الإسلام - نبذة موجزة عن الإسلام (مشتملة على الأدلة)
Islam Tlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta Buka e bohlokoa e nang le tlhaloso e khutšoane ea Islam e bontšang qaleho ea eona, lithuto le melemo ho tsoa mehloling ea eona ea pele e leng Qur’an le Sunnah ea Moporofeta. Buka ena e ngoletsoe bohle bao ka molao ba nang le bokhoni ba boikarabello, e le Mamoseleme kapa e se Mamoseleme ka ho tšoana, ka lipuo tsa bona ka ho fapana, ka linako tsohle le libaka tsohle, ho sa tsotellehe phetoho ea maemo. (Sengoliloeng se fanang ka “bopaki” bo tsoa ho Qur’an e Halalelang le Sunnah ea Moporofeta) 1- Islam ke molaetsa oa…
This PDF is generated automatically from the book's text; its layout may differ from the printed edition.
Islam
Tlhaloso ea Islam e khutšoane ho ea ka Qur’an le Sunnah ea Moporofeta
Buka e bohlokoa e nang le tlhaloso e khutšoane ea Islam e bontšang qaleho ea eona, lithuto le melemo ho tsoa mehloling ea eona ea pele e leng Qur’an le Sunnah ea Moporofeta. Buka ena e ngoletsoe bohle bao ka molao ba nang le bokhoni ba boikarabello, e le Mamoseleme kapa e se Mamoseleme ka ho tšoana, ka lipuo tsa bona ka ho fapana, ka linako tsohle le libaka tsohle, ho sa tsotellehe phetoho ea maemo.
(Sengoliloeng se fanang ka “bopaki” bo tsoa ho Qur’an e Halalelang le Sunnah ea Moporofeta)
1- Islam ke molaetsa oa Allah ho batho bohle, ke molaetsa oa bolumeli oa linako tsohle, qetello ea melaetsa ea bomolimo.
Islam ke molaetsa oa Allah ho batho bohle, Allah O re: {'Me ha Rea u romela haese ho batho bohle, hore u ba fe litaba tse molemo le ho ba hlokomelisa, empa bongata ba batho ha ba tsebe.} [Saba: 28] Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E re oho lona batho, ruri ke Morumuoa oa Allah ho lona bohle} [Al-A’raf: 158]. Allah Ea Matla ʼOhle O boela a re: {Oho lona batho! Ho tlile ho lona Morumuoa ka 'nete ho tsoa ho Morena oa lona. Kahoo lumelang — ho molemong ho lona, ha le ke ke la lumela, ke hore ruri tse Maholimong le tse lefatšeng ke tsa Allah.} [An-Nisa:170].
Islam ke molaetsa oa bomolimo o halalelang oa linako tsohle o sa feleng, 'me ke molaetsa oa ho qetela ho tsoa ho Allah. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Muhammad ha se ntat’a ba bang ba banna ba lona, empa ke Morumuoa oa Allah le khorula ea baporofeta. ‘Me Allah O tseba tsohle} [Al-Ahzab: 40].
2- Islam, joaloka bolumeli, ha e ea khetholoha ho sechaba kapa morabe o itseng, empa ke tumelo) bolumeli ba Allah ho lichaba tsohle:
Islam, joaloka bolumeli, ha e ea khetholoha ho sechaba kapa morabe o itseng, empa ke bolumeli ba Allah ho batho bohle. Molao oa pele kahare ho Qur’an ke moo Allah Ea Matla ʼOhle A itseng: {Oho lona batho, khumamelang Morena oa lona, Ea le bopileng ‘moho le ba tlileng pele ho lona, ho re le tle le be ba tšabang Molimo} [al-Baqarah: 21]. ʼMe Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Oho lona batho, ts’abang Morena oa lona, Ea le bopileng ho tsoa ho motho a le mong, eo a bopileng ho tsoa ho eena molekane oa hae, ‘me ho tsoa ho bona a hasanya banna le basali ba bangata} [an-Nisaa: 1]. Ibn ‘Umar (E ka Allah A ka thabisoa ke bona) o tlalehile: “Morumuoa oa Allah (Khotso le Mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) o ile a fana ka puo letsatsing leo ho neng ho haptjoa Makkah. A re: «Oho lona batho, ruri Allah O tlositse boikhohomoso ba nako ea pele ho Islam (jaahiliyyah) ho lona le ho ba motlotlo ka baholo-holo ba lona. Ka hona hajoale re na le mefuta e ‘meli ea batho: motho ea lokileng, ea ts’abang Allah le ea hlomphehang mahlong a Allah. Le motho ea soto, ea khopo, ea fosahetseng ebile a sa hlomphehe mahlohg a Allah. Batho ke bana ba Adama ebile Allah O bopile Adama ho tsoa leroleng. Allah O re: Oho batho, ruri Re le bopile ho tsoa ho motho e motona le e mo ts’ehali, Ra le etsa lichaba le merabe hore le tsebe ho hlalohanyana. Ruri, ea hlomphehang mahlong a Allah ke ea nang le ts’abo ka ho fetisisa ho Allah, Allah O tseba ka ho fetisisa, ebile O Chatsi ka ho fetisisa” [al-Hujurat:13]’” [E tlalehiloe ke Al-Tirmidhi: 3270, Ha ho le haele taelo e le ‘ngoe kapa molao kahare ho Qur’an e Halalelang kapa taelo ea Morumuoa (khotso e be le eena) e bonts’ang moo sechaba se itseng kapa morabe o itseng o le molemo ho feta tse e meng, kapa botona kapa bots’ehali.
3. Islam ke ts’enolo e rometsoeng ho ts’ehetsa melaetsa ea baporofeta ba pele le barumuoa (khotso e be le bona) ba neng ba rometsoe lichabeng tsa bona.
Islam ke ts’enolo e rometsoeng ho ts’ehetsa melaetsa ea baporofeta le barumuoa ba pele (khotso e be le bona) ba neng ba rometsoe ho lichaba tsa bona ka ho khetholoha, joalokaha Allah A re: {Ruri, Re u senoletse (Uena Muhammad), joalokaha Re ile Ra senolela Noe le baporofeta ba tlileng kamorao ho eena. ‘Me Re senoletse Abrahama, Isaaka, Jakobo, Asbat (Meloko e leshome le metso e 'meli ea Iseraele), Jesu, Jobo, Jonase, Arone, Solomone, eaba Re fa Davida Lipesalema} [an-Nisā’: 163]. Ena ke Tumelo eo Allah A e senoletseng Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena) ke eona tumelo eo A ileng A e senolela baporofeta ba pele, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A re: {O u lokiselitse tumelo eo A ileng A e laela Noe eleng eo Re e senotseng ho uena (Muhammad), eo Re ileng Ra laela Abrahama, Moshe le Jesu - hore ba latele tumelo ‘me ba se ke ba arohana kamor’a moo. Ho thata ho ba kopanyang Allah le melimo ea bohata borapeling ho seo u ba memelang ho sona. Allah O ikhethela eo A mo batlang ebile O tataisetsa ho Eena ea sokolohelang ho Eena.} [ash-Shura: 13]. Tumelo eo Allah A e senotseng ho Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena) ke tumelo e lumellanang le Libuka tsa bomolimo tse fetileng, joaloka Torah le Injeel pele li ka senngoa le ho fetoloa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe seo Re se senotseng ho uena [Muhammad] sa buka ke ‘nete, se lumellana le tse tlileng pele ho sona. Ruri, Allah O hlokolosi le ho ba chatsi ka ho fetisisa ka bahlanka ba Hae} [Fatir: 31].
4. Baporofeta kaofela hoa bona (khotso e be le bona) ba arolelana bolumeli bo le bong leha ba tlile ka melao e fapaneng:
Bolumeli ba Baporofeta (khotso e be le bona) ke bolumeli bo le bong empa melao bona e fapane. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {’Me Re senotse buka ho uena [Muhammad] ka ‘nete, e pakahatsang tse tlileng pele ho eona ebile e le muhaymin (Mosireletsi, Mohlokomeli, Molebeli, kapa Paki) holim’a tsona. ‘Me ahlola lipakeng tsa bona ka seo Allah A se senotseng ‘me u se ke oa latela likeletso tsa bona khahlanong le se tlileng ho uena sa ‘nete. Ho lona kaofela Re le ngoletse molao le tsela ea ho o sebelisa. Ha Allah A ne A ratile, A ka be A le entse sechaba se le seng, empa e le teko ka seo a le fileng sona, ka hona hlolisanang ka ho etsa botle. Ho Allah ke moo kaofela hoa lona le tlang ho khutlela, ‘me O tla le tsebisa ka seo le neng le fapane ka tsona} [al-Ma’idah: 48]. Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena) o itse: “Ke haufi le Isaa (Jesu) mor’a Maria, kahar’a batho bohle bophelong bona ba lefats’e le ba ka mor'a lefu. Baporofeta ke bar’a ba motho tumelong, ba mpa ba fapane ka bomme, empa tumelo ea bona e ‘ngoe” [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 3443].
5. Islam e etsa pitso, joalokaha baporofeta ba ile ba etsa pitso: Nuh (Noe), Ibrahim (Abrahama), Musa (Moshe), Sulayman (Solomone), Dawud (Davida), le ‘Isaa (Jesu) har’a ba bang (khotso e be le bona), — e biletsa bolumeling ba hore Morena oa ‘Nete ke Allah, ‘Mopi, Mofani, Ea fanang ka bophelo le lefu, Morena, le Moqapi oa lintho tsohle, Ea Mosa, Ea Mohau.
Islam e etsa pitso, joalokaha baporofeta ba ile ba etsa pitso Nuh (Noe), Ibrahim (Abrahama), Musa (Moshe), Sulayman (Solomone), Dawud (Davida), le ‘Isaa (Jesu) har’a ba bang, — e biletsa bolumeling ba hore Morena oa ‘Nete ke Allah, ‘Mopi, Mofani, Ea fanang ka bophelo le lefu, Morena, le Moqapi oa lintho tsohle, Ea Mosa, Ea Mohau. Allah Ea Matla Ohle O re: {Oho lona batho, hopolang melemo ea Allah holim’a lona. Na hona le ‘mopi emong kantle ho Allah Ea le fepang ho tsoa leholimong le lefats’eng? Ha ho molimo e mong ea lokeloang ke khumamelo kantle ho Eena, joale le khelosoa joang?} [Fatir: 3 ʼMe Allah Ea Matla ʼOhle A boela A re: { E re: “Ke mang ea le fang phepelo ho tsoa leholimong le lefats’eng? Kapa ke mang ea laolang kutlo le pono, ea ntšang ea phelang ho tsoa ho ea shoeleng, le ea ntšang ea shoeleng ho tsoa ho ea phelang, ‘me ea behang lintho tsohle ka mahlopho (kamoo a ratang)? Ba tla re: ke Allah, Ebe u re ho bona: Joale na ha le tšabe (Allah)?} [Yunus: 31]. Allah Ea Matla ʼOhle A re: {Na ha se [Ea betere] Eena Ea qalileng libopuoa A ba A boela A li bopa hape, Ea le fang phepelo ho tsoa leholimong le lefats’eng? Na hona le molimo ntle le Allah? E re: Fanang ka bopaki ba lona, haeba le na le ‘nete.} [an-Naml: 64].
Baporofeta le barumuoa bohle ba ne ba fuoe boikarabello ba ho bitsetsa ho Allah Ea nnotši ka borapeli. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {’Me ruri Re rometse ho lichaba tsohle morumuoa [Ea ileng a re ho sechaba sa hae]: “Khumamelang Allah le qobe Taaghoot (melimo ea bohata).” ‘Me kahar’a bona ke bao Allah A neng A ba tataisitse, le kahar’a bona ke ba neng ba hlophiselitsoe tahleho. Joale potolohang lefats’e le bone qetello ea ba neng ba latola.”} [an-Nahl: 36]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ha Rea romela Moromuoa pele ho uena, kantle le hore Re mo senolele hore, ha ho molimo ofe kapa ofe ea lokeloang ke khumamelo kantle ho 'Na, kahoo nthapeleng} [Al-Anbiyah: 25]. Allah O re tsebisitse hore Noe (khotso e be le eena) o ile a re: {Lona batho ba ka, khumamelang Allah; ha le na molimo o mong kantle ho Eena. Ruri, ke le ts’abela kotlo ea Letsatsi le leholo.} [al-A‘raf: 59]. 'Me Al-Khalil Ibrahim (khotso e be le eena) joalokaha Allah A tlalehile ka eena. O itse: {Le Abrahama, nakong eo a neng a re ho batho ba hae: “Khumamelang Allah ‘me le Mo ts’abe. Seo se molemong oa lona haeba le ne le tseba”} [al-‘Ankabūt: 16]. Salih (khotso e be le eena) o itse joalokaha Allah A tlalehile ka eena: {O itse: “ Oho batho ba ka, khumamelang Allah; ha le na molimo o mong kantle ho Eena. ‘Me ho tlile ho lona bopaki bo hlakileng ho tsoa ho Morena oa lona. Ena ke Kamele e ts’ehali ea Allah (e rometsoeng) ho lona ele ponts’o. E leseng e fule lefats’eng la Allah ‘me le se e ts’oare ka (khopolo ea) ho e hlokofatsa, e sere mohlomong la fumana kotlo e bohloko.} [al-A‘raf: 73]. Shuaib (khotso e be le eena) o ile a re - joalokaha Allah A tlalehile ka eena -: {Oho batho baka khumamelang Allah; ha le na molimo o mong ntle le Eena. Ho tlile bopaki bo hlakileng ho lona ho tsoa ho Morena oa lona. Phethahatsang litekanyo le boima le se amohe batho tokelo tsa bona le se bake bobolu lefats’eng kamor’a ho lokisoa ha lona. Ho molemong oa lona haeba le lumela.} [al-A‘raf: 85].
Ntho ea pele eo Allah Ea Matla ʼOhle A ileng a e bolella Moshe (khotso e be le eena) e bile: {Joale Ke u khethile, 'me mamela seo u se senoletsoeng (13) Ruri, Ke Allah. Ha ho molimo o mong kathoko ho ‘Na, ka hona khumamela ‘Na ‘me u phethahatse thapelo ho nkhopola. (14)} [Taha: 13-14]. Allah O itse - A re tsebisa ka Moshe (khotso e be le eena) - hore ruri o ile a batla ts’ireletso ho Allah ka ho re:. {Ruri, ke batlile setšabelo ho Morena oa ka le Morena oa lona ho motho e mong le e mong ea ikhohomosang ea sa lumeleng Letsatsing la Tekanyetso.} [Ghafir: 27]. Allah O itse - A re tsebisa ka Mesia Jesu (khotso e be le eena) - hore o itse: {Ruri, Allah ke Morena oa ka le oa lona, ‘me ka hona Mo khumameleng. Eo ke tsela e otlolohileng.} [Al ‘Imran: 51]. Allah A boela A re tsebisa ka Mesia Jesu (khotso e be le eena) hore o ile a re: {Oho lona Bana ba Iseraele, khumamelang Allah, Morena oa ka le oa lona.” Ruri, ea kopanyang Allah le balekane borapeling – kannete Allah O mo hanetse Jannah (Paradeise) sebaka sa hae ke mollo (oa Lihele), kahoo baetsa-libe ha ba na fumana bathusi.} [al-Ma’idah: 27].
Ka ho ts’oana Torah le Injeel (Evangeli) le tsona li na le tiiso ka khumamelo ea Allah A nnotši. Bukeng ea Deuteronoma, Moshe (khotso e be le eena) o itse: (Utloa Iseraele, Morena, Molimo oa rona, ke Morena A nnotši.) Tiiso ea Bonngoe ba Molimo e fumanoa ho Evangeli ea Mareka moo Jesu (khotso e be le eena) a itseng: ([Molao oa pele] o molemo ka ho fetisisa, Jesu a araba, ke hore: Utloa Iseraele, Morena, Molimo oa rona ke Morena A nnotši.)
Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisitse hore baporofeta bohle ba ne ba fuoe boikarabello bona bo boholo, e leng ho bitsetsa batho bonngoeng ba Allah. Allah O re: {Ruri, Re rometse ho lichaba tsohle morumuoa, (ea itseng ho sechaba sa hae): “Khumamelang Allah le furalle Taaghoot (melimo ea bohata).” ‘Me har'a bona ho ne ho e-na le bao Allah A ba tataisitseng ʼme har'a bona ho ne ho e-na le bao kheloho e neng e lokafalitsoe holim’a bona} [an-Nahl: 36]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E re [uena Muhammad]: Na le elelletsoe bao le bitsang ho bona kathoko ho Allah? Mponts’eng seo ba se bopileng lefats’eng; kapa ba kentse letsoho popong ea Maholimo? Mpheng buka [eo ho senotsoeng ho eona] pele ho ena kapa (mothoaelanyana oa) tsebo e setseng, haeba le na le ‘nete.”} [al-Ahqaf: 4]. Shaykh Al-Sa‘di (Eka Allah A ka mo hauhela) o itse: (Ho hlakile hore batho ba rapelang melimo e mengata ba hloleha ho fana ka bopaki bo lumellanang le borapeli boo ba bona. Ba mpa ba its’etleha ka mehopolo ea bona e fosahetseng, maikutlo a bona a fokolang le mabaka a bona a sa utloahaleng a pakoang ka ho batlisisa maemo a bona, mahlale le liketso tsa bona, le ho nahanela seo ho thoeng ke molimo oa bona, eo esaleng ba mo rapela bophelo bohle ba bona. Na ho na le emong oa melimo eo a kileng a ba thusa ka letho bophelong bona ba lefats’e lena kapa ba ka mor’a lefu?) Taysīr al-Karīm al-Mannān: 779.
6. Allah Ea Matla ʼOhle ke ‘Mopi, ebile ke Eena feela Ea lokeloang ke ho rapeloa ha hona ea lokeloang ho khumameloa kathoko ho Eena.
Allah Ea Matla ʼOhle ke Eena feela Ea lokeloang ke ho rapeloa kantle le ho khumamela mang kapa mang kathoko ho Eena, Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona batho, khumamelang Morena oa lona, Ea le bopileng ‘moho le ba tlileng pele ho lona, hore le tle le be ba tšabang Molimo. (21) Ea le etselitseng lefats’e A le pharalatsa joaloka bethe le Leholimo e le sekhurumetso, A theola ho tsoa leholimong pula, eo A hlahisang ho tsoa ho eona litholoana e le phepelo ho lona. (22)} [al-Baqarah: 21-22] Ea re bopileng ‘moho le ‘mopo oa pele ho rona, A pharalatsa lefats’e joaloka bethe, a etsa Leholimo sekhurumetso sa rona, a nesa pula, ‘me a nts’a litholoana sebakeng sa boiphiliso ba rona, ‘me ka hona ke Eena feela Ea lokeloang ke ho rapeloa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona batho! Hopolang melemo ea Allah holim’a lona. Na ho na le ‘mopi e mong kathoko ho Allah ea le fang phepelo ho tsoa leholimong le lefats’eng? Ha ho molimo o mong kantle ho Allah. Joale le khelositsoe joang?} [Fatir: 3]. Ea bopang le ho re phelisa ke Eena Ea lokeloang ke ho khumameloa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Eo ke Allah, Morena oa lona; ha ho molimo o mong kantle ho Eena, ‘Mopi oa lintho tsohle, ka hona Mo khumameleng. ‘Me ke Moabi oa lintho tsohle} [al-An‘am: 102].
Ea rapeloang kantle ho Allah ha a lokeloa ke ho rapeloa hobane ha a na letho leholimong le lefats’eng le haele ho boima ba athomo. Ha se molekane oa Allah, kapa mothusi oa Hae, kapa mots’ehetsi oa Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {E re, [uena Muhammad]: “Kopang bao le ba rapelang kantle ho Allah. Ha ba na letho le haele ho boima ba athomo Maholimong le lefats’eng, ebile ha ba kopanela letho [le Eena], kapa hore ba ka Mo thusa ka letho} [Saba’: 22].
Allah Ea Matla ʼOhle ke Eena Ea bopileng lintho tse phelang kantle ho letho. Boteng ba tsona ke bona bopaki ba boteng ba Hae, Borena le Bomolimo ba Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe har'a lipontšo tsa Hae ke hore O le bopile ka lerole; joale, bonang, le batho ba hasaneng [le lefats’e lohle]. (20) {‘Me har'a lipontšo tsa Hae ke hore O le etselitse ho tsoa ho lona balekane ba lona, hore le fumane khutso ho bona; eaba o kenya ho lona lerato le mohau. Ruri, ho na le lipontšo sebakeng sa batho ba nahanang. (21) ‘Me har’a lipontšo tsa Hae ke popo ea Maholimo le lefats’e, le mefuta e fapaneng ea lipuo tsa lona le mebala ea lona. Ka 'nete ho tsona ho na le lipontšo bakeng sa ba nang le tsebo. (22) ‘Me har’a lipontšo tsa Hae ke boroko bosiu le motšehare le ho tsoma ha lona melemo ea Hae. Ruri, ho sena ho na le lipontšo ho batho ba mamelang. (23) ‘Me har’a lipontšo tsa Hae ke hore O le bonts’a lehalima le bakang tšabo le tšepo, ebile O romela pula ho tsoa marung eo A e tlisang ho tla phelisa lefats’e ka mor’a ho shoa hoa lona. Ka 'nete ho tsona ho na le lipontšo bakeng sa batho ba sebelisang kelello. (24) Har’a lipontšo tsa Hae ke hore leholimo le lefatše li eme ka taelo ea Hae; joale ha A le bitsa ka pitso e le ’ngoe ho tsoa lefats’eng, hang-hang le tla tsoa. (25) ‘Me bohle ba Maholimong le lefats’eng ke ba Hae. ‘Me bohle ba ikokobetsa ka lerato ho Eena. (26) Ke Eena ea qalang popo, ebe o e khutlisetsa hape, ’me hoo ho bonolo ho Eena.} [ar-Rum: 20-27].
Nimrodo o ile a hana boteng ba Molimo oa hae, ea ba Abrahama (khotso e be le eena) o re ho eena, joalokaha Allah A re tsebisitse: {Abrahama a re: ʼRuri, Allah O chabisa letsatsi bochabela, joale uena le chabise bophirimela.ʼ Eaba ea sa lumeleng a thatafalloa, ʼme Allah ha A tataise batho ba etsang bobe.} [al-Baqarah: 258]. Ka ho ts’oana, Abrahama (khotso e be le eena) o ile a hlakisa khang ea hae ka ho bonts’a hore Allah ke Eena A le Mong Ea mo tataisang, Ea mo fepang, Ea mo fang lino, Ea mo folisang, Ea etsang hore a shoe, le ho mo fa bophelo. Allah O re joalokaha a re tsebisitse ka eena: {Ea mpopileng ke Eena Ea ntataisang. (78) Etsoe ebile e le Eena Ea mphepang, Ea mphang seo ke senoang. (79) Nakong eo ke kulang, ke Eena Ea mpholisang. (80) Ke Eena Ea tla etsa hore ke shoe, A be A boele A nkhutlisetse bophelong (81) } [ash-Shu‘arā’: 78-81]. Allah O re tsebisitse ka Moshe (khotso e be le eena) moo a neng a ngangisana le Faro, a re ho eena: ruri Morena oa hae ke: {Ea fileng lintho tsohle libopeho tsa tsona A ba A litataisa} [Taha: 50].
Allah O entse tsohle tse leholimong le lefats’eng sebakeng sa batho, A ba A ba hlohonolofatsa ka mahlohonolo hore ba tsebe ho Mo khumamela ‘me ba emelle thoko le ho hloka tumelo. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ha le bone hore Allah O le file taolo ea lintho tsohle tse Maholimong le lefats’eng, ʼme O le apesitse ka melemo ea Hae, ka tsela e bonahalang le e ipatileng, ʼme har’a batho ho na le ba phehang khang ka Allah ba sena tsebo kapa tataiso kapa buka e fanang ka leseli} [Luqman: 20]. Joalokaha Allah A e ntse lintho tsohle tse Maholimong le lefats’eng li be tlas’a taolo ea motho, O ‘mopile A ba A mo fa lintho tsohle tseo a li hlokang tse kang kutlo, pono, le kelello ho ithuta tsebo e tlang ho mo tsoela molemo le ho mo tataisetsa ho Morena le ‘Mopi oa hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Allah O le nts’itse popelong tsa bo-'m'a lona le sa tsebe letho, eaba O le fa kutlo, pono le likelello hore mohlomong le ka ba le teboho} [an-Nahl: 78].
Allah Ea Matla ʼOhle O bopile mafats’e ʼohle ‘moho le motho A ba A mo fa tsohle tseo a neng a tla li hloka joaloka likarolo tsa ‘mele le matla. Eaba O mo fa tsohle tse neng li tla mo thusa hore a khumamele Allah le ho aha lefats’e. Kamor’a moo Allah A mo fa taolo holim'a lintho tsohle tse Maholimong le lefats’eng.
Allah O sebelisitse libopuoa tsa Hae ho netefatsa Borena ba Hae, bo Mo fang tokelo ea hore e be Eena Feela ea rapeloang. Allah Ea Matla ʼOhle O re: { E re [uena Muhammad]: “Ke mang ea le fang phepelo ho tsoa leholimong le lefats’eng? Kapa ea laolang kutlo le pono, kapa ea nts’ang ba phelang ho ba shoeleng le ba shoeleng ho ba phelang, ea laolang lintho tsohle?” Ba tla re: Ke Allah, e re: “Joale ha le Mo ts’abe?”} [Yunus: 31]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ere [uena Muhammad]: “Na le elelletsoe seo le se rapelang khahlanong le Allah? Mponts’eng seo ba se bopileng lefats’eng; kapa ba kentse letsoho khahong ea Maholimo? Mpheng buka [eo ho senotsoeng ho eona] pele ho ena kapa (mothoaelanyana oa) tsebo e setseng, haeba le na le ‘nete.”} [al-Ahqāf: 4]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {O bopile maholimo a se nang lits’iea tseo le ka li bonang, ‘me A beha lithaba tse tiileng holim’a lefats’e, e le hore le se ke la reketla ka lona, ‘me A hasanya mefuta eohle ea libopuoa ho lona. ‘Me Ra nesa pula ho tsoa leholimong ‘me Ra melisa teng mefuta eohle ea limela tse ntle tse molemo. Ena ke popo ea Allah. Kahoo, mponts’eng hore na ba rapeloang kathoko ho Eena ba bopileʼng. Ho e-na le hoo, baetsa-libe ba lahlehile ele kannete.} [Luqman: 10-11]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Na ba hlotsoe ntle ho letho, kapa ke bona ba bopileng [ba ipopileng]? (35) Kapa ba bopile maholimo le lefats’e? Empa ha ba na bonnete. (36) Kapa na ba na le matlotlo a Morena oa bona, kapa ke bona balaoli [holim’a maphelo a bona]? (37) } [at-Tur: 35-37]. Shaykh Al-Sa‘di o itse: (Ena ke khang khahlanong le bona mabapi le taba eo ho eona ba se nang boikhethelo haese ho ikokobelletsa 'nete kapa ho kheloha litaelo tsa kelello e hlaphohetsoeng le bolumeli.) Tafseer (Tlhaloso ea Qur'an) ka ibn Sa‘di: 816.
7. Allah ke ‘Mopi oa lintho tsohle tse Maholimong le lefats’eng, tse bonahalang le tse sa bonahaleng. Lintho tsohle kantle ho Eena li bopiloe ke Eena. O bopile Maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng.
Allah Ea matla ʼOhle ke ‘Mopi oa lintho tsohle tse Maholimong le lefats’eng, tse bonahalang le tse sa bonahaleng. Lintho tsohle kantle ho Eena li bopiloe ke Eena. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E-re: “Morena oa Maholimo le Lefats’e ke mang?” E-re: Ke Allah. E-re: Joale le ikhethetse khahlanong le Eena bathusi ba sa khoneng ho iketsetsa molemo kapa ho ikemela kotsing?” E-re: “Na sefofu se ts’oana le ea bonang? Kapa lefifi le ts’oana le khanya? Kapa ba abela Allah balekane ba entseng se tšoanang le popo ea Hae, hoo popo (eo ba e entseng le popo ea Hae) e neng e tšoana ho bona.” E-re: “Allah ke ‘Mopi oa lintho tsohle, ke Ea Mong, Ea sa hloloeng ke letho.”} [ar-Ra‘d: 16] Allah Ea Matla ʼOhle A boela A re: {Ebile O bopa tseo le sa li tsebeng} [an-Nahl: 8].
Allah O bopile Maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ke Eena Ea bopileng Maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng eaba O Phahama ka holim'a Terone. O tseba se kenang lefats’eng le se tsoang, le se theohang leholimong le se nyolohelang teng; O na le lona hohle moo le leng teng. Allah O bona sohle seo le se etsang.} [al-Hadīd: 4]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Re bopile Maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa tsona ka matsatsi a ts’eletseng, ’me ha rea ka ra angoa ke mokhathala leha e le ofe.} [Qaf: 38].
8- Allah Ea Matla ʼOhle Ha A na molekane boreneng ba Hae, ‘mopong, tsamaisong ea lintho kapa khumamelong.
Allah Ea Matla ʼOhle ke Morena oa marena. Ha A na molekane popong ea Hae kapa boreneng ba Hae ‘moho le tsamaisong ea lintho. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E-re [uena Muhammad]: “Na le elelletsoe seo le se rapelang khahlanong le Allah? Mponts’eng seo ba se bopileng lefats’eng; kapa na ba kentse letsoho popong ea Maholimo? Mpheng buka [eo ho senotsoeng ho eona] pele ho ena [pele ho Qur’an] kapa masalla a tsebo e setseng, haeba le bolela ‘nete.”} [al-Ahqaf: 4]. Shaykh Al-Sa‘di (Eka Allah A ka mo hauhela) o itse: “Sena se bolela hore: botsa bao ba etsetsang Allah balekane ba nka melimo e meng e se nang matla a ho tlisetsa motho molemo kapa kotsi, ba se nang matla holim’a lefu, bophelo, kapa tsoho ea bafu: Ba bolelle — u ba bontše ho fokola ha litšoantšo tsa bona le hore ha li tšoaneloe ke mofuta ofe kapa ofe oa borapeli: {Mpontšeng hore na li bōpile eng lefatsheng, kapa na li na le kabelo maholimong?} Na hona le seo li se entseng Maholimong kapa lefats’eng? Na li entse lithaba? Na li ile tsa phallisa linoka? Na li hlotse liphoofolo le ho li jala lefatšeng? Na li kile tsa holisa lifate? Na li kile tsa thusa popong ea tse seng re botsitse ka tsona? Kannete, ha li ea etsa letho ka bo tsona, — ho latela boipolelo ba bona ka bo bona, re se re sa re letho ka tse ling. Sena ke bopaki ba hore borapeli ba eng kapa eng kantle ho Allah ke lefeela la mafeela.
