Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Lereko Islam ke bolumeli ba Morena oa Libopuoa Tsohle. Ke mang Molimo (Morena) oa hau? Ena ke potso e kholo ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng; ke potso e bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a lokelang ho tseba karabo ea eona. Morena oa rona ke Eena ea bopileng maholimo le lefatše, A nesa pula ho tsoa leholimong, 'me ka eona A hlahisa litholoana le lifate e le phepo bakeng sa rona le liphoofolo tseo re iphepang ka tsona. Ke Eena Ea re bopileng, A bopa le bo-ntat’a rona le lintho tsohle, ke Eena ea entseng bosiu le motšehare, A etsa bosiu hore e be nako ea boroko…
Ena ke potso e kholo ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng; ke potso e bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a lokelang ho tseba karabo ea eona.
Morena oa rona ke Eena ea bopileng maholimo le lefatše, A nesa pula ho tsoa leholimong, 'me ka eona A hlahisa litholoana le lifate e le phepo bakeng sa rona le liphoofolo tseo re iphepang ka tsona.Ke Eena Ea re bopileng, A bopa le bo-ntat’a rona le lintho tsohle, ke Eena ea entseng bosiu le motšehare, A etsa bosiu hore e be nako ea boroko le phomolo, le motšehare hore e be nako ea ho tsoma boipheliso.Ke Eena ea re etselitseng letsatsi le khoeli le linaleli le maoatle, ʼme A re etsetsa le liphoofolo tseo re li jang le ho una molemo ka lebese la tsona le boea ba tsona.
Ke life litšobotsi tsa Morena oa Mafatše?
Morena ke Ea bopileng libopuoa, 'me ke Eena Ea ba tataisetsang 'neteng le tataisong, 'me ke Eena Ea tsamaisang lintho tsa libopuoa tsohle, 'me ke Eena Ea li fang phepo, 'me ke Eena Mong'a tsohle tse bophelong bona le Bophelong bo Tlang, lintho tsohle ke tsa Hae, 'me tsohle ntle le Eena li ruiloe ke Eena.Ke Eena Ea Phelang ka ho sa Feleng ea sa shoeng le ea sa robaleng, Ea phelisang eo sebopuoa se seng le se seng se phelang ka taelo ea Hae, eo mohau oa Hae o akaretsang ntho e 'ngoe le e 'ngoe, le eo ho seng letho le patehileng ho Eena lefatšeng kapa leholimong.Ha ho letho le ts'oanang le Eena, ke Ea Utloang le ho bona tsohle, O ka holimo ho maholimo a Hae, O ikemetse Ka Bo Eena h'a hloke popo ea Hae, ha popo eona e mo hloka. Ha a lule ka har'a popo ea Hae, leha e le letho la popo ea Hae le lulang ka har'a boleng ba Hae, khanya e be ho Eena.'Mopi ke Eena ea bopileng lefatše lena le bonoang ka litsamaiso tsohle tsa lona tse leka-lekaneng tse sa hloleheng, ebang ke litsamaiso tsa 'mele ea motho le ea phoofolo, kapa litsamaiso tsa bokahohle bo re potileng ka letsatsi la lona, linaleli tsa lona, le likarolo tsohle tsa lona.
'Me tsohle tse rapeloang kantle ho Eena ha li na matla a ho itlisetsa molemo leha e le ho itšireletsa kotsing, kahoo ke joang li ka tlisetsang molemo ho ba li rapelang, kapa ho ba sireletsa kotsing.
Ke efeng tokelo ea Molimo oa rona ho rona?
Tokelo ea Hae holim'a batho bohle ke hore ba mo rapele A le Mong 'me ba se ke ba mo kopanya le letho khumamelong, ba se rapele letho kantle ho Eena, ba se ke ba rapela motho, lejoe, noka, ntho e sa pheleng, naleli, kapa ntho leha e le efe ntle le Eena kapa hammoho le Eena, empa ba etse hore borapeli bo hloeke bo be ba Allah, Morena oa mafatše ‘ohle.
Ke efeng tokelo ea batho ho Morena oa bona?
