Skip to content

Potso ea 10: Ke afeng makala a bonngoe ba Allah?

الباب / الفصل
قسم العقيدة

السؤال

Potso ea 10: Ke afeng makala a bonngoe ba Allah?

س10: ما أنواع التوحيد؟

الجواب

Karabo- 1- Bonngoe ba Allah bookameling ba Hae: ho lumela hore Allah ke Eena Feela ‘Mopi Ea abang tsohle, Morena Ea tsamaisang tsohle A le inots’i Ea senang mothusi.

  1. Bonngoe ba Allah bomolimong ba Hae: ke ho qolla le ho khetholla Allah ka borapeli, ha ho ea rapeloang ntle ho Allah Ea Holimo-limo.
  2. Bonngoe ba Allah mabitsong le mekhabong ea Hae: ke ho lumela ho mabitso le mekhabo (boleng) ea Allah Ea holimo-limo tse hlahang bukeng (Kor'ane) le mehlaleng ea Moporofeta (Khotso ea Allah ebe le eena) tse senang papiso, khakanyo kapa khanyetso.

Bopaki ba makala a bonngoe ba Allah a mararo: ke polelo ea Ea Holimo-limo:

(Mookameli oa Maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona, kahoo mo rapele u mamelle tsohle borapeling ba hae, ana o teng eo u mo tsebang a ts’oanang le Eena) (65)

[Surah Mariam: 65].

ج:1. توحيد الربوبية: وهو الإيمان بأن الله هو الخالق الرازق المالك المدبر، وحده لا شريك له.

  1. توحيد الألوهية: وهو إفراد الله بالعبادة، فلا يعبد أحد إلا الله تَعَالَى.
  2. توحيد الأسماء والصفات: وهو الإيمان بالأسماء والصفات لله تَعَالَى الواردة في الكتاب والسنة، من دون تمثيل، ولا تشبيه، ولا تعطيل، ولا تكييف.

ودليل أنواع التوحيد الثلاثة:

قوله تَعَالَى:

﴿رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا فَٱعۡبُدۡهُ وَٱصۡطَبِرۡ لِعِبَٰدَتِهِۦۚ هَلۡ تَعۡلَمُ لَهُۥ سَمِيّٗا﴾

[مريم: 65].