Mothati o latelang ene ele ho hloka bopaki ba lingoliloeng, a re: {Mpheng buka [eo ho senotsoeng ho eona] pele ho ena e bitsetsang borapeling ba melimo emeng kantle ho Allah kapa [kapa masalla a tsebo] e setseng ho tsoa ho baromuoa moo ba ts’ehetsang borapeli ba melimo e meng ntle ho Allah}. Ho ea tsebahala hore ha ho bopaki boo ba ka fanang ka bona hore ba bang ba baromuoa ba khothallelitse borapeli ba melimo ea bohata. Ehlile ke se fapaneng, re ka fana ka bopaki bo tiileng hore baromuoa bohle ba ile ba ruta ka bolumeli ba Bonngoe ba Allah le ho khumamela Morena oa bona feela le ho thibela borapeli ba melingoana e mengata. Sena ke se seholo-holo seo re ka se latellisang ho tsoa ho bona. E qotsitsoe ho Tafsir Ibn Sa‘di: 779.
Allah Khanya e be ho Eena, Ea Matla ʼOhle ke Morena oa marena ‘me ha ho ea nang le kabelo boreneng ba Hae. O re: {E-re: “Oho Allah! Morena oa marena, U fana ka borena ho eo U mo ratang, U bo amoha eo U mo ratang. U tlotlisa eo U mo ratang le ho theola [maemong] eo U mo ratang. ‘Me ho Uena ke botle bohle. Ruri, U na le bokhoni ba ho etsa tsohle.} [Al ‘Imran: 26]. Allah ea Matla 'Ohle o itse, a hlakisa hore puso e felletseng ke ea Hae ka Letsatsi la Tsoho: {(Ke) Letsatsi leo ka lona ba tla hlahella (patlellong); ha ho letho la bona le tla pateloa Allah. Puso ke ea mang letsatsing lena? Ke ea Allah, Ea Mong, Ea Matla-’ohle.} [Ghafir: 16].
Allah Ea Tlotlehang, Ea Matla ʼOhle ha A na molekane Boreneng ba Hae, ‘mopong oa Hae kapa tsamaisong ea lintho (taolong) kapa bolumeli ba Hae. Allah O re: {ʼMe u re: “Lithoriso tsohle li lebisoe ho Allah, Ea sa tsoalang mora, Ea senang molekane Boreneng ba Hae, Ea sa hlokeng mothusi, ʼme u mo rorise ka lithoriso tse kholo-kholo} [al-Isra: 111]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Eo ho eena ho ikarabellang borena ba Maholimo le lefats’e, Ea sa tsoalang mora, ‘me Ha A eso be le molekane Boreneng, ‘me O bopile lintho tsohle, A ba A li rala ka ho nepahala (ka tekants’o e nepahetseng)} [al-Furqān: 2]. Ke Morena ‘me tsohle kantle ho Eena ke libopuoa tsa Hae. Khanya e be ho Eena, ‘Mopi ‘me tsohle kathoko ho Eena ke libopuoa. Ke Eena Molaoli oa lintho tsohle. Ka hona, molimo ka tlhaloso ena ke eena ea lokeloang ke ho rapeloa, haele ho rapela ba bang kantle ho Eena ho bonts’a bokooa le bofokoli ba kelello kapa maikutlo ‘me sena se khannela ho borapeli ba melingoana e leng se senyang bophelo ba lefats’e lena le bo tlang ka morao ho lefu. Allah O re: {Ba re: “E bang Bajuda kapa Bakreste, le tla tataiseha.” E re: “Che, (re latela) bolumeli ba Abrahama, Hanifa [bolumeli ba boinehelo ho Molimo o le Mong ba Islam, ke hore, ho se rapele mang kapa mang kathoko ho Allah A le Mong], 'me e ne e se e mong oa Al-Mushrikun (ba kopanyang Allah le melimo ea bohata khumamelong).} [al-Baqarah: 135]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe ke mang ea molemo tumelong ho feta ea ikokobelletsang Allah a ntse a etsa se setle mme a latela tumelo ea Abrahama, Hanifa (bolumeli ba bonngoe ba Molimo ba Islam)? ʼMe Allah o ile a nka Abrahama e le motsoalle ea ratoang haholo. } [an-Nisa: 125]. Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisitse hore mang kapa mang ea latelang tumelo e ‘ngoe kantle ho ea Abrahama (khotso e be le eena) o ea ithetsa. Allah O re: {Ke mang ea furallang tumelo ea Abrahama kantle le ea bothoto. Ruri, Re mo khethile lefats’eng lena le le tlang, o tla ba har’a ba lokileng} [al-Baqarah: 130].
9. Allah Ea Matla ʼOhle Ha A tsoala mora ebile Ha A tsoaloa (ha ana leloko kapa molekane). Ha ho se lekanang le Eena kapa se ts’oanang le Eena.
Allah Ea Matla ʼOhle Ha A tsoala mora ebile le Eena Ha A tsoaloa. Ha ho letho le lekanang kapa ho ts’oana le Eena. O buile 'nete A re: {E-re: “Ke Allah, A nnotši, (1) Allah-us-Samad (Monghali ea ikemetseng ka botlalo, eo libopuoa tsohle li mo hlokang, ha a je kapa hona ho noa) (2) Ha A tsoala ebile ha A tsoaloa (3) ‘Me ha ho letho le lekanang kapa le tšoanang le Eena.” (4)} [al-Ikhlās: 1-4]. Allah Ea Matla ʼOhle O re hape: {Morena oa Maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona – ka hona Mo rapeleng le tiise borapeling ba Hae. Na le tseba emong ea ts’oanang le Eena?} [Maryam: 65]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {[Ke] ‘Mopi oa Maholimo le lefats’e. O le etselitse balekane ho tsoa ho lona, le ho liphoofolo a etsa balekane; ‘Me O le atisa ka tsela eo. Ha ho letho le ts’oanang le Eena, ʼme ke Ea nang le kutlo le pono tse phethahetseng.} [ash-Shura: 11].
10. Allah Ea Matla ʼOhle Ha A kene kapa ho lula ka har’a ntho leha e le efe ebile Ha a itlhahise ka sebopeho sa ntho leha e le efe ea libopuoa tsa Hae.:
ʼMe Allah, Ea Matla ʼOhle le ea phahameng, Ha a lule ka har'a ntho leha e le efe, Ha a itlhahise ka sebopeho sa ntho leha e le efe ea libopuoa tsa Hae, ebile Ha a kopane le ntho leha e le efe. Lebaka ke hobane Allah ke 'Mopi, 'me ntho e 'ngoe le e 'ngoe kantle ho Eena ke sebopuoa; Eena ke Ea sa feleng, 'me ntho e 'ngoe le e 'ngoe kantle ho Eena e tla fela. Ntho e 'ngoe le e 'ngoe ke leruo la Hae, 'me ke Eena Mong'a tsona. Kahoo, Allah Ha a lule ka har'a ntho leha e le efe ea libopuoa tsa Hae, ebile ha ho sebopuoa leha e le sefe sa Hae se lulang ka har'a Boleng ba Hae. Allah ea Matla ʼOhle o moholo ho feta ntho e 'ngoe le e 'ngoe. Allah ea Phahameng o itse a nyatsa ba bolelang hore Allah o ile a lula ka har'a Mesia (Jesu): {Kannete ha se balumeli ba reng Allah ke Messiea mor’a Maria. E re: “Ebe ke mang ea neng a ka thiba Allah Ha A ne A rata ho felisa Messiea mor’a Maria kapa ‘m’e oa hae kapa batho bohle lefats’eng?” Etsoe Allah ke Mong’a borena bo Maholimong le lefats’eng le tsohle tse lipakeng tsa teng. O etsa seo A se ratang, ‘me Allah O na le bokhoni ba ho etsa lintho tsohle.} [al-Ma’idah: 17]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Bochabela le Bophirima ke ba Allah; kahoo kae kapa kae moo le retelehelang teng, ke Sefahleho sa Allah. Ruri Allah O pharaletse ka mohau oa Hae, ’me o tseba tsohle. (115) ʼMe ba re: “Allah O tsoetse mora.” Khanya e be ho Eena (O hloekile ho seo)! Ho e-na le hoo, tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa Hae; tsohle li ikokobelitse tlas'a taolo ea Hae ka kutlo." (116) Moqapi Oa Maholimo le lefats’e. Ha A hloka ho etsa ntho, O re ho eona: “E-ba teng”, ebe e ea etsahala (117)} [al-Baqarah: 115-117]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Eaba ba re: “Ea Lereko O tsoetse mora.” (88) Ruri le buile ntho e mpe ka ho fetisisa. (89) Hoo Maholimo a batlileng a pshatleha, le lefats’e le aroha le lithaba li heleha li senyeha. . (90) Ka lebaka la hobane ba bolela hore Ea Mohau (Allah) O na le mora (91) Ha ho hlokahale hore Ea Lereko A tsoale mora. (92) Ha ho le ea mong Maholimong le lefats’eng haese hore o tla tla ho Ea Mohau (Allah) e le mohlanka. (93) Ruri, O tseba emong le emong oa bona, ebile O ba balile ka botlalo. (94) ‘Me bohle ba tla ho Eena ka bonngoe ka Letsatsi la Kahlolo. (95)} [Maryam: 88-95]. Ea Matla ʼOhle O itse: {Allah - ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le Eena, Ea phelang ka ho sa feleng, Mophelisi oa tsohle tse phelang, ha A otsele kapa ho tšoaroa ke boroko. Ke Eena Mong’a lintho tsohle tse Maholimong le tse holim’a lefats’e. Ke mang ea ka buellang ba bang ho Eena kantle le tumello ea Hae? O tseba tse tlileng pele ho bona le tse tlang kamor’a bona ‘me ha ba na le karoloana feela ea tsebo ea Hae kantle ho eo a ratang ba e tsebe. Kursi (Setulo sa hae sa bonamelo ba maoto) ea Hae e pharaletse ka holimo ho Maholimo le lefats’e, ʼme ha A khathale ke ho li lebela. Ke Ea Holimo-limo, Ea Moholo-holo.} [al-Baqarah: 255]. Joale, haeba sena e le sona boemo ba Hae (Allah) le boemo ba libopuoa tsa Hae, ho ka khoneha joang hore a lule ka har'a e mong oa tsona? Kapa hore a mo nke e le mora oa Hae? Kapa hore a mo etse molimo hammoho le Eena?
11. Allah Ea Matla ʼOhle O Mosa le Mohau ho bahlanka ba Hae, ‘me ka hona O rometse baromuoa le libuka.
Allah Ea Matla ʼOhle O Mosa O Mohau ho bahlanka ba Hae. Ka lebaka la mohau, O rometse baromuoa A ba A senola libuka ho ba nts’a lefifing la borapeli ba litšoantšo le ho hloka tumelo, ho ba khannela leseling la borapeli ba Molimo O le Mong le tataisong. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ke Eena Ea theolelang litemana tse hlakileng ele bopaki ka Mohlanka Oa Hae [Muhammad] ele hore a tle a le nts’e lefifing ho le isa leseling. Ruri, Allah O Mosa O Mohau ho lona} [al-Hadid: 9].
Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Ha Rea u roma [uena Muhammad] haese feela hore u be mohau ho mafatše ’ohle.} [al-Anbiya’: 107]. Eaba Molimo O laela Moporofeta oa Hae (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be le eena) ho bolella bahlanka hore ke Eena Ea ts'oarelang, Ea Mohau. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {[Oho Muhammad], bolella bahlanka ba Ka hore Ke nna Ea ts'oarelang ka ho fetisisa, Ea Mohau o moholo} [al-Hijr: 49]. E ‘ngoe ea litsela tsa Mosa oa Hae le mohau ke hore O hlabolla moeeng le ho fana ka tlhohonolofalo ho bahlanka ba Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Haeba Allah A ka u ama ka kotsi, ha ho ea ka e tlosang haese Eena feela; ʼme haeba A ka u rerela molemo ha ho ea ka thibelang melemo ea Hae. O etsa hore o fihlele emong le emong Ea mo khethileng har’a bahlanka ba Hae. Ebile ke Eena Ea ts’oarelang, Ea Mohau ka ho fetisisa.} [Yunus: 107].
12. Allah ke Morena Ea Mohau ka ho fetisisa. Eena, A nnotši, O tla etsa hore libopuoa tsa Hae li ikarabelle ka Letsatsi la Kahlolo, nakong eo A li tsosang mabitleng a tsona. Emong le emong o tla putsoa ho latela mesebetsi ea hae. Ea etsang liketso tse ntle, nakong eo e leng molumeli o tla thabisoa ka thabo e sa feleng, empa haele ea sa lumeleng ebe o etsa libe o tla ba mahlonokong a kotlo bophelong bo tlang.
Allah ke Morena Ea Mohau ka ho fetisisa. Eena, A nnotši, O tla etsa hore libopuoa tsa Hae li ikarabelle ka Letsatsi la Kahlolo, nakong eo A li tsosang mabitleng a tsona. E mong le e mong o tla putsoa ho latela mesebetsi ea hae. Ea etsang liketso tse ntle, nakong eo e leng molumeli o tla thabisoa ka thabo e sa feleng, empa haele ea sa lumeleng e be o etsa libe o tla ba mahlonokong a kotlo bophelong bo tlang ka Letsatsi la Kahlolo. Sena se pakahatsa toka e hlakileng, bohlale le mohau oa Allah ho libopuoa tsa Hae, e le ho bonts’a hore o entse hore bophelo bona ebe mokhoa oa liketso, ha mokhoa o mong o etselitsoe ho kotula litholoana tsa mesebetsi, e le boikoahlaeo kapa moputso o motle, hore ea sebelitseng ka ho loka a kotule moputso oa mesebetsi ea hae e metle, ea sebelelitseng ka bobe, ka bokhopo le ka ho tlatlapa o tla fumana moputso oa mesebetsi ea hae e mebe ea khatello. Hobane batho ba bang ba tloha ba lumela hore sena ha se lumellehe kapa ho amoheleha, Allah O fane ka mapaki a mangata a bonts’ang hore tsoho ea bafu ke taba eo ho senang khang ka eona. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Har’a lipontšo tsa Hae, u bona lefats’e le omeletse empa nakong eo Re nesang pula le ea hlasimoloha ebe limela li ea mela. Kannete, Ea le fileng bophelo ke Ea fanang ka bophelo ho bafu. Ruri, O Matla holim’a lintho tsohle} [Fussilat: 39]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Oho lona batho, haeba le na le pelaelo ka Tsoho ea bafu, (tsebang hore) kannete, Re le bopile ho tsoa leroleng, eaba kamor’a moo ho tsoa ho lero la thobalano, eaba lehloele la mali, eaba Re le etsa sengoathoana sa nama - enang le sebopeho le esenang sebopeho – molemong oa hore Re ka le bonts’a [matla a Rona]. Ra beha ka lipopelong sohle seo Re se ratang ho fihlela nako ea pallo, Ra le nts’a le le bana, ebe Re le holisa ho fihlela le fihlela lilemo tsa kholo (bohlankana le boroetsana). ‘Me kahar’a lona hona le ba shoang pele ho moo, ha ba bang ba sala hore ba fihlele lilemo tsa botsofali, hore ba tle ba iphumane ba sa tsebe letho kamor’a hoba le tsebo. Ebe le bona lefats’e le sena bophelo, ebe nakong eo Re nesang pula, le ea hlasimoloha, le kokomohe ebe le hlahisa lintho tsohle tse ntle tse molemo.} [Surat al-Hajj:5]. Temaneng ena, Allah O fana ka mapaki a hlakileng (a lumellanang le kelello ea motho) ka tsoho ea bafu. Ona ke ana:
1- Hore Allah Ea Matla ʼOhle O bopile batho qalong ho tsoa leroleng. Kaha O mo bopile ho tsoa leroleng, O na le bokhoni ba ho mo phelisa hape kamor’a hore e be lerole.
2. Hore Ea khonang ho bopa motho ho tsoa ho peo ea botona O na le bokhoni ba ho khutlisetsa motho bophelong kamor’a lefu.
3. Hore Ea fileng lefats’e bophelo kamor’a ho shoa hoa lona; O na le bokhoni ba ho phelisa batho kamor’a ho shoa ha bona. Temana ena e ts’etse mehlolo e mengata ea Qur’an, joalokaha e ts’etse mapaki a mararo a lumellanang le kelello ea motho holim’a taba ena, leha temana ka bo eona e se telele.
Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ka Letsatsi leo Re tla phutha le ho mena Leholimo joaloka ho phuthoa ha meqolo ea mangolo. Joalokaha Re qalile popo khetlo la pele, Re tla e pheta. [Seo ke] ts’episo e tlamang ho Rona. Ruri, Re tla e phetha} [al-Anbiya’: 104]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {ʼMe o re etsetsa papiso, mme o lebetse ho boptjoa ha hae. O re: “Ke mang ea tla phelisa masapo ana ha a se a bolile ’me a fetohile lerole?” (78) E-re: “Ea ba bopileng lekhetlo la pele ke Eena ea tla ba phelisa hape; ebile ke Eena Ea tsebang libopuoa tsa Hae ka ho fetisisa”. (79)} [Yasin: 78-79]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Na ho thata ho le bopa lona kapa Leholimo [ke lona le thata]? (27) A phahamisa bophahamo ba lona [leholimo], A ba A lekants'a bophara ba lona (28) A koaela bosiu ba lona (ka lefifi) eaba O hlahisa hoseng hoa lona (ka leseli) (29) 'Me ka mor'a moo a pharalatsa lefatše. (30) Eaba O nts'a ho lona (lefats'e) metsi le makhulo (31) Haele lithaba A li tsitsisa (32)} [an-Nazi‘at: 27-32]. Allah O hlakisitse hore popo ea motho ha e thata joaloka popo ea Maholimo le lefats’e. Hona ho hlakile hore Ea nang le bokhoni ba ho bopa Maholimo le lefats’e O na le bokhoni ba ho boela A phelisa motho kamor’a ho nka bophelo ba hae.
13- Allah Ea Matla ʼOhle O bopile Adama ka lerole eaba O etsa hore litloholo tsa hae li ngatafale kamor’a hae. Kahoo, batho bohle ba ea lekana ho latela tlholeho, ha ho ea molemo ho feta ba bang ka lebaka la botona, bots’ehali kapa mohlobo, empa ea molemo ke ea ts’abang Allah ka ho fetisisa.
Allah Ea Matla ʼOhle O bopile Adama ka lerole eaba O etsa hore litloholo tsa hae li ngatafale kamor’a hae. Kahoo, batho bohle ba ea lekana ho latela tlholeho, ha ho ea molemo ho feta ba bang ka lebaka la botona, bots’ehali kapa mohlobo, empa ea molemo ke ea ts’abang Allah ka ho fetisisa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona batho, ruri, Re le bopile ho tsoa ho monna le mosali, Ra le etsa batho le merabe hore le tsebane. ‘Me ea hlomphehang ho lona mahlong a Allah ke ea ts’abang Allah ka ho fetisisa.} [Al-Hujurat:13]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Allah O le bopile ka lerole, eaba ka lero la botona le botšehali; A le etsa balekane (monna le mosali). Ha ho mosali ea emolang kapa ea belehang kantle ho tsebo ea Hae. Ha ho motho ea tsofetseng ea ekeletsoang nako ea bophelo kapa ea khutsufaletsoang nako ea bophelo, ‘me seo se Bukeng ea Ngoliso. Ruri, seo se bonolo ho Allah} [Fatir: 11]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Ke Eena Ea le bopileng ho tsoa leroleng, kamor’a moo ho tsoa ho lero la botona le botšehali, ebe lehloele la mali; A le nts’a le le masea; ebe O le holisa ho fihlela le fihlela lilemo tsa kholo (bohlankana kapa boroetsana), ebe le ba batho ba baholo. ‘Me har’a lona ho na le ba shoang pele ho moo, hore le fihlele nako ea lona (ea bophelo) e le e baletsoeng; hore mohlomong le e sebelise hantle} [Ghafir:67]. Allah Ea Matla ʼOhle O itse, a hlakisa hore hore O bopile Mesia ka taelo e akaretsang ka tsela eo A bopileng Adama ho tsoa leroleng. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, mohlala oa Jesu kapel’a Allah ke o ts’oanang le oa Adama; O ‘mopile ho tsoa leroleng, eaba O re ho eena: “e ba teng” eaba o ba teng} [Al ‘Imran: 59]. Ho ntlha ea bobeli, ke hlalositse hore Moporofeta (Khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena) o hlakisitse hore batho ba ea lekana le hore ha ho ea molemo ho feta emong haese ka lebaka la ts’abo ea Allah
14- ’Me ngoana e mong le e mong o tsoaloa a le holim’a fitrah (boemo ba tlhaho bo hloekileng).
’Me ngoana e mong le e mong o tsoaloa a le holim’a fitrah (boemo ba tlhaho bo hloekileng). Allah Ea Moholo-holo O itse: {Ka hona lebisa sefahleho sa hao bolumeling, u sekametse ‘neteng. [Khomarela] Fitrah ea Allah eo ho eona A bopileng batho [bohle]. Ha ho se ka fetolang ‘mopo oa Allah. Seo ke tumelo e nepahetseng, empa boholo ba batho ha ba tsebe} [ar-Rum: 30] Hanifiyyah ke bolumeli ba Abrahama, khotso e be ho eena. Molimo ea Matla 'Ohle o itse: {Hape Re senola ho uena [Muhammad], hore: latela tumelo ea Abrahama, tsitlallelang ho ea ‘neteng; kaha ene ese emong oa ba rapelang melimo e mengata.} [an-Nahl: 123]. Moporofeta (Khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena) o itse: “Ha ho ngoana ea tsoaloang kantle le hore a tsoalloe holim’a Fitrah (Semelo sa tlhaho sa ho rapela Molimo a le Mong). Ke batsoali ba hae ba mo etsang Mojuda kapa Mokreste kapa Magian (barapeli ba mollo), joalokaha liphoofolo li tsoala malinyane a tsona ka likarolo tsa ‘mele tse felletseng. Na le bona bofokoli ho tsona?” Eaba Abu Hurairah (Eka Allah A ka mo khotsofalla) o re: {Fitrah ea Allah eo ho eona A bopileng batho (bohle). ‘Me ho ke ke hoa ba le phethoho ‘mopong oa Allah. Seno ke tumelo e nepahetseng empa boholo ba batho ha ba tsebe} [Rum: 30]. E tlalehiloe ke Bukhari 4775, Moporofeta oa Allah (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena ) o itse: «Ruri, Morena oa ka O ntaetse ho le ruta seo le sa se tsebeng, seo A nthutileng sona kajeno: ‘Maruo ʼohle ao ke A behileng ho mohlanka Oaka ts’ebeliso ea ona e molaong sebakeng sa hae. Ke bopile bahlanka bohle ba Ka ka maemo a tlholeho a ho khumamela ‘Na ke le Mong, empa bademona ba tla ho bona ‘me ba ba khelosa tumelong, ba ba thibela tseo ke neng ke ba lumeletseng tsona, ’me ba ba laela hore ba nkopanye le melimo e meng eo ke sa kang ka ba fa bopaki kapa tumello ea ho etsa joalo» E tlalehiloe ke Muslim 2865.
15. Ha ho motho ea tsoetsoeng e le moetsa-libe kapa ea jang lefa la sebe sa ba bang
Ha ho motho ea tsoetsoeng ka sebe sa tsoalo (tlholeho) kapa ho ja lefa la sebe sa motho e mong. Allah Ea Matla ʼOhle O re boleletse hore Adama (khotso e be le eena) o ile a ikoahlaha a ba a baka kamor’a hore eena le mofumahali oa hae Eva ba se mamele molao o halalelang ea ba ba ja ho tsoa sefateng (seo ba neng ba laetsoe hore ba se ke ba se ja). O ile a kopa Allah hore A mo ts’oarele eaba Allah O mo etsa hore a bue mantsoe a monate ea ba O amohela pako ea bona e le moputso oa ona (mantsoe a monate). Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Eaba Re re: "Oho Adama! Lula uena le mosali oa hau Serapeng (Jannah), le je sohle seo le se ratang, empa le se ke la atamela sefate sena le tla ba har'a baetsa-libe} (35) Eaba Satane o ea ba eka, 'me a etsa hore ba tsoe moo ba neng ba le teng; Ra re: "Theohang kaofela hoa lona, ba bang e be lira ho ba bang; lefats’eng ke moo le tlang ho phela ho fihlela nako e baliloeng.(36) Eaba Adama o fumana ho tsoa ho Morena oa hae mantsoe; Eaba O ea mo ts'oarela; Ruri, Ke Ea ts'oarelang Ea Lereko (37) Ra re theohang 'moho ho tsoa sebakeng sena; ha tataiso e tla tla ho lona ho tsoa ho 'Na; Joale ba latelang tataiso Eaka, ha ho ts'abo ho bona 'me ba ke ke ba ikoahlaha.(38)} [al-Baqarah: 35-38]. Kaha Allah O amohetse pako ea Adama (khotso e be le eena), ka hona o ne a se a sa jara boima ba sebe seo, ka ho ts’oana le moloko oa hae kaha sebe se ile sa ts’oareloa kamor’a pako. Ho feta moo, motho ka mong, ho ea ka molao ha a ikarabelle sebeng sa motho e mong. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {ʼMe ha ho motho ea ka fumanang moputso kantle le oa hae, ha ho mojari oa (sebe) ea ka jarang sa emong; 'me ho Mong'a lona le tla khutlela, 'me O tla le hlokomelisa tseo esaleng le fapana ka maikutlo ho tsona} [Al-An’aam: 164].
Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ea etsang ka ho loka, o ho etsa molemong oa hae; ea khelohang o khelohela eena; ha ho mojari oa sebe ea tlang ho jara sebe sa motho emong; ha Re fane ka kotlo ho fihlela Re romela Morumuoa (ho hlokomelisa)} [Al-Isra'a: 14]. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ha ho mojari oa sebe ea tlang ho jara sebe sa motho e mong; haeba ea imetsoeng ke libe e be o kopa ho jarisoa ha ho na khonahala le haeka ba ea haufi le eena ka likamano; uena (Muhammad) u ka hlokomelisa feela ba ts'abang Allah ebile ba etsa Salat (thapelo). 'Me ea itlhoekisang ruri o itlhoekisa molemong oa hae. 'Me ho Allah ke moo ho khutleloang teng.} [Fatir: 18].
Sepheeo sa ho bopa batho ke: hore ba khumamele Allah A le Mong:
Sepheeo sa ho bopa batho ke hore ba khumamele Allah A le Mong Feela. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ha Kea bopa Al-jinn (meea e sa bonoeng) le batho haese (feela) hore ba Nthapele (ke le mong)} [Ad-Dhariyat: 56].
17. Islam e hlomphile motho, ea motona le ea mots’ehali, ‘me ea mo fa tiisetso ea litokelo tsohle tsa hae. Eaba ea mo etsa hore a jare boikarabello ka khetho ea hae, liketso le boits’oaro, ebile e mo etsa hore a nke boikarabello ka liketso tse mo nts’ang kotsi kapa ho nts'a batho ba bang kotsi.
Islam e hlomphile motho, ea motona le ea mots’ehali. Allah Ea Matla ʼOhle O bopile motho hore ebe Khalifa (moetapele) lefats’eng. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Hopola nakong eo Morena oa hao A neng A re ho Mangeloi: “Ruri, Ke tlo etsa Khalifa (moetapele) holim’a lefats’e} [al-Baqarah: 30].
Tlhompho ena e kenyelletsa meloko eohle e tsoang ho Adama. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Re hlomphile bana ba Adama e le kannete, eaba Re ba pepa holim’a lefats’e le leoatleng. Ra ba fa lintho tse molemo le ho ba phahamisetsa boemong bo phahameng ho feta ba lintho tsohle tseo Re li bopileng} [al-Isra’: 70]. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ruri, Re bopile motho ka popo e ntle ka ho fetisisa} [at-Tīn: 4].
Allah O thibetse motho, ho iketsa lekhoba le ikokobelletsang melimo efe kapa efe ea bohata, kapa la ea lateloang kapa la ea mameloang ntle le Allah, Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Har’a batho ho na le ba khethang melimo emeng kantle ho Allah; ba e rata ka lerato leo ba lokelang ho rata Allah ka lona; empa ba lumelang ba na le lerato le tebileng (le matla) ho Allah. Haeba baetsa-libe ba ne ba ka bona kotlo, ba ne ba tla utloisisa hore matla ʼohle ke a Allah le hore Allah O matla ka kotlo. [ʼMe ba lokela ho ela hloko hore] nakong eo ba lateloang, ba latolang ba ba latelang e leng nakong eo [bohle] ba bonang kotlo, ‘me likamano lipakeng tsa bona li tla khaoha} [al-Baqarah:165-166]. Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisitse boemo ba balateli le ba lateloang ka bohata ka Letsatsi la Tsoho: {Ba neng ba ikhohomosa ba tla re, ho ba neng ba tlatlapuoa: Na re ile ra le khelosa tataisong kamor’a hore e tle ho lona? Leha, le ne le le baetsa-libe. (32) Ba neng ba hatelletsoe ba tla re ho ba neng ba ikhohomosa, “Leha ho le joalo, ene ele mosebetsi oa lona oa kamehla (mots’eare le bosiu) oa ho re laela ho se lumele ho Allah le ho mo etsetsa balekane.” Ba tla leka ho pata ts’oabo ea bona nakong eo ba bonang kotlo, ‘me Re tla khoesa maqhama a liketane melaleng ea ba sa lumeleng. Na ba tla fumana moputso la se seng kantle le seo ba neng ba tloaetse ho se etsa? (33)} [Sabaʼ: 32 - 33].
Kahar’a toka eo Allah A tlang ho e aba ka Letsatsi la Kahlolo, ke hore O tla etsa hore Duaat (ba neng ba fana ka molaetsa oa Islam sechabeng) le Imaams (barutehi ba Islam) ba khelosang sechaba, ba jare libe tsa bona le tsa bao ba ba khelositseng tseleng ea Molimo. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Hore ba tle ba jare boima (libe) ba bona ka botlalo ka Letsatsi la Tsoho le maima a bao ba ba khelositseng ka lebaka la ho hloka tsebo. Seo ba se jarang se sebe hakaakang!} [an-Nahl: 25].
’Me Islam e netefalelitse motho litokelo tsa hae ka botlalo lefatšeng lena le lefatšeng le tlang. ’Me litokelo tse kholo ka ho fetisisa tseo Islam e li netefalitseng le ho li hlalosetsa batho ke: tokelo ea Allah holim’a batho, le tokelo ea batho ho Allah. . Mu’adh (E ka Allah A ka mo khotsofalla) o itse: Ke ne ke palame kamor’a Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena). O ile a re: «“Oho Mu’adh!” Ke ile ka mo araba ka re: “Ke teng taolong ea hao!” O ile a mpitsa makhetlo a mararo eaba o re: “Na u tseba tokelo ea Allah holim’a bahlanka ba Hae?” Ke ile ka re: “Che!” O ile a re: “Tokelo ea Allah holim’a bahlanka ba Hae ke hore ba Mo rapele A le mong ‘me ba se Mo kopanye le eng kapa eng borapeling.” Eaba o tsoela-pele ha nakoana eaba o re: “Mu’adh!” Ka boela ka mo araba ka re: “Ke teng taolong ea hao!” A re: “Na u tseba tokelo ea bahlanka ho Allah haeba ba phetha tseo? Ke hore A se ke a ba fa kotlo”» E tlalehiloe ke Al-Bukhari (6840).