Tokelo ea batho ho Molimo, haeba ba Mo rapela, ke hore O ba fa bophelo bo botle boo ho bona ba fumanang tšireletso, polokeho, khotso, khutso le khotsofalo, 'me Bophelong bo Tlang O ba amohela Paradeiseng eo ho eona ho nang le thabo e sa feleng le bophelo bo sa feleng. Empa haeba ba sa mo mamele 'me ba etsa khahlanong le taelo ea Hae, O etsa hore bophelo ba bona bo be bosula le bo soabisang leha ba nahana hore ba thabile ebile ba phutholohile, 'me Bophelong bo Tlang O ba kenya Liheleng tseo ba ke keng ba tsoa ho tsona, 'me ho tsona ba tla ba le tlhokofatso e sa feleng le bophelo bo sa feleng.
Sepheo sa bophelo ba rona ke sefe? ʼMe ke hobane’ng ha re bopiloe?
Ruri Morena Ea seatla se bulehileng O re bolelletse hore O re bopetse sepheo se hlomphehang; e leng ho Mo khumamela A le mong feela, re sa Mo etsetse melingoana khumamelong, le ho re fa boikarabelo ba ho nts'etsapele lefatše ka molemo le ntlafatso. Ka hona, ea khumamelang e mong ntle le Morena le 'Mopi oa hae ha a tsebe sepheo seo a se bopetsoeng, ebile ha a phethe boikarabello ba hae ho 'Mopi oa hae. Le ea senyang lefatšeng, ha a tsebe mosebetsi oo a o abetsoeng.
Re rapela Morena oa rona joang?
Ruri Morena Ea Phahameng ha A a re bopela hore a re tlohele feela, kapa ho etsa hore maphelo a rona a be lefeela. Ho e-na le hoo, O ile A khetha baromuoa har'a batho ho lichaba tsa bona, e le bona batho ba phethahetseng ka ho fetisisa boitšoarong, ba hloekileng ka ho fetisisa moeeng, le ba hloekileng ka ho fetisisa lipelong. Eaba O senolela melaetsa ea Hae ho bona, ’me ka hare ho eona A kenya tsohle tseo batho ba lokelang ho li tseba ka Morena Ea Phahameng, le ka tsoho ea batho ho ea Letsatsing la Kahlolo, e leng letsatsi la boikarabello le moputso.Baromuoa ba rutile lichaba tsa bona mokhoa oa ho khumamela Mong`a bona, ba ba hlalosetsa mekhoa ea khumamelo, linako tsa eona, le moputso oa eona lefatšeng lena le Bophelong bo Tlang, ba ba lemosa ka seo Mong`a bona A se thibetseng ho bona ho tloha lijong, linong, le manyalong, 'me ba ba tataisetsa ho maitšoaro a matle, le ho ba thibela maitšoarong a nyatsehang.
Ke bolumeli bofe bo amohelehang mahlong a Morena Ea Phahameng?
Bolumeli bo amohelehang ho Allah ke Islam, e leng bolumeli bo phatlalalitsoeng ke Baporofeta bohle, mme Allah A ke ke A amohela bolumeli bo bong ntle le bona ka Letsatsi la Kahlolo. Bolumeli bofe kapa bofe boo batho ba bo latelang kathoko ho Islamo ke ba bohata, ha bo tsoele mong'a bona molemo, empa e ba masisapelo ho eena lefatšeng lena le la ka mor'a lefu.
Metheo le Litšiea tsa bolumeli bona (Islam) ke life?
Bolumeli bona Allah O bo nolofalelitse bahlanka ba Hae, Litšiea tsa bona tse kholo ka ho fetisisa ke hore u lumele ho Allah joalo ka Morena le Molimo, le ho lumela ho manyeloi a Hae, libuka tsa Hae, barumuoa ba Hae, Letsatsi la Bofelo, le al-Qadr (molao-taelo oa Molimo); ebe u paka hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa kathoko ho Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah, le ho etsa Salaat (thapelo), le ho lefa Zakaat haeba u na le leruo leo ho lona ho tlamehileng Zakaat, le ho itima ka khoeli ea Ramadhan, e leng khoeli selemong, le ho nka leeto la Selumeli (Hajj) ho Allah ho ea Ntlong ea Khale e ahiloeng ke Abrahama ka taelo ea Morena oa hae, haeba u na le bokhoni bo joalo.U qobe lintho tseo Allah A li hanetseng ho uena, tse kang ho kopanya Allah le balekane (Shirk), ho bolaea motho, bofebe, le ho ja leruo le sa lumelloang. Haeba u lumela ho Allah, u phetha liketso tsena tsa khumamelo, ’me u qoba lintho tsena tse hanetsoeng, joale u lemoseleme lefatšeng lena, ’me ka Letsatsi la Kahlolo, Allah O tla u neha thabo e sa feleng le bophelo bo sa feleng Paradeising (Jannah).
