Skip to content

Potso ea 6: Bopaki ba hore kannete Muhammad (Khotso ea Allah ebe le eena) ke moromuoa oa Allah bo bolelang?

الباب / الفصل
قسم العقيدة

السؤال

Potso ea 6: Bopaki ba hore kannete Muhammad (Khotso ea Allah ebe le eena) ke moromuoa oa Allah bo bolelang?

س6: ما معنى شهادة أنَّ محمدًا رسول الله؟

الجواب

Karabo- Bo bolela hore: Ruri Allah O mo rometse mafats’eng ohle le ho libopuoa tsohle e le ea fetisang molaetsa oa litaba tse monate ebile e le ea hlokomelisang ka kotlo e boima ho ba sa lateleng molaetsa.

Ke kahoo ho lokelang hore:

  1. A lateloe ho sohle seo a laelang ka sona.
  2. Ho netefatsoe sohle seo a se fetiselitseng sechabeng.
  3. Ho qoba ho kheloha tataisong ea hae.
  4. Allah A rapeloe feela ka mokhoa oo a laetseng ka ona eleng bolateli mohlaleng oa Moromuoa (khotso ea Allah ebe le Eena) le ho tlohela boiqapelo litabeng tsa tumelo.

Allah A re: (Ea latelang Moromuoa o latetse Allah...) [Surah An-Nisaa: 80], Ea Tlotlehang A pheta A re:

(Ha a bue seo a ithatelang feela 3 Ruri efela e le ts’enolelo ea e senoletsoeng 4)

[Surah An-Najm: 3 - 4]

Ea Phahameng haholo A re:

(Kannete ho tsoa ho Moromuoa oa Allah le fumana mohlala o babatsehang oa ho lateloa ke mang kapa mang ea labalabelang (mohau oa) Allah le letsatsi la bofelo a bile a phetsa a hopola Allah hangata-ngata 21)

[Surah Al-Ahzaab: 21]

ج:معناها: أن الله أرسله للعالمين بشيرًا ونذيرًا.

  • ويجب:
  1. طاعته فيما أمر.
  2. تصديقه فيما أخبر.
  3. عدم معصيته.
  4. لا يعبد الله إلا بما شرع، وهو الاقتداء بالسنة وترك البدعة.

قال تَعَالَى:

﴿مَّن يُطِعِ ٱلرَّسُولَ فَقَدۡ أَطَاعَ ٱللَّهَۖ﴾

[النساء: 80]،

وقال سُبْحَانَهُ:

﴿وَمَا يَنطِقُ عَنِ ٱلۡهَوَىٰٓ 3

إِنۡ هُوَ إِلَّا وَحۡيٞ يُوحَىٰ 4﴾

[النجم: 3-4].

وقال جَلَّ وَعَلَا:

﴿لَّقَدۡ كَانَ لَكُمۡ فِي رَسُولِ ٱللَّهِ أُسۡوَةٌ حَسَنَةٞ لِّمَن كَانَ يَرۡجُواْ ٱللَّهَ وَٱلۡيَوۡمَ ٱلۡأٓخِرَ وَذَكَرَ ٱللَّهَ كَثِيرٗا﴾

[الأحزاب: 21].