Islam e boela e tiisetsa motho ts’ireletso ea tumelo ea hae ea ‘nete ‘moho le bana ba hae, Maruo le seriti sa hae. Moporofeta (Khotso le Mohau li be ho eena) o itse: «Ruri, Allah O entse hore mali a lona, thepa ea lona le seriti sa lona, li halalele le ho hlompheha joaloka letsatsi lena la lona, le khoeli ena ea lona le Motse ona oa lona.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhari:( 6501)] Morumuoa (khotso e be le eena) o phatlalitse selekane sena leetong la hae la Selumeli la ho fonanisa (Hajjatul-Wadaʼ) le neng le kenetsoe ke makholo a likete a barutuoa (Sahabah) ba hae. O ile a boela A phetha moelelo ona mme a o tiisa ka matla ka letsatsi la sehlabelo (Yawm an-Nahr) e leng khoeli ea Dhul Hijjah ha e hlola matsatsi a leshome).
Ho tloha moo, Islam e entse motho hore a nke boikarabello holim’a ntho tsohle tseo a li entseng joaloka, khetho ea hae, liketso tsa hae le boits’oaro ba hae. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ho motho e mong le e mong Re tlameletse liketso tsa hae , ‘me Re tla ‘monts’a tsona ka Letsatsi la Kahlolo bukeng ea litlaleho eo a tlang ho e phetleloa. (Ho tla thoe): “Bala buka ea hao ea tlaleho ea liketso. Bopaki ba hau khahlanong le uena bo lekane ka Letsatsi lena la boikarabello.”} [al-Isra’: 13-14]. Ka mantsoe a mang, lintle le limpe li ho ketsoe ho moetsi oa tsona ‘me li ke ke tsa lebisoa ho motho e mong hobane motho ea ikemetseng a ke ke a fuoa boikarabello ba liketso tsa motho e mong kapa ho etsoe hore motho e mong a ikarabelle liketsong tsa hae. Joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Oho lona batho, ruri le sebetsa ka thata ho ea ho Morena oa lona ‘me ka hona le tla kopana le Eena} [al-Inshiqaq: 6]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ea etsang ka ho loka - ke molemong oa moea oa hae; ‘me ea etsang bobe ke khahlanong le eena. ‘Me Morena oa lona O aba toka ho bahlanka bohle [ba Hae]} [Fussilat: 46].
Islam e beha boikarabello ho motho malebana le ketso ea hae e mo hlokofatsang kapa e hlokofatsang ba bang. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe ea etsang sebe o se etsa khahlanong le eena (ka boeena). ‘Me Allah O tseba ka hohle-hohle le ho ba bohlale ka ho fetisisang.} [an-Nisa’: 111]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ka lebaka leo ra laela bana ba Iseraele hore: mang kapa mang ea bolaileng motho a se na lebaka la hore a iphetetse ka polao, kapa ntle le hore e be ka baka la ho senya le ho baka bobolu lefatšeng, ho tšoana le ha a bolaile batho bohle; ’me mang kapa mang ea pholosang bophelo ba motho, ho tšoana le ha a pholositse bophelo ba batho bohle. } [al-Ma’idah: 32]. Morumuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: {Ha ho motho ea bolailoeng ka phoso ntle le hore letsibolo la Adama (Kaine) le nke karolo ea sebe holim’a mali a hae hobane ke eena oa pele oa ho ts’olla mali.”} [E tlalehiloe ke Muslim: 5150].
18. Islam e entse banna le basali ba lekane malebana le liketso, maikarabello, moputso le kotlo tsa bona.
Islam e entse banna le basali ba lekane malebana le liketso, maikarabello, moputso le kotlo tsa bona. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ea etsang liketso tse ntle, e le e motona kapa e mots’ehali, ebile e le molumeli – bao ba tla kena Jannah (Paradeiseng) ‘me ba ke ke ba hlokofatsoa, [le haesele hanyane].} [an-Nisa’: 124]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Mang kapa mang ea etsang ketso tse lokileng, e le e motona kapa e mots’ehali, ha feela e le molumeli- kannete-nete Re tla mo putsa ka bophelo bo monate, ‘me Re tla ba putsa ho latela mesebetsi ea matsoho a bona.} [an-Nahl: 97]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Mang kapa mang ea etsang sebe o tla putsoa ka kotlo ea sona se le joalo, ‘me ea etsang ketso e lokileng- e le e motona kapa e mots’ehali, ha feela e le molumeli, bao ba tla kena Paradeiseng, moo teng ba tlang ho fuoa sohle ntle ho tekanyo} [Ghafir: 40]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, banna le basali ba mamoseleme, banna le basali ba balumeli, banna le basali ba ikobelang melao ea ‘Mopi, banna le basali ba bots’epehi, banna le basali ba nang le mamello, banna le basali ba ikokobetsang, banna le basali ba fanang ho tsoa maruong a bona, banna le basali ba hopolang ‘Mopi ka linako tsohle - Allah O ba lokiselitse ts’oarelo ea mefokolo le libe tsa bona le moputso o babatsehang.} [al-Ahzab: 35].
19. Islam e hlompha basali ebile e ba nka e le bathusi ba banna. Ebile e behile maikarabello a lichelete ho monna haeba a na le bokhoni. Ntate o tlanngoe ho hlokomela morali; mora ho ‘m’e oa hae haeba a le moholo a bile a ena le bokhoni le monna ho mosali oa hae.
Islam e nkile basali e le balekane ba banna, ba lekana le bona ka seriti, tokelo le boikarabelo. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena) o itse: «Basali ke balekane ba banna.» [E tlalehiloe ke Al-Tirmidhi: 113].
Ele tsela ea ho hlonepha basali, Islam e entse setlamo ho mora ho ts’ehetsa ‘m’e oa hae haeba a e na le bokhoni ba lichelete. Moporofeta (Khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be ho eena) o itse: “Letsoho le fanang ke lona le ka holimo. Qala ka bao u ikarabellang ho bona: ‘m’e oa hau, ntate oa hau, khaitseli ea hau, moena / moholoane oa hau ebe kamor’a moo eba baamani le uena ho ea ka katamelano (ea likamano tsa lona). E tlalehiloe ke Ahmad Maemo a batsoali [ho ea ka Islam] a tla hlalosoa ka botebo serapeng sa 29.
Boemo bo bong ba ho hlonepha basali Islamong ke hore monna o tlanngoe ho hlokomela mosali oa hae ka lichelete ha a na le bokhoni. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Morui a ke a fane ho latela maemo a maruo a hae, ‘me ea futsanehileng eena, a fane ho latela kamoo ‘Mopi A mo fileng ka teng. Allah Ha A imetse mang kapa mang ho feta bokhoni boo A mo abetseng bona. Allah O tla tlisa boiketlo kamor’a mathata.} [at-Talaq: 7]. Monna emong o ile a botsa Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae): Tokelo ea mosali ho monna oa hae ke efe? A mo araba: «U mo fepe ha u ja, u mo apese ha u apara, u se ke oa mo otla sefahlehong, ʼme u se ke ua mo nyenyefatsa kapa ua mo rohaka.» [E tlalehiloe ke Ahmad] Morumuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o hlalositse litokelo tse ling tsa basali ho banna ba bona ka hore: «Basali ba na le tokelo holim’a lona ea ho fuoa phepelo ea bona le liaparo tsa bona ka tsela e nepahetseng le e amohelehang» [E tlalehiloe ke Muslim]. ʼMe Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) a boela a re: «Ho lekane hore motho a be le sebe ha a hlokomoloha bao a lokelang ho ba fepa le ho ba hlokomela.» [E tlalehiloe ke Ahmad] Al-Khattabi o itse: (Polelo ea hae: “bao a lokelang ho ba fepa” e bolela batho bao a tlamehang ho ba hlokomela ka lijo. Moelelo ke hore ho joalokaha eka o re ho motho ea fanang ka Sadaqah (monehelo oa boithaopo): u se ke ua fana ka monehelo ka se fetang se hlokahalang bakeng sa lijo tsa ba lelapa la hao ka sepheo sa ho batla moputso ka eona; hobane seo se ka fetoha sebe haeba u ba hlokomoloha.)
Holim’a moo, ntate o lokela ho hlokomela morali oa hae, e leng e ‘ngoe ea litlhoko tsa tlhompho ho basali ho ea ka Islam. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe bo-'mè ba tla anyesa bana ba bona lilemo tse peli tse felletseng, bakeng sa ba lakatsang ho phethela nako e felletseng ea ho anyesa. ʼMe ke boikarabello ba ntat’a ngoana ho ba fa lijo le liaparo ka toka} [al-Baqarah: 233]. Temaneng ena, Allah O laela ntate ho fepa le ho apesa ngoana ea sa tsoa belehoa ka se amohelehang. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {’Me haeba ba le anyesetsa (bana ka mor'a tlhalano), ba feng meputso ea bona} [at-Talaq: 6]. Temaneng ena, Allah O entse hore karolo ea kanyeso ea lesea ebe boikarabello ba ntate, hona ho bonts’a hore ntate o lokela ho hlokomela ngoana oa hae, e motona kapa e mots’ehali. Ho Hadith (lithuto tsa Moporofeta [khotso e be le eena]) e latelang, ke bopaki ba boikarabello ba lithuso tsa lichelete (tsa tlhokomelo ea mosali le kholiso ea ngoana) ho mosali le bana ba hae ho tsoa ho ntate. ‘A’ishah (Eka Allah A ka mo khotsofalla) o tlalehile: “Hind o ile a bolella Moporofeta (khotso e be le eena) hore Sufyan (monna oa hae) o lekhonatha o hloka ho qotsa cheleteng ea hae [ho its’ehetsa ‘moho le bana ba hae]. Eaba Moporofeta o ea mo araba: «Nka se lekaneng sebakeng sa hao le bana ba hao ho ea ka se amohelehang.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhari] Moporofeta ea hlomphehang (khotso e be le eena) o bonts’itse moputso oa ts’ireletso ea barali le likhaitseli. Eaba (khotso e be le eena) o re: «Ea hlokomelang barali ba babeli kapa ba bararo kapa likhaitseli tse peli kapa tse tharo ka lichelete ho fihlela ba nyetsoe kapa ho fihlela a shoele o tla ba le ‘na tjena – eaba o supa ka menoana ea hae e ‘meli e leng o bohareng le oa bosupa» [Al-Silsilah al-Sahihah: 296].
20. Lefu ha se pheletso ea motho empa ele leeto la ho tloha bosebeletsing ho kena leetong la ho khola litholoana tsa mesebetsi (meputso). Lefu le ama ‘mele le moea ka bobeli kaha moea o arohana le ‘mele ka nako ea lefu, ebe o tla khutlela ho ona ka nako ea tsoho ea bafu ka Letsatsi la Kahlolo. Moea ha o kene ‘meleng o mong kamor’a lefu kapa ho fetoha ntho e ‘ngoe e sele.
Lefu ha se pheletso. Allah Ea Matla ʼOhle O re: E re: {E re, “Lengeloi la lefu, le ikarabellahg ho lona, le tla le nka. ‘Me ho Morena oa lona le tla khutlela.”} [as-Sajdah: 11]. Lefu le ama ‘mele le moea ka bobeli kaha moea o arohana le ‘mele ka nako ea lefu, ebe o khutlela ‘meleng ka nako ea tsoho ea bafu ka Letsatsi la Kahlolo. Allah ea Matla ʼOhle O re: {Allah O nka meea ka nako ea lefu, ʼme [meea] e sa shoeng [o e nka] ka nako ea eona ea boroko. O boloka ea bao A esong ho ba hlophele ho shoa ebe O lokolla ba bang ho fihlela nakong e hlophiloeng. Ruri, ho na le mats’oao ho sena ho batho ba nahanang.} [az-Zumar: 42]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be ho eena) o itse: «Ruri, nakong eo moea o nts’oang [nameng], pono e o sala morao.» [E tlalehiloe ke Muslim: 920], Kamor’a lefu, motho o tloha lefats’eng la mosebetsi ho ea ho la moputso. Allah O re: {Ho Eena ke moo bohle le tlang ho khutlela. Ts’episo ea Allah ruri, e tla phethahala. O qalile tlholeho ‘me O tla boela A e khutlisetsa morao, hore A tle A putse ka toka ba lumelang ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Empa sebakeng sa ba sa lumeleng ho tla ba le metsi a belang (ha ba nyoriloe ba tla neosoa metsi a belang) le kotlo e boima ka lebaka la ho se lumele.} [Yunus: 4].
Moea ha o kene ‘meleng o mong kamor’a lefu kapa ho fetoleloa ‘meleng o fapaneng. Maikutlo a hore motho ha a shoa o fetoha se seng ha e tšehetsoe ke lekello kapa boinahano bo nepahetseng. Ho eketsa moo, ha ho sengoliloeng le haele se le seng se tlalehiloeng ho tsoa ho Moporofeta (khotso e be le eena) se ka ts’ehetsang bolumeli bono.
21. Islam e biletsa ho bolumeli ba lits’iea tse ka sehloohong tsa tumelo: ho lumela ho Allah, le ho Mangeloi a Hae, le ho Libuka tsa leholimo tse kang Torah, Evangeli, Lipesalema (pele li fetoloa le ho senngoa), le Qur’an. E boela e biletsa ho lumeleng ho baporofeta le baromuoa bohle (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a bona) le ho oa ho qetela oa bona e leng Muhammad (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae). Hape Islam e bitsa ho lumeleng ho Letsatsi la ho qetela hobane rea tseba hore bophelo ba lefats’e lena hoja e ne e le phello [ho se moo re fetelang teng], joale bophelo le bo-teng li ka be li sena molemo [moelelo]. E boela e bitsa bolumeling ba Qadha le Qadar [e leng tumelo ea hore ntho e 'ngoe le e 'ngoe e etsahalang bokahohleng bona e etsahala ka thato le taelo ea Allah].
Islam e biletsa bolumeling ba lits’iea tse ka sehloohong tsa tumelo, tseo baporofeta bohle le baromuoa ba memetseng ho tsona, eleng:
Ea pele: Ho lumela ho Allah e le Morena, ‘Mopi, Mofani le Molaoli oa lintho tsohle. Allah A nnotši ke Eena Ea lokeloang ke ho rapeloa le hore borapeli ba molimo o mong kantle ho Eena bo fosahetse, kaha melimo e meng ke ea bohata; ka hona, borapeli bo loketse Eena A le Mong. ‘Me sena se hlalositsoe haholo serapeng sa Borobeli (8).
Allah Ea Matla ʼOhle O hlalositse lits’iea tseo tse ka sehloohong litemaneng tse ngata kahare ho Qur’an e halalelang. Mohlala, Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Moromuoa o lumela ho se rometsoeng ho eena ho tsoa ho Morena oa hae, joaloka ho ts’oana le balumeli, kaofela hoa bona ba lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, le ho baromuoa ba Hae, [ba re]: “Ha ho eo re mo khethollang kahare ho baromuoa ba Hae.” ‘Me ba re, “Rea utloa ebile rea mamela. Re ts’oarele, Morena oa rona, ‘me ho Uena ke pheletso ea tsohle.”} [al-Baqarah: 285]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse O re: {Bokhabane [ho loka] ha se hore le reteletse lifahleho tsa lona bochabela kapa bophirima, empa bokhabane ke ho ea lumelang ho Allah, le ho Letsatsi la ho qetela, le ho Mangeloi, le ho Libuka le ho baporofeta; le ba fanang ka maruo a bona leha ba a rata, ho beng ka bona, likhutsana, bahloki, ba maetong, bakopi le ho lokolla makhoba; ho etsa thapelo le ho fana ka Zakaat; ho phethahatsa litumellano, ho ba le mamello ka nako ea maima (mathata), likoluoa le bobe. Ba joalo ke balumeli ba ‘nete, ‘me ke bahalaleli.} [al-Baqarah: 177]. Allah Ea Matla ʼOhle O re memetse ho lumela ho lits’iea tseo, A ba a e hlakisa hore ho li latola ho lebisa tahlehong. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona ba lumelang, lumelang ho Allah, le ho Morumuoa oa Hae, le ho Buka eo A e senotseng ho Moromuoa oa Hae, le ho Libuka tseo A li rometseng pele. Ea hanang Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, Baromuoa ba Hae le Letsatsi la ho qetela, ruri o lahlehile hole haholo tseleng e nepahetseng.} [an-Nisa’: 136]. Tlalehong ea Umar ibn al-Khattab (E ka Allah A ka mo khotsofalla) o itse: (Ka letsatsi le leng re lutse le Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena), be! Ha hlaha monna ka pel’a rona ea neng a apere seaporo se sesoeu haholo a ena le moriri o mots’o haholo, ho sena mats’oao a leeto ho eena, ʼme ho sena ea mo tsebang har'a rona ho fihlela a lula ka pel’a Moporofeta (khotso e be le eena) hoo mangole a bona a neng a thetsane, a beha matsoho a hae holim’a lirope tsa Moporofeta (khotso e be le eena) eaba o re: «Oho Muhammad, mpolelle ka Islam. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o ile a re: “Islam ke ho beha bopaki hore ha ho molimo o fe kapa o fe o lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah le hore Muhammad ke Moromuoa oa Allah, ho etsa As-Salaat (thapelo), ho fana ka Zakaat (menehelo e tlamang), ho itima ka khoeli ea Ramadhan, le ho etsa Hajj (leeto la borapeli) ha u na le bokhoni.” Monna eo a re: “U boletse ‘nete.” Re ile ra makala hore o botsa potso ebe ha a qeta o netefatsa karabo ea eona. Eaba o re: “Mpolelle ka imaan (tumelo)”. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) a re: “Ke ho lumela ho Allah, le ho mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho baromuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho qetela le qadr (tsohle tse ngotsoeng le ho lumelloa ke Molimo hore li etsahale) botle le bobe ba eona”. Eaba monna eo o re: “U boletse ‘nete. Mpolelle ka Ihsaan (ho loka/bokhabane).” Moporofeta (khotso e be le eena) a re: “Ke ho rapela Allah joalokaha e ka u ea mo bona, empa bonnete e le hore ha u mo bone, ke Eena ea u bonang.» [E tlalehiloe ke Muslim: 8]. Ho Hadith (Tlalehong) ena, Jibril (Gabriele) —khotso e be le eena— o tlile ho Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena) eaba o ‘motsa ka methati ea tumelo, e leng Islam, Imaan, le Ihsaan. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o mo arabile eaba o hlalosetsa barutuoa ba hae hore Gabriele (khotso e be le eena) o tlile ho ba ruta tumelo ea bona. Sena ke seo Islam e leng sona; molaetsa (ts’enolo) o tsoang Leholimong o tlileng ka Gabriele, oa fetisetsoa bathong ke Muhammad (khotso e be le eena), oa bolokoa ke barutuoa (E ka Allah A ka khahlisoa ke bona kaofela) ba u fetiselitseng ho batho kamor’a lefu la Moporofeta (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae).
Ea bobeli: Ho lumela ho mangeloi, ao e leng karolo ea lisabonoeng (lintho tseo re lumelang ho tsona feela re sa li bone), ao Allah A a bopileng ka sebopeho sa teng se khethehileng. ‘Me O a file mesebetsi e meholo, o moholo ka ho fetisisa oa mosebetsi ke ho fetisa melaetsa e halalelang ho baporofeta le baromuoa. Lengeloi le leholo ka ho fetisisa ke Gabriele (khotso e be le eena). Bo bong ba mapaki a bonts’ang hore na Gabriele (khotso e be le eena) o ne a fetisa melaetsa joang ho ea ho baporofeta (khotso e be le bona) ke polelo ena ea Allah Ea Matla ʼOhle: {O theolela Mangeloi lefats’eng ka ts’enolo ka taelo ea Hae ho eo A mo ratileng har’a bahlanka ba Hae, [A re]: “Lemosang hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa kantle le ‘Na, kahoo nts’abeng”} [an-Nahl: 2]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse O re: {Ruri, Qur’an ke ts’enolo ea Morena oa mafats’e. (192) E theoletsoeng lefats’eng ke Moea o Ts’epahalang [Gabriele] (193) pelong ea hau [Muhammad] – hore u tle u be emong oa bahlokomelisi. (194) ka leleme le hlakileng la Searabia. (195) 'Me ruri, e hlalositsoe ho libuka tsa batho ba pele (196)} [ash-Shu‘arā’: 192-196].
Ea boraro: Ho lumela ho lingoliloeng tse halalelang tse kang Torah, Evangeli, Lipesalema – pele ho kena-kenanoa le tsona – ebe qetellong Qur’an. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona ba lumetseng, lumelang ho Allah, le ho Baromuoa ba Hae, ho Buka eo A e senotseng ho Moromuoa oa Hae le Libuka tseo A ileng A li romela nakong e fetileng. Ea sa lumeleng ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, baromuoa ba Hae le Letsatsi la ho qetela, ruri o lahlehile hole haholo tseleng e nepahetseng. } [an-Nisa’: 136]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse O re: {O senotse ho uena [Muhammad], Buka ea ‘nete, e lumellanang le tse tlileng pele ho eona. Joalokaha A ile A senola Torah le Evangeli nakong e fetileng, (3) Pele ele tataiso ho batho, ‘me O rometse le Furqan [Qur'an]. Empa joale ba latolang litemana tsa Allah ba tla fumana kotlo e kholo e boima, ruri Allah O Matla ʼOhle, Mong'a phetetso (4)} [Al ‘Imran: 3-4] Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Moromuoa o lumela ho se rometsoeng ho eena ho tsoa ho Morena oa hae, joaloka ho ts’oana le balumeli, kaofela hoa bona ba lumela ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, le ho baromuoa ba Hae [ba re], “Ha ho eo re mo khethollang kahare ho baromuoa ba Hae.” ‘Me ba re, “Rea utloa ebile rea amohela. Re fe ts’oarelo ea Hau, Morena oa rona, ‘me ho Uena ke pheletso ea tsohle.”} [al-Baqarah: 285]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E re, “Re lumela ho Allah, le se rometsoeng ho rona, le se neng se rometsoe ho Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo, le Asbat (bara ba Jakobo ba leshome le metso e mmeli), le se neng se fuoe Moshe, Jesu le baporofeta ba bang ho tsoa ho Morena oa bona; ha re khetholle e mong oa bona ‘me ho Eena rea inehela.”} [Al ‘Imrān: 84].
Ea bone: Ho lumela ho baporofeta bohle le baromuoa (khotso e be le bona). Motho o tlameha ho lumela ho bona kaofela le hore ba ne ba rometsoe ke Allah ho tla fetisa melaetsa ea Allah ho lichaba tsa bona, tumelo ea Hae le melao. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E reng [Oho lona balumeli]: “Re lumela ho Allah le se theoletsoeng ho rona; le se theoletsoeng ho Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo, le Asbat [bara ba Jakobo]; le se fuoeng Moshe le Jesu; le se fuoeng baporofeta ho tsoa ho Morena oa bona. Ha re etse khethollo lipakeng tsa emong oa bona ‘me ho Eena re a inehela.} [al-Baqarah: 136]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Moromuoa o lumela ho se rometsoeng ho eena ho tsoa ho Morena oa hae, joaloka ho ts’oana le balumeli, kaofela hoa bona ba lumela ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, le ho baromuoa ba Hae [ba re], “Ha ho eo re mo khethollang kahare ho baromuoa ba Hae.” ‘Me ba re, “Rea utloa ebile rea mamela. Re fe ts’oarelo ea Hao, Morena oa rona, ‘me ho Uena ke pheletso ea tsohle.”} [al-Baqarah: 285]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E re, “Re lumela ho Allah, le se rometsoeng ho rona, le se neng se rometsoe ho Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo, Asbat (bara ba Jakobo ba leshome le metso e mmeli), le se neng se fuoe Moshe, Jesu le baporofeta ba bang ho tsoa ho Morena oa bona; ha re khetholle emong oa bona ‘me ho Eena re a inehela.”} [Surat Al ‘Imran: 84].
Motho o lokela ho lumela hape hore Muhammad (khotso e be le eena) ke khorula ea baporofeta le baromuoa bohle (khotso e be le bona). Allah Ea Matla ʼOhle O re: {[hopola] nakong eo Allah a etsang selekane le baporofeta, [A re], “Kamor’a hore Ke le fe Libuka le bohlale, haeba ho tla moromuoa ea lumellanang le se ho lona, ka hona le lokela ho lumela ho eena ‘me le mo ts’ehetse.” Allah O itse: “Na le lumellana le selekane see, le ho amohela boitlamo boo?” Ba ile ba re: “E, re ea lumela.” O ile A re: “Ke hore le pake ‘me Ke na le lona har’a lipaki.”} [AI ‘Imran: 81]
Islam e laela ho lumela ho baporofeta le baromuoa bohle (khotso e be le bona) ka kakaretso, ho kenyelletsa le oa ho qetela e leng Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena). Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E-re: lona batho ba Lengolo (Bajuda le Bakreste), ha le na motheo ho hang, ho fihlela le latela le ho tiisa Molao (Torah), Evangeli (Injeel), le tsohle tse senotsoeng ho lona ke Morena oa lona.} [al-Ma’idah: 68]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E-re, “Oho lona Batho ba Lengolo (Bajuda le Bakreste), tloong lentsoeng le leka-lekaneng pakeng tsa rona le lona, e leng hore ha ho eo re lokelang ho mo khumamela kantle ho Allah, ‘me ha re hokahanye balekane le Eena, ‘me ha re nkane re le marena kantle ho Allah.” Empa haeba ba furalla, e re: “Behang bopaki hore re Mamoseleme [re inehetse ho Allah].”} [Al ‘Imran: 64].
Ho se lumele ho e mong oa baporofeta ho bolela hore motho ha a lumele ho baporofeta le baromuoa bohle. Ke ka hona, Allah A re bolelletseng ka kahlolo ea Hae ho batho ba Noe (khotso e be le eena): {Batho ba Noe ba latotse baromuoa} [ash-Shu‘ara’: 105]. Ke ntho e tsebahalang hantle hore Noe (khotso e be le eena) ha ho moromuoa ea tlileng pele ho eena. Empa leha ho le joalo, ha batho ba hae ba mo latola ebile ba mo furalla, hono ho ile hoa boleloa hore ba ea hana le ho furalla baromuoa le baporofeta bohle ba tlang ho mo latela hobane ba fetisa molaetsa o le mong le sepheeo se le seng.
Ea bohlano: Ho lumela ho Letsatsi la ho Qetela, e leng Letsatsi la Kahlolo. Qetello ea bophlelo ba lefats’e lena, Allah O tla laela lengeloi Israfeel (khotso e be le eena) ho letsa terompeta e tlang ho etsa hore bohle bao Allah A ba ratileng ba ilibane ʼme ba shoe. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Terompeta e tla letsoa ‘me bohle ba Maholimong le lefats’eng ba tla ilibana ba shoe, kantle le bao Allah A ba ratang. Ebe e letsoa hape ‘me hang ba tla be ba eme ba shebile} [az-Zumar: 68]. Kamor’a hore bohle ba Maholimong le lefats’eng ba timele kantle le bao Allah A tla beng A sa hloke hore ba shoe, Allah O tla mena Maholimo le lefats’e ele sesupo sa polelo ena ea Hae: {Ka Letsatsi leo Re tla mena Leholimo joaloka ho menoa ha leqephe la buka, joalokaha Re qapile tlholeho, Re tla e busetsa morao hape. Seno ke ts’episo e tlamang, eo kannete Re tlang ho e phethahatsa.} [al-Anbiya’: 104. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ha ba lekants'e boholo ba Allah kamoo A lokeloang ho lekants'oa, mohla Letsatsi la Kahlolo lefats’e lohle le tla fella ka har’a seatla sa Hae, Maholimo ʼohle a tla phutheloa kahar’a seatla sa Hae se setona. Tlotla e be ho Eena! Ea Phahameng ka ho fetisisa ho tsohle tseo ba mo kopanyang le tsona!} [az-Zumar: 67]. 'Me Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Allah Ea Matla ʼOhle O tla mena Maholimo ka Letsatsi la Kahlolo ebe O a nka ka letsoho la Hae le letona ebe O re: ‘Ke ʼNa Morena. Ba matla ba kae? Ba nang le boikhohomoso ba kae?’ Ebe, O mena lefats’e (joaloka Maholimo) ebe O le nka ka letsoho la Hae le lets’ehali ebe O re: ‘‘Ke ʼNa Morena. Ba matlahali ba kae? Ba nang le boikhohomoso ba kae?’. [E tlalehiloe ke Muslim]
Allah kamorao ho moo O laela lengeloi ho letsa terompeta hape, kamor’a moo bohle ba tla ema ba shebe (ba lebelle). Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ebe e letsoa hape ‘me hang ba tla be ba eme ba shebile} [az-Zumar: 68]. Nakong eo Allah A tsosang libopuoa, O tla li bokella ho tla ikarabella. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Tsatsing leo lefats’e le tla peperana (ba tla tsoa) ka potlako; seo e tla ba kopano, e bobebe ho Rona} [Qaf: 44]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Letsatsing leo ba tla hlahella ka lona (pontšeng), ‘me ha ho letho le tlang ho ipatela Allah. [O tla re], “ʼMuso ke oa mang kajeno?” [Allah O tla ikaraba, A re], “Ke oa Allah, A le Mong, Ea nang le tlholo holim’a lintho tsohle!”} [Ghafir: 16]. Ka Letsatsi leo, Allah O tla ahlola batho bohle, ʼme O tla etsa hore bohle ba tlatlapiloeng ba thole toka ho batlatlapi ba bona, ‘me motho e mong le e mong o tla putsoa ho latela mesebetsi ea hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Tsatsing leo moea o mong le o mong o tla buseletsoa seo o se sebelelitseng. Ha ho khatello kajeno! Ruri, Allah O potlakela ho putsa.} [Ghafir: 17]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri Allah Ha A etse bokhopo le haele bo lekanang le boima ba athomo. Haeba ele ketso e ntle, O tla e atisa (ngatafatsa) makhetlo ‘me O tla fana ka moputso ho tsoa ho Eena} [an-Nisa’: 40]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Kahoo, ea etsang botle bo lekanang le boima ba athomo o tla bo bona. (7) ʼMe ea etsang bobe bo lekanang le boima ba athomo o tla bo bona (8)} [az-Zalzalah: 7-8]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe Re tla beha teka-tekano holim’a sekala sa toka Letsatsing la Tsoho, ha ho motho ea tla ahloloa ka ho hlokeloa toka ho hang. Le ha ekaba boima ba peo ea mosetareta, Re tla bo hlahisa. ‘Me ho lekane ho Rona hoba babali (ba liketso)} [al-Anbiya’: 47].