Na Islam ke bolumeli ba sechaba kapa morabe?
Islam ke bolumeli ba Allah bakeng sa batho bohle, ha ho motho ea phahameng ho feta e mong ho bona ntle le ka boinehelo le mesebetsi e metle, ’me batho bohle ba lekana ho bona.
Batho ba ka tseba bonnete ba baromuoa (khotso ebe le bona) joang?
Batho ba lemoha bonnete ba baromuoa ka litsela tse fapaneng, tse ling tsa tsona ke:
Hore 'nete le tataiso eo ba e tlisang e amoheloa ke kelello le tlholeho e hloekileng, 'me kelello e paka molemo oa eona, le hore ha ho ba bang ntle le Barumuoa ba ka tlisang se tšoanang le seo ba tlileng ka sona.
Molaetsa o tlisitsoeng ke Barumuoa o fana ka molemo litumelong tsa batho le maphelong a bona, o lokisa litaba tsa bona, o haha tsoelopele ea bona, 'me o sireletsa litumelo tsa bona, likelello tsa bona, maruo a bona, le seriti sa bona.
Barumuoa (khotso e be ho bona) ha ba kope moputso ho batho ka ho ba tataisetsa ho botle le tataiso, empa ba lebelletse moputso oa bona ho Mong'a bona.
Kannete seo baromuoa ba tlileng ka sona ke 'nete e tiileng e se nang pelaelo, ha e na khanyetsano kapa pherekano, 'me moporofeta e mong le e mong o tiisa bonnete ba Baporofeta ba pele le ho memela ho seo le bona ba neng ba memela ho sona.
Allah O tšehetsa Baromuoa (khotso e be le bona) ka lipontšo tse hlakileng le mehlolo e matla eo Allah A e bontšang ka bona; hore e be mapaki a bonnete ba hore ba rometsoe ke Allah. ‘Me mohlolo o moholo ka ho fetisisa oa Baporofeta ke oa Morumuoa oa ho qetela, Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le Eena), e leng Qur’an e Halalelang.
Qu'ran e Halalelang ke eng?
Qur'an e halalelang ke buka ea Morena oa lintho tsohle, ‘me ke lentsoe la Allah leo Lengeloi Gabriel (khotso e be ho Eena) a theohileng ka lona ho Morumuoa Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho Eena), ‘me ka ho eona ho na le sohle seo Allah A se tlamileng batho ho se tseba mabapi le Allah le mangeloi a Hae, le libuka tsa Hae, le barumuoa ba Hae, le Letsatsi la Bofelo, le Qadar, molemo oa eona le bobe ba eona.Ka hare ho eona ho na le liketso tsa borapeli tse tlamang, le lintho tse hanetsoeng tseo ho tlamehang ho li qoba, le mekhoa e metle le e nyatsehang, le tsohle tse amanang le litaba tsa bolumeli ba batho le bophelo ba bona ba lefatše, le ba ka morao ho lefu. Ke buka ea mohlolo eo Allah A behileng batho tekong hore ba tle ka se tšoanang le eona, ‘me e bolokiloe ho fihlela Letsatsi la Kahlolo ka puo eo e senotsoeng ka eona, ha e so fokotsehe le haele ka tlhaku feela, ebile ha ho lentsoe le fetotsoeng ho eona.
Bopaki ba tsoho ea bafu, le likahlolo ke bofe?
Na ha u bone hore lefatše le ne le shoele, le se na bophelo? Empa ha pula e theoha holim'a lona, lea hlasimoloha ebe le melisa mefuta eohle ea limela tse khahlehang. Kannete, Ea le fileng bophelo O na le bokhoni ba ho phelisa bafu.Ruri, Ea bopileng motho ho tsoa lerotholing la peo e nyatsehang O na le bokhoni ba ho mo tsosa hape ka Letsatsi la Tsoho, ho mo fa boikarabello le ho mo putsa ka botlalo: haeba a entse botle, moputso ke botle; ‘me haeba a entse bobe, moputso ke bobe.Ruri, Ea bopileng Maholimo le lefatše le linaleli O na le bokhoni ba ho boela A bopa motho hape; hobane ho bopa motho hape lekhetlo la bobeli ho bobebe ho feta popo ea Maholimo le lefatše.
Letsatsi la tsoho ke eng?
