tsa bona li ea thothomela, ‘me ha ba balloa litemana tsa Hae tumelo ea bona ea nyoloha ‘me le ts’epo ea bona e eba ho Morena oa bona﴿ [Al-Anfal: 2]

- O bua ‘nete ha a thetse.

- O phethahatsa selekane le lits’episo.

- Ha a be mabifi nakong ea ngangisano.

- O ts’epahalla ho boloka lithepa tse siiloeng polokong ea hae.

- O ratela Lemoseleme le leng seo a ithatelang sona.

- O seatla se bulehileng

- O etsa botle bathong.

- O boloka likamano tsa lelapa/baamani le eena.

- O thabisoa ke seo Allah A mo ngoletseng sona, o Mo leboha linakong tsa thabo le nyakallo ebile o na le mamello ka linako tse boima le mathata.

- Ona le lihlong.

- O hauhela ‘mopo o mong

- Ha a khone ho boloka lehloeo pelong ea hae ‘me ha a shoele ba bang mona.

- O ts’oarela batho ba bang.

- Ha a sebelise tsoala licheleteng ebile ha a sebetse ka eona.

- Ha a febe.

- Ha a sebelise tai.

- O sireletsa likamano tse ntle tsa hae le baahisane ba hae.

- Ha a tlatlape ebile ha a fetohele ba bang.

- Ha a utsoe ebile ha a qhekelle.

- O hlonepha batsoali, leha ese Mamoseleme, o ba mamella le ho phethahatsa litaelo tsa bona linthong tse nepahetseng.

- O holisa bana ba hae ka tsela e nepahetseng haholo, o ba laela ho etsa lintho tse molaong, ‘me o ba thibela ho etsa lintho tse sa lokang le libe.

- Ha a etsise batho bao eseng Mamoseleme linthong tsa bona tsa borapeli kapa meetlo e seng e fetohile letšoao le pontšo ea bona.

- O baka ho Allah libeng tsa hae, a be a kope ts’oarelo ho Eena khahlanong le melato le libe tsa hae.

Melao ea bohlokoa tumelong (ʼAqeedah) ea Lemoseleme.

01- Allah, ke Morena oa rona, ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Eena, ha ho morena kantle ho Eena, ‘me ha ho molimo haese Eena, ha ho letho le ts’oanang le Eena, ha ho letho le ka Mo thusang, ‘me Eena ke Ea Utloang le ho bona ka tsela e phethahetseng.

Allah, Tlotla e be ho Eena, O holimo-limo maholimong, O ka holim'a libopuoa tsohle tsa Hae. O arohane le tsona, 'me boemo ba Hae ke bo phahameng bo phethahetseng ka litsela tsohle: ho phahama ha Boeena ba Hae, ho phahama ha Seriti le Boholo, le ho phahama ha Matla le Taolo. Leha ho le joalo, O pota-potile lintho tsohle, ’me ha ho letho le patiloeng ho Tsebo ea Hae.

03- Re tiisa seo Allah Ea Matla ʼOhle A se tiisitseng ka Eena kapa seo Moporofeta oa Hae (khotso e be le eena) a se tiisitseng, mabitsong le litšobotsing tsa Hae Ea Matla ʼOhle. Re latola seo Allah A se latotseng ka Eena kapa seo Moporofeta oa Hae (khotso e be le eena) a se latotseng.

04 Allah Ea Phahameng ka ho Fetisisa o amohela lithapelo, o phethahatsa litlhoko, ’me o na le taolo holim’a lintho tsohle. Ha ho ea ka tlisang molemo kapa kotsi haese Eena feela, ’me mohlanka ha a ka ke a ikemela ntle le Allah esita le motsotsoana o le mong. Ka hona, ha hoa lumelloa ho lemosleme ho lebisa ketso efe kapa efe ea borapeli ho mang kapa mang ntle le Allah, joalo ka: thapeli (duʿaa), salaat (thapelo), boitlamo (nadhr), ho etsa sehlabelo (dhabh), tšabo, tšepo, ho itšetleha (tawakkul) le borapeli bo bong bo bonahalang kapa bo ka pelong. Ea lebisang borapeli bofe kapa bofe ho e mong ntle le Allah, o entse shirk (borapeli ba litšoantšo) ho Allah.