Kamor’a tsoho ea bafu, likarabo le likahlolo; liketso tse ntle li tla putsoa ka manolo a nyakalatsang a sa feleng (a linako tsohle), ha liketso tse mpe le ho se lumele ho tla khannela moetsi oa tsona kahlolong. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Borena Letsatsing leo ke ba Allah; O tla ahlola pakeng tsa bona, joale bao ba lumelang 'me ba etsa liketso tse ntle ba tla ba Lirapeng tsa nyakallo (56) Empa ba neng ba sa lumele ba latola litemana tsa Rona, bao ba tla ba le kotlo e hlabisang lihlong (57)} [al-Hajj: 56-57]. ʼMe rea tseba hore hoja bophelo ba lefatše e ne e le bona bofelo, bophelo le boteng bona e ne e tla ba ntho ea lefeela (papali) feela. Allah Ea Phahameng o itse: {E le hore le nahana hore Re le bopetse lefeela le hore ha le na khutlela ho Rona?} [al-Mu’minun: 115].
Ea botšelela: ho lumela qadha’ le qadar (thero ea pele le taelo ea bomolimo), e leng hore ho tlameha ho lumeloa hore Allah o tseba tsohle tse kileng tsa ba teng, tse teng hona joale, le tse tlang ho ba teng lefatšeng lena lohle; le hore Allah O ngotse tsohle tseo pele a bopa maholimo le lefatše. Allah, Ea Phahameng, O itse: {‘Me ho Eena ho na le linotlolo tsa tse patiloeng (ghayb); ha ho ea li tsebang ntle le Eena feela. O tseba tsohle tse lefats’eng le tse leoatleng. Ha ho lekhasi le oelang ntle le hore oa tseba ka lona, kapa peo e le ’ngoe lefifing la lefats’e, kapa ntho efe kapa efe e mongobo kapa e ommeng, ntle le hore tsohle li ngotsoe Bukeng e hlakileng.’} [al-An‘am: 59]. Le hore Allah o akaretsa ntho e 'ngoe le e 'ngoe ka tsebo (ea Hae). Allah Ea Phahameng o itse: {Allah ke Eena Ea bopileng Maholimo a supilelng, ‘me ka ho ts’oana le lefats’e. Taelo e theohela lipakeng tsa ona hore le tsebe hore Allah O na le bokhoni holim’a lintho tsohle, le hore Allah O akaretsa lintho tsohle ka tsebo.} [at-Talaq: 12]. Le hore ha ho na ntho e etsahalang bokahohleng bona haese feela ka morero oa Allah, le ka thato ea Hae, le hore ke Eena Ea e bopileng le ho nolofatsa litsela tsa ho etsahala ha eona. Allah Ea Phahameng o itse: {Eo taolo ea Maholimo le lefats’e e leng ho Eena, Ea senang mora, Ea bileng A senang molekane Boreneng ba Hae. O bopile lintho tsohle ‘me A li fa tekanyetso e nepahetseng} [al-Furqan: 2]. Liketso tsa Hae li etsahala ka bohlale bo boholo-holo bo fetang kutloisiso ea motho. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {(Bona ke) bohlale bo phethahetseng; empa litemoso ha li thuse letho (ho ba hanang ho lumela).} [al-Qamar: 5]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse O re: {Ke Eena Ea qalang popo A be A e phete, e bobebe sebakeng sa Hae. Ho Eena ke boleng bo phahameng Maholimong le lefats’eng, ebile ke Eena Ea Matla ʼOhle, Ea Bohlale ka ho fetisisa} [ar-Rum: 27]. Allah Ea Matla ʼOhle O itlhalositse ka bohlale, ʼme A ipitsa Al-Hakeem (Ea Bohlale ka ho fetisisa). Allah Ea Matla Ea Phahameng O re: {Allah O paka hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke ho khumameloa kantle ho Eena, ‘moho le mangeloi le batho ba tsebo (ba paka seo) ba eme holim’a toka; ha ho ea nang le tokelo ea ho khumameloa kantle ho Eena, Ea Matla ʼOhle, Ea Bohlale ka ho fetisisa} [Al ‘Imran: 18]. Allah Ea Matla Ea Phahameng O re tsebisitse hore Jesu (khotso e be le eena) o tla ikarabella ka Letsatsi la ho Qetela ka hore: {Haeba U ba fa kotlo, ruri, ke bahlanka ba Hao; empa haeba U ba ts’oarela, ruri, U ea Matla ʼOhle, Ea Bohlale ka ho fetisisa.} [al-Ma’idah: 118]. Allah O itse ho Moshe (khotso e be le eena) nakong eo A mo bitsang a le thabeng e bitsoang Tur (Sinai): {Oho Moshe, ruri ke Nna – Allah, Ea Matla ʼOhle, Ea Bohlale ka ho fetisisa} [an-Naml: 9].
ʼMe O hlalositse Qur’an e kholohali ka bohlale, joale Allah Ea Phahameng O re: {Alif Lam Ra. (Ena ke) Buka ea litemana tse nepahetseng ka ho fetisisa, e hlalositsoeng ka botlalo, ho tsoa ho Ea Bohlale ka ho fetisisa, Ea Seli ka ho fetisisa} [Hud: 1]. Allah Ea Matla Ea Phahameng O re: {Ena ke karolo ea bohlale boo Morena oa hau A bo senotseng ho uena [Oho Moporofeta]. U se ke oa ba le molimo o mong ntle le Allah, e sere ua akheloa Liheleng, o ikoahlaha o furalletsoe} [al-Isra’: 39].
22. Baporofeta bohle (khotso e be le eena) ha ba na phoso ho seo ba se fetisang ho tsoa ho Allah ‘me ba sirellelitsoe khahlanong le se ka hanyetsanang le kutloisiso ea motho kapa ho senya boits’oaro bo nepahetseng. Baporofeta ba fuoa mosebetsi oa ho fetisa litaelo (melao) tsa Allah ho bahlanka ba Hae. Ha ba na boleng ba bomolimo kapa ho ba se ka rapeloang. Ho fapana le moo, haele hantle ke batho bao Allah A rometseng Ts’enolo ea Hae ka bona.
Baporofeta bohle ha ba na phoso ho seo ba se fetisang ho tsoa ho Allah hobane O khetha batho ba hantle ka ho fetisisa ho fetisa melaetsa ea Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Allah O khetha Baromuoa kahar’a Mangeloi le batho. Ruri, Allah O utloa le ho bona tsohle ka tsela e phethahetseng} [al-Hajj: 75]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Allah O khethile Adama le Noe le lelapa la Abrahama le lelapa la ʼImran holim’a mafats’e.} [Al ‘Imrān: 33]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {[Allah] A re: “Oho Moshe, Ke u khethile ka holim’a batho ka melaetsa Eaka le mantsoe Aka. ‘Me ka hona nka seo Ke u fileng sona, u be har’a ba nang le teboho.”} [al-A‘rāf: 144]. Baromuoa (khotso e be le bona) ba ne ba tseba hore litaba tseo ba li amohetseng ene ele ts’enolelo ea Molimo. Ba ne ba bona mangeloi a fetisa ts’enolo. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {(Ke) Setsebi sa tse sa bonoeng, Ha A utulle lintho tsa Hae tse sa bonoeng ho mang kapa mang, (26) Ntle le moromuoa eo A mo ratang (eo A mo khethileng); hobane ruri, O romela balebeli (mangeloi) ho mo sireletsa kapele le kamorao. Hore a tsebe hore ba fetisitse melaetsa ea Morena oa bona, le hore O kenyeletsa tsohle tseo ba nang le tsona, le hore O beile tsohle ka lenane la lipalo (28)} [al-Jinn: 26-28]. Allah O ba laetse ho fetisa melaetsa ea Hae joalokaha A re: {Oho Moromuoa, fetisa se theoletsoeng ho uena ho tsoa ho Morena oa hau. Haeba u sa etse joalo, (ho bolela hore) ha u so phethahatse molaetsa oa Hae. ‘Me Allah O tla u sireletsa khahlanong le batho. Ruri, Allah ha A tataise batho ba sa lumeleng} [al-Ma’idah: 67]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Baromuoa bana ba ne ba rometsoe ele bafani ba litaba tse molemo le bahlokomelisi, molemong oa hore batho ba se ikarabelle ka pel’a Allah kamor’a (ho tla hoa) baromuoa. Kaha Allah ke Ea Matla, Ea Bohlale} [an-Nisa: 165]
Baromuoa (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho bona) ba ne ba ts’aba Allah haholo ka hona ha ba eketsa kapa ho fokotsa letho melaetseng ea Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Haeba a ne a fetisitse se seng sa mafosisa ka Rona, (44) Ruri Re ne re tla mo toosa ka letsoho le letona, (45) Re pome mothapo oa hae oa mali, (46) ‘me ho ne ho se le haele a le mong oa lona ea neng a tla mo pholosa. (47)} [al-Hāqqah: 44-47]. Ibn Kathīr (Eka Allah A ka mo hauhela) o ile a hlalosa: (Allah O re: "Haeba a ne a fetisitse se seng sa mafosisa ka Rona" e leng, hoja Muhammad (khotso e be le eena) o ne a le kamoo ba chong: moikaketsi ea ka beng a eketsa kapa a fokotsa se seng molaetseng kapa a iqapela lintho ebe ha a qeta o re li tsoa ho Allah – e leng seo a sa kang a se etsa kapa ho ba sona – Re [Allah] ka be Re potlakisitse kotlo. Ke ka hona, Allah A reng: ruri Re ne Re tla mo toosa ka letsoho le letona, ho ile ha thoe e bolela Re ne Re tla iphetetsa khahlanong le eena ka letsoho le letona hobane le na le matla a mangata. Ho boetse ho thoe e bolela hore re ne re tla mo nka ka letsoho le letona. Allah Ea Matla ʼOhle O re: { Nakong eo Allah A tla re, “Oho Jesu, mor’a Maria! Na u itse ho batho, ‘nkang ‘na le ‘m’e oaka re le melimo kathoko ho Allah?” O tla re: “Khanya ebe ho Uena! E ne e se tokelo ea ka ho bua se joalo, hoja ke chulo joalo, ruri U ka be U tsebile. U tseba se ka ho nna empa nna ha ke tsebe se ka ho Uena. U tseba tsohle le tse ipatileng (tse sa bonahaleng). Ha kea ba bolella letho skantle le seo U ntaetseng sona e leng – ‘khumamelang Allah, Morena oaka le Morena oa lona.’ Ke ne ke le paki holim’a bona ha ke ne ke le har’a bona. Empa nakong eo U nkukelang holimo, U bile Molisa holim’a bona, ‘me U paki holim’a lintho tsohle.} [al-Mā’idah: 116-117].
'Me ke ka mohau oa Molimo holim'a baprofeta le manģosa a Hae, khotso le litlhohonolofatso li be holim'a bona, hore Molimo o ba matlafatsa ho fetisa melaetsa ea Hae. Molimo ea Matla 'Ohle o itse: {O itse, “Ke nka Allah ele paki, ‘me le lona ebang lipaki, hore ke latola sohle seo le se kopanyang le Eena. (54) Le ka rera khahlanong le ‘na kaofela hoa lona, ka hona le se ke la mphomotsa,(55) Ke beha tšepo ea ka ho Allah, Morena oa ka le Morena oa lona! Ha ho sebopuoa se phelang se sisinyehang ntle le hore O se tšoere ka phatla (se tlasa taolo ea Hae). Ruri Morena oa ka o tseleng e otlolohileng (ea ’nete). [Surat Hūd: 54-56]. Allah Ea Matla Ohle O re: Ba lekile ka matla ho u khelosetsa thoko ho seo Re u susumellelitseng sona, e le hore u tle u iqapele ho hong ho kathoko ho sona khahlanong le Rona; eleng moo ba neng ba tla u amohela joaloka motsoalle oa bona. (73) Hoja Ra se ke Ra u matlafatsa, u ka be u ile oa sekamela ho bona hanyane. (74) Joale, e be Re etsa hore u latsoe kahlolo e menahaneng ea bophelo ba lefats’e le e menahaneng ea lefu, u ne u ke ke oa fumana mothusi khahlanong le Rona.(75) [al-Isrā’: 73- 75]. Temana tse ka holimo li tiisa hore Qur’an ke ts’enolo e tsoang ho Morena oa mafats’e (Mong’a tlholeho), hobane hoja e ne e qapuoe ke Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena), o ne a ke ke a ipha taelo joalokaha e lebisitsoe ho ena.
Allah Ea Matla ʼOhle O sireletsa baromuoa ba Hae khahlanong le batho joalokaha A re: {Oho Moromuoa, fetisa se theoletsoeng ho uena ho tsoa ho Morena oa hao. Haeba u sa etse joalo, (ho bolela hore) ha u so phethahatse molaetsa oa Hae. ‘Me Allah O tla u sireletsa khahlanong le batho. Ruri, Allah ha A tataise batho ba sa lumeleng} [al-Mā’idah: 67] Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ba hlalosetse pale ea Noe nakong eo a bolellang batho ba habo, “Oho batho ba heso, haeba boteng baka har’a lona le ho le hopotsa ka mats’oao a Allah e se e le bothata, ‘me (tsebang hore) ho Allah ke beile ts’epo eaka. Ke hore le bokelle maqheka ohle a lona, lona ‘moho le balekane (melimo) ba lona, le etse bonnete ba seo, ebe le tsoela-pele ka ona khahlanong le ‘na, le se mphe khefutso.} [Yūnus: 71]. Allah Ea Matla ʼOhle O hlalositse puo ea Moshe (khotso e be le eena) a re: {Ba re: “Morena oa rona, re ts’oha hore o (Faro) tla potlakela ho re ahlola (hlokofatsa) kapa ho tlola meeli.” O ile A re: “Le se ts’ohe; Ke na le lona, Kea utloa ebile Kea bona.} [Taha: 45-46]. Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisitse hore O sireletsa Baporofeta ba Hae (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho bona) khahlanong le lira tsa bona, li ke ke tsa ba hlokofatsa le haele ha nyane. Allah Ea Matla Ohle O hlalositse hore O sireletsa ts’enolo ea Hae khahlanong le ho eketsoa kapa ho fokotsoa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Ke Rona ba rometseng Sehopotso (Qur’an), ‘me ke Rona Ba tla se boloka (sireletsa)} [al-Hijr: 9].
Baporofeta (khotso e be le bona) ha ba na bokhoni ba ho etsa lintho tse fosahetseng kapa tse tsoileng tseleng. Allah Ea Matla Ohle O tiisa thoriso ea Hae holim’a boits’oaro ba Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena): {'Me ruri, u motho oa boits’oaro bo botle ka ho fetisisa} [al-Qalam: 4]. Allah Ea Matla ʼOhle A boela A re: {‘Me motsoalle (molekane) oa lona ha se lehlanya} [at-Takwīr: 22] Sepheeo sa ts’ireletso ena ke ho lumella baporofeta ho fetisa melaetsa ka tsela e nepahetseng. Ba fuoe maikarabello a ho fetisa melao ea Allah ho bahlanka ba Hae. Ha ba na boleng ba bomolimo kapa ba ho nkoa ele barapeluoa, empa ba ts’oana le batho ba bang feela tjena, kantle le hore ba amohela ts’enolo ea Allah. Allah Ea Matla Ohle O re: {Baromuoa ba bona ba ile ba re ho bona, “Re batho joaloka lona, empa ele Allah Ea Khethang ho fana ka molemo ho eo A mo ratang har’a bahlanka ba Hae. Ha se rona ba tla fana ka bopaki ho lona kantle le hore Allah A re fe tumello, ‘me ke hore balumeli ba behe ts’epo ea bona ho Allah .} [Ibrāhim: 11]. Allah O laetse Moromuoa oa Hae, Muhammad (khotso e be le eena) ho re ho batho ba habo: {E re, “Ke motho joaloka lona, ke senoletsoe hore Molimo oa lona ke Molimo A nnotši. ‘Me ea ratang ho teana le Morena oa hae, ke hore a etse liketso tse ntle ‘me a se kopanye mang kapa mang borapeling le Morena oa hae.} [al-Kahf: 110].
23. Islam e bitsetsa bolateling le boikobong ba lits’iea tse ka sehloohong tsa borapeli ho Allah A le Mong joaloka thapelo e kenyelletsang ho ema, ho inama, ho oa ka sefahleho, ho hopola le ho rorisa Allah le ho Mo leboha (thapelo ea maikutlo). Thapelo e etsoa makhetlo a mahlano ka letsatsi ‘me e hlakola liphapano tsohle ho morui le mofutsana, ho mosebetsi le mong’a hae, kaha ba ema moleng o le mong oa thapelo. E ‘ngoe ntlha e ka sehloohong ke Zakah e kenyelletsang tefo ea chelete e nyane ho ea ka lipehelo le maemo a tekanyetso a behileng ke Allah. Barui ba tlanngoe ho e lefa ho bafutsana har’a ba bang (ba lokeloang ho e abeloa) ‘me e lefshoa hang selemong. Ts’iea ea boraro ke boitimo e kenyelletsang ho tlohela lintho tsohle tse ka senyang boitimo ba hau letsatsi lohle la khoeli ea Ramadhan. E kenyelletsa boitelo le mamello moeeng. Ea ho qetela ke leeto la bolumeli ho ea ho Ntlo Ea Allah e Makkah (bonyane) hang bophelong ho motho ea nang le bokhoni. Kahar’a Hajj, bohle ba ea lekana ho emeng ka pele ho Allah Ea Matla ʼOhle joalokaha e hlakola liphapano le ntho tseo bohle ba li latelang.
Islam e bitsetsa borapeling ba Allah, ka litsela le liketso tsa borapeli le bohalaleli. Allah O laetse bophethahatsi ba liketso tsena tse latelang tse ka sehloohong tsa borapeli ho baporofeta le baromuoa bohle (khotso e be le bona). Li ka tsela e latelang:
Ea pele: Salaat (Thapelo): Allah O entse hore Salaat e tlame ho Mamoseleme ʼohle joalokaha A ile A etsa setlamo ho baporofeta le baromuoa ba pele (khotso e be le bona). O laetse Moporofeta oa Hae Abrahama (khotso e be le eena) ho hloekisa Ntlo ea Hae sebakeng sa batho ba ileng ho etsa Tawāf (ho pota-pota Ka‘bah) le ba rapelang, ba inamang le ba otlang ka lifahleho tsa bona fatše. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {‘Me [hopola] ha Re ne Re etsa Ntlo (Ka’abah) sebaka seo ho shejoang ho sona le polokeho ea batho. [Oho balumeli], nkang sebaka sa Abrahama (seo a neng a ema ho sona) ele sebaka sa thapelo.” Re ile Ra laela Abrahama le Ishmaele ho hloekisa Ntlo Eaka sebakeng sa ba e pota-potang, kapa ba lulang ka ho eona sebakeng sa thapelo, kapa ba inamang le ba otlang fats’e ka lifahleho} [al-Baqarah: 125]. Allah O e entse hore e (thapelo) be setlamo ho Moshe (khotso e be le eena) khetlo la pele A ‘mitsa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Ke Morena oa hau, rola meqathatso ea hau; u khorong e halalelang ea Tuwā} (12) {Ke u khethile, joale ke hore u mamele se senotsoeng} (13) Ruri, Ke ‘Na Allah; ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le ‘Na, ‘me ka hona Nkhumamele, u be u etse Salaat (thapelo) ele ho Nkhopola (14) [Taha: 12-14]. Mesia Jesu (khotso e be le eena), o boletse hore Allah O mo laetse ho rapela le ho lefa Zakah joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Ebile O ntlhohonolofalitse hohle moo ke leng hona teng, A ba A ntlama ho etsa Salaat (thapelo) le ho nts’a Zakah (menehelo e tlamang) haele feela ke ntse ke phela} [Surat Maryam: 31]. Kahare ho Islamo, thapelo e kenyelletsa ho ema, ho inama, ho oa ka phatla, ho hopola Allah le ho Mo Rorisa. E etsoa makhetlo a mahlano ka letsatsi. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ebang hlokolosi ka lithapelo tsa lona, haholo thapelo e bohareng; ‘me le eme ka pel’a Allah ka maikutlo a tsitsitseng} [al-Baqarah: 238]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: Etsa thapelo ha letsatsi le likela ho fihlela ha shoalane e feela, ‘me u bale Qur’an ka meso [thapelo ea meso], kaha ho bala Qur’an ka meso ke se pakoang [ke Mangeloi] [al-Isrā’: 78]. Moporofeta khotso e be le eena) a boela a re: (Haele ha u iname, tlotla Morena, athe haele ha u oele fats’e ka phatla, etsa ka thata hore u kope le ho etsa lithapeli kaha ho na le khonahalo ea hore u tla fumana karabo.) [E tlalehiloe ke Muslim].
Ea Bobeli: Zakah (menehelo e tlamang ho bahloki le mafutsana): Allah O tlamme Mamoseleme ho lefa Zakah joalokaha A ile A etsa setlamo ho baporofeta le baromuoa ba pele (khotso e be le eena). Ke chelete e nyane e lokelang ho lefshoa (fanoa) ho ea ka litekanyetso le lipehelo tse fanoeng tsa Allah. E tlama ho lefshoa ke barui ho bafutsana le lihlopha tse ling tsa batho ‘me e lefshoa hang selemong. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Nka Sadaqah (monehelo) ho tsoa maruong a bona, ele ho ba hloekisa ‘me u ba rapelle. Thapelo ea hau ke sesosa sa ho phuthuloha hoa bona. ‘Me Allah O Utloa sohle, O Tseba sohle} [at-Tawbah: 103]. Nakong eo Moporofeta (khotso e be le eena) a neng a roma Mu’adh (E ka Allah A ka mo khotsofalla) naheng ea Yemen, o ile a mo laea, a re: {Ruri u tla ea ho batho bao e leng Ahlul-Kitab (Batho ba Buka). Ba memele ho kano ea hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le Allah le hore ke nna Moromuoa oa Allah. Haeba ba lumellana le uena ka seo, ba bolelle hore Allah O ba laetse ho etsa lithapelo tse hlano tse tlamang mots’eare le bosiu. Haeba ba lumellana le uena ka seo, ba bolelle hore Allah O ba laetse ho nts’a Zakaat e tlamang hore e nkoe ho barui ba bona e fuoe bafutsana ba bona. Haeba ba lumellana le uena ka seo, u se ke oa atamela (ka boqhekanyetsi) thepeng ea bona ea bohlokoa, eba hlokolosi ka thapelo ea motho ea tlatlapuoeng, kaha ha ho letho lipakeng tsa eona le Allah Ea Matla ʼOhle.} [E tlalehiloe ke Al-Tirmidhi: 625].
Ea Boraro: Sawm (Boitimo): Allah O laetse Mamoseleme ho itima joalokaha A entse ho baporofeta le baromuoa ba pele (khotso e be le bona). Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona ba lumelang, se tlamang ho lona ke boitimo (sawm) joalokaha bo ile ba etsoa hore bo tlame ho ba tlileng pele ho lona, hore le tsebe hoba ba ts'abang Molimo} [al-Baqarah: 183]. ’Me ke hore: ho itima lintho tse ka senyang boitimo nakong ea motšehare oa khoeli ea Ramaḍān. Ho itima lijo (siyām) ho holisa thato le mamello ka hare ho moea. Moporofeta (Khotso e be le eena) o itse: «Allah Ea Matla Ohle O itse: ‘Ke Nna ea tla fana ka moputso oa boitimo joalokaha bo entsoe molemong Oaka feela, kaha motho o tlohetse litakatso tsa hae, lijo le lino ka lebaka Laka.’ Boitimo ruri ke thebe. Ho na le linako tse peli tsa thabo ho motho ea itimmeng: nakong eo a robang boitimo ba hae le nakong eo a teanang le Morena oa hae.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 7492].
Ea Bone: Hajj (Leeto la Bolumeli): Allah O laetse Hajj ho Mamoseleme ka ho ts’oana le ho baporofeta le baromuoa ba khale (khotso e be le bona). O ile A laela Moporofeta oa Hae, Abrahama (khotso e be le eena) ho bitsa batho ho etsa Hajj. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {‘Me phatlalatsa hajj (leeto la bolumeli) ho batho bohle; ba tla tla ho uena ba tsamaea ka maoto le ka likamele tse nonneng ho tsoa ka makhoro ho fapana} [al-Hajj: 27]. ’Me Allah O ile a mo laela hore a hloekise Ntlo ea Boholo-holo (Ka‘bah) bakeng sa baeti ba Hajj. Allah Ea Phahameng o itse: {’Me hopola ha Re ne Re bontša Abrahama sebaka sa Ntlo (Ka‘bah), ra re: ‘U se ke ua nkopanya le ntho efe kapa efe, ’me u hloekise Ntlo ea Ka bakeng sa ba e potolohang (tawāf), ba emeng (thapelong), le ba inameng le ba khumamang ba oa ka lifahleho tsa bona.’} [al-Hajj: 26].
Hajj ke leeto la ho ea Ntlong Ea Allah e fumanehang motseng oa Makkah, ho etsa mesebetsi ea borapeli (bonyane) hanngoe bophelong. E tlama ho etsoa ke batho ba nang le bokhoni ‘meleng le maruong. Allah Ea Matla Ohle O re: {(Hajj) leeto la bolumeli ho ea Ntlong (ea Allah) ke boikarabello boo motho emong le emong a bo kolotang Allah, ha feela a ena le bokhoni; ea sa lumeleng, ruri Allah ha A na tlhoko ea letho lefats’eng} [Āl ‘Imrān: 97]. Kahar’a Hajj, Mamoseleme a bokellana sebakeng se le seng, ‘me ba rapela ‘Mopi oa bona ka tieo, ke Eena Ea Tlotlehang. Batho bohle ba leetong moo ba etsa meetlo (litloaelo) ka tsela e ts’oanang, ba tlosa ho fapana ho bakoang ke tikoloho tseo ba tsoang ho tsona, meetlo le maemo a bophelo.
24. Ntho e ‘ngoe e ikhethileng ka liketso tsa borapeli tumelong ea Islamo ke hore Allah Ea Matla Ohle Ke Eena Ea faneng ka mokhoa oa ho li etsa, linako le lipehelo. Athe haele Morumuoa oa Hae (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) eena o li fetisitse li le joalo ka botlalo, ‘me a sa siea letho leo motho a neng a ka leka ho le ntlafatsa kapa ho kena-kenana le lona, kapa hona hore a ka fokotsa kapa ho eketsa. Baporofeta bohle (khotso e be le bona) ba bitselitse ho tsona liketso tseo tsa mantlha tsa borapeli.
Ntho e ‘ngoe e ikhethileng ka liketso tsa borapeli tumelong ea Islamo ke hore Allah Ea Matla Ohle Ke Eena Ea faneng ka mokhoa oa ho li etsa, linako le lipehelo. Athe haele Moromuoa oa Hae (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) eena o li fetisitse li le joalo ka botlalo, ‘me a sa siea letho leo motho a neng a ka leka ho le ntlafatsa kapa ho kena-kenana le lona, kapa hona hore a ka fokotsa kapa ho eketsa. Allah Ea Matla Ohle O itse: {Tsatsing lena Ke phethetse tumelo ea lona ebile Ke phethahalitse molemo Oaka ho lona ‘me Ke le khethetse Islam e le tumelo ea lona} [al-Mā’idah: 3]. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ka hona its’oarelletseng ho seo le se senoletsoeng. Kannete-nete, le tseleng e otlolohileng} [Saz-Zukhruf: 43]. Allah Ea Matla Ohle O re ka thapelo: {Ha le se le qetile thapelo, hopolang Allah, le lutse kapa le paqame. Empa ha le se le bolokehile hape, etsang thapelo ka tsela e tloaelehileng. Ruri, thapelo e hlophetsoe balumeli ka linako tse khethehileng} [an-Nisā’: 103]. Allah Ea Matla Ohle O re ka tsela tsa ho nts'a Zakat: {Ruri, Sadaqah [menehelo e tlamang] ke sebakeng sa bafutsana le bahloki; ba ikarabellang pokellong ea tsona; bao lipelo tsa bona li nolofatsoang [sebakeng sa Islamo]; ho lokolla makhoba; ba likolotong; sebakeng sa Jihad; le ba (fumanang mathata ba le) leetong – joalokaha Allah A ralile, kaha Allah O Tseba ka ho fetisisa, O Bohlale ka ho fetisisa.} [at-Tawbah: 60]. Allah Ea Matla Ohle O re ka boitimo: {Ramadhān ke khoeli eo Qur'an e theoletsoeng ka eona, e le tataiso ho batho, ebile e le lets’oao le supang tsela e nepahetseng le ho hlalohanya lipakeng tsa botle le bobe. ‘Me eo khoeli e mo fumanang o lokela ho itima. Empa haeba e mong a kula kapa a le leetong, o lokela ho lefa matsatsi ao (a sa itimang ka ona) kamorao. Allah O batla ho le bebofaletsa ‘me ha A batle ho le thatafaletsa, hore le tsebe ho qeta matsatsi a lona a hlophiloeng le ho hooa boholo ba Allah ka ho le tataisa le hore le be le teboho.} [al-Baqarah: 185]. Allah Ea Matla Ohle O re ka Hajj: {Leeto la bolumeli le ka khoeli tse tsebahalang. Ea itokisetsang ho etsa leeto la bolumeli ha a lokela ho ba le thobalano, lipuo tse mpe (mahlapa) le likhang ha a le leetong leo. Sohle se setle seo le se etsang, Allah O ea se hlokomela. Nkang mofao sebakeng sa leeto, empa mofao o molemo haholo ke ho etsa hantle. Ka hona Nts’abeng, oho lona batho ba nang le kutloisiso.} [al-Baqarah: 197]. Liketso tsohle tsa borapeli li ile tsa buelelloa le ho rutoa ke baporofeta bohle (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho bona).
25. Moromuoa oa Islam ke Muhammad ibn Abdullah, oa leloko la Ismā‘il (Ishmael), mora oa Abrahama (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho bona). O tsoetsoe ka selemo sa 571 motseng oa Makkah, e leng moo mosebetsi oa hae e le Moporofeta o qalileng teng. O ile a fallela Madinah ‘me o ne a eso kenye letsoho borapeling ba melimo e mengata ea batho ba habo le haele ha ‘ngoe feela. O ne a keteka le bona linthong tse nepahetseng. O ile a phela bophelo bo hlomphehang ka lebaka la boits’oaro le hlompho le pele a fuoa mosebetsi o moholo, ‘me o ile a fuoa lebitso la Ea Ts’epahalang. Allah O mo file mosebetsi ha a le lilemo li mashome a mane, a mo ts’ehetsa ka mehlolo e meholo, o moholo ka ho fetisisa oa eona ke Qur'an e Halalelang, e leng eona e nkoang e le sehlohlolo sa mesebetsi ea baporofeta (khotso e be le bona) ebile e le eona feela entseng e le maemong a eona a mathomo ho fihlela kajeno. Kamor’a hore Allah A phethele tumelo, Moromuoa (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) o ile a e fetisa ka botlalo, o ile a hlokahala ha a le lilemo li mashome a ts’eletseng a metso e meraro ‘me o boloketsoe motseng oa Madinah. Eena (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) e ne e le mokoallo oa baporofeta le barumuoa (khotso e be le bona ). Allah O mo rometse ka tataiso le tumelo ea ‘nete ho nts’a batho lefifing la borapeli ba lits’oants’o, ho hloka tumelo le ho hloka tsebo ea leseli, Tawhid (Bonngoe ba Allah) le tumelo. Allah O paka hore O mo romeletse ho bitsetsa batho ho Eena ka tumello ea Hae.
Moromuoa oa Islamo ke Muhammad ibn Abdullah, oa leloko la Ismā‘il (Ishmael) (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena), mora oa Abrahama (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena). O tsoetsoe ka selemo sa 571 motseng oa Makkah, eleng moo mosebetsi oa hae ele Moporofeta o qalileng teng. O ile a fallela Madinah ‘me batho ba habo ba ne ba ‘mitsa Ea Ts’epahalang. ‘Me o ne a eso kenye letsoho borapeling ba melimo e mengata ea batho ba habo le haele ha ‘ngoe feela. O ne a keteka le bona linthong tse nepahetseng. O ile a phela bophelo bo hlomphehang ka lebaka la boits’oaro le hlompho le pele a fuoa mosebetsi o moholo. Allah Ea Matla Ohle A mo hlalosa ka ho re: {‘Me ruri, u boits’oaro bo botle ka ho fetisisa} [al-Qalam: 4]. Allah O mo file thomo ha a le lilemo li mashome a mane, a mo ts’ehetsa ka mehlolo e meholo, o moholo ka ho fetisisa oa eona ke Qur'an e Halalelang. Moporofeta (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) o itse: «Moporofeta emong le emong o filoe mehlolo sebakeng sa hore batho ba hae ba lumele ho eena, empa seo ke se filoeng ke ts’enolo eo Allah A nts’enoletseng eona. Joale, ke ts’epa hore balateli baka ba ka feta balateli ba baporofeta ba bang ka Letsatsi la Kahlolo» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri] Qur'an ke ts’enolo ea Allah ho Moporofeta oa Hae (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena). Allah O e hlalositse ka ho re: {Ena ke Buka eo ho senang khoao ka eona, tataiso ho ba lokileng} [al-Baqarah: 2]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re ka eona: {Ele hore ha ba ipapise le Qur'an? Hoja ene e tsoa ho emong kantle ho Allah, ba ne ba tla fumana khanyetsano e ngata ka ho eona.} [an-Nisā’: 82]. ’Me Allah o ile a phephetsa li-Jinn le batho hore ba hlahise se tšoanang le eona (le Qur'an). Allah Ea Phahameng O re: {E re, “Ha ho ne ho ka ha etsahala hore batho bohle le li-jinn ba kopane ‘moho ka morero oa ho hlahisa buka e ts’oanang le Qur’an, ba ke ke ba khona ho hlahisa se tšoanang le eona, leha ba ka thusana.} [al-Isrā’: 88]. ’Me Allah a ba phephetsa hore ba tle ka li-surah (Likhaolo) tse leshome tse tšoanang le eona. Allah o itse: {Kapa ba re, “O ingoletse eona?” E re, “(Haeba le cho joalo) ke hore le etse likhaolo tse leshome tsa boiqapelo tse ts’oanang le eona ‘me ka hona ke hore le batle thuso hohle moo le ka thusoang kantle ho Allah, haeba le na le ‘nete!”} [Hūd: 13]. Teko ena e boetse e theoletsoe ho khaolo e le ‘ngoe feela ke Allah Ea Matla ʼOhle, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Haeba le na le khoao ka seo Re se theoletseng ho mohlanka oa rona, ke hore le nts’e khaolo ekang ea eona ebe le bitsa ho bathusi ba lona kantle ho Allah, haeba le na le ‘nete} [Surat al-Baqarah: 23].
Qurʼan e Halalelang ke eona feela ponts’o e ntseng e setse ho fihlela kajeno har’a lipontšo tsa baprofeta. Ha Allah a qeta ho phethahatsa tumelo bakeng sa Moromuoa (khotso e be le eena), ’me a mo thusa ho fetisa molaetsa ka botlalo bo phethahetseng, Moromuoa (khotso e be le eena) a hlokahala a le lilemo li mashome a tšeletseng a metso e meraro (63), ’me a patoa Motseng o Halalelang oa Madinah. Allah a mo hlohonolofatse le ho mo fa khotso.
ʼMe Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) ene ele mokoallo/khorula oa baporofeta le baromuoa. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Muhammad ha se ntate oa emong oa banna ba lona, empa ke Moromuoa oa Allah le khorula ea baporofeta. ‘Me Allah O na le Tsebo holim’a tsohle.} [al-Ahzāb: 40]. Abu Hurayrah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) o tlalehile ha Morumuoa oa Allah (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) a itse: «‘Ruri, papiso/mohlala ea ka le ea baporofeta ba bileng teng pele ho ’na e tšoana le ea monna ea hahileng ntlo, a e haha hantle ’me a e khabisa ka botle bo boholo, empa ha sala sebaka sa setene se le seng sekhutlong. Batho ba e potoloha, ba hlolletsoe ke botle ba eona, ’me ba re: Hoja setene see se ne se behiloe sebakeng sa sona, eaba o re: Ke ’na setene seo, ’me ke ’na Moporofeta oa ho qetela.’» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri] Kahare ho Evangeli, Mesia (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) o buile ka litaba tse molemo tsa ho tla ha Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena): (Ha lea bala ka Libukeng: ‘Lejoe leo liahi li le lahlileng ke lona leo e leng Lejoe la motheo. Sena ke seo e leng liketso tsa Morena, ‘me ke ntho e ntlehali mahlong a rona?” Ho Torah matsatsing ana, ho na le polelo eo Allah A e buileng ho Moshe (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) moo A reng: “Ke tla ba romela Moporofeta ea ts’oanang le uena ho tsoa ho bana ba bo bona. Ke tla beha mantsoe a Ka molomong oa hae ‘me o tla fetisa sohle seo Ke mo laelang sona.)
Allah O rometse Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) ka tataiso le tsela ea bophelo ea ‘nete. Allah O pakahatsa hore o itelletse ‘nete le hore O mo rometse ele ea bitsetsang ho Eena ka tumello ea Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Empa Allah O paka ho seo A se senotseng ho Uena, joalokaha A se rometse ka tsebo ea Hae, le mangeloi a paka; empa Allah O lekane ele Paki} [an-Nisā’: 166]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ke Eena Ea rometseng Moromuoa oa Hae ka tataiso le tumelo ea ‘nete, ho e etsa hore ebe kaholimo ho litumelo tsohle, ‘me Allah O lekane ele Paki} [al-Fath: 28]. Allah O mo rometse ka tataiso le tumelo ea ‘nete ho nts’a batho lefifing la borapeli ba lits’oants’o, ho hloka tumelo le ho hloka tsebo ho ea leseling la Tawheed (Bonngoe ba Allah) le tumelo. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ka eona (Qurʼan), Allah o tataisa ba latelang thato ea Hae litseleng tsa khotso, ’me o ba ntša lefifing ho ba isa leseling ka tumello ea Hae, ’me o ba tataisa tseleng e otlolohileng.} [al-Mā’idah: 16]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Alif Lām Ra. Ena ke buka eo Re e rometseng ho uena, molemong oa hore u nts’e batho botebong ba lefifi ho ea leseling, ka tumello ea Morena oa bona, ho ea tseleng ea Ea Matla ʼOhle, Ea Tlotlisitsoeng} [Ibrāhim: 1].
26. Sharia ea Islam e tlisitsoeng ke Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) ke mokoallo oa melaetsa le melao eohle (e senotsoeng ho tsoa leholimong, e halalelang). Ke Sharia ea phethahalo le ho fetola tumelo tsa batho le litaba tsa lefats’e. Se ka sehloohong ho eona ke ho sireletsa litumelo tsa batho, maphelo, thepa, maikutlo le litloholo tsa bona. E hlakola melao eohle e fetileng joalokaha melaetsa eohle ea pele ho eona e ne e hlakolana.
Sharia ea Islam e tlisitsoeng ke Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) ke mokoallo oa melaetsa le melao eohle (e senotsoeng ho tsoa leholimong, e halalelang). Allah O phethetse tumelo ka molaetsa ona, A ba A qetella molemo ho batho ka ho roma Moporofeta Muhammad (khotso e be le eena). Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Tsatsing lena Ke phethetse tumelo ea lona ebile Ke phethahalitse molemo Oaka ho lona ‘me Ke le khethetse Islamo e le tumelo ea lona.} [al-Mā’idah: 3].
Sharia ea Islam (molao) ke sehlohlolo sa phethahalo ebile e kenyelletsa ho fetoha hoa maphelo a batho le tumelo hobane e akareletsa lintho tsohle tse ntle tse melaetseng e halalelang ea nako e fetileng empa e fihla e li hlola ka ho phethahala le ho fella.Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ruri, Qur’an ena e tataisetsa ho se nepahetseng haholo, ebile e fana ka litaba tse molemo ho balumeli ba etsang liketso tse lokileng hore ba tle ba fumane moputso o moholo} [al-Isrā’: 9]. Sharia ea Islam e tlosa litlamo tseo li ileng tsa behoa holim’a lichaba tse fetileng. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Bao ba latelang Moromuoa – Moporofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola – eo tlhaloso ea hae ba e fumanang kahare ho Torah le Evangeli. O ba laela botle ebile o ba thibela ho etsa bobe; o ba lumella ho etsa ka molao sohle se hloekileng ‘me o ba thibela ho se etse se sa hloekang; o ba imolla boimeng ba bona le litlamong tseo ba neng ba le ho tsona. Joale bao ba lumelang ho eena, ba ea mo hlonepha ebile ba ea mo sireletsa, ba be ba latele leseli le rometsoeng ka eena – bao ke bona ba tla atleha.”} [al-A‘rāf: 157].
Sharia ea Islam e hlakotse melao ea libuka tsa pele, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Re senotse ho uena [Oho Moporofeta] buka ea ‘nete, e lumellanang le libuka tse tlileng pele ho eona ebile ele sekala holim’a tsona. Ke hore o ahlole lipakeng tsa bona ka seo Allah A se senotseng, ‘me u se ke oa latela litakatso tsa bona ka ho iphapanyetsa ‘nete ha e tla ho uena. Ho emong le emong oa lona Re fane ka molao le tsela ea bophelo. Ha Allah A ne A ratile, A kabe A le entse sechaba se le seng, empa O le leka ka seo A le nehileng sona. Ke hore le hlolisane ka ho etsa botle. Ho Allah le tla khutlela bohle, ebile O tla le bolella malebana le lintho tseo le neng le tloaetse ho fapana ka tsona.} [al-Mā’idah: 48]. Qur'an, e kenyelletsa Sharia e amohela, ahlola le ho hlakola tse ling tsa lingoliloeng tsa nako e fetileng.
27. Allah Ea Matla ʼOhle ha A amohele tumelo efe kapa efe kantle le Islamo e tlileng le Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) ‘me ea latelang tumelo e ‘ngoe (kantle ho Islamo) e ke ke ea amoheloa ho tsoa ho eena.
Kamora thomo ea Muhammad (khotso e be le eena), Allah Ea Phahameng ha a amohele bolumeli bofe kapa bofe ntle le Islam eo Moromuoa Muhammad (khotso e be le eena) a tlileng ka eona. ’Me mang kapa mang ea labalabelang bolumeli bo bong ntle le Islam, bo ke ke ba amoheloa ho eena. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ea labalabelang bolumeli bo bong bosele kantle ho lslam bo ke ke ba amoheleha hohang ho tsoa ho eena, ‘me Bophelong bo Tlang o tla ba har’a ba lahlehetsoeng} [Āl ‘Imrān: 85]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Tumelo ea ‘nete ho Allah ke Islamo. Ba neng ba filoe Buka ha ba ka ba hanyetsana ho fihlela tsebo e ba fihletse, ka lebaka la ho monelana le bora. Empa ea latolang litemana tsa Allah, Allah O potlakela ho fana ka moputso.} [Āl ‘Imrān: 19] Islam ke tumelo ea Abrahama (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena). Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ke mang ea ka furallang tumelo ea Abrahama kantle le sethoto! Re mo khethile lefats’eng lena, ‘me Lefats’eng le Tlang o tla ba kahar’a ba lokileng.} [al-Baqarah: 130]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ke mang ea tumelong e molemo ho feta ea ikobelang Allah ka botlalo, o etsa botle ebile o latela tumelo ea Abrahama, ka ho khetholoha o inehela ho Allah? Joalokaha Allah, A nkile Abrahama ele motsoalle oa Hae oa sebele} [an-Nisā’: 125]. Eaba Allah O laela Moporofeta Muhammad (khotso le mahlohonoloho tsa Allah li be ho eena) hore a re: {E re [Oho Moporofeta], “Kannete-nete, Morena oaka O ntataiselitse tseleng e otlolohileng, e nepahetseng, tumelo ea Abrahama, ho sekamela tumelong ea ‘nete, ‘me ene ese emong oa ba kopanyang Allah borapeling.”} [al-An‘ām: 161].
28. Qurʼan e Halalelang ke Buka eo Allah A e senotseng ho Moromuoa oa Hae Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena). Ke lentsoe la Allah, Morena oa Tlholeho. Eo Allah A ileng a phephetsa ka eona batho le li-Jinn tekong ea hore ba etse se ts’oanang le eona kapa bonyane khaolo, ‘me sena e setse e ntse ele bothata ho fihlela matsatsing ana. Qur’an e araba lipotso tse ngata tse thatafallang limilione tsa batho. Qur’an e bolokiloe ka leleme la Searabia ka tsela eo esaleng e senoloa ka eona ho tloha sethathong; ha ho le haele tlhaku e hlakotsoeng ‘me e hatisitsoe eaba ea ajoa. Ke Buka e kholo ea mohlolo e lokeloang ke ho baloa kapa ho bala tlhaloso ea eona (ka leleme leo motho a le utloisisang). Ka ho ts’oana, Sunnah ea Moporofeta (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) le lithuto tsa hae ‘moho le nalane ea hae tse bolokiloeng le ho tlalehoa ho latela lenane la bahlalosi, le eona e ntse e hatisitsoe ka mongolo oa Searabia e leng puo e neng e buuoa ke Moromuoa oa Allah (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) ea ba ea fetoleloa lipuong tse ngata. Bobeli Qur’an le Sunnah ea Moporofeta (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) li etsa hammoho mohloli o le mong oa liqeto le melao ea Islam. Islam e ke ke ea nkoa boits’oarong ba balateli ba eona, empa e nkoa ho tsoa ho ts’enolo e halalelang; e leng Qur’an le Sunnah.
Qurʼan e Halalelang ke Buka eo Allah A e senotseng ho Moromuoa oa Moarabia Muhammad (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena). Ka leleme la Searabia ebile eona ke lentsoe la Morena oa lintho tsohle tse hloliloeng. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {‘Me ruri, (Qur’an) ke ts’enolo ea Morena oa mafats’e. (192) E theoletsoe lefats’eng ke Moea o Ts’epahalang [Gabriele] (193) Pelong ea hau [Muhammad] – hore u tle u be emong oa bahlokomelisi. Ka leleme le hlakileng la Searabia. (195)} [ash-Shu‘arā’: 192-195]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {‘Me ruri, [uena Muhammad], u amohetse Qur’an ho tsoa ho Ea Bohlale, Ea Tsebang Tsohle} [Surat an-Naml: 6]. Qurʼan ena ke ts’enolo ea Allah. E lumellana le Libuka tse halalelang tse tlileng pele ho eona. Allah Ea Matla ʼOhle Ore: {Qur’an ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe e senotsoe ke e mong kantle ho Allah. Ke bopaki ba tse tlileng pele ho eona le tlhaloso ea Lingoliloeng, ‘me kantle le khoao e tsoa ho Morena oa Mafats’e} [Yūnus: 37]. ʼMe Qurʼan e Kholohali e hlakisa boholo ba litaba tsa bolumeli tseo Majuda le Bakreste ba neng ba sa lumellane ka tsona. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Kor’ane ena e hlalosetsa Bana ba Iseraele boholo ba lintho tseo ba fapaneng ka tsona} [an-Naml: 76]. Qurʼan e na le bopaki bo bongata bo fanang ka khang e ke keng ea hanyetsoa khahlanong le batho bohle mabapi le ho ithuta ka linnete tse amanang le Allah, bolumeli ba Hae le moputso oa Hae. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {‘Me ruri, kannete, re hlahisitse Qur’an ena bathong ka mehlala eohle [ea mefuta-futa], hore mohlomong ba ka hopola} [az-Zumar: 27]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {ʼMe Re rometse ho uena Buka ele tlhakiso ea lintho tsohle le tataiso, mohau le litaba tse molemo ho Mamoseleme} [an-Nahl: 89].
Qurʼan e Halalelang e araba lipotso tse ngata tse thata, tse qakang limilione tsa batho. Kahoo, Qur’an e Halalelang e hlalosa kamoo Allah A entseng Maholimo le lefats’e. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Na ba sa lumeleng ha ba hlokomele hore maholimo le lefats’e li ne li kopane ‘moho eaba Rea li arohanya? Re bopile ho tsoa metsing lintho tsohle tse phelang. Joale ha ba na ho lumela?} [al-Anbiyā’: 30]. E boele e hlakise hore na Allah O bopile motho joang. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Lona batho! Haeba le na le pelaelo ka Tsoho (ea bafu), ruri! Re le bopile (ke hore, Adama) ka lerole, eaba Re le etsa ka Nutfah (marotholi a tsoakiloeng a botona le botšehali ke hore bana ba Adama), ho ea ho ʼalaqah (karoloana ea lehloele la mali) ho ea ho mudghah (Sengoathoana se senyenyane sa nama) e bopiloeng (ke hore eo popo ea motho e thehoang ho eona) le e sa boptjoang (ke hore e ntšoa ke popelo pele e ka boptjoa) —ho le hlakisetsa (ke hore, ho le bontša Matla le Bokhoni ba Rona ba ho etsa seo re se ratang). 'Me re etsa hore eo re mo ratang a lule ka popelong ka nako e behiloeng, ebe Re le ntša le le masea, ebe (Re le fa kholo) hore le fihle lilemong tsa lona tsa matla a feletseng. 'Me har'a lona ho na le ea shoang (a ntse a le monyane), 'me har'a lona ho na le ba bang ba tloheloang hore ba phele ho fihlela lilemong tsa botsofali tseo ba lebalang tsohle tseo ba kileng ba li tseba. 'Me le bona lefatše le se na bophelo, empa ha re le theolela metsi (pula), lea sisinyeha, lea ruruha 'me le hlahisa mofuta o mong le o mong o motle (oa limela).} [Surat al-Hajj: 5] E boetse e hlalosa qetello ea motho le moputso oa motho ea etsang botle le moputso oa motho ea etsang bobe Bophelong bo Tlang (ba kamor’a lefu). Ke fane ka bopaki bo loketseng tabeng ena ntlheng ea nomoro ea 20, ho feta moo, e hlalosa hore na ho ba teng hona ho hlahisitsoe joang le hore na seo se entsoe ka ts’ohanyetso kapa ka morero o hlomphehang. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Na ha ba eso elelloe hore borena ba Maholimo le lefats’e le tsohle tseo Allah A li bopileng, nako e behiloeng sebakeng sa tsona e se e atametse? Ke molaetsa ofe kamor’a ona (Qur’an) oo ba tlang ho lumela ho ona?} [al-A‘rāf: 185]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {E le hore le nahana hore Re le bopetse lefeela le hore ha le na khutlela ho Rona?} [al-Mu’minūn: 115].
ʼMe Qur’an e Kholohali e bolokiloe ka leleme la Searabia ka tsela eo esaleng e senoloa ka eona ho tloha sethathong. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ke Rona ba rometseng Sehopotso (Qur’an), ‘me ke Rona ba tla se boloka (sireletsa)} [al-Hijr: 9]. Ha ho le haele ho hlakoloa ho kileng hoa etsahala le haele tlhaku ele ‘ngoe feela. Ho ke ke hoa etsahala hore u fumane khanyetsano, bofokoli kapa ho fetoloa kahare ho Qur’an. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Na ha ba nahane ka Qurʼan na? Hoja e ne e tsoa ho e mong ntle ho Allah, ba ka be ba fumane ho eona liphapang tse ngata.} [an-Nisā’: 82]. Ke buka e hatisitsoeng le e phatlalalitsoeng; ke buka e kholo, e makatsang haholo, e lokelang ho baloa kapa ho mameloa, kapa ho baloa phetolelo ea meelelo ea eona. Hape Sunnah ea Moromuoa Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a hae), lithuto tsa hae le bophelo ba hae li bolokiloe le ho fetisoa ka ketane ea barutuoa ba tšepahalang. Li hatisitsoe ka puo ea Searabia eo Moromuoa (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a hae) a neng a e bua, ’me li fetoletsoe lipuong tse ngata. Qurʼan e Halalelang le Sunnah ea Moromuoa Muhammad (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a hae) ke tsona mohloli o le mong feela oa melao le litaelo tsa Islam. Ka hona, Islam ha e nkoe ho tsoa liketsong tsa batho ba ipitsang Mamoseleme; empa e nkoa ho tsoa tšenolong ea bomolimo e sirelelitsoeng khahlanong le liphoso: Qurʼan e Khabane le Sunnah ea Boporofeta. Allah Ea Phahameng o re ka Qurʼan: {Bao ba sa lumeleng ho Sehopotso ha se tla ho bona [ba tla ahloloa], kaha ke Buka e matla. Ha ho leshano le ka e atamelang ho hlaha ka pele kapa ka morao; ts’enolo ho tsoa ho Ea Bohlale, Ea lokeloang ke Thoriso.} [Fussilat: 41-42]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse O re ka Sunnah ea Moporofeta (khotso e be le eena), e leng ts’enolo e tsoang ho Eena: [ʼMe seo Moromuoa a le fang sona, se amoheleng ‘me seo a le thibelang sona, se tloheleng. ‘Me le ts’abe Allah; ruri, kotlo ea Allah e boima.} [al-Hashr: 7].
29. Islam e laela ho ba mosa ho batsoali leha ese Mamoseleme e boele e laele ts’oaro e ntle ea bana.
Islam e laela ho ba mosa ho batsoali joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: {Morena oa lona, O laetse hore le se ke la khumamela mang kapa mang ntle le Eena, le ho bonts’a mohau ho batsoali. Haeba e mong oa bona kapa bobeli ba bona ba tsofala matsohong a hao, u se ke oa bua lentsoe le khopisang ho bona kapa oa ba omanya, empa u bue le bona ka mantsoe a khabane.} [al-Isrā’: 23]. Eaba Allah Ea Matla Ohle O re: {Re laetse motho ho ba mosa ho batsoali ba hae. ‘M’e oa hae o mo imme ka boima holim’a boima, eaba kholo ea hae e nka nako ea lilemo tse peli. Nteboheng le be le lebohe le batsoali ba lona. Ho ‘Na ke moo le khutlelang (ele la ho qetela)} [Luqmān: 14]. Eaba Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Hape, Re laetse motho hore a ts'oare batsoali ba hae hantle; ‘mae o mo imme ka boima, ‘me a mo beleha ka thata; ‘me ho mo holisa le ho mo khoesa ke likhoeli tse mashome a mararo; ho fihlela ha a se a holile, a fihletse lilemo tse mashome a mane, ebe o re: ‘Morena oaka, mphe matla hore ke lebohe melemo eo U e entseng ho ‘Na le batsoali ba ka, le hore ke tle ke etse liketso tse U khahlisang, ‘me ke boloke bokhabane har’a bana ba ka; ke sekametse ho Uena ‘me ke le har'a ba inehetseng ho Uena [Mamosleme]} [al-Ahqāf: 15]. Abu Hurairah (eka Allah A ka thabisoa ke eena) o tlalehile hore: Monna emong o ile a tla ho Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) eaba o re: ‘Oho Moromuoa oa Allah ke mang har'a batho ea tšoaneloang ke tšoaro ea ka e ntle ka ho fetisisa?’ O ile a re: «’M’e oa hau». Monna eo a re: ‘A lateloe ke mang?’ A re: «‘M’e oa hau» Monna eo a re: ‘A lateloe ke mang?’ A re: «‘M’e oa hau» Monna eo a tsoela-pele a re: ‘A lateloe ke mang?’ O ile a re: «Ntate oa hao» [E tlalehiloe ke Muslim].
Taelo ena ea ho ba le mosa ho batsoali e sebetsa ho batsoali bao e leng Mamoseleme le bao e seng Mamoseleme. Asmā’ bint Abu Bakr (e ka Allah A ka thabisoa ke bona) o tlalehile hore: “’M’e oaka, ea neng a rapela melimo ea bohata, o ile a tla ho nketela le mora oa hae ka nako ea selekane sa khotso lipakeng tsa sechaba sa Quraysh le Moporofeta (khotso e be le eena). Ke ile ka tsamaea ho fumana keletso ea Moporofeta (khotso e be le eena) ka re: “’M’e oaka o tlile ka boikhethelo; Na ke lokela ho boloka likamano tse ntle le eena?” O ile a araba: “Ho joalo! Boloka likamano tse ntle le eena”” [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri] Haeba ho ka etsahala hore batsoali ba leke kahohle-hohle ho nts’a motho tumelong, Islam e mo laela ho se ba mamele, empa, o lokela ho sala e ntse e le molumeli, ebe o ntse a ba ts’oara ka mosa le tlhompho. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Empa haeba ba u qobella ho Nkopanya borapeling ka seo u se nang tsebo ea sona, ke hore u se ba mamele. Empa u its’oare hantle le ho ba mosa ho bona, ebe u latela tsela ea ba retellehetseng ka ho ‘Na [ka pako]. ‘Me ho ‘Na ke moo le khutlelang ebile Ke tla le bolella tseo le neng le li etsa.} [Luqmān: 15].
Islam ha e thibele Lemoseleme ho boloka likamano tse ntle le batho ba leloko la hae bao e seng Mamoseleme kapa bao e seng ba leloko, ha feela e se batho ba loants’ang Islam. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Allah ha a le thibele ho etsa molemo le ho ba le toka ho ba sa kang ba le loantša ka tumelo, kapa ba sa kang ba le leleka malapeng a lona. Kannete Allah o rata ba etsang toka.} [al-Mumtahanah: 8].
Islam e laela mosa ho bana, sehlohlolo sa teng ele hore le ba rute litokelo tsa Morena oa bona ho bona, joalokaha Moporofeta (khotso e be le eena) a itse ho mora oa rangoane oa hae Abdullah Ibn Abbas (e ka Allah A ka thabisoa ke bona): «‘Oho uena moshemane (mohlankana ea tlaase lilemong), na nka u ruta mantsoe ao Molimo a tla u tsoela molemo ka ’ona?’ Ka re: ‘E, ruri.’ A re: ‘Mamela Allah, Allah O tla u boloka. Mamela Allah, u tla mo fumana a le ka pel’a hao. Mo tsebe nakong ea boiketlo, ’me O tla u tseba nakong ea mathata. Ha u kopa, kopa ho Allah; ’me ha u batla thuso, batla thuso ho Allah.’» [E tlalehiloe ke Ahmad: 4/287].
Allah O laetse batsoali ho ruta bana ba bona se ka ba tsoelang molemo tumelong ea bona le litabeng tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Oho lona ba lumelang, its’ireletseng ‘moho le malapa a lona khahlanong le mollo, oo lihotetso tsa oona e leng batho le majoe, ‘me o alositsoe ke mangeloi a hloahloa a ts’epahalang, a sa etseng phoso ea ho se mamele litaelo tsohle tseo Allah A a laetseng tsona, ‘me a etsa sohle seo a se laetsoeng} [at-Tahrīm: 6] Ali (E ka Allah A ka thabisoa ke eena) o ile a hlalosa temana ena ka hore: {Its’ireletseng ‘moho le malapa a lona khahlanong le mollo.} “Ba khalemeng le be le ba rute.” Moporofeta (khotso e be le eena) o laetse ntate ho ruta bana ba hae thapelo hore ba hole ba e tloaetse. Moporofeta (khotso e be le eena) o ile a re: (Laelang bana ba lona ho rapela ha ba le lilemo tse supileng.) [E tlalehiloe ke Abu Dawud]. Eaba khotso le mahlohonoloho a Allah A be le eena o re: «E mong le e mong oa lona ke molisa (mohlokomeli) ‘me e mong le e mong o na le boikarabello ba (bohle) ba tlas’a tlhokomelo ea hae; ‘Musi ke molisa (mohlokomeli) ‘me o na le boikarabello holim’a bohle ba tlas’a hae; monna ke molisa (mohlokomeli) oa lelapa la hae ‘me o ikarabella holim’a ba tlas'a tlhokomelo ea hae; mosali ke molisa ntlong ea monna oa hae ‘me o ikarabella ho bohle ba tlas’a hae; mohlanka ke molisa oa thepa ea mong’a hae ‘me o ikarabella ho bohle ba tlas’a hae. ‘Me ka hona, kaofela ha lona le balisa ‘me le ikarabella holim’a ba tlas’a bolisa ba lona.» [E qotsuoe ho Sahīh Ibn Hibbān: 4490].
Islam e laetse ntate ho fana ka litlhoko tsa bana ba hae le lelapa – karolo ea sena re se balile pejana ntlheng ea (18). Moporofeta (khotso e be le eena) o bonts’itse bohlokoa (molemo) oa ho hlokomela bana ka ho re: «Dinar (chelete) e molemo ka ho fetisisa eo motho a e sebelisang ke: dinar eo motho a e sebelisang holim’a lelapa la hae, dinar eo a e sebelisang holim’a pere ea e sebelisang sebakeng sa Allah (ka nako ea Jihad) le dinar ea e sebelisang ho metsoalle ea hae molemong oa Allah (sebakeng sa Jihad)” Abu Qilabah (emong oa baqolotsi) o itse: “O qalile ka ba tlas’a boikarabello.” Eaba o re: “Ebe ke mang ea tla una moputso ho feta motho ea sebelisang matlotlo a hae ho bahlokomeluoa ba hae ba banyane lilemong, ka letlotlo leo Allah A ba fileng ts’ireletso khahlanong le litlhoko kapa A ba tsoela molemo eaba O ba fa maruo.” [E tlalehiloe ke Muslim: 994].
30- Islam e laela motho ka bomong ho sebelisa mantsoe le liketso tse lokileng ekasitana le ho lira.