Morena Ea Phahameng ka ho Fetisisa O tla tsosa libopuoa mabitleng a tsona, e be O li ahlola ho latela mesebetsi ea tsona. Ea lumetseng le ho tiisa bonnete ba baromuoa, O tla mo kenya Paradeiseng, e leng thabo e sa feleng eo boholo ba eona bo fetang monahano oa motho. Haele ea sa lumelang, O tla mo kenya Liheleng, e leng kotlo e sa feleng eo motho a ke keng a e nahana. Mme ha motho a kena Paradeiseng kapa Liheleng, a ke ke a hlola a e-shoa le ka mohla; o tla phela ka ho sa feleng thabong kapa kotlong.
Haeba motho a batla ho kena ka Islamong o lokela ho etsa’ng, na ho na le litšebeletso tse itseng tseo a tlamehang ho li etsa, kapa batho ba lokelang ho mo fa tumello?
Ha motho a tseba hore bolumeli ba 'nete ke Islam, le hore ke bolumeli ba Morena oa mafatše, o lokela ho potlakela ho kena Islamong; hobane motho ea bohlale, ha 'nete e se e hlakile ho eena, o lokela ho potlakela ho eona, 'me a se ke a chechisa taba ena,Mang kapa mang ea batlang ho kena Islamong, ha a tlamehe ho etsa meetlo e itseng, kapa hona ho ba pela motho e mong, empa haeba a etsa seo ka pele ho Mamoseleme kapa setsing sa Islam, hoo ho molemo le ho feta, ho seng joalo, ho mo lekane hore a re: (Ke beha bopaki hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa kathoko ho Allah, ‘me ke beha bopaki hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah), a tseba moelelo oa mantsoe ao ebile a lumela ho oona. ‘Me ka hoo, o fetoha Lemoseleme; kamor’a moo o ithuta melao e meng ea Islam butle-butle; e le hore a tle a phethe seo Allah A mo tlamileng ka sona.
Buka ena e akaretsa Islam ka botlalo ba eona e le bolumeli bo hloekileng ba 'Mopi A le Mong bo lumelang ho Molimo A le mong feela, le ho Muhammad (khotso e be ho eena) e le moporofeta oa ho qetela. E theha litekanyetso tsa toka le tekano, e lumela ho Mangeloi le Letsatsi la Tsoho ea bafu, 'me ke bolumeli ba tlholeho le mabaka a biletsang ho boikokobetso bo felletseng ho Molimo, ka hona ho fihlella thabo ea lefatše.
Buka ena e bontša hore Islam e tsamaisana le tlhaho ea motho le kelello, e fana ka tsela e isang thabong bophelong bona le bophelong ba kamoso. E hlakisa hore tumelo ho Molimo le borapeli ho Eena feela ke morero oo A bopileng batho ka oona, 'me e hatisa hore liketso tse lokileng le tumelo ke motheo oa phapang har'a batho.
Ka Lebitso la Allah Ea Mosa Ea Lereko Morumuoa oa tumelo ea Islamo Muhammad (khotso le mahlohonolo a Allah li be le eena - KEL). Tlhaloso e khutsoane e mabapi le morumuoa oa tumelo ea Islamo Muhammad (KEL), ke tlo leka ho hlakisa lebitso la hae, le leloko la hae, le naha ea hae, le tsa lenyalo la hae, le seo a neng a memela ho sona, le borumuoa bahae, le mats'oao a borumuoa le boporofeta ba hae, le melao ea hae, le maemo a bohanyetsi boo a kopaneng le bona. [1] Ela Hloko hore ke lekile ka matla ho tsamaisa 'moho mantsoe ana: (Morumuoa le Muhammad), sebakeng sa phetolelo ena. LEBITSO LA HAE,…
Tlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta
71 languages
Tlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta
Islam Buka e bohlokoa e nang le tlhaloso e khutšoane ea Islam e bontšang qaleho ea eona, lithuto le melemo ho tsoa mehloling ea eona ea pele e leng Qur’an le Sunnah ea Moporofeta. Buka ena e ngoletsoe bohle bao ka molao ba nang le bokhoni ba boikarabello, e le Mamoseleme kapa e se Mamoseleme ka ho tšoana, ka lipuo tsa bona ka ho fapana, ka linako tsohle le libaka tsohle, ho sa tsotellehe phetoho ea maemo. (Sengoliloeng se fanang ka “bopaki” bo tsoa ho Qur’an e Halalelang le Sunnah ea Moporofeta) 1- Islam ke molaetsa oa Allah ho batho bohle, ke molaetsa oa bolumeli oa linako tsohle, qetello ea…