05- Bobe bo boholo le sebe se seholo ka ho fetisisa ke ho kopanya Allah borapeling, ea shoang a le tlas’a shirk (ho kopanya Allah borapeling) ha a lumelloa ho kena Jannah (Paradeiseng) ‘me sebaka sa hae ke Jahannam (mollong oa lihele), ‘me ke sona sebe seo Allah A ke keng A se ts’oarela ha motho a ka shoa a ntse a se etsa ‘me a sa se bakela.

06- Mohlanka a ke ke a ahloleloa seo a se entseng ka phoso, ‘me se mo oetseng ke hobane a ne a ke ke a khona ho se qoba, Lemoseleme le lokela ho lumela hore Allah O se A ntse A file ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe tsela ea bophelo, le ho amohela se mo etsahallang, le ho rorisa le ho Mo leboha ka linako tsohle.

07- Muhammad (khotso e be le eena) Moporofeta oa rona, ke motho oa bohlokoa ka ho fetisisa le mokoallo oa baporofeta, ‘me ke eena ea tlang ho ba ‘muelelli ka Letsatsi la kahlolo, Allah O mo entse motsoalle oa Hae joalokaha A ile A etsa Abrahama (khotso e be le eena) motsoalle oa Hae.

08- Buka ea rona ke Qur’an e halalelang, mohlolo har’a mehlolo, e ntse e le boemong ba eona ba mathomo, e sebelisoang ha ho rapela, Allah O e senotse ho Moporofeta oa rona Muhammad (khotso e be le eena) ka ho romela lengeloi Gabriele (khotso e be le eena), e leng lengeloi le ratehang ka ho fetisisa kahar’a mangeloi, ruri Allah O e sirelelitse khahlanong le ho fetoloa, ho e senya kapa ho eketsa le ho fokotsa joalokaha A itse: ﴾Ruri, Ke Rona Re senotseng Khopotso (Qur’an) ‘me ke Rona Re tla e sireletsa﴿ [Al-Hijr: 9].

11- Motho ea haufi-ufi le Allah ke ea mo utloang haholo, le ea latelang melao ea Hae ka tieo. Ho Allah, boemo ba motho ha bo khetholloe ka morabe kapa 'mala, empa bo khetholloa ka: ho se be le phapang lipakeng tsa Moarabia le eo e seng Moarabia, ho se be le phapang lipakeng tsa motho e mosoeu le ea motšo, phapang e le nngoe feela e amohelehang ke “tšabo ho Allah” (Al-Taqwa). Batho bohle ba tsoa ho Adama, ’me Adama o entsoe ka mobu, Allah Ea Phahameng ka ho Fetisisa o itse: ﴾Ruri ea hlomphehang ka ho fetisisa ho lona ka pel’a Allah ke ea nang le ts’abo ka ho fetisisa ho Allah﴿ [Al-Hujurat: 13].

10- Lemoseleme le lumela ho Mangeloi a tlotlehang a ngolang, o lumela boteng ba oona, le hore ke bahlanka ba bopiloeng, Allah O a bopile: ho tsoa leseling, ‘me oona ke ‘mopo ho tsoa libopuoeng tsa Allah Ea Matla ʼOhle, e mong oa bona ke Gabriele ea ikarabellang ho ts’enolo ho ea baporofeteng, Mikaeel ea ikarabellang ho neseng pula, Israfeel ea ikarabellang ho letsa terompeta e hloaeang Letsatsi la Tsoho ea bafu, Malak al-Maut ea ikarabellang ho nts’eng moea ‘meleng ea batho (ka mantsoe a mang ke Lengeloi la lefu).