Allah Ea Matla ʼOhle O aba Toka ho ea ka liketso tsa Hae le tsamaiso ea litaba tsa bahlanka ba Hae. Litaelo tsa Hae, lintho tseo A li hanetseng, ‘mopo le qetello li latela tsela e otlolohileng. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Allah O fana ka bopaki hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa haese Eena, ‘moho le mangeloi le batho ba tsebo (ba paka joalo); Ke Eena Ea Abang toka hantle ka ho fetisisa. Ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le Eena, Ea Matla ʼOhle, Ea Bohlale} [Āl ‘Imrān: 18]. Allah O laetse toka, Allah Ea Phahameng O re: [E re [Oho Muhammad]: “Morena oaka O laetse kabo ea toka”} [al-A‘rāf: 29] 'Me Baromuoa le Baporofeta bohle (Khotso le mahlohonoloho a Allah A be le bona) ba tlile ka toka, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Ruri, Re rometse baromuoa ba Rona ka bopaki bo hlakileng, Ra ba Ra romela Libuka le sekala hore batho ba tsebe ho lokisa litaba tsa bona ka toka} [al-Hadīd: 25]. Sekala mona ke toka lipolelong le liketsong
Islam e laela kabo ea toka lipolelong le liketseng ekasita le ho lira: Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Oho lona ba lumelang, emelang toka le le lipaki tsa Allah, leha ekaba khahlanong le lona ka bo-lona, batsoali ba lona le ba leloko. Ho sa tsotellehe hore motho ke morui kapa ke mofutsana, Allah O ba hlokomela ka bobeli. Le se lumelle litakatso tsa lona li le khelose kabong ea toka. Haeba u fana ka kano e fosahetseng kapa o hana ho fana ka kano, ruri Allah O hlokolosi ka seo le se etsang} [San-Nisā’: 135]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Leha ho le joalo, le se ke la lumella lehloeo la batho ba le hanetseng ho kena Masjid al-Haram o halalelang (ntlong ea thapelo) ho le lebisa ho foseng. Sebelisanang ‘moho botleng le ho lokeng, le se sebelisane ‘moho sebeng le tlolong ea molao. ‘Me le ts’abe Allah, hobane kotlo ea Allah e boima} [al-Mā’idah: 2]. Allah Ea Matla ʼOhle A boela A re: {Oho lona ba lumelang, emelang toka le le lipaki tsa Allah, ‘Me le se lumelle lehloeo la batho ho le sitisa ho aba toka, abang toka; seno se haufi le khalalelo} [al-Mā’idah: 8]. Na u fumana matsatsing ana ho melao e entsoeng ke batho moo ho thoeng u bue ‘nete leha ekaba khahlanong le uena ka bo-uena, batsoali kapa ba leloko la hau? Islam e laela toka ho motsoalle le sera.
Moporofeta (khotso e be le eena) o ile a laela ho ts’oara bana hantle ka ho lekana. ‘Amir o tlalehile, a re: Ke ile ka utloa An-Nu‘man bin Bashir a eme sethaleng sa puo (minbar) a re: “Ntate o ile a mpha mpho, empa ‘Amra bint Rawaha (’mè oa ka) a re a ke ke a lumela mpho eo ntle le hore a etse Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) paki ka eona. Ka hona ntate a ea ho Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) a re: ‘Ke file mora oa ka mpho, eo ke mo tsoetseng le ‘Amra bint Rawaha, empa o nkopile hore ke u etse paki ka eona, uena Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena).’ Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) a botsa a re: ‘Na u file bana bohle ba hao mpho e tšoanang?’ Ntate a araba ka hore che. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) a re: ‘Tšabang Allah, ’me le be le toka ho bana ba lona.’ Ka mor’a moo ntate a khutla, ’me a nka mpho eo hape.” [E hlalositsoe ke Al-Bukhāri: 2587].
Lebaka ke hobane litaba tsa batho le tsa linaha li ke ke tsa ema ntle le toka. Batho ba ke ke ba ikutloa ba sireletsehile ka tumelo ea bona, mali a bona, bana ba bona, seriti sa bona, maruo a bona le linaha tsa bona ntle le toka. Ka lebaka leo re fumana hore Moporofeta (khotso e be le eena), ha kuffar (bahanyetsi ba Islam) ba Makkah ba ne ba hatella Mamosleme Makkah, o ile a ba laela hore ba fallele Habasha (eo e leng Ethiopia kajeno). O ile a hlalosa seo ka hore teng ho na le morena ea lokileng, eo ho eena ho seng motho ea hlorisoang.
31. Islam e laela ho ba mosa ho batho bohle e boele e khothaletse boits’oaro bo botle le liketso tse khabane.
Islam e laela ho ba mosa ho batho bohle joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Ruri, Allah O laela kabo ea toka le boits’oaro bo botle le ho thusa ba leloko} [an-Nahl: 90]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: [Bao ba fanang ka linako tsa khora le ka linako tsa mathata, ba ts’oarang khalefo ea bona ebile ba ts’oarela batho; kaha Allah O rata ba etsang hantle.} [Āl ‘Imrān: 134]. Moporofeta Muhammad (Khotso le mahlohonoloho a Allah A be le bona) o itse: «Ruri, Allah O laetse mosa ho lintho tsohle; ka hona, ha u bolaea, bolaea hantle; ‘me ha u hlaba, hlaba ka tsela e ntle; (ha u rera ho hlaba) ke hore e mong oa lona a leotse thipa hore phoofolo e hlajoang e se ke ea utloa bohloko.» [E tlalehiloe ke Muslim: 1955].
Islam e khothaletsa boits’oaro bo botle le liketso tse khabane. Allah Ea Matla ʼOhle O hlalosa boits’oaro ba Moporofeta Muhammad (Khotso le mahlohonoloho a Allah A be le bona) Libukeng tse fetileng ka ho re: {Ba latelang Moromuoa – Moporofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola – eo tlhaloso ea hae ba e fumanang kahare ho Qur’an le Evangeli. O ba lumella hore ba etse botle ebile o ba thibela ho etsa bobe; o ba lumella ho etsa ka molao sohle se hloekileng ‘me o ba thibela ho se etse se sa hloekang; o ba imolla boimeng ba bona le litlamong tseo ba neng ba le ho tsona. Joale bao ba lumelang ho eena, ba ea mo hlonepha ebile ba ea mo sireletsa, ba be ba latele leseli le rometsoeng ka eena – Bao ke bahloli batla fumana katleho.”} [al-A‘rāf: 157]. Moromuoa oa Allah (Khotso le mahlohonoloho a Allah A be le bona) o itse: «Oho Aishah, ruri, Allah O bonolo ebile O rata bonolo ‘me sebakeng sa bonolo O fana ka seo A ke keng A fana ka sona sebakeng sa bokhopo, le seo A ke keng A fana ka sona sebakeng sa eng kapa eng.» [E tlalehiloe ke Muslim: 2593]. Moporofeta oa Allah (Khotso le mahlohonoloho a Allah A be le bona) O boetse A re: «Ruri Allah o le hanetse: ho se mamele bo-'m'a lona, ho hana (seo le lokelang ho se fana), kapa ho batla (seo le sa se tšoaneleng), le ho pata barali ba lona ba ntse ba phela. 'Me Allah ha a rate puo ea lefeela (lesebo), ho botsa lipotso tse ngata haholo (bakeng sa lintho tse ke keng tsa tsoela motho molemo), le ho senya leruo la lona.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 2408]. Moromuoa oa Allah (khotso le mahlohonoloho tsa Allah li be ho eena) o ile are: «Le ke ke la kena Paradeiseng ho fihlela le lumetse, le ke ke la lumela ho fihlela le ratana, na ke le tataisetse ho se seng seo ekareng ha le se etsa la ratana? Lumelisanang ka linako tsohle (ka tumeliso ea Islam).» [E tlalehiloe ke Muslim:54].
32- Islam e laela kamohelo ea mekhoa e metle e hlokang thoriso joaloka bots’epehi, bophethahatsi ba lits’episo, boitlhompho, boits’epo, sebete, ho fana, ho thusa bahloki, ho thusa ba mats’oenyehong, ho fepa ba lapileng, ho ba le likamano tse ntle le baahisane, ho boloka likamano le ba lelapa le ho ba mosa ho liphoofolo.
Islam e laela kamohelo ea mekhoa e metle e hlokang thoriso. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: (Ke rongoetsoe ho phethela boits’oaro bo botle.) [E qotsuoe ho Sahīh al-Adab al-Mufrad: 207], Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o boetse a re: Kannete, ba ratoang haholo ho ’na, le ba tla ba haufi le ’na ka ho fetisisa ka letsatsi la Qiyamah (la Kahlolo), ke ba nang le boitšoaro bo botle. ’Me kannete, bao ke ba hloileng haholo, le ba tla ba hole ka ho fetisisa le ’na ka letsatsi la Qiyamah, ke thartharun (ba buang haholo ntle le molemo), le mutashaddiqun (ba ikhohomosang ka mantsoe a bona), le mutafayhiqun (ba ikhantsʼang haholo). Ba re: "Re se re ntse re tseba buang haholo le ba ikhantšang ka puo, empa 'mutafayhiqun' ke bo mang?" A re: Ke mutakabbirun ( ba nang le boikakaso le boikhohomoso lipelong tsa bona tse ba etsang hore ba khese batho ba bang). [E qotsuoe ho Al-Silsilah al-Sahīhah: 791]. Abdullah ibn ‘Amr (eka Allah A ka thabisoa ke bona) o tlalehile tjena: “Moporofeta (khotso e be le eena) o ne a se litlhapa, ‘me o ne a ke ke a sebelisa mahlapa, ebile o ne a tloaetse ho re: (Ruri, ba hantle haholo ho lona ke ba boits’oaro bo botle.) [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 3559], Hona le litemana tse ling tse ngata ‘moho le Lihadith tse netefatsang sena, ka mantsoe a akaretsang, ke hore Islam e khothaletsa boits’oaro bo khabane le liketso tse hlomphehang.
Islam e tiisa taba ea ho amohela ‘nete. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: “Its’oareletseng ‘neteng, kaha ‘nete e tataisetsa bohalaleling, ‘me bohalaleli bo lebisa Leholimong. Motho o tla tsoela-pele ho bua ‘nete le ho sebeletsa ho lula a bua ‘nete ho fihlela a ngoloa ho Allah ele motho ea lulang a bua ‘nete.” [E tlalehiloe ke Muslim: 2607],
Islam e khothaletsa bophethahatsi ba lits’episo. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, Allah O laela hore le khutlisetse tse neng li behiloe tlhokomelong ea lona ho beng ba tsona (ho latela litumellano)} [an-Nisā’: 58].
Har’a lintho tseo Islam e li laelang ke: boits’oaro bo botle le bo hloekileng. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso tsa Allah li be holim’a hae) o itse: «Hona le mefuta e meraro ea batho bao Allah A nkileng boikarabello ho ba thusa; emong oa bona ke: ea kenang lenyalong e le hobane a batla boitlhompho.» [E tlalehiloe ke Al-Tirmidhi: 1655]. Moporofeta (khotso e be le eena) one a tloaetse ho rapela a re: «Allāhumma inni as-alukal huda wat-tuqa wal-‘afāfa wal-ghina (Oho Allah, ke kopa tataiso ea Hao, ts’abo ea Hao, boitlhompho le ho ba bolokolohing ba litlhoko).» [E tlalehiloe ke Muslim: 2721].
Islam e khothaletsa boikokobetso. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: «Lihlong ha li tlise letho empa botle.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 6117], Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o boetse a re: «Bolumeli bo bong le bo bong bo na le boits’oaro ba bona bo ikhethang; ʼme boits’oaro ba Islam boo e ikhethang ka bona ke lihlong.» [E tlalehiloe ke Al-Bayhaqi ho Shu‘abal Imān: 6/2619].
Islam e boela e khothaletsa ho ba sebete. Anas (eka Allah A ka khotsofatsoa ke eena) o tlalehile tjena: «Moporofeta (khotso e be le eena) e ne e le eena ea ka holimo, ea sebete ka ho fetisisa le ea neng a thusa ho feta batho bohle. Ka le leng ha batho ba Madinah ba ne ba ts’ohile, Moporofeta (khotso e be le eena) o ile a kalla pitsi ea hae ‘me a ba etella pele.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 2820]. Moporofeta (Khotso e be le eena) one a tloaetse ho kopa ts’ireletso ea Allah khahlanong le bokoala, ka ho re: «Allāhumma inni a‘ūdhu bika minal jubn (Oho Allah, Ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le bokoala).» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 6374].
Ho tsoela-pele, Islam e khothaletsa ho fana ha bonolo (ho phuthulla seatla). Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Mohlala oa ba sebelisang maruo a bona sebakeng sa Allah, ke mohlala oa peo (ea poone) e hlahisang lehlaka le nang le litsebe tse supileng, e be tsebe ka ‘ngoe e ba le lipeo tsa poone tse lekholo. Etsoe Allah A atisa sebakeng sa eo A mo ratang. ‘Me Allah O lekane litlhokong tsa libopuoa tsa Hae, ebile O Tseba tsohle.} [al-Baqarah: 261]. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o ne a tsebahala ka seatla sa hae le bulehileng. Ibn Abbas (eka Allah A ka thabisoa ke bona) o itse: «Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) ene e le motho ea fanang ka ho fetisisa ebile joale ka Ramadhan o ne a fana ka ho fetisisa nakong eo Gabriele (khotso e be le eena) a tlo teana le eena. Gabriele (khotso e be le eena) o ne a tloaetse ho mo etela bosiu bo bong le bo bong ka Ramadhan ho tla hlahloba Quraʼn, ’Me ha Gabriele a kopana le eena, Moporofeta (khotso e be le eena) o ne a ba mofani oa botle ho feta moea o rometsoeng (o fofang ka matla le ka potlako). [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 1902].
Lintho tse ling tsa bohlokoa tseo Islam e li khothaletsang malebana le boits’oaro ke: ho thusa bahloki, ho thusa ba nyahameng, ho fepa ba lapileng, ts’oaro e ntle ea baahisane, ho boloka likamano tsa lelapa le ho ba mosa ho liphoofolo. Abdullah ibn ‘Amr (eka Allah A ka khotsofatsoa ke bona) o itse: “Monna emong o ile a botsa Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena): Ke ketso efe Islamong e ntle ka ho fetisisa?’ O ile a re: «Ho fepa batho le ho lumelisa batho bohle bao u ba tsebang le bao u sa ba tsebeng.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 12]. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: «Nakong eo monna a ntseng a tsamaea tseleng, o ile a ikutloa a nyoriloe haholo. O ile a fumana seliba eaba o theohela ka ho sona a noa. Nakong eo a tsoang, ke ha a fumana ntja e hemela holimo ebile e nyeka seretse ka lebaka la lenyora. Eaba monna enoa o re: ‘Ntja ena e nyoriloe joalokaha ke ne ke nyoriloe.’ Eaba, o theohela ka selibeng, a tlatsa seeta sa hae metsi, eaba o se ts’oara ka meno o ea nyoloha. Eaba o fihla a fa ntja ho noa. Allah A amohela ketso ea hae, ‘me ka hona A mo ts’oarela.” Ba re: “Oho Moromuoa oa Allah, na re putsoa ka lebaka la ho hlokomela liphoofolo?” Eaba o re: “E, ho joalo! Hona le moputso sebakeng sa ho fa metsi lintho tsohle tse phelang.» [E qotsitsoe ho Sahīh Ibn Hibbān: 544]. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: «Motho ea hlokomelang mohlolohali le motho ea hlokang o ts’oana le motho ea kentseng letsoho ho Jihad sebakeng sa Allah, kapa motho ea etsang lithapelo tsa boithaopo bosiu ebe mots’eare o ea itima.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 5353].
Islam e tiisa litokelo tsa ba leloko, e khothaletsa ho boloka likamano le ba lelapa. Allah Ea Matla ʼOhle o re: {Moporofeta o haufi le balumeli ho ba feta ka likamano ‘me balekane (basali) ba hae ke bomme ba bona (balumeli). ‘Me likamano tsa mali (bana ba motho kapa ba haufi ka bontate ba bona) kahar’a bona li na le maemo a holimo ho Allah (litabeng tsa mafa) ho feta balumeli ba bang le Muhajirun (ba jaketseng Madinah ho tsoa Makkah) ho ea ka Buka ea Allah, kantle le ha le ka etsa metsoalle ea lona e haufi hantle. Sena se ngotsoe ka Bukeng ea litlaleho} [Sal-Ahzāb: 6]. Ebile e hlokomelisa kotsi ea ho khaola likamano tsa lelapa, ka ho e ts’oants’a le ho baka likhathatso lefats’eng. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ebe joale, hoja le ne le fuoe matla a ho etsa bobolu lefats’eng le ne le tla khaola likamano tsa malapa? (22) Bao ke bao Allah A ba nyelisitseng, ebile O ba thibile litsebe A ba A ba foufatsa} (23) [Muhammad: 22-23]. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: «Motho ea khaolang likamano tsa lelapa a ke ke a kena Paradeiseng» [E tlalehiloe ke Muslim: 2556]. Batho ba leloko bao motho a lokelang ho boloka likamano le bona ke ba latelang: batsoali, baholoane, baena, likhaitseli, borangoane, baholoane ba ntate oa hae, borakhali, mangoane, malome.
Ka ho ts’oana, Islam e tiisa litokelo tsa moahisane leha e se Lemoseleme. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Rapelang Allah, ‘me le se Mo kopanye le letho borapeling. Ebang mosa ho batsoali, ba leloko, likhutsana, bahloki, baahisane ba hole le ba haufi, motsoalle, baeti le makhoba a lona. Kaha Allah ha A rate batho ba khopo, ba ikhohomosang.} [an-Nisā’: 36]. Morumuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: (Gabariele o lutse a nkhothaletsa ts’oaro e ntle ea baahisane ho fihlela ke nahana hore o tla ba etsa bajalefa.) [E tlalehiloe ke Abu Dāwūd: 5152].
33- Islam e lumelletse lintho tse nepahetseng lijong le linong; ea laela bohloeki pelong, 'meleng le ntlong (sebaka sa moo ho pheloang); ka ho ts'oana ea lumella lenyalo joalokaha le ile la tlama ho baporofeta (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho bona). Le bona ba ne ba lumelletse lintho tsohle tse nepahetseng.
Islam e lumelletse lintho tse nepahetseng lijong le linong. Moromuoa oa Allah (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) o itse: «Oho lona batho, ruri Allah O nepahetse. Ha A amohele letho kantle le se nepahetseng, ebile Allah O laetse balumeli joalokaha A ile A laela Baromuoa (khotso e be le eena). Allah O itse: {Oho lona Baromuoa Baka, e jang (le noe) tse nepahetseng le etse tse nepahetseng, le ele hloko hore Ke tseba tsohle tseo le li etsang}. Allah a nt'o re hape: {Oho lona ba lumelang, jang (le noe ho) tse nepahetseng, tseo Re le fileng tsona, le lebohe Allah, haeba le ea Mo rapela.} Eaba o bua ka motho ea tsamaileng leeto le le lelele ’me a koahetsoe ke lerole. O phahamisetsa matsoho a hae leholimong (a re): ‘Oho Allah! Oho Allah!’, empa lijo tsa hae ha li molaong, seno sa hae ha se molaong, le seaparo sa hae ha se molaong, ’me o pota-potiloe ke lintho tse seng molaong. Joale thapelo ea hae e ka amoheloa joang?» [E tlalehiloe ke Muslim: 1015]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ere, “Ke mang ea hanetseng mekhabiso le lijo tse molaong tseo Allah A li hlahiselitseng bahlanka ba Hae? E re, “Ke tsa ba lumetseng bophelong ba lefats’e lena, ‘me e tla ba tsa bona ka ho khetholoha feela ka Letsatsi la Tsoho. Ke kahoo Re hlakisang litemana ho batho ba nang le tsebo”} [al-A‘rāf: 32].
Islam e laela tlhoekiso ea pelo, 'mele le ntlo, ke ka lebaka leo (Allah) A entseng lenyalo hore le be molaong joalokaha A entse joalo ho baporofeta le baromuoa (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho bona) 'me le bona ba laela ho etsa botle bohle, kahoo Allah Ea Matla ʼOhle O re {Allah O le etselitse basali ba mofuta oa lona, ‘me ka balekane ba lona O le file bana le litloholo, ‘me O le file lintho tse molemo. Na ba ntse ba lumela mashanong (linthong tse sa nepahalang), 'me haele melemo ea Allah ba ea e latola?} [an-Nahl: 72]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {'Me liaparo tsa hao li hloekise (4) U be u qobe borapeli ba Ar-Rujz (lits’oants’o) (5)} [al-Muddaththir: 4-5]. Moromuoa oa Allah (khotso le mahlohonolo tsa Allah li be ho eena) o itse: Ha ho na motho ea tla kena Paradeising haeba pelong ea hae ho na le boikhohomoso bo lekanang le boima ba thollo ea mosetara. Monna e mong a botsa: 'Empa motho o rata ha liaparo tsa hae li le ntle le lieta tsa hae li le ntle?' Moromuoa (Khotso e be le eena) a re: 'Ruri Molimo o motle, ebile o rata botle. Boikhohomoso ke ho hana nnete le ho khesa (ho nyatsa) batho ba bang. [E tlalehiloe ke Muslim: 91].
34- Islam e thibela libe tse kholo joaloka borapeli ba melimo e mengata, ho se lumele, ho khumamela lits’oants’o, ho rehella ntho tse itseng ka Allah kantle le tsebo; ho bolaea bana kapa meea e senang molato; ho baka bobe (bobolu) lefats’eng; boloi; bohlola bo pooaneng kapa bo ipatileng; thobalano ea batho ba boleng bo le bong; phaello ea chelete (tsoala ea chelete); le ho ja liphoofolo tse shoeleng kapa tse hlajetsoeng melimo kapa balimo. Ho tloha moo, Allah O thibetse ho ja nama ea kolobe; lintho tse lits’ila; ho ja mafa a likhutsana; ho qhekella nakong eo u bekhang sekaleng (boqhekanyetsi khoebong); le ho khaola likamano tsa lelapa (leloko). Baporofeta bohle (khotso e be le bona) ba lumellana ka ntsoe-leng ka lintho tse ka holimo tse thibetseng.
Islam e thibela libe tse kholo joaloka borapeli ba melimo e mengata, ho se lumele, ho khumamela lits’oants’o, ho rehella ntho tse itseng ka Allah kantle le tsebo; ho bolaea bana kapa meea e senang molato. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {E-re [Oho Moporofeta]: “Tlohong, Ke tl’o le phetela seo Morena oa lona A se thibetseng ho lona: Le se ke la Mo kopanya le mang kapa mang bomolimong ba Hae, le hlomphe batsoali ba lona. Le se ke la bolaea bana ba lona ka lebaka la ho ts’aba bofutsana (tlala), hobane Rona Re baballa lona le bona. Le se ke la atamela liketso tse hlabisang lihlong, ebang ke tse pepeneneng kapa lekunutung. Le se ke la bolaea moea o halalelitsoeng ke Allah, kantle ho molao. Sena ke seo A le laelang sona, hore le tle le utloisise. Le se ke la atamela thepa ea khutsana, haese ho e (thepa) ntlafatsa, ho fihlela e (khutsana) fihletse lilemo tsa kholo. Fana ka tekanyo e feletseng le boima bo nepahetseng (ha u le khoebong) ka toka. Ha Re imetse moea ofe kapa ofe ho feta kamoo o ka jarang. 'Me le boloke toka ha le bua (le ha le fana ka kahlolo), esita le haele khahlanong le ba haufi le lona ka likamano. Le ho phethahatsa selekane sa Allah. Sena ke seo A le laelang sona, hore le tle le hlokomele (hopole).} [al-An‘ām: 151-152]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse O itse: {E-re , “Morena oaka, O thibetse liketso tse hlabisang lihlong tse etsoang pepeneneng kapa lekunutung, sebe, tlatlapo e senang toka, ho Mo kopanya borapeling ka seo A sa se fang matla, le ho bua ka Eena ka tseo le sa li tsebeng (ho Mo etseletsa).”} [al-A‘rāf: 33].
Islam e thibela polao ea meea e senang molato (ho bolaea le ho hlorisa batho kapa libopuoa tse ling kantle ho mabaka). Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Le se ke la bolaea moea oo Allah A le hanetseng ka ona, kantle ho molao. Haeba motho a bolailoe ka ho tlatlaptjoa (kapa ka phoso), Re file moja-lefa oa hae matla (a ho batla mats’eliso), empa ha a lokela ho tlola moeli oa polao, kaha o sa ntse a filoe ts’ireletso [ke molao].} [al-Isrā’: 33]. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Le ba sa khumameleng molimo o mong kantle ho Allah ‘me ba sa bolae moea oo Allah A o thibetseng kantle le haele tlas’a kabo ea toka, ebile ba sa etse bohlola hobane ea etsang e ‘ngoe ea tseo o tla fumana kotlo.} [al-Furqān: 68]
Islam e thibela ho baka bobolu lefats’eng. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Le se ke la jala bobolu lefats’eng kamor’a hore bo lokisoe.} [al-A‘rāf: 56]. Allah Ea Matla ʼOhle O tlalehile polelo ea moporofeta Shu'ayb (khotso e be le eena) ha a ne a re ho sechaba sa hae: {Oho lona batho ba ka, khumamelang Allah; ha le na molimo o mong ntle le Eena. Ho tlile bopaki bo hlakileng ho lona ho tsoa ho Morena oa lona. Phethahatsang litekanyo le boima le se siteloe batho ka tokelo tsa bona le se bake bobolu lefats’eng kamor’a tlhopho-bocha ea lona. Ho molemong oa lona haeba le le balumeli.} [al-A‘rāf: 85].
Islam e thibela boloi joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Lahlela se letsohong la hao le letona; se tla koenya seo ba se entseng. Ba mpa ba iqapetse leqheka la boloi, etsoe moloi a ke ke a atleha, hohle moo a eang.} [Taha: 69]. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: «Qobang libe tse supileng tse timetsang. Ba ba re: Oho Moromuoa oa Allah, ebe ke li fe? Eaba o re: borapeli ba melimo e mengata; boloi; ho bolaea motho ka thoko ho molao; ho ja tsoala; ho ja leruo la khutsana; ho baleha ntoeng ka letsatsi la tlhaselo; ho etselletsa ka bohlola mosali ea hloekileng, ea se nang molato le ea lumelang.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 6857].
Islam e thibela bohlola bo hlahelletseng pooaneng le bo ipatileng, bofebe le bosodoma; bopaki ba tsona bo hlalositsoe qalong ea ntlha ena. Islam e boetse e thibela tsoala ea chelete, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Oho lona ba lumelang! Ts’abang Allah, ‘me le lahle se setseng [sebakeng sa lona] sa tsoala ea chelete, haeba le le balumeli ba ‘nete. (278) Empa haeba le sa e tlohele, le hlokomele hore Allah O phatlalalitse ntoa ‘moho le Moromuoa oa Hae. Leha ho le joalo, haeba le baka, le ka boloka chelete ea lona [kantle ho tsoala], ha e nts’e kotsi kapa hona ho baka kotsi (279)} [Surat al-Baqarah: 278-279]. Allah ha A ts'episa moetsa-libe ntoa joalokaha A ts'episitse motho ea jang tsoala hobane tsoala e ameha ts’enyong ea litumelo, malapa, thepa le maphelo (e etsa hore batho ba kule moeeng).
Islam ha e lumelle ho jeoa ha nama ea phoofolo e shoeleng, phoofolo tse hlabetsoeng balimo (mafu) le nama ea kolobe. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Seo le se thibetsoeng (sebakeng sa lijo) ke setopo sa phoofolo e shoeleng, mali, nama ea kolobe, le seo se nehetsoeng ho e mong ntle le Allah, le tse bolailoeng ka ho khang oa, kapa ho otloa ka ntho e boima (joaloka lejoe, molamu, koto), kapa ho oela ka hlooho (sebakeng se phahameng), kapa ho bolaoa ka ho hlajoa ke tse ling ka manaka, kapa tse harotsoeng ke libatana tsa naha kantle le haeba le ka khona ho li qetela, kapa tse hlabetsoeng holim’a An-Nusab (aletara tsa majoe tseo ho etsetsoang mahlabelo a melingoana)} [al-Mā’idah: 3].
Islam e boetse e thibela ts’ebeliso ea lintho tse taeang (le lithethefatsi) le lintho tsohle tse sa hloekang, tse lits’ila. Joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A itse: {Oho lona ba lumelang, botaoa, tlholisano ka lichelete (ho becha), lits’oants’o le litaola li lits’ila, ke mosebetsi oa Satane; ka hona qobang lintho tse joalo [tse mpe], hore le tsebe ho ba le katleho. (90) Satane o ipatlela ho aha bora le lehloeo pakeng tsa lona, ka lintho tse taeang le tlholisano ea lichelete, le ho le sitisa ho hopola Allah le thapelo. Na le keke la emisa?(91)} [al-Mā’idah: 90-91]. Ho boletsoe pejana serapeng sa nomoro ea (31) kamoo Moporofeta (khotso e be le eena) a hlalosoang ka har'a Torah e le eena ea thibelang litšila. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Bao ba latelang Moromuoa – Moporofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola – eo tlhaloso ea hae ba e fumanang kahare ho Torah le Evangeli. O ba lumella hore ba etse botle ebile o ba thibela ho etsa bobe; o ba lumella ho etsa ka molao sohle se hloekileng ‘me o ba thibela ho se etse se sa hloekang; o ba imolla boimeng ba bona le litlamong tseo ba neng ba le ho tsona. Joale bao ba lumelang ho eena, ba ea mo hlonepha ebile ba ea mo sireletsa, ba be ba latele leseli le rometsoeng ka eena – ke bona ba tla atleha.”} [al-A‘rāf: 157].
Islam e thibela ho ja leruo la likhutsana kantle ho molao. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Le fe likhutsana thepa ea tsona, ’me le se ke la fapanyetsana lintho tsa lona tse mpe ka tse ntle tsa tsona; le se ke la ja kapa la kopanya thepa ea tsona le ea lona. Ruri, hoo ke sebe se seholo.} [an-Nisā’: 2]. Allah Ea Matla ʼOhle O boetse A re: {Ruri, ba jang thepa ea likhutsana kantle ho toka, ba mpa ba ja mollo ka limpeng tsa bona, ‘me ba tla cha lelakabeng le chesang.} [an-Nisā’: 10].
Islam e hanela ho qhekella ka litekanyo le boima. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ho malimabe ba fanang ka tekanyo e fokolang ho feta e loketseng! (1) Bao, ha ba lokela ho amohela ho batho ka tekanyo, ba batlang tekanyo e feletseng, (2) 'Me ha ba tlameha ho fa batho ka tekanyo kapa boima, ba ba fa ka tlaase ho seo ba se tšoanelang. (3) E le hore ha ba nahane hore ba tla tsosoa bafung (ho tla ahloloa)? (4)} [al-Mutaffifīn: 1-4].
Islam e thibetse ho khaola likamano tsa lelapa, 'me sena se se se ile sa boleloa ho serapa sa (31) pejana, ebile se bonts'a litemana le Hadith tse buang ka eona taba eo. 'Moho Baporofeta le Baromuoa (khotso e be le eena) ba lumellana kaofela ha bona ka thibelo ea lintho tsena tse fosahetseng (tse thibetsoeng).
35- Islam e hanela mekhoa eohle e sa nepahalang joaloka leshano, ho qhekella, ho eka, ho tsoa likano tlaase, lefufa, ho se tšepahale, merero e mebe, bosholu, ho hlokelana toka, khatello le mekhoa eohle e mebe.
Islam e hanela mekhoa eohle e sa nepahalang, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: {U se ke oa reteletsa sefahleho sa hao hole le batho [ka ho nyelisa], u se ke ua tsamaea lefats’eng ka boikhohomoso. Ruri, Allah ha A rate motho ea ikhohomosang le ea ithorisang} [Luqmān: 18]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Ba ratoang haholo le ba haufi haholo le ’na ka Letsatsi la Tsoho e tla ba ba nang le boitšoaro bo botle ka ho fetisisa; ’me ba hloiloeng ka ho fetisisa le ba hole ka ho fetisisa le ’na ka Letsatsi la Tsoho e tla ba ba buang haholo, ba iketsang ba phahameng, le ba ratang ho ikhantša ka lipuo.» [E qotsitsoe ho Al-Silsilah al-Sahīhah: 791].
Islam e hanela leshano joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: {Ruri, Allah ha A tataise motho eo e leng setloli sa molao le ea leshano} [Ghāfir: 28]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Hlokomelang leshano, ruri leshano le lebisa bobeng, ‘me bobe bo lebisa Mollong oa Lihele, ‘me motho o tla tsoela-pele a bue leshano, a be a tloaele ho thetsa ho fihlela a tlalehiloe libukeng tsa Allah e le motho ea leshano.» [E tlalehiloe ke Muslim: 2607]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Mats’oao a moikaketsi a mararo: nakong eo a buang, o ea thetsa; nakong eo a etsang ts’episo, o ea e roba; ‘me ha a fuoe lintho ho li hlokomela, o fetohela mong’a tsona (ha a tšepetsoe ho hong, o etsa bolotsana).» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 6095].
Islam e thibela boqhekanyetsi Ho ea ka Hadīth Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) ho ne ho etsahale a fete moo ho bokelletsoeng lijo li entse hlaba (hlaba ea koro). O ile a sunya letsoho la hae kahar’a hlaba eo, eaba menoana ea hae etsoa e le mongobo. O ile a re: «Oho, mong’a lijo, ke eng hoo?» O ile a araba: ‘Oho Moromuoa oa Allah, hlaba ena e ile ea neloa ke pula.’ Eaba o re: «Hobaneng u sa tlisa karolo e e netsoeng ke pula kaholimo hore batho ba tsebe ho bona? Ea qhekellang ha se karolo eaka (hase molateli oaka).’» [E tlalehiloe ke Muslim: 102].
Islam e thibela bohlaba-phieo, ho fetohela likano le boqhekanyetsi: {Oho lona ba lumelang! le se ke la fetohela Allah le Moromuoa kapa ho fetohela lintho tse siiloeng tlhokomelong ea lona, le tseba} [Al-Anfal: 27]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Bao ba phethahatsang selekane sa Allah ‘me ba sa robe lits’episo} [ar-Ra‘d: 20]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) one a tloaetse ho laea mabotho a hae nakong eo a itlhophelang ho ea ntoeng: «Loanang, empa le se ke be la utsoa letho linthong tse hapiloeng ntoeng, le se be mahlaba phieo, le se bolae ka ho poma likarolo tsa ‘mele ‘me le se bolae bana.» [E tlalehiloe ke Muslim: 1731]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Ho na le litšobotsi tse ’nè tse etsang hore motho e be moikaketsi ea feletseng, ’me mang kapa mang ea nang le e ’ngoe ea tsona o na le tšobotsi ea boikaketsi ho fihlela a e tlohela: ha a tšepetsoe, o tsoa likano tlaase; ha a bua, oa thetsa; ha a etsa selekane, oa eka (oa qhekella); ’me ha a ngangisana, oa kheloha ’neteng.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 34].
Islam e thibela lefufa. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Kapa ba shoela batho ba bang mona ka tseo Allah A ba fileng tsona ho tsoa maruong a Hae? 'Me ka hona Re se Re ile Ra fa lelapa la Abrahama Buka le tataiso, 'me Ra beha ho bona borena bo boholo.} [An-Nisa: 54]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Joalokaha Bongata ba batho ba Buka ba lakatsa ho le khutlisetsa ho se lumeleng, kamor’a hore le lumele. Ka lebaka la ho le shoela mona, le kamor’a hore ‘nete e ba totoballe. Iphapanyeng le batso'arele ho fihlela thato ea Allah e phethahetse, kaha Allah O na le bokhoni ba ntho tsohle} [al-Baqarah: 109]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Ho tlile ho lona lefu le ileng la hlahela lichaba tse neng li le teng pele ho lona: mohono le lehloeo. Lehloeo ke sekuti (mosenyi). Ha ke bolele sekuti sa moriri; empa le luta (ke hore le senya) tumelo. Ka Eo moea oa Muhammad o leng letsohong la hae, le ke ke la kena Paradeiseng ho fihlela le lumela, ’me le ke ke la lumela ho fihlela le ratana. Na nka se le bolelle ntho e tla le thusa ho fihlela seo? Jalang salaam (tumeliso) har’a lona.» [E hlalositsoe ke Al-Tirmidhi: 2510].
Islam e thibela maquloana a lits’ebo le boqhekanyetsi, ke ka hona Allah Ea Matla ʼOhle A reng: {Ka hona, Re behile motseng o mong le o mong batho ba fosahetseng ka ho fetisisa hore ba etse ‘momori ea bona, empa ba itherela bora, ba mpa ba sa elelloe} [al-An‘ām: 123]. Allah Ea Matla ʼOhle O tlalehile hore Bajuda ba ba ile ba rera ho bolaea Mesia (khotso e be le eena) empa Allah O ile A khutlisetsa merero eo ea bona khahlanong le bona, ruri ‘momori o lits’ila ha o hlokofatse mang kapa mang kantle le mong’a ona. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Nakong eo Jesu a belaellang ho se lumele ho bona, o ile a re: “Ke mang ea tla nthusa tseleng ea Allah?” Barutuoa (ba hae) ba ile ba re: “Re bathusi tseleng ea Allah. Re lumela ho Allah; ‘me re bea bopaki hore re inehetse ho Allah (re Mamoseleme) (52) Morena oa rona, re lumela ho seo O se rometseng, ebile re latela moromuoa; ka hona re ngole har’a ba behang bopaki [‘neteng]. (53) Ba rera empa Allah ke eena ea molemo ka ho fetisisa oa ba rerang. (54) ‘Me [hopola] nakong eo Allah A neng A re, “Oho Jesu, Ke tla u nka, ke u nyollele ho ‘Na, le ho u pholosa ho ba sa lumeleng ho fihlela ka Letsatsi la tsoho ea bafu. ‘Me le tla khutlela ho ‘na kaofela hoa lona, ebe Ke ahlola lipakeng tsa lona malebana le tseo le neng le fapana (ka tsona). (55)} [Āl ‘Imrān: 52-55]. Allah Ea Matla ʼOhle O tlalehile hore sechaba ba Moporofeta Salih (khotso e be le eena) ba ne ba batla ho ‘molaea ka ho etsa ‘momori le lequloana la bolotsana, empa Allah O ile A khutlisetsa merero eno ea bona ho bona, eaba O ba bolaea kaofela ha bona. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Ba ile ba re: “Ha re hlapanyeng ka Allah kaofela ha rona hore re tla ‘molaea bosiu ‘moho le lelapa la hae. Ebe re bolella mojalefa oa hae, ‘ha rea ka ra bona polao ea lelapa la hae, kannete ruri re bua ‘nete.” (49) Leha ba entse leqheka le Rona Re ile Ra rera, empa ba ne ba sa elelloe. (50) Bonang litholoana tsa morero oa bona: Re ile Ra ba timetsa ‘moho le batho ba habo bona (51)} [an-Naml: 49-51].
Islam e thibela bosholu. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Sehlola ha se molumeli ka nako eo se etsang bohlola, lesholu ha se molumeli ka nako eo le utsoang, ‘me le letaoa ha se molumeli ka nako eo le ntseng le noa joala, ke ka hona ho ntseng ho ena le monyetla oa ho baka.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 6810].
Islam e thibela ho tlola molao kapa ho se hlomphe molao joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: {Ruri, Allah O laela kabo ea toka le mosa (boits’oaro bo botle) le ho thusa ba leloko (ka ho ba fa litokelo tsa bona), le ho thibela liketso tse soabisang, tse mpe le khatello. O le hlokomelisa tsena hore mohlomong le tle le hopole.} [an-Nahl: 90]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Ruri, Allah O nts’enoletse hore le lokela ho ikokobetsa, hore ho se be ea hatellang emong kapa a ikhohomosetsang ba bang» [E tlalehiloe ke Abu Dāwūd: 4895].
Islam e thibela khatello, joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: {Allah ha A rate bahatelli} [Āl ‘Imrān: 57]. Ebile Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ruri, baetsa-libe ba ke ke ba atleha} [al-An‘ām: 21]. Allah Ea Matla ʼOhle O itse: {Haele baetsa-libe O se A ba hlophetse kotlo e bohloko} [al-Insān: 31]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Hona le mekhahlelo e meraro ea batho, bao lithapelo tsa bona li ke keng tsa furalloa: ‘Musi ea busang ka toka, motho ea itimmeng ho fihlela a robile boitimo ba hae le thapelo ea motho ea hatelletsoeng eo lithapelo tsa hae li phahamisetsoang kaholimo ho maru ‘me menyako ea Leholimo e buloang sebakeng sa tsona ‘me Morena Ea Matla ʼOhle O re: Ka matla Aka, ruri Ke tla u thusa, le ha ekaba kamor’a nakoana.» [E tlalehiloe ke Muslim ha khuts’oane ka mantsoe a fapaneng hanyane le ana ho: 2749; Al-Tirmidhi ka mantsoe a fapaneng hanyane le ana ho: 2526; ‘me ana a ka holimo ke a tlalehiloeng ke Ahmad: 8043]. Nakong eo Moporofeta (khotso e be le eena) a neng a romela Mu’adh naheng ea Yemen, o ile a re ho eena: «Hlokomela kopo (thapelo) ea motho a hatelletsoeng; kaha ha ho moeli pakeng tsa eona le Allah.» [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 1496]. Moromuoa oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Hlokomela haeba e mong oa lona o tla fosa motho eo e seng Lemoseleme (Mu‘āhid) empa ba ena le tumellano, kapa ho hatikela litokelo tsa hae kapa ho mo hatella ho etsa mosebetsi o boima ho feta bokhoni ba hae, kapa ho nka ntho efe kapa efe ea hae kantle le tumellano, nke ke ka mo ts’ehetsa ka Letsatsi la Kahlolo.» [Ho tsoa ho Sunan Abu Dāwūd: 3052]. Joalokaha le se le bone, Islam e thibela merero eohle e mebe, khatello le litlolo tsa molao.
36- Islam e thibela litšebelisano tsa lichelete tse kenyelletsang tsoala, kotsi, thetso, khethollo, ho qhekella, kapa ho baka likoluoa tsa sechaba, merabe le batho ka bomong.
Bolumeli ba Islam bo thibela litšebelisano tsa lichelete tse kenyelletsang tsoala (riba), kotsi, ho se tšepahale (gharar), ho hatella, bolotsana, kapa tse lebisang likotsing le likoluoeng e akaretsang ho lichaba, merabe le batho ka bomong. Litemana le li-hadith tse thibelang phaello, ho hloka toka, ho qhekella, kapa bobolu lefatšeng li boletsoe qalong ea serapa sena. Allah Ea Matla 'Ohle o itse: {Bao ba hlorisang banna le basali ba balumeli ka seo ba sa se etsang, ba tla jara boima ba liketseletso le sebe se hlakileng.} [al-Ahzāb: 58]. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {Ea etsang ka ho loka - ke molemong oa moea oa hae; ‘me ea etsang bobe ke khahlanong le bo-eena. ‘Me Morena oa lona O aba toka ho bahlanka bohle [ba Hae]} [Fussilat: 46]. Kahar’a Sunnah «ho tlalehiloe hore Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o laetse hore ha ho tlhokofatso kapa boiphethetso ha motho a hlokofalitsoe.» [Sunan Abu Dāwūd]. Moporofeta oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Ea lumelang ho Allah le Letsatsi la ho qetela ke hore a se hlokofatse moahisane oa hae, ea lumelang ho Allah le Letsatsi la ho qetela ke hore a amohele moeti oa hae hantle, ea lumelang ho Allah le Letsatsi la ho qetela ke hore a bue se nepahetseng kapa a thole." Ho e 'ngoe tlhaloso: ke hore a etse hantle ho moahisane oa hae» E tlalehiloe ke Muslim, 47 Moporofeta oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: «Mosali o ile a ahloleloa lebaka la katse eo a ileng a e koalla ho fihlela e bolaoa ke tlala. Ha aa ka a e fepa kapa hona ho e tlohela hore e tsoe ho ja lintho tse hahabang fatše.» E tlalehiloe ke Bukhāri: 3482, Sena se mabapi le ea hlokofalitseng katse, joale nahana moo motho a hlokofatsang motho e mong. Ibn Umar (e ka Allah A ka thabisoa ke bona) o itse: Moporofeta oa Allah (khotso e be le eena) o ile a hloella ho Minbar (aletareng); eaba o hooa ka lentsoe le phahameng a re: (Lona ba ipolelang hore le inehetse [le Mamosleme] ka maleme a lona feela, athe tumelo ha e so fihle lipelong tsa lona! Le se ke la utloisa Mamoseleme bohloko, kapa la ba nyelisa, kapa la ba hloela ho pepesa liphiri tsa bona. Hobane ruri mang kapa mang ea lekang ho pepesa liphiri tsa moena oa hae oa lemoseleme, Allah O tla pepesa liphiri tsa hae pepeneneng, leha a ka ba botebong ba ntlo ea hae. Eena (Nāfi‘) a re: “Ka letsatsi le leng Ibn ‘Umar o ile a sheba Ntlo – kapa Ka‘bah – a re: ‘Ke eng e hlomphehang ho feta uena, ’me ke mang eo khalalelo ea hae e leng kholo ho feta ea hao! Empa khalalelo ea molumeli e kholo ho Allah ho feta ea hao.’) E tlalehiloe ke Tirmidhi: 2032 le Ibn Hiban: 5763. Moporofeta oa Allah (khotso le litlhohonolofatso li be holim’a hae) o itse: (Ea lumelang ho Allah le ho Letsatsi la ho qetela ke hore a se hlokofatse moahisane oa hae, ea lumelang ho Allah le ho Letsatsi la ho qetela ke hore a amohele moeti oa hae hantle, ea lumelang ho Allah le ho Letsatsi la ho qetela ke hore a bue se lokileng kapa a itholele. E tlalehiloe ke Al-Bukhāri, 6018 (Abu Hurayrah (Allah A khahlisoe ke eena) o tlalehile Moporofeta (khotso e be le eena) a re: “Na lea tseba hore ke mang ea futsanehileng? Ba re (Barutuoa ba Moporofeta [khotso e be le eena]): Motho ea futsanehileng har’a rona ke ea se nang dirham (chelete) kapa thepa. A re (Moporofeta [khotso e be le eena]): Ruri, Ea futsanehileng har’a Umma (sechaba) ea ka ke ea tlang ka Letsatsi la Tsoho a e-na le lithapelo, boitimo le Zakaat, empa o tla ba mofutsana ka letsatsi leo, hobane o ne a rohaka ba bang, a qosa ba bang ka leshano, a ja maruo a batho ka ho hloka toka, a tšolla mali a batho, le ho otla ba bang. Ka hona, liketso tsa hae tse ntle li tla fuoa bao a ba utloisitseng bohloko. ’Me haeba liketso tsa hae tse ntle li ka fela pele ho lekanngoa litokelo tsohle, joale libe tsa bona li tla behoa holim’a hae, ’me o tla akheloa Mollong oa Lihele.) [E tlalehiloe ke Muslim: 2581; Al-Tirmidhi: 2418; le Ahmad o tlalehile Hadith e ka holimo: 8029].
Moromuoa oa Allah o itse: (Hone ho ena le lekala la sefate le neng le tloaetse ho hlokofatsa batho. Motho emong ke ha a le tlosa, eaba o amoheloa Paradeiseng [ka lebaka leo].) [Al-Bukhārī o tlalehile moelelo oa eona: 652; Muslim: 1914; Ibn Mājah: 3682; le Ahmad: 10432] Mantsoe a ka holimo ke a Hadith e tlalehiloeng ke Ahmad le Ibn Majah. Ho hlakile hore ho tlosa lintho tse hlokofatsang batho tseleng, ho ka thusa moetsi oa teng hore a kene Paradeiseng; Joale ebe ho thoe'ng ka motho ea utloisang batho ba bang bohloko le ho senya maphelo a bona.
37- Islam e tlile ho sireletsa kelello le ho thibela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e e senyang, joalo ka ho noa joala. E phahamisitse seriti sa kelello, ea e etsa motheo oa boikarabelo, ’me ea e lokolla meketjaneng ea boiqapelo le borapeling ba litšoantšo. Islam ha e na liphiri kapa melao e khethehileng bakeng sa sehlopha se itseng feela; melao le melaoana eohle ea eona e lumellana le likelello tse phetseng hantle, ’me e thehiloe holim’a toka le bohlale.
Islam e tlile ho sireletsa kelello le ho phahamisa maemo a boikarabello joalokaha Allah Ea Matla ʼOhle A re: {Ruri! Kutlo, pono le pelo; kaofela ha tsona li tla ikarabella (ho Allah).} [al-Isrā’: 36]. Ka hona, ho ea tlama ho motho hore a hlokomele kelello ea hae. Ka lebaka lena, Islam e thibela tai le lithethefatsi. Haele thibelo ea tai, ke se ke e hlalositse serapeng sa (34). Boholo ba litemana tsa Qur’an e Halalelang li phethela ka polelo ea Allah: {Mohlomong le tle le utloisise} [al-Baqarah: 242] Allah Ea Matla ʼOhle O boela A re: {Bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese papali le boithabiso, empa se molemo ke lehae la ka ho sa feleng ho ba ts’abang Allah. Joale na le na le kutloisiso?} [al-An‘ām: 32]. Allah Ea Matla ʼOhle O boela A re: {Ruri, Re e rometse ele Qur’an ka leleme la Searabia molemong oa hore le tle le e utloisise} [Yūsuf: 2] Allah Ea Matla ʼOhle O hlakisitse hore tataiso le bohlale li fana ka litholoana ho batho ba kutloisiso. Allah Ea Matla ʼOhle O re: {O fana ka bohlale ho eo A mo ratang; ‘me ea fuoeng bohlale ruri o fuoe botle bo fetisisang, ‘me ha ho ea ka elelloang kantle le batho ba kutloisiso} [al-Baqarah: 269].
Ka ho ts’oana, Islam e ts’ehetsa kutloisiso e nepahetseng ea ts’ebeliso ea kelello. Moromuoa oa Allah (khotso e be le eena) o itse: «Ho na le batho ba bararo bao liketso tsa bona li sa ngoloeng: motho ea robetseng ho fihlela a tsoha, ngoana ho fihlela a hola (a fihla boholong), le motho ea hlanyang ho fihlela a khutlisetsoa kelellong kapa a fola.» E qotsitsoe ke Al-Bukhari ka mokhoa o sa tlamahaneng (mu‘allaqan) ka polelo e tiisitsoeng pele ho hadith ea (5269) ka moelelo o tšoanang. Hape e tlalehiloe ka mokhoa o tlamahaneng ke Abu Dawud (4402) — ’me mantsoe ke a hae — le At-Tirmidhi (1423), An-Nasa’i ho As-Sunan Al-Kubra (7346), le Ahmad (956) ka phapang e nyenyane, ’me Ibn Majah (2042) a e tlaleha ka bokhutšoanyane. A e lokolla liketane tsa litumela-khoela le borapeli ba litšoantšo. Allah Ea Phahameng o re, a bolela ka boemo ba lichaba ha li khomarela litumela-khoela tsa tsona le ho hana ’nete e tlileng ho tsona e tsoang ho Allah: {Ka mokhoa o tšoanang, ha rea ka ra romela moeletsi pele ho uena (uena Muhammad) ho motse ofe kapa ofe ntle le hore barui le ba phelang ka mabothobotho har’a bona ba re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tsela e itseng le tumelo e itseng, ’me ruri, rona re tla latela mehato ea bona.} [az-Zukhruf: 23]. Allah Ea Matla ʼOhle O re boleletse ka Abrahama al-Khaleel (khotso e be le eena) hore o ile a re ho sechaba sa hae: {Litšoantšo tsee ke eng tseo le inehetseng ho tsona ha kaale? (52) Ba ile ba re: ‘Re fumane baholo ba rona ba li khumamela.’ (53)} [al-Anbiyā’: 52-53]. Kahoo Islam e tlile, ea laela batho ho tlohela borapeli ba litšoantšo, ho lahla litumela-khoela tse futsitsoeng ho bo-ntat’a bona le bo-nkhono le bo-ntate-moholo, ʼme ba latele tsela ea baromuoa (baporofeta), khotso le litlhohonolofatso li be holim’a bona.
Islamong ha ho makunutu kapa melao le melaoana e sebatsang ho batho ba maemo a itseng kapa sehlopha se itseng sa batho. Ali bin Abi Talib Allah a khahlisoe ke eena — eo e neng e le motsoala oa Moromuoa oa Allah khotso e be le eena, le mokhoenyana oa hae — o ile a botsoa: “Na Moromuoa oa Allah khotso e be le eena, o kile a le khetha ka ntho e itseng feela?” A araba a re: «Moromuoa oa Allah khotso e be le eena ha aa ka a re khetha ka ntho leha e le efe eo a sa e akaretsang batho bohle ka eona, ntle le se neng se le ka selateng sa sabole ena ea ka.” A ntan’o ntša moqolo oo ho oona ho neng ho ngotsoe: “Allah o rohaka ea etsang sehlabelo bakeng sa e mong ntle le Allah; ’me Allah o rohaka ea utsoang matšoao a meeli ea mobu; ’me Allah o rohaka ea rohakang motsoali oa hae; ’me Allah o rohaka ea sireletsang moetsi oa bobe (moqapi oa bokhelohi).”» [E tlalehiloe ke Muslim: 1978]. Tlhakiso, melao le tsamaiso tsa Islam li sebetsa ka ho ts’oana (ho lekana) ‘me li ipapisa le toka le bohlale.
38. Joaloka balateli ba litumelo tsa bohata ba sitoa ho hlokomela lintho tse hanyetsanang le tse fosahetseng kahare ho tsona, motsamaisi o atleha ho ba kholisa hore tumelo e kaholimo ho boinahano ba kelello le hore balateli, ha ho se hlokahalang hore ba se utloisise ka tumelo. Islamo, ka hlakoreng le leng, e bona tumelo ele se lokelang ho lumellana le kelello. Ha tumelo tsa bohata tsona li tlosa maikutlo a balateli a ho inahanela hore e be balateli ba ikobelang melao le tsamaiso, ha Islamo eona e amohela maikutlo a motho ka mong hore a tsebe ho utloisisa semelo sa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e mo pota-potileng.
Haeba balateli ba litumelo tsa bohata ba sitoa ho hlokomela lintho tse hanyetsanang le tse fosahetseng kahare ho tsona, motsamaisi o atleha ho ba kholisa hore tumelo e kaholimo ho boinahano ba kelello le hore balateli, ha ho se hlokahalang hore ba se utloisise ka tumelo. Islamo, ka hlakoreng le leng, e bona tumelo ele se lokelang ho lumellana le kelello. Ha tumelo tsa bohata tsona li tlosa maikutlo a balateli a ho inahanela hore e be balateli ba ikobelang melao le tsamaiso, ha Islamo eona e amohela maikutlo a motho ka mong hore a tsebe ho utloisisa semelo sa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e mo pota-potileng. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ka ho ts’oana, Re u senoletse ts’enolo ka taelo ea Rona. U ne u sa tsebe letho ka Sengoliloeng kapa litaba tsa tumelo, empa Re e (Kor’ane) entse khanya eo ka eona Re tataisang eo Re mo hlokang ho bahlanka ba Rona. Ruri, kannete, u tataisetsa batho tseleng e otlolohileng} [Surat ash-Shūra: 52]. Ts’enolelo ea Allah e ts’etse bopaki le likhang tsohle tse ka kholisang ho lekana mabapi le ‘nete e fumanehang ho mabaka a tataiso joalokaha ho hlakile tabeng tsa ho ithuta le ho lumela. Allah Ea Matla Ohle O re: {Oho lona batho, ho tlile ho lona bopaki bo felletseng ho tsoa ho Morena oa lona, ‘me Re rometse tlaase khanya e hlakileng} [Surat an-Nisā’: 174]. Allah Ea Matla Ohle O batla hore motho a phele katlas’a tataiso ea khanya, tsebo le ‘nete. Ka hlakoreng le leng, meleko le ba khopo ba lakatsa ha a ka phela tlas’a lefifi la ho se lumele, ho hloka tsebo le tahleho. Allah Ea Matla Ohle O re: {Allah ke Mosireletsi oa ba lumelang; O ba nts’a botebong ba lefifi ho ea khanyeng. Empa haele ba sa lumeleng, basireletsi ba bona ke melimo ea bohata; ba ba nts’a khanyeng ho ba isa botebong ba lefifi} [Surat al-Baqarah: 257].
39. Islamo e tlotlisa tsebo e hlakileng le ho khothaletsa liphuputso tse nepahetseng tse se nang lits’ekamelo tsa mahlale, le hore re itekole le ho sheba lintho tse molemong oa rona le lefats’e la rona. Litholoana tsa liphuputso tsa mahlale tse nepahetseng li nyallana le lithuto tsa Islamo.
Islamo e tlotlisa tsebo e hlakileng, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A itse: {...Allah O tla phahamisa maemo a ba lumelang, le ba filoeng tsebo. Etsoe Allah A ena le Tsebo e felletseng ka seo le se etsang} [Surat al-Mujādilah: 11]. Allah O behile kano ea barutehi (Ulamah) le ea Hae ‘moho le ea mangeloi ‘moho, hore ka ho feela hoa bona ba paka boteng ba taba ena e kholo. Allah Ea Matla Ohle O re: {Allah O fana ka bopaki hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa haese Eena, ‘moho le mangeloi le batho ba tsebo; Ke Eena Ea Abang toka. Ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le Eena, Ea Matla Ohle, Ea Bohlale} [Surat Āl ‘Imrān: 18]. Sena se bonts’a maemo a phahameng a barutehi ho Islamo. Allah O laetse Moporofeta oa Hae Muhammad (KEL) feela ho kopa ho ekelletsoa tsebo, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A re: {'...e re: ‘Morena oaka! Nkekelletse tsebo’} [Surat Taha: 114]. Morumuoa oa Allah (KEL) o itse: “Ea latelang tsela ea ho lelekisa tsebo, Allah O tla mo lokisetsa tsela ho ea Leholimong. Ruri, mangeloi a theola mapheeo a ona sebakeng sa motho ea tsomang tsebo ka lebaka la thabo ka se a se etsang. Ruri, bohle ba lulang Maholimong le lefats’eng, ekasita le tlhapi metsing, ba kopa Allah ho ts’oarela motho ea tsomang tsebo. Maemo a phahameng a serutehi ho motho ea rapelang (molateli oa Islamo oa ‘nete) ka tieo a ts’oana le maemo a khoeli ho linaleli tse ling tsa Leholimo. Kannete-nete, barutehi ke bajalefa ba baporofeta, ba sa ruang dinar kapa dirham (ke chelete tse neng li sebelisoa Arabia), empa tsebo. ‘Me ea nang le eona o na le botle bo tsoelelletseng.” [E tlalehiloe ke Abu Dāwūd: 3641; Al-Tirmidhi: 2682; Ibn Mājah ke eena ea tlalehileng mantsoe a ka holimo ho: 223; le Ahmad: 21715].
Islamo e khothaletsa liphuputso tse nepahetseng tse se nang lits’ekamelo tsa mahlale le hore re itekole le ho sheba lintho tse molemong oa rona le lefats’e la rona. Allah Ea Matla Ohle O re: {Re tla ba bonts’a Mats’oao a Rona lihloliloeng (lefats’eng), le ho bobona, ho fihlela ho hlaka ho bona hore ena (Kor’ane) ke ‘nete. Ha ho ea lekana hore Morena oa hau ke Paki holim’a lintho tsohle?} [Surat Fussilat: 53]. Allah Ea Matla Ohle O boetse O itse: {Ha ba elelloe borena ba Maholimo le lefats’e le tsohle tseo Allah A li bopileng, le hore nako e behiloeng sebakeng sa tsona e se e atametse? Ke molaetsa ofe kamora ona (Kor’ane) oo ba tlang ho lumela ho ona?} [Surat al-A‘rāf: 185]. Allah Ea Matla Ohle O boetse O itse: {Ha ba eso ho potolohe le lefats’e hore ba bone pheletso ea ba tlileng pele ho bona? Ba ne ba le matla ho ba feta, ba ne ba fata (chepa) lefats’e, ba bile ba aha ho feta kamoo batho bana ba kileng ba aha ka teng. Barumuoa ba bo bona ba tlile ho bona ka mapaki a hlakileng. Ha se Allah Ea ba fositseng, empa ke bona ba iphoselitseng} [Surat ar-Rūm: 9].
Litholoana tsa liphuputso tsa mahlale tse nepahetseng ha li ea lebelloa ho loants’ana le Islamo. Mohlala, Kor’ane e fane ka lintlha tse felletseng holim’a lintho tse ling lilemong tse sekete le makholo a mane tse fetileng, leha liphuputso tsa mahlale tsa hajoale ele hona li ntseng li fana ka liqeto honajoale lintlheng tse ‘maloa. Sephetho sa liphuputso tsa mahlale haufinyane ene ele hona se lumellanang le Kor’ane holim’a ho bopeha hoa ngoana ka popelong ea ‘m’e oa hae. Allah Ea Matla Ohle O re: {Re bopile motho ho tsoa motsoakong oa letsopa (metsi le mobu), (12) eaba Re mo beha ele nutfah (lerotholi la tjetje le lero la bosali) kahar’a sebaka se bolokehileng (popelong), (13) eaba Re etsa nutfah lehloele la mali, eaba Re etsa lehloele leo seholo sa nama, eaba Re etsa kahar’a seholo seo masapo, eaba Re apesa masapo ao ka nama, ‘me eaba Re e ntlafatsa ka ho e etsa ‘mopo o sele. Ea Halalelang ke Allah, ‘Mopi Ea Moholo-holo (14)} [Surat al-Mu’minūn: 12-14].
40. Allah O amohela feela le ho putsa liketso, Bophelong bo tlang (kamor’a tsoho ea bafu), tsa ba lumelang ho Eena, ba Mo mamelang, ba bile ba lumela ho barumuoa ba Hae (KEB). Allah ha A amohele liketso tsa borapeli kantle le tseo Eena A li laetseng. Joale, motho a ka ba le ts’epo ea moputso oa Hae joang empa a sa lumele ho Eena? Allah ha A amohele tumelo ea mang kapa mang kantle le hore a lumele ho baporofeta bohle (KEB) le ho molaetsa oa Muhammad (KEL).
Allah O amohela feela le ho putsa liketso, Bophelong bo tlang (kamor’a tsoho ea bafu), tsa ba lumelang ho Eena, ba Mo mamelang le ho lumela ho morumuoa oa Hae (KEL). Allah Ea Matla Ohle O re: {Mang kapa mang ea lakatsang bophelo bo potlakileng, Re mo potlakela ka bona kamoo Re ratang, ho eo Re mo ratang. Ebe Re mo lokisetsa Lihele, tseo a tlang ho li kena, a nyatseha a bile a furalletsoe. (18) Empa ea lakatsang bophelo ba kamor’a lefu ebile a sebetsa ka thata sebakeng sa teng joalokaha a loketse, ele molumeli – ke bao liteko tsa bona li tlang ho amoheleha. (19)} [Surat al-Isrā’: 18-19] Allah Ea Matla O boetse O re: {Mang kapa mang ea etsang liketso tse nepahetseng ebile ele molumeli, boiteko bohle ba hae bo ke ke ba latoloa, kaha Re ntse Re li kenya bukeng ea litlaleho ka ho feela hoa tsona.} [Surat al- Anbiyā’: 94]. Allah ha A amohele liketso tsa borapeli kantle le tseo A li laetseng, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A re: {“Me ea ratang ho teana le Morena oa hae, ke hore a etse liketso tse ntle ‘me a se kopanye borapeling ba Morena oa hae.”} [Surat al-Kahf: 110]> Ho hlakile ketso e ka se halalele kantle le hore e hlomamisitsoe ke Allah le hore motho o e etsetsa Allah ka botebo ba ‘nete pelong bo felletseng ebile a lumela ho Allah le baporofeta le barumuoa ba Hae (KEB). Kantle ho moo, liketso tse sa lumellanang le tlhaloso tsena li tla fumana sebaka seo Allah Ea Matla Ohle a se lokisitseng ho ea ka temana tse latelang: {‘Me Re tla fetohela ho liketso tsohle tseo ba (ba sa lumeleng, ba rapelang balimo le melimo, baetsa-libe j.j) li entseng ebe Re li fetolela ho lerole le hasanang} [Surat al-Furqān: 23]. Allah Ea Matla Ohle O itse: {Tsatsing leo, tse ling tsa lifahleho li tla phoqeha (2) ba sebelitse ka thata (ho rapela melimo ea bohata, le ho latela litumelo tsa maiketsetso), (3) ba soabile, ha ba ntse ba chesoa ke Mollo o hlenneng (4)} [Surat al-Ghāshiyah: 2-4]. Batho bao ba ts’epahala ebile ba sebetsa ka thata, empa ka bomali-mabe, ba tla kena Mollong oa Lihele hobane feela liketso tsa bona li ne li le thoko ho tseo Allah A neng A tataisetsa ho tsona. Liketso tsa bona li ne li sa lumelloa ke Allah ebile li ne li kenyelletsa le borapeli boo eseng ba ‘nete. Ka bokhuts’oane, liketso tse babatsehang tse amoheloang ke Allah ke tse lumellanang le seo Morumuoa oa Hae (KEL) a tlileng le sona. Ha se ntho e utloahalang hore motho ebe ha a lumele ho Allah empa o batla moputso oa Hae.
Ho tlatselletsa, Allah ha A lumele tumelo ea mang kapa mang kantle le hore a lumele ho baporofeta (KEB) kaofela le ho molaetsa oa Muhammad (KEB). A mang a mapaki a mabaka ana a se a hlalositsoe ho ntlha ea (20). Allah Ea Matla Ohle O re: {Morumuoa o lumela ho se rometsoeng ho eena ho tsoa ho Morena oa hae, joaloka ho ts’oana le balumeli. Kaofela hoa bona ba lumela ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, le ho barumuoa ba Hae [ba re], “Ha ho eo re mo khethollang kahare ho barumuoa ba Hae.” ‘Me ba re, “Rea utloa ebile rea amohela. Re fe ts’oarelo ea Hau, Morena oa rona, ‘me ho uena ke pheletso ea tsohle.} [Surat al-Baqarah: 285]. Allah Ea Matla Ohle O re: {Oho lona ba lumelang, lumelang ho Allah, Morumuoa oa Hae, Buka eo a e senoletseng Morumuoa oa Hae le ho Libuka tseo A neng A li rometse pele. Ea sa lumeleng ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, Barumuoa ba Hae le ho Letsatsi la ho Qetela, o lahlehile ho lahleha kannete} [Surat an-Nisā’: 136]. Allah Ea Matla Ohle O re: {“[hopola] nakong eo Allah a etsang selekane le baporofeta, [A re], “Kamor’a hore ke le fe Buka le bohlale, haeba ho tla morumuoa ea lumellanang le se ho lona, ka hona le lokela ho lumela ho eena ‘me le mo ts’ehetse.” Allah O itse: “Na le lumellana le selekane see le ho amohela boitlamo bo?” Ba ile ba re: “E, re ea lumela.” O ile A re: “Ke hore le pake ‘me Ke na le lona har’a lipaki.”} [Surat Āl ‘Imrān: 81].
41. Sepheeo se ka sehloohong sa melaetsa eohle e tsoang ho Molimo ke ho phahamisa boemo ba mohlanka oa Allah Ea Halalelang, Morena oa mafats’e, le ho mo lokolla bophoofolong ho ea bothong, ho phelela lefats’e le ho lumela boiqapelong. Joalokaha u ka bona, Islam ha e tlotle batho kapa ho ba nyollela maemong a phahametseng bokhoni ba bona kapa ho ba etsa melimo.
Sepheeo se ka sehloohong sa melaetsa eohle e tsoang ho Molimo ke ho phahamisa boemo ba mohlanka oa Allah Ea Halalelang, Morena oa mafats’e, le ho mo lokolla bophoofolong ho ea bothong, ho phelela lefats’e le ho lumela boiqapelong. Morumuoa oa Allah (KEL) o itse: “Ea mali-mabe ke morapeli oa dinar le dirham, ‘moho le morapeli oa purupera e metsero ea lesela la silika. Haeba a fuoe letho, o khotsofetse; empa ha a sa fuoa letho, ha a khotsofale.” [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 6435]. Motho ea phetseng hantle kelellong a ke ke a inehela haese ho Allah; le ha ekaba, maruo, tlhompheho, maemo a phahameng, kapa boemo ba leloko la hae, li ke ke tsa mo etsa lekhoba. Mamela pale e latelang hore u tle u utloisise maemo a batho pele le kamor’a molaetsa oa Islamo.
Nakong eo Mamoseleme a pele a balehelang Abyssinia (Ethiopia) ‘me morena oa moo, An-Najashi, ha a ba botsa: “Ke eng tumelo eo e entseng hore le siee batho ba habo lona, ebile le hana ho amohela tumelo eaka kapa e ‘ngoe ea litumelo tsa lichaba tsa rona mona?” Ja‘far ibn Abu Tālib o ile a araba, a re: “Oho morena, re ne re le kahare ho botebo ba lefifi la ho hloka tsebo. Re ne re rapela lits’oants’o tse betliloeng, re ne re ja liphoofolo tse shoeleng, re ne re etsa lintho tse hlabisang lihlong, re ne re khaolo likamano tsa malapa, le hore re ne re le baahisane ba fosahetseng. Ba matla kahare ho rona ba ne ba hatella ba fokolang. Re bile tlas’a boemo bono ho fihlela Allah A phahamisa kahar’a rona monna eo re neng re mo tseba ka botlalo hore o tsoalo lelokong lefe, ka hore o bua ‘nete kamehla, o ea ts’epahala ebile o na le boits’oaro bo botle. O re bitselitse hore re lumele bonngoeng ba Allah le ho rapela Eena A inoosi, le ho furalla seo rona le baholo ba rona re neng re tloaetse ho se rapela kantle ho Allah eleng lits’oants’o tse bopiloeng le majoe. O re laetse ho bua ‘nete, ho phethahatsa litse’piso, ho boloka le ho sireletsa likamano tsa malapa, le ho ba mosa ho baahisane. O re thibetse ho kena-kenana le lintho tse hanetsoeng, ho bolaea, ho etsa lintho tse hlabisang lihlong, ho fana ka bopaki ba boshano, ho ja thepa ea likhutsana kantle ho molao, kapa ho bua mashano ka basali ba its’oereng hantle (ba sa etseng bohlola). O re laetse ho khumamela Allah A le Mong re sa Mo kopanye le letho, ho etsa thapelo, ho lefa Zakah le ho itima (Sawm).” Kamarao ho moo o ile a thathamisa lithuto tsa Islamo eaba o ea eketsa: “Re lumetse eaba rea mo latela; hajoale, re se re rapela Allah A le Mong Feela kantle le ho Mo kopanya boreneng le bomolimong ba Hae. Re nka ho se molaong seo A se entseng hore se se be molaong ho rona, hape re nka ho le molaong seo A se entseng hore se be molaong sebakeng sa rona...” [Ahmad o e tlalehile ka mantsoe a fapaneng hanyane: 1740; Abu Nu‘aym o e tlalehile ka bokhuts’oane ho Hilyat al-Awliyā’: 1/115]. Joalokaha u ka bona, Islam ha e tlotle batho kapa ho ba nyollela maemong a phahametseng bokhoni ba bona kapa ho ba etsa melimo. Allah Ea Matla Ohle O re: {“E re, “Oho Batho ba Buka, tlohong ho seo re lumellanang ka sona lipakeng tsa rona le lona, eleng hore ha ho eo re mo khumamelang kantle ho Allah, ‘me ha re hokahanye balekane le Eena, ‘me ha re nkane re le melimo kantle ho Allah.” Empa haeba ba furalla, e reng: “Behang bopaki hore re Mamoseleme [re inehela ho Allah].”} [Surat Āl ‘Imrān: 64]. Allah Ea Matla Ohle O re: {Kapa hore one a ka le laela ho nka mangeloi le baporofeta ele marena. Na o ne a ka le laela hore le lahle tumelo kamor’a hore le inehele ho Allah [joaloka Mamoseleme]?} [Surat Āl ‘Imrān: 80]. Morumuoa oa Allah (KEL) o itse: “Le se ke la feteletsa ha le nthorisa joalokaha Bakreste ba fetellelitse ha ba rorisa mor’a Maria, kaha nna ke mpa ke le Mohlanka oa Hae (Allah). Ka hona, mpitseng Mohlanka oa Allah le Morumuoa oa Hae.” [E tlalehiloe ke Al-Bukhāri: 3445].
42. Allah O kentse pako (ho bakela libe) molaong oa Islamo. Ke moo motho a retelehelang ho Morena oa hae a bile a nyahlatsa sebe sa hae. Joalokaha Islamo e hlakola libe tsohle tse neng li le teng pele ho eona, ka ho ts’oana le pako e joalo. Ka hona, ha ho lebaka la ho tlalehela motho emong libe tsa hau.
Allah O kentse pako molaong ho Islamo. Ke moo motho a retelehelang ho Morena oa hae a bile a nyahlatsa sebe sa hae. Allah Ea Matla Ohle O re: {...‘Me retellehelang ho Allah ka pako, kaofela hoa lona, Oho balumeli, hore le tsebe ho atleha} [Surat an-Nūr: 31]. Allah Ea Matla Ohle O boetse O re: {Ele hore ha ba tsebe hore ke Allah Ea amohelang pako ea bahlanka ba Hae, ebile O amohela Sadaqaat (limpho), le hore ke Allah A inoosi Ea ts’oarelang, Ea Mohau?} [Surat at-Tawbah: 104]. Allah Ea Matla Ohle O boetse O re: {Ebile ke Eena Ea amohelang pako ho tsoa ho bahlanka ba Hae le ho ts’oarela liphoso, O tseba seo le se etsang.} [Surat ash-Shūrā: 25]. Morumuoa oa Allah (KEL) o itse: “Ruri, Allah O thabisoa ke pako ea mohlanka oa Hae oa molumeli ho feta motho ea lahlehetsoeng ke pelesa ea hae, e bofileng lijo le lino tsa hae, lehoatateng. O ea robala, e re ha a tsoha ebe u ea phahama o eo e tsoma ho fihlela a imeloa ke lenyora. Ebe, o re ho eena (o bua a le mong): ‘Ke tla khutlela morao moo ke neng ke le hona teng ebe ke robala hona teng ho fihlela ke shoa.’ O beha hlooho ea hae holim’a sephaka sa hae, a emetse lefu. Nakong eo a phaphamang, Joo! Pelesa ea hae e ntse e jere mofao oa hae oa lijo le lino, e eme ka pel’a hae. Joale, Allah o thabisoa ke ho baka hoa mohlanka oa hae oa molumeli ho feta tsela eo monna enoa a ileng a thaba ka teng ha a bona pelesa ea hae le mofao oa hae.” [E tlalehiloe ke Muslim: 2744].
Joalokaha Islamo e hlakola libe tsohle tse neng li le teng pele ho eona, ka ho ts’oana le pako ho e joalo. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ere ho bao ba sa lumeleng, haeba ba ka fetoha, libe tsa bona tse fetileng li tla ts’oareloa empa haeba ba tsoela-pele, ba se ntse ba ena le ketella pele ea bao ba tlileng pele ho bona.} [Surat al-Anfāl: 38]. Allah O boetse O mema Bakreste hore ba bake, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A re: {Joale ha ba bakele ho Allah ‘me ba kope ts’oarelo ea Hae? Kaha Allah Ke Ea Ts’oarelang, Ea Mohau.} [Surat al-Mā’idah: 74]. Ka kakaretso, Allah O memme baetsa-libe bohle ho baka, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A re: {Ere [Allah O re], “Oho bahlanka Baka ba iphositseng, le se lahle ts’epo mohaung oa Allah, kaha ruri Allah O ts’oarela libe tsohle. Kannete-nete ke Ea Ts’oarelang ka ho fetisisa, Ea Mohau ka ho fetisisa.} [Surat az-Zumar: 53]. Se khothatsang, nakong eo Amr ibn al-‘Ās (eka Allah A ka thabisoa ke eena) a neng a ikemisetsa ho amohela Islamo, o ne a ts’ohile hore libe tsa hae tsa nako e fetileng li ke ke tsa ts’oareloa. O hlalositse boemo ka hore: “Nakong eo Allah Ea Matla Ohle A kenyang lerato la Islamo pelong eaka, ke ile ka ea ho Moporofeta (KEL) ho ‘molella ka bots’ehetsi ba ka ho eena. O ile a atametsa letsoho la hae ho laka, eaba ke re: “Oho Morumuoa oa Allah, nka se phatlalatse ts’ehetso eaka ho uena kantle le hore u nts’oarele libe tsa ka tse fetileng.” Eaba o (Moporofeta) re: ‘Oho Amr, e le hore ha u elelloe hore Hajj (ho falla) e hlakola libe tsohle tsa pele ho eona, ele hore ha u elelloe hore Islamo e hlakola libe tsohle tsa pele ho eona?’” [Moqoqo o felletseng o tlalehiloe ke Muslim: 121 ‘me ena e ka holimo ke mantsoe a Ahmad: 17827].
43. Kahare ho Islamo, likamamo pakeng tsa motho le Allah li otlolohile, ‘me ha li hloke mokena lipakeng. Islamo e thibela ho nka batho ele melimo kapa ho ba kopanya le Allah ho Borena (Bomolimo) ba Hae kapa ho tokelo ea Hae ea ho rapeloa.
Kahare ho Islamo, likamamo pakeng tsa motho le Allah li otlolohile, ‘me ha li hloke mokena lipakeng. Joalokaha e se e hlalositsoe ho ntlha ea (36), Allah O mema batho bohle hore ba bake ba be ba khutlele ho Eena. Allah Ea Matla Ohle O boetse O thibetse ho nkoa hoa baporofeta le mangeloi ele bakena lipakeng pakeng tsa Hae le bahlanka ba Hae. Allah Ea Matla Ohle O re: {Kapa ho le laela hore le nke mangeloi le baporofeta ele marena (melimo). Na o ne a ka le laela hore le lahle tumelo kamor’a hore le inehele ho Allah [joaloka Mamoseleme]?} [Surat Āl ‘Imrān: 80]. Islamo, joalokaha le bona, e thibela ho nka batho e le melimo kapa ho ba nka ele balekane ba Allah ho Borena ba Hae kapa ho tokelo ea Hae ea ho rapeloa. Allah Ea Matla Ohle O re ka bakreste: {Ba nkile baruti le babishopo ba bona e le melimo kantle le Allah, ka ho ts’oana le Messiea, mor’a Maria, leha ba ile ba laeloa ho khumamela Molimo O le Mong; ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa kantle le Eena, khanya ebe ho Eena, O hole haholo le seo ba se amahanyang le Eena.} [Surat at-Tawbah: 31]. Allah O hanetse ketso ea ba sa lumeleng ea ho etsa bakena lipakeng ho Mo fihlela. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ruri, sebakeng sa Allah ke tumelo ea ‘nete (e khethehileng sebakeng sa Hae feela). Haele bao ba nang le marena a mang kantle ho Allah, [ba re], ‘Re mpa re ba rapela feela hore ba re atametse haufi le Allah.” Allah O tla ahlola lipakeng tsa bona malebana le tseo ba neng ba fapana ka tsona. Allah ha A tataise eo eleng motho ea leshano le ea sa lumeleng.} [Surat az-Zumar: 3]. Allah O hlakisitse hore batho ba rapelang lits’oants’o ba pele ho Islam ba ne ba tloaetse ho ba le bahokahanyi pakeng tsa bona le Allah, ba bile ba re bahokahanyi bano ba ba atametsa ho Allah.
Haesale Allah A thibela ho nka baporofeta le mangeloi ele bahokahanyi pakeng tsa Hae le bahlanka ba Hae; joale kantle ho bona eleng mohato oa pele, ho ea tsebahala hore baporofeta le barumuoa (KEB) ba ne ba potlakela ho ba haufi le Allah. Allah Ea Matla Ohle O re bolelletse ka maemo a baporofeta le barumuoa (KEB) ka hore: {Ruri, ba ne ba tloaetse ho potlakela ho etsa botle, ba ne ba tloaetse ho bitsa ho Rona ka ts’epo le letsoalo, ba tloaetse ho ikoba tlas’a Rona.} [Surat al-Anbiyā’: 90]. Allah Ea Matla Ohle O boetse O re: {Bao ba bitsang ho bona [joaloka Isa (Jesu), Uzair (Ezra), Mangeloi;] le bona ba ntse ba itakaletsa ho fumana mekhoa ea ho atamela Morena oa bona, ka bonngoe ba leka ho ikatametsa, ba na le ts’epo ea Mohau oa Hae ba bile ba ts’aba kotlo ea Hae. Ruri, kotlo ea Morena oa lona e ea ts’abeha.} [Surat al-Isrā’: 57]. Ka mantsoe a mang, bao (baporofeta le bahalaleli) le bitsang ho bona kantle ho Allah ba tsoma ho ba haufi le Eena, ka khopolo ea mohau oa Hae, le ho ts’aba kotlo ea Hae; joale ho khonahala joang hore re tsome thuso ea bona sebakeng sa ho tsoma ea Allah?
44. Ho phethela, re lokela ho hopola hore batho, le sechaba ka kakaretso, ba fuoe linako tsa bona tse fapaneng, sechaba seo ba phelang ho sona, le linaha li fapane le ka mehopolo, maikemisetso, tikoloho le mokhoa oa ho etsa lintho. Ke ka hona ba neng ba hloka tataiso ho ba etella pele, tsela ea bophelo ho ba etsa ntho ele ‘ngoe, le ‘musi ho ba sireletsa. Barumuoa ba khabane (KEB) ba nkile maemo ano ka ts’enolo ho tsoa ho Allah Ea Matla Ohle. Ba tataiselitse batho tseleng ea botle le tataiso, ba ba kopanya ka Shar’ia ea Allah, ‘me ba ahlotse ka ho latela ‘nete kahar’a tsona. Maemo a batho a ne a tla lokisoa ho ea ka tsela eo ba amohelang tataiso ea barumuoa le katamelo ea bona ea nako eo ea melaetsa ea Molimo. Allah O phethetse melaetsa ea Hae ka oo A o fileng Muhammad (KEL), A ba A o etsa hore ke oa linako tsohle o sa feleng. Allah O o entse tataiso, mohau le khanya sebakeng sa batho bohle le ho ba tataisetsa ho Eena.
Ho phethela, re lokela ho hopola hore batho, le sechaba ka kakaretso, ba fuoe linako tsa bona tse fapaneng, sechaba seo ba phelang ho sona, le linaha li fapane le ka mehopolo, maikemisetso, tikoloho le mokhoa oa ho etsa lintho. Ke ka hona ba neng ba hloka tataiso ho ba etella pele, tsela ea bophelo ho ba etsa ntho ele ‘ngoe, le ‘musi ho ba sireletsa. Barumuoa ba khabane (KEB) ba nkile maemo ano ka ts’enolo ho tsoa ho Allah Ea Matla Ohle. Ba tataiselitse batho tseleng ea botle le tataiso, ba ba kopanya ka Shar’ia ea Allah, ‘me ba ahlotse ka ho latela ‘nete kahar’a tsona. Maemo a batho a ne a tla lokisoa ho ea ka tsela eo ba amohelang tataiso ea barumuoa le katamelo ea bona ea nako eo ea melaetsa ea Molimo. Kamor’a ho kheloha tumelong, ho hloka tsebo le ho pharalla hoa borapeli ba lits’oants’o, Allah O ile A roma Moporofeta oa Hae Muhammad (KEL) ka tataiso le tumelo ea ‘nete ho nts’a batho lefifing la ho se lumele, ho hloka tsebo le ho rapeleng lits’oants’o ho ea ho tumelo le tataiso.
45. Ka hona, kea le mema, Oho batho, ho lumela ho Allah kannete kantle le khatello ea meetlo le litloaelo. Le lokela ho tseba hore le tlo khutlela ho Morena oa lona kamor’a hore le shoe. U lokela ho inahanela le tikoloho e o potileng. Amohela Islamo ‘me le tla boloka thabo lefats’eng lena le lefats’eng le tlang. Haeba le batla ho kena ka Islamong, seo le lokelang ho se etsa ke ho paka hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa haese Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah. Le lokela ho arohana le sohle se rapeloang kantle ho Allah, ‘me le lokela ho lumela hore Allah ke Eena Ea tla tsosa batho ba tla beng ba le mabitleng. Hape, le lokela ho lumela hore kahlolo le moputso ke ‘nete. Hang ha le qeta ho bolela boitlamo (bopaki) boo, le ba Mamoseleme. Mothati o latelang ke ho rapela Allah ka tsela eo A e hlophileng ka ho etsa thapelo (Salaat), ho nts’a linyehelo (Zakaat), ho itima (ka khoeli ea Ramadhan) le ho etsa leeto la borapeli (Hajj) haeba le na le bokhoni ba lichelete le ba bophelo.
Ka hona, kea le mema, Oho batho, ho lumela ho Allah kannete kantle le khatello ea meetlo le litloaelo joalokaha Allah Ea Matla Ohle A le memme polelong ena ea Hae: {Ere [ho bona Oho Moporofeta], “Ke le eletsa ho etsa ntho ele ‘ngoe: emang sebakeng sa Allah, ka bobeli kapa ka bonngoe, ebe le ea hlahlobisa. Ha ho bohlanya ho motsoalle oa lona; empa a le hlokomelisa pele ho kotlo e boima e kholo (e tlang).”} [Surat Saba’: 46]. Le lokela ho tseba hore le tlo khutlela ho Morena oa lona kamor’a hore le shoe; Allah Ea Matla Ohle O re: {‘Me motho a ke ke a amohela kantle le seo a se sebellelitseng (se le setle kapa se le sebe). (39) le hore liketso tsa hae li tla bonoa. (40) ‘me u tla putsoa ka ho fella ebile ele moputso o moholo ka ho fetisisa. (41) ‘me seo ho Morena oa hau ke ho khutla hoa ho qetela. (42)} [Surat an-Najm: 39-42] U lokela ho inahanela le tikoloho e o potileng. Allah Ea Matla Ohle O re: {Ha ba elelloe borena ba Maholimo le lefats’e le tsohle tseo Allah A li bopileng, le hore nako e behiloeng sebakeng sa tsona e se e atametse? Ke molaetsa ofe kamora ona (Kor’ane) oo ba tlang ho lumela ho ona?} [Surat al-A‘rāf: 185].
Haeba le batla ho kena ka Islamong, seo le lokelang ho se etsa ke ho paka hore ha ho ea lokeloang ke ho khumameloa haese Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah. Nakong eo Moporofeta (KEL) a neng a roma Mu’adh (E ka Allah A ka khotsofatsoe ke Eena) naheng ea Yemen, o ile a mo laea, a re ho eena: U tla teana le batho ho tsoa ho Batho ba Buka. Ba memele ho kano ea hore ha ho mang ea lokeloang ke ho khumameloa ntle le Allah le hore ke Morumuoa oa Allah. Haeba ba lumellana le uena ho seo, ba bolelle hore Allah O entse holim’a bona lithapelo tse hlano tse tlamang mots’eare le bosiu. Haeba ba lumellana le uena ho seo, ba bolelle hore Allah O entse Zakah e tlamang hore e nkoe ho barui e fuoe bafutsana kahare ho bona. Haeba ba lumellana le uena ho seo, u se ke oa ba oa atamela ho thepa tsa bona tsa bohlokoa.” [E tlalehiloe ke Muslim: 19]. Le lokela ho arohana le sohle se rapeloang kantle ho Allah, eleng tumelo e hloekileng ka ho fetisisa [Hanīfiyyah] ea Abrahama (KEL). Allah Ea Matla Ohle O re: {Kannete, le bile le mohlala o motle haholo ho Abrahama, le ba neng ba ena le eena, nakong eo ba reng ho batho ba habo bona: Ruri, re lokolohile ho lona le sohle seo le se rapelang khahlanong le Allah: “Re le furalletse, ho se ho hlahile lipakeng tsa rona le lona bora le lehloeo la linako tsohle ho fihlela le lumetse ho Allah A le Mong.”} [Surat al-Mumtahanah: 4]. Le lokela ho lumela hore Allah ke Eena Ea tla tsosa batho ba tla beng ba le mabitleng, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A itse: {Hono ke hobane Allah ke ‘Nete; Eena A le Mong O fa bophelo ho ba shoeleng, O na le bokhoni ba lintho tsohle. (6) Ruri, Hora e ea tla; ha ho khoao ka eona, ‘me kannete Allah O tla tsosa ba mabitleng. (7)} [Surat al-Hajj: 6-7]. Hape, le lokela ho lumela hore kahlolo le moputso ke ‘nete, joalokaha Allah Ea Matla Ohle A itse: {‘Me Allah O bopile maholimo le lefats’e ka maikemisetso a ‘nete, hore motho emong le emong a tle a putsoe sebakeng sa seo a se entseng, ‘me ba ke ke ba fosetsoa.} [Surat al-Jāthiyah: 22].
Kamor’a ho bua mantsoe ao a boitlamo, u se u le lemoseleme ‘me u se u lokela ho rapela Allah ka tsela eo A e hlophileng ka ho etsa thapelo (Salaat), ho nts’a linyehelo (Zakaat), ho itima (ka khoeli ea Ramadhan) le ho etsa leeto la borapeli (Hajj) haeba u na le bokhoni le ntho tse ling kantle ho tseno.
E ngotsoe ka la: 19/11/1441
E ngotsoe ke: Prof. Muhammad ibn ‘Abdullah al-Suhaym
Professor oa mehleng oa Lithuto tsa Bolumeli, Lefapheng la lithuto tsa Islamo
Mophatong oa lithuto tsa botichere, King Saud University
Riyadh, Kingdom of Saudi Arabia
Related books
All books
Tlhaloso e khuts'oane ea Aqeedah (Tumelo) ea Islam47 languagesTlhaloso e khuts'oane ea Aqeedah (Tumelo) ea Islam
Buka ena e hlalosa metheo ea tumelo (Usūl al-Īmān) e kenyeletsang ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae, ho Barumuoa ba Hae, ho Letsatsi la ho Qetela, le ho Al-Qadar (taelo le qeto ea Allah e tlileng pele ho popo). E boetse e hlahisa melao-theo ea bohlokoa eo Mamoseleme a lokelang ho e lumela le ho sebetsa ka eona bophelong ba bona. Sengoliloe sena se totobatsa bohlokoa ba ho matlafatsa kamano pakeng tsa motho le Allah ka ho utloisisa ʼAqeedah ea Islam ka botebo le ka kutloisiso e nepahetseng.
Lithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka Kakaretso.40 languagesLithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka Kakaretso.
Buka 'Lithuto tse Bohlokoa bakeng sa Sechaba ka kakaretso' ea Sheikh Abdul Aziz bin Abdullah bin Baz (Molimo A mo hauhele) ke molaetsa o mokhuts'oanyane o nang le molemo o moholo. Moetapele enoa o e ngotse hore e be phepelo ea tsebo bakeng sa Mamoseleme ohle, moo a ts'ohlileng metheo ea bolumeli le lits'iea tsa bona—ho tloha ho Tumelo ea Molimo A Le Mong (Tawhīd), Tumelo (Imān) le Islām. E akaretsa melao ea bohloeki (Tahārah) le thapelo (Salāh), mekhoa e metle ea boits'oaro ea Islam le ho hlakisa litemoso khahlanong le borapeli ba lits'oants'o (Shirk) le libe. E ngotsoe ka tsela e bonolo le e…
Litsela tse molemo tsa bophelo bo thabileng62 languagesLitsela tse molemo tsa bophelo bo thabileng
Buka “Litsela tse Molemo bakeng sa Bophelo bo Thabileng” e ngotsoeng ke Sheikh Abdur-Rahman bin Nasser Al-Saʼdi e bua ka mabaka a thabo ea ’nete ho latela pono e tebileng ea tumelo. E tataisa ’mali ho fihlela khotso ea kahare ka tumelo le mesebetsi e metle, ho hopola Molimo, ho khotsofala, ho nahana ka litlhohonolofatso, mosa, ho itšetleha ka Molimo, mamello, le ho ananela litaba, ka mokhoa o motle o u fang ’mapa oa bophelo bo khutsitseng, bo lekantsoeng le bo thabileng leha bophelo bo na le ho phahama le ho theoha.
Ho netefatsa le ho hlakisa lintho tse ngata tse amanang le Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qurʼan le Sunnah46 languagesHo netefatsa le ho hlakisa lintho tse ngata tse amanang le Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qurʼan le Sunnah
Buka ena e hlalosa melao ea Hajj, Umrah le ketelo (ea libaka tse halalelang) ho latela Qur’an le Sunnah. E bonts'a mesebetsi e tlamang ea Hajj le Umrah, lintho tse thibetsoeng nakong ea ihram le mekhoa e metle ea ho etela Masjid oa Moporofeta hape e lemosa ka bid’ah (mekhoa e mecha ea boiqapelo e seng thuto ea bolumeli) liketsong tsena tsa borapeli