11- Lemoseleme le lumela ho mats’oao a hora ea ho qetela, le ho hlahella ha Masih ad-Dajjaal (antikreste), ho khutla ha Jesu Mor’a Maria (khotso e be le eena), ho tsoa Leholimong ka nako tsa ho qetela, le ho chaba ha letsatsi bophirima.

14- Lemoseleme le lumela hore ho na le kotlo ea lebitla bakeng sa ea e tšoanelang, le thabo ea lebitla bakeng sa ea e tšoanelang. O boetse o lumela ho lipotso tseo a tlang ho li botsoa ke Mangeloi Munkar le Nakir lebitleng la hae, moo a tla botsoa ka Morena oa hae, tumelo ea hae, le Moprofeta oa hae. Hape o lumela hore lebitla e ka ba serapa se seng sa lirapa tsa Paradeise, kapa sekoti se seng sa likoti tsa Mollo.

13- O lumela ho tsoho le moputso oa mesebetsi ka Letsatsi la Kahlolo, le hore Leholimo le Lihele ke libopuoa tse peli tse ke keng tsa felisoa ho hang.

14- Boselamose (boloi) ke ho se lumele ho Allah, ha ho ea lumelleha ho ithuta bona, le ho ea ho bona kapa lingaka tse sebetsang ka ho laola, Lemoseleme ha le lumele litaba tsa batho ba ipitsang baporofeta le linohe, ‘me ea lumelang litaba tsa bona ruri o se a latotse/hanyelitse se tlileng le Muhammad (khotso e be le eena) ho tsoa ho Molimo.

15- Lemoseleme le rata Sahabah (barutuoa) ba Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae), ebile le rata ea ba ratang, le hloile ea ba hloileng, kaha lerato la bona ke karolo ea tumelo le botle, polelo ea hore ba bang ba bona ba ile ba furalla tumelo ha ba bang ebile baikaketsi ke thohako ho bona, Moporofeta khotso e be le eena o itse: (Le se ke la rohaka Sahabah [Barutuoa] tsa ka) e tlalehiloe ke Muslim. Mang le mang ea nyelisang kapa ea khesang e mong oa Sahabah (eka Allah A ka khahlisoa ke bona kaofela) ke ea khelohileng ea lahlehileng ebile e le moiqapeli litabeng tsa tumelo.

16- Lemoseleme o lumela le ho tiisa hore boetapele (Khilafah) ka mor'a Moprofeta bo ne bo lokela ho nkuoa ke barutuoa ba hae ba hloahloa ka tatellano ena e latelang: ea ileng a khethoa pele ke Abu Bakr Al-Siddiq eka Molimo a khahloe ke eena, a mo fe maemo le bophahamo holim'a sechaba sohle; joale boetapele ba fetela ho Umar ibn al-Khattab Allah a khahlisoe ke eena; ea ba Uthman Allah a khahlisoe ke eena; ea ba Ali ibn Abi Talib Allah a khahlisoe ke eena. Bana ke Khulafaa (baetapele ba Mamosleme) ba tataisitsoeng ka nepo le bo-Imaam ba tataisitsoeng ka nepo.

17- Borapeli bo laoloa ke melao e behiloeng ke Allah, kahoo ha hoa lumelloa hore motho a rapele Allah ka borapeli bofe kapa bofe ntle le boo bo netefalitsoeng Bukeng ea Allah (Qurʼan) kapa Sunnah ea Moromuoa oa Hae (khotso e be le eena). Borapeli bofe kapa bofe bo qapiloeng ke batho kamora lefu la Moprofeta (khotso e be le eena), bo sa kang ba etsoa ho latela tataiso ea hae, ke bid‘ah e haneloang. Moromuoa (khotso e be le eena) o itse: “Ea qapang taba tumelong ea rona e seng karolo ea eona, taba eo ha e amoheloe.” (E tlalehiloe ke Al-Bukhari).

18- Ho amoheloa ha borapeli ho itšetlehile ka litšiea tse peli tsa bohlokoa: ea pele ke boikokobetso le boinehelo ho Allah a nnotši borapeling, ’me ea bobeli ke ho latela Moprofeta (khotso e be le eena) borapeling boo. Borapeli ha bo amoheloe haeba bo sa etsetsoa Allah feela, hape ha bo amoheloe haeba bo sa etsoe ho latela tataiso ea Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae).

Thabo ea ka e ho bolumeli ba ka e leng Islam

Allah O re: ﴾Ea sebetsang ka ho loka, ele ea motona kapa ea mots’ehali, nakong eo e leng molumeli, Re tla mo fa bophelo bo nepahetseng ‘me Re tla mo putsa ka moputso oa bona o motle ho ea Ka mesebetsi eo ba neng ba e etsa﴿ [An-Nahl: 97].

E ’ngoe ea lintho tse kholo ka ho fetisisa tse tlisang thabo, boiketlo le nyakallo pelong ea lemosleme ke kamano ea hae e tobileng le Morena oa hae, ntle le mokena-lipakeng, ebang ke ba phelang, ba shoeleng kapa litšoantšo tsa borapeli. Allah ea Phahameng o boletse Bukeng ea Hae e Halalelang hore O haufi le bahlanka ba Hae ka linako tsohle, O ba utloa ebile O araba lithapelo tsa bona, joalo ka ha A itse, Ea Phahameng: ﴾Hape ha bahlanka ba Ka ba u botsa ka Nna, (u ba bolelle hore) kannete Ke haufi. Ke araba thapeli ea ea bitsang ho Nna. Kahoo, ba ke ba nkutloe (ba ʼmamele), ba be ba lumele ho Nna, e le hore ba tle ba tataisoe tseleng e nepahetseng﴿ [Al-Baqara: 186], ʼMe Allah ea Phahameng o re laetse ho Mo bitsa ho Eena (ho etsa duʿaaʼ ho Eena), ’me A etsa taelo ena e be e ’ngoe ea borapeli bo boholo ka ho fetisisa boo lemosleme eo a atamelang ka eona ho Morena oa hae, joalo ka ha A itse, Ea Matla ’Ohle: ﴾’Me Morena oa hao O itse, “bitsang ho Nna, ke tla le araba, ruri ba ikhohomosang sebakeng sa ho nthapela batla kena Jahannam (Liheleng) ba nyelisotsoe﴿ [Ghafir: 60], ‘Me Lemoseleme la ‘nete le lula le hloka Morena oa lona, ka linako tsohle o lula a rapela, a Mo atamela ka lintho tsa borapeli tse nepahetseng.

Allah ea Phahameng o re bopile lefatšeng lena ka bohlale bo boholo, ’me ha A ka a re bopa ka lefeela; sepheo ke hore re Mo rapele Eena feela, re sa Mo kopanye le letho. O boetse O re behetse tumelo ea bomolimo e felletseng, e hlophisang litaba tsohle tsa bophelo ba rona, tsa botho le tsa sechaba. Ka molao ona o lokileng, O sirelelitse lintho tsa bohlokoa bophelong: tumelo ea rona, maphelo a rona, seriti sa rona, likelello tsa rona le maruo a rona. Ea phelang a latela litaelo tsa molao oa Islam, a qoba tse hanetsoeng, o sirelelitse lintho tsena tsa bohlokoa, ’me ruri o phela bophelo bo tletseng thabo, khutso le botsitso, ntle le pelaelo.

Kamano ea lemosleme le Morena oa hae e tebile haholo, e tlisang khutso le boiketlo ba moea, maikutlo a khotso, polokeho le thabo. E boetse e etsa hore a utloe boteng ba Morena ea Phahameng ka Khanya ea Hae, tlhokomelo ea Hae le ts’ireletso ea Hae ho mohlanka oa Hae ea lumelang. Allah ea Phahameng o itse: ﴾Allah ke Mohlokomeli oa ba lumelang, O ba nts’a mafifing ho ea leseling﴿ [Al-Baqara: 257].

Kamano ena e kholo ke boemo ba maikutlo bo etsang hore motho a natefeloe ke borapeli ba Ar-Rahman (Ea Mohau o Moholo), a be le tjantjello ea ho kopana le Eena, ’me e phahamise pelo ea hae maholimong a thabo ka ho utloa monate oa tumelo.

Monate oo ho seng ea ka o hlalosang tatso ea oona ntle le ea o latsoitseng, ka ho etsa liketso tsa kutlo ho Allah le ho qoba libe. Ke ka lebaka leo Moprofeta Muhammad (khotso e be le eena) a ileng a re: (O latsoitse monate oa tumelo ea khotsofetseng ke hore Allah ke Morena oa hae, le hore Islam ke bolumeli ba hae, le hore Muhammad ke Moromuoa oa hae) E tlalehiloe ke Muslim.

Ehlile, haeba motho a lula a ikutloa hore o teng kamehla ka pel’a ’Mopi oa hae, a Mo tseba ka Mabitso a Hae le Litšobotsi tsa Hae tse ntle ka ho fetisisa, a Mo rapela joalokaha eka oa Mo bona, a etsa borapeli ba hae ka boikokobetso bo felletseng ho Allah feela, a sa batle ka bona mang kapa mang ntle le Allah ea Phahameng le ea Tlotlehang—joale o tla phela bophelo bo botle le bo thabileng lefats’eng lena, ’me a be le qetello e ntle lefats’eng la kamoso.

Le liteko le mathata a oelang holim’a molumeli lefats’eng lena, mocheso oa ’ona o a fela ka lebaka la ho phola ha tumelo le kholiseho e tiileng (yaqeen), ho khotsofala ka qeto ea Allah ea Phahameng, le ho Mo rorisa maemong ’ohle—tse molemo le tse bohloko—le ho li amohela ka khotso e feletseng.

Ntho eo lemoseleme le lokelang ho ikemisetsa ho e etsa e le hore a eketse thabo le khotso ea hae ke ho hopola Allah haholo (Dhikr) le ho bala Qur'an e Halalelang, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: ﴾Bao ba lumelang, ebile le pelo tsa bona li tsitsitse ka ho hopola Allah. Kannete! Ke feela ka ho hopola Allah moo lipelo li fumanang phomolo﴿ [Ar-Ra'd: 28]. Ha Lemoseleme le eketsa khopolo ea hae ho Allah le ho bala Qur’an haholoanyane, kamano ea hae le Allah ea Matla 'Ohle e ba matla le ho feta, 'me moea oa hae o hloeka le tumelo ea hae e ba matla le ho feta.

Ka ho ts’oana ho hlokahala hore Lemoseleme le be le thahasello ea ho ithuta litaba tsa tumelo ea lona, ho tsoa libakeng tse nepahetseng ho fihlela le rapela Allah Ea Matla ʼOhle ka kutloisiso e kholo, joalokaha Moporofeta (khotso e be le eena) a itse: (Ho tsoma tsebo ho ea tlama ho Lemoseleme le leng le le leng) E tlalehiloe ke Ibn Majah, Le hore a ikokobeletse le ho mamela litaelo tsa Allah ea Matla 'Ohle ea mo bopileng, ebang o tseba bohlale bo ka morao ho tsona kapa che, hobane Molimo ea Matla 'Ohle o itse Bukeng ea Hae e Halalelang: ﴾Ha ho so etsahale ho Lemoseleme le letona le le lets’ehali hore ha Allah le Moromuoa oa Hae ba fane ka taba ebe ba ba le khetho ea bona, ea fosetsang Allah le Moromuoa oa Hae, ruri ke ea lahlehileng tahlehong e hlakileng﴿ [Al-Ahzab: 36].

Allah a romele lithapelo le khotso holim’a Moprofeta oa rona Muhammad, le holim’a ba lelapa la hae le Barutuoa ba hae